Khaolo 22
Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, Lipaki tsa Jehova li ne li ntse li etsa litokisetso bakeng sa mosebetsi o matla oa ka mor’a ntoa. Tlaleho e maqepheng 462 ho ea ho 501 e fana ka makolopetso a hlollang a se hlileng se etsahetseng ho tloha ka 1945 ho ea ho 1975 ha li ntse li eketseha ka palo, li finyella linaha tse ling tse ngata, ’me li kopanela boboleling le ho ruteng Lentsoe la Molimo ka mokhoa o phethahetseng haholoanyane ho feta leha e le neng pele.
LIHLEKE-HLEKE tse ngata tsa West Indies li ne li finyelletsoe ka tsela e itseng ka molaetsa oa ’Muso ka 1945. Empa ho ne ho hlokahala hore ho fanoe ka bopaki bo phethahetseng haholoanyane. Baromuoa ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade ba ne ba tla phetha karolo ea bohlokoa.
Baromuoa ba Matlafatsa Bopaki West Indies
Ka 1960 baromuoa bana ba ne ba sebelelitse lihleke-hlekeng kapa lihlopheng tsa lihleke-hleke tse 27 Caribbean. Halofo ea libaka tsena e ne e se na phutheho ea Lipaki tsa Jehova ha baromuoa ba fihla. Baromuoa ba ile ba qala ho khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele le batho ba thahasellang, ’me ba hlophisa liboka tsa ka mehla. Moo ho neng ho se ho ntse ho e-na le liphutheho, ba ile ba fana ka koetliso ea bohlokoa ho bahoeletsi ba sebaka seo. Ka baka leo, boleng ba liboka le katleho tšebeletsong li ile tsa ntlafala.
Liithuti tsa Bibele tsa pele li ne li ntse li paka Trinidad ho tloha pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, empa ka mor’a hore baromuoa ba fihle ba tsoa Gileade ka 1946, ho khannoa ha lithuto tsa lehae tsa Bibele le batho ba thahasellang ho ile ha fuoa tšusumetso e khōlō. Jamaica boboleli ba litaba tse molemo bo ne bo tsoetse pele hoo e ka bang ka lilemo tse mashome a mahlano, ’me ho ne ho e-na le Lipaki tse sekete tsa sebaka seo ha moromuoa oa pele a fihla; empa li ile tsa thabela ho fumana thuso ea ho finyella batho ba rutehileng haholoanyane, haholo-holo ba metseng ea toropo tikolohong ea motse-moholo. Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho se ho fanoe ka bopaki bo bongata Aruba har’a batho ba buang Senyesemane, kahoo baromuoa ba ile ba lebisa tlhokomelo ho matsoalloa a moo. Ho ne ho hlokahala hore bohle ba utloe litaba tse molemo.
Ho tiisa hore batho ba leng lihleke-hlekeng tsohle tse karolong ena ea lefatše ba fumana monyetla oa ho utloa ka ’Muso oa Molimo, ka 1948 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlophisa seketsoana sa limithara tse 18 se bitsoang Sibia e le lehae la baromuoa le ahiloeng holim’a metsi. Sehlopha sa basebetsi se ile sa abeloa ho isa molaetsa oa ’Muso lihleke-hlekeng tsohle tsa West Indies moo ho neng ho se na motho ea tšoarehileng ka ho bolela litaba tse molemo. Gust Maki e ne e le molaoli, ’me ba neng ba e-na le eena ke Stanley Carter, Ronald Parkin, le Arthur Worsley. Ba ile ba qala ka Lihleke-hleke tsa Out tsa sehlopha sa Bahamas, eaba ba leba ka boroa-bochabela ba pholletsa le Lihleke-hleke tsa Leeward le Lihleke-hleke tsa Windward. Maeto aa a ile a ba le phello efe? St. Maarten rakhoebo e mong o ile a ba bolella: “Ho ne ho se mohla batho ba buang ka Bibele, empa haesale le fihla mona batho bohle ba bua ka Bibele.” Hamorao, Sibia e ile ea nkeloa sebaka ke seketsoana se seholoanyane, Light. Ho ile ha boela ha ba le liphetoho sehlopheng sa basebetsi. Nakong ea lilemo tse leshome mosebetsi o khethehileng o etsoang ho sebelisoa liketsoana tsena o ne o phethiloe, ’me baboleli ba litaba tse molemo ba sa tsamaeeng ka liketsoana ba ne ba latela ka morao ’me ba phethisisa mosebetsi.
Ho Paka Metseng e Meholoanyane Pele
Joalokaha ho etsahetse West Indies, ho bile joalo le Amerika Bohareng le Boroa, ho ne ho se ho ntse ho e-na le batho libakeng tse ngata ba nang le lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower pele baromuoa ba tsoang Sekolong sa Gileade ba fihla. Leha ho le joalo, e le ho finyella bohle ka litaba tse molemo le ho thusa batho ba tšepahalang ho fetoha barutuoa ba ’nete, ho ne ho hlokahala tlhophiso e ntlafalitsoeng.
Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e lala ka 1945, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse makholo Argentina le Brazil; tse ka bang likete tse tharo Mexico; liphutheho tse ’maloa tse nyenyane haholo British Guiana (eo hona joale e leng Guyana), Chile, Dutch Guiana (eo hona joale e leng Suriname), Paraguay, le Uruguay; bahoeletsi ba seng bakae Colombia, Guatemala le Venezuela. Empa ha e le Bolivia, Ecuador, El Salvador, Honduras, le Nicaragua, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o sa thehoa holim’a motheo leha e le ofe oa nako e telele ho fihlela ha ho fihla baromuoa ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade.
Baromuoa ba ile ba lebisa tlhokomelo e khethehileng pele litsing tse khōlō tsa sechaba. Ke ho ikhethang ho hlokomela hore lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a etsa karolo e khōlō ea boboleli ba hae metseng e mathōkong a litsela tse khōlō tseo ho tsamauoang ka tsona Asia Minor le Greece. Ha a le Korinthe, o mong oa metse e hlahelletseng ka ho fetisisa Greece ea boholo-holo, Pauluse o ile a qeta likhoeli tse 18 a ruta Lentsoe la Molimo. (Lik. 18:1-11) Ha a le Efese, setsi seo ho neng ho teanoa ho sona bakeng sa maeto le khoebo lefatšeng la boholo-holo, o ile a bolela ’Muso oa Molimo ka lilemo tse fetang tse peli.—Lik. 19:8-10; 20:31.
Ka mokhoa o tšoanang, ha Edward Michalec le Harold Morris, baromuoa ba fumaneng mangolo Sekolong sa Gileade, ba fihla Bolivia ka 1945, ha baa ka ba batla sebaka se nang le boemo bo botle ka ho fetisisa ba leholimo. Ho e-na le hoo, ba ile ba lebisa tlhokomelo pele La Paz, motse-moholo, e leng lithabeng tsa Andes bophahamong ba limithara tse ka bang 3 700. Ke bothata hore batho ba sa tsoa fihla ba nyolose literateng tse moepa tekanyong ena e ka holimo ho bophahamo ba leoatle; hangata lipelo tsa bona li otla haboima. Empa baromuoa ba ile ba fumana batho ba bangata ba thahasellang molaetsa oa Bibele. Moo motse-moholo, hangata ba ne ba bolelloa hore: “’Na ke moapostola oa Roma e K’hatholike, empa ha ke rate baruti.” Ka mor’a likhoeli tse peli feela, baromuoa bana ba babeli ba ne ba khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 41.
Ka mor’a lilemo tse leshome tse latelang, ha baromuoa ba eketsehileng ba ntse ba fihla ’me lenane la Lipaki tsa moo le ntse le eketseha, ho ile ha lebisoa tlhokomelo metseng e meng ea Bolivia: Cochabamba, Oruro, Santa Cruz, Sucre, Potosí, le Tarija. Ka mor’a moo, tlhokomelo e eketsehileng e ne e ka lebisoa metseng e menyenyane le litoropong le metseng ea mahae.
Ka ho tšoanang, Colombia baromuoa ba ile ba qalisa boboleli bo hlophisitsoeng motse-moholo, Bogotá, ka 1945, le motseng o lebōpong la leoatle oa Barranquilla selemong se latelang. Ka mor’a moo, mohato ka mohato tlhokomelo e ile ea lebisoa Cartagena, Santa Marta, Cali, le Medellín. Batho ba bangata ba ne ba ka finyelloa ka nako e khutšoaane ka ho sebetsa metseng e meholoanyane pele. Ka thuso ea ba ileng ba ithuta ’nete moo, kapele molaetsa o ne o tla isoa libakeng tse haufi.
Ha ho bonahala thahasello e fokolang haholo motseng o itseng, baromuoa ba ne ba fallisetsoa libakeng tse ling. Ka hona, Ecuador, ha mosebetsi oa lilemo tse tharo bohareng ba bo-1950 o e-s’o hlahise motho le a mong ea nang le sebete sa ho emela ’nete sebakeng se tletseng cheseho ea bolumeli Cuenca, Carl Dochow o ile a fallisetsoa Machala, e leng motse o nang le baahi ba bonolo, le ba nang le likelello tse bulehileng. Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse leshome, batho ba Cuenca ba ile ba fuoa monyetla o mong hape. Ho ile ha fumanoa boikutlo bo fapaneng, ho ile ha hlōloa mathata, ’me ka 1992 batho ba fetang 1 200 Cuenca le mathōkong a eona, ba ne ba fetohile Lipaki tsa Jehova ’me ba hlophisoa hore e be liphutheho tse 25!
Ho Batla Batho ba Kang Linku ka Mamello
Ho ’nile ha hlokahala mamello e khōlō e le hore ho ka batloa batho bao kannete e kang linku. E le ho ba fumana Suriname, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa pakela Maindia a Amerika, Machaena, ba tsoang Indonesia, Bajode, ba tsoang Lebanon, litloholo tsa bajaki ba Madutche, le meloko e phelang likhoeng e entsoeng ka Baroa, bao bo-ntat’a bona moholo e neng e le makhoba a balehileng. Har’a bona ho ’nile ha fumanoa ba makholo bao kannete ba neng ba lapetse ’nete. Ho ’nile ha hlokahala hore ba bang ba itšoasolle mekhoeng e tebileng ea tšebelisano le meea. E mong oa ba joalo ke Paitu, ngakan’a-ntšonyana, ea ileng a tebisa molaetsa oa Bibele pelong eaba o lahlela litšoantšo tsa hae, lithatho, le litlhare tsa hae ka nōkeng. (Bapisa le Deuteronoma 7:25; 18:9-14; Liketso 19:19, 20.) Ka 1975 o ile a inehela ho Jehova, Molimo oa ’nete.
Baahi ba bangata ba Peru ba phela metseng e menyenyane e qalikaneng lithabeng tsa Andes le likhoeng tse lika-likelitseng mohloli oa nōka ea Amazon. Ba ne ba ka finyelloa joang? Ka 1971 lelapa le leng la Lipaki le tsoang United States le ile la ea Peru le etetse mora oa lona oa moromuoa, Joe Leydig. Ha le hlokomela metse e mengata e qaqolohaneng mona le mane liphuleng tsa lithaba, kameho ea lona ka batho bana e ile ea le susumelletsa ho etsa ho hong. Le ile la lokisetsa koloi e fetotsoeng lehae qalong, eaba le lokisetsa tse ling tse peli, hammoho le likoloi tse nyenyane bakeng sa ho li sebelisa maetong a pharalletseng a boboleli libakeng tsena tse hōle.
Ho sa tsotellehe boiteko bo entsoeng, libakeng tse ngata ho ile ha bonahala eka ke batho ba fokolang haholo ba bontšang thahasello molaetseng oa Bibele. U ka inahanela kamoo sehlopha sa baromuoa ba bacha ba tšeletseng Barquisimeto, Venezuela, se ileng sa ikutloa ka teng mathoasong a bo-1950 ha, ka mor’a selemo se felletseng sa boboleli bo matla, se sa bone tsoelo-pele ea letho. Le hoja batho ba ne ba le botsoalle haholo, ba bangata ho bona ba ne ba tšoasehile tumela-khoeleng ’me ba nka hore ho bala temana e tsoang Bibeleng feela ke sebe. Ba ileng ba bontša thahasello kapele-pele ba ile ba nyahamisoa ke litho tsa lelapa kapa baahisani. (Matt. 13:19-21) Empa, ka kholiseho ea hore ho tlameha ho e-na le batho ba itseng ba kang linku Barquisimeto le hore Jehova o tla ba bokella ka nako ea hae e loketseng, baromuoa ba ile ba tsoela pele ho ea ka ntlo le ntlo. Kahoo, e bile ho khothatsang hakaakang ho Penny Gavette ha ka letsatsi le leng mosali e mong ea moriri o moputsoa a mo mamela ’me a re:
“Senorita, ho tloha ha ke sa le ngoananyana, ke ’nile ka emela hore motho e mong a tle ha ka a tl’o ntlhalosetsa lintho tseo u sa tsoa mpolella tsona. Taba ke ena, ha ke sa le ngoanana, ke ne ke atisa ho hloekisetsa moruti ntlo, ’me o ne a e-na le Bibele laebraring ea hae. Ke ne ke tseba hore re thibetsoe ho e bala, empa ke ne ke thahasella haholo ho tseba hore na lebaka ke lefe, hoo ka letsatsi le leng ha ho se motho ea nchebileng, ke ileng ka ea le eona lapeng ’me ka e bala ka lenyele. Seo ke ileng ka se bala se ile sa ntlhokomelisa hore Kereke e K’hatholike ha ea re ruta ’nete kahoo hase bolumeli ba ’nete. Ke ne ke tšaba ho re letho ho motho leha e le ofe, empa ke ne ke kholisehile hore ka letsatsi le leng batho ba rutang bolumeli ba ’nete ba tla tla toropong ea rōna. Ha bolumeli ba Prostanta bo fihla, qalong ke ne ke nahana hore e tlameha e le bona, empa kapele ka hlokomela hore bo ne bo ruta mashano a mangata a tšoanang le a rutoang ke Kereke e K’hatholike. Joale, seo u sa tsoa mpolella sona ke seo ke se balileng ka Bibeleng eane lilemong tse ngata tse fetileng.” Ka cheseho o ile a lumela ho ithuta Bibele ’me a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa, o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a e-shoa.
Ho ne ho hlokahala boiteko bo boholo e le ho bokella batho ba kang linku ka liphuthehong le ho ba koetlisetsa ho kopanela tšebeletsong ea Jehova. Ka mohlala, Argentina, Rosendo Ojeda ka mehla o ne a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha General San Martín, Chaco, a il’o khanna seboka lapeng la Alejandro Sozoñiuk, eo e neng e le motho ea thahasellang. Hangata leeto lena le ne le nka lihora tse leshome, tse ling a li qeta a tsamaea ka baesekele, tse ling a tsamaea ka maoto, ka linako tse ling a tšela metsi a fihlang ka mahafing. Hang ka khoeli ka lilemo tse hlano o ne a nka leeto, nako le nako a lula beke e le ’ngoe e le ho fana ka bopaki sebakeng seo. Na e ne e le ho loketseng? Ha a na pelaelo ea letho hobane phello e bile phutheho e thabileng ea barorisi ba Jehova.
Ho Ntšetsa Pele Thuto e Fanang ka Bophelo
Mexico, Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa mosebetsi oa tsona li ipapisitse le melao e laolang mekhatlo ea setso sebakeng seo. Sepheo sa Lipaki e ne e le ho etsa ho fetang feela ho tšoara liboka tseo ho tsona ho fanoang ka lipuo. Li ne li batla hore batho ba tšoane le Baberea ba mehleng ea moapostola Pauluse ba ileng ba ‘hlahlobisisa Mangolo ka hloko ho bona hore na lintho tseo ba li rutoang li hlile li joalo na.’ (Lik. 17:11, NW) Mexico, ho tšoana le linaheng tse ling tse ngata, hangata sena se ’nile sa akarelletsa ho fana ka thuso e khethehileng ho batho ba sa kang ba kena sekolo empa ba batla ho ipalla ka bobona Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.
Litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola tse tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova Mexico li thusitse batho ba mashome a likete moo ho ithuta ho bala le ho ngola. Mosebetsi ona o ananeloa ke Lefapha la Thuto ea Sechaba Mexico, ’me ka 1974 motsamaisi oa lona Ofising e Akaretsang Bakeng sa Thuto ea Batho ba Baholo o ile a ngola lengolo le eang ho La Torre del Vigía de México, mokhatlo oa lehae o sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova, a re: “Ke nka monyetla ona ho le babatsa . . . ka tšebelisano-’moho e babatsehang eo mokhatlo oa lōna o ’nileng oa ba le eona selemo le selemo molemong oa batho ba habo rōna.”
Ha e ntse e hlomella batho bakeng sa bophelo bo sa feleng e le bafo ba ’Muso oa Molimo, thuto e fanoang ke Lipaki e boetse e entša bophelo ba lelapa hona joale. Ka mor’a hore moahloli e mong El Salto, Durango State, a tiise manyalo a Lipaki tsa Jehova maemong a sa tšoaneng, o ile a re ka 1952: “Re ipolela hore re rata naha le hore re baahi ba batle empa re tlotlolloa ke Lipaki tsa Jehova. Ke mohlala o motle bakeng sa rōna hobane ha li lumelle motho le a mong ka har’a mokhatlo oa tsona ea phelang bophelo ba bonyatsi le ea sa tiisang lenyalo la hae ka molao. ’Me, lōna Mak’hatholike, hoo e ka bang lōna kaofela le phela bophelo ba boitšoaro bo bobe ’me ha lea tiisa manyalo a lōna ka molao.”
Lenaneo lena la thuto le boetse le thusa batho ho ithuta ho phela ’moho ka khotso, ho ratana ho e-na le ho hloeana le ho bolaeana. Ha Paki e ’ngoe e qala ho paka Venado, Guanajuato State, e ile ea fumana hore batho ba moo kaofela ba na le lihlomo tsa merathatha le libistolo. Liqhoebeshano li ile tsa fella ka hore malapa a felisane. Empa thuto ea Bibele e ile ea tlisa liphetoho tse khōlō. Lithunya tsa merathatha li ile tsa rekisoa ’me ha rekoa Libibele. Kapele batho ba fetang 150 sebakeng seo ba ile ba fetoha Lipaki tsa Jehova. Ka puo ea tšoantšetso, ‘ba ile ba teha lisabole tsa bona mehoma’ ’me ba qala ho phehella litsela tsa khotso.—Mik. 4:3.
Baahi ba bangata ba Mexico ba tšabang Molimo ba tebisitse pelong seo Lipaki tsa Jehova li ba rutileng sona ho tsoa ka Lentsoeng la Molimo. Ka baka leo, bahoeletsi ba likete Mexico ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše ba ile ba fihla ho 10 000, eaba ba ba 20 000, 40 000, 80 000, le ho feta ha Lipaki li ntse li bontša ba bang kamoo ba ka sebelisang keletso ea Lentsoe la Molimo le kamoo ba ka e rutang ba bang.
Ho Bokana ’Moho Tlas’a Mathata
Leha ho le joalo, ha lenane la Lipaki tsa Jehova le ntse le eketseha, li ile tsa hlokomela hore linaheng ka ho latellana, ho hlokahala hore li hlōle mathata a boima e le hore li ka tšoara likopano bakeng sa thuto ea Bokreste. Argentina li ile tsa thibeloa ke ’muso ka 1950. Leha ho le joalo, ka baka la ho utloa Molimo, ha lia ka tsa khaotsa ho bolela, leha e le hona ho tlohela ho bokana ’moho. Litokisetso li ne li batla li rarahane, empa likopano li ile tsa tšoaroa.
Ka mohlala, ho ea bofelong ba 1953, Moena Knorr le Moena Henschel ba ile ba etela Argentina ho ea sebeletsa kopanong ea khorola-koqo. Moena Knorr o ile a kena ka har’a naha a hlaha ka bophirimela, ’me Moena Henschel a qala maeto a hae ka boroa. Ba ile ba bua le lihlopha tse bokaneng mapolasing, masimong a lifate tsa litholoana, moo ba neng ba tšoaretsoe moketjana oa boithabiso molatsoaneng o haufi le thaba, le malapeng. Hangata ho ne ho hlokahala hore ba tsamaee maeto a malelele ho tloha sehlopheng se seng ho ea ho se seng. Ha ba fihla Buenos Aires, e mong le e mong oa bona o ile a sebeletsa mananeong a neng a tšoaretsoe libakeng tse robong ka letsatsi le le leng, le malapeng a 11 letsatsing le latelang. Ka kakaretso, ba ile ba bua le lihlopha tse 56, tse bileng le lenane le kopanetsoeng la ba bileng 2 505. E ne e le kemiso e boima, empa ba ile ba thabela ho sebeletsa baena ba bona ka tsela eo.
Ha Lipaki li lokisetsa kopano Colombia ka 1955, li ile tsa etsa konteraka ea ho sebelisa holo e Barranquilla. Empa, tlas’a khatello ea mobishopo, ramotse hammoho le ’musisi ba ile ba kenella, ’me konteraka eo e ile ea hlakoloa. Ho entsoe tsebiso ea letsatsi le le leng feela, baena ba ile ba batla sebaka se seng sa kopano, ba lokisetsa hore e tšoaroe mabaleng a ofisi ea lekala ea Mokhatlo. Leha ho le joalo, ha lenaneo la pele la mantsiboea le qala, mapolesa a hlometseng a ile a fihla a fana ka litaelo tsa hore kopano e qhaloe. Baena ba ile ba phehella. Ha ho ipiletsoa ho ramotse hoseng ho latelang mongoli oa hae o ile a ikōpela tšoarelo, ’me batho ba ka bang 1 000 ba ile ba subuhlellana setšeng sa Mokhatlo bakeng sa letsatsi la ho qetela la lenaneo la Kopano eo ea “Tlhōlo ea ’Muso.” Ho sa tsotellehe maemo a neng a le teng nakong eo, baena ba ile ba tiisoa ka keletso e hlokahalang ea moea.
Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
Tšimo e ne e le khōlō, ’me tlhokahalo ea basebetsi e ne e le khōlō Latin America, ho tšoana le libakeng tse ling tse ngata. Ka 1957, likopanong tse neng li tšoaretsoe lefatšeng ka bophara, batho ka bomong le malapa bao e neng e le Lipaki tsa Jehova tse hōlileng tsebong ba ile ba khothalletsoa ho nahanela ho fallela libakeng tse nang le tlhokahalo e khōloanyane ho aha teng le ho ntšetsa mosebetsi pele moo. Khothatso e tšoanang e ile ea fanoa ka litsela tse sa tšoaneng ka mor’a moo. Memo e ne e batla e tšoana haholo le e ileng ea fanoa ke Molimo ho moapostola Pauluse, ea ileng a bona ponong monna ea neng a mo kōpa: “Tšelela Macedonia, u re thuse.” (Lik. 16:9, 10) Karabelo e bile efe memong ea kajeno? Bahlanka ba Jehova ba ile ba inehela ka boithatelo.—Pes. 110:3, NW.
Bakeng sa lelapa le nang le bana ba banyenyane, ho hlokahala tumelo e khōlō ho falla, ho siea batho ba leloko le lehae le mosebetsi oa boipheliso, le ho ea tikolohong e ncha ka ho felletseng. Ho falla ho ka ’na ha hloka ho amohela tekanyetso e fapaneng haholo ea bophelo ’me, maemong a mang, le ho ithuta puo e ncha. Leha ho le joalo, Lipaki tse likete ka bomong le ka malapa li ’nile tsa falla e le ho thusa ba bang ho ithuta ka litokisetso tse lerato tsa Jehova bakeng sa bophelo bo sa feleng.
Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa arabela ka potlako eaba lia falla ho ea bofelong ba bo-1950; tse ling tsa falla ka bo-1960; tse eketsehileng ka bo-1970. ’Me ho fallela ha Lipaki libakeng tse nang le tlhokahalo e khōloanyane ho ntse ho tsoela pele ho fihlela kajeno.
Li ’nile tsa tsoa hokae? Tse ngata li ne li tsoa Australia, Canada, New Zealand, le United States. Tse ngata li tsoa Brithani, Fora, le Jeremane. Hape le Austria, Belgium, Denmark, Finland, Italy, Japane, Rephabliki ea Korea, Norway, Spain, Sweden, le Switzerland, har’a tse ling. Ha lenane la Lipaki tsa Jehova le ntse le eketseha Argentina, Brazil, Mexico, le linaheng tse ling tsa Latin America, le tsona li ’nile tsa hlahisa basebetsi ba ikemiselitseng ho sebeletsa linaheng tse ling moo ho nang le tlhokahalo e khōlō. Ka ho tšoanang, Afrika basebetsi ba chesehang ba ’nile ba falla ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ho fana ka bopaki.
Li ’nile tsa fallela libakeng life? Linaheng tse kang Afghanistan, Malaysia, le Senegal, le lihleke-hlekeng tse kang Réunion le St. Lucia. Tse ka bang 1 000 li ile tsa fallela Ireland, moo li ileng tsa sebeletsa ka nako ea bolelele bo sa tšoaneng. Tse ngata li ile tsa leba Iceland, ho sa tsotellehe mariha a eona a malelele, le a lefifi, ’me tse ling li ile tsa lula moo, tsa fetoha litšiea ka har’a liphutheho ’me li fana ka thuso e lerato ho ba bacha linneteng. Ho finyelletsoe se molemo haholo Amerika Bohareng le Boroa. Lipaki tse fetang 1 000 li ile tsa fallela Colombia, tse fetang 870 tsa fallela Ecuador, tse fetang 110 tsa fallela El Salvador.
Harold le Anne Zimmerman ba bile har’a ba ileng ba falla. Ba ne ba se ba sebelelitse e le matichere a baromuoa Ethiopia. Leha ho le joalo, ka 1959, ha ba etsa litokisetso tsa ho qetela tsa ho falla ba tloha United States ba ea Colombia bakeng sa ho kopanela ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso moo, ba ne ba hōlisa bana ba bane, ba neng ba fetana ka lilemo ho tloha ho likhoeli tse hlano ho ea ho lilemo tse hlano. Harold o ile a etsa boiteko ba ho fumana mosebetsi. Ha a fihla ka har’a naha, litlaleho tsa litaba sebakeng seo li ile tsa mo tšoenya. Ho ne ho e-na le ntoa ea lehae e sa lumelloang ke molao, ’me ho ne ho e-na le lipolao tse ngata ho elella hare ho naha. O ile a ipotsa: ‘Na kannete ke batla ho tlisa lelapa la ka moo le tl’o phela tlas’a maemo a tjee?’ O ile a hlahlobisisa mohopolo oa hae bakeng sa mohlala o ka mo tataisang kapa molao-motheo o itseng ka Bibeleng. O ile a hopola tlaleho ea Bibele ea lihloela tse tletseng tšabo tse ileng tsa isetsa Baiseraele likampong tlaleho e mpe ka Naha e Tšepisitsoeng. (Num. 13:25–14:4, 11) Sena se ile sa mo thusa ho fihlela qeto; o ne a sa batle ho tšoana le tsona! Kapele-pele o ile a lokisetsa hore lelapa la hae le tle. O ile a fumana mosebetsi oa boipheliso o hlokahalang ka mor’a hore feela lichelete tsa bona li phophothehe ho fihlela ho setse lidolara tse tharo, empa ba ne ba e-na le seo ba hlileng ba se hlokang. Boholo ba mosebetsi oo ho neng ho hlokahala hore a o etse bakeng sa ho phelisa lelapa la hae bo ile ba feto-fetoha ho theosa le lilemo, empa ka mehla o ’nile a leka ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele. Ha ba qala ho ea Colombia, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 1 400 ka har’a naha. Ba bone khōlo e makatsang hakaakang ho tloha nakong eo!
Hase ka mehla ho sebeletsa moo tlhokahalo ea Lipaki e leng khōloanyane ho hlokang hore motho a fallele naheng e ’ngoe. Lipaki tse likete ka bomong le ka malapa li ’nile tsa fallela libakeng tse ling ka har’a naha ea habo tsona. Lelapa le leng Bahia State, Brazil, le ile la fallela toropong ea Prado, moo ho neng ho se na Lipaki. Ho sa tsotellehe khanyetso e tsoang ho baruti, le ile la lula le ho sebetsa toropong eo le sebakeng se mathōkong a eona ka lilemo tse tharo. Ho ile ha rekoa moaho oa kereke e hlokomolohiloeng ’me oa fetoloa Holo ea ’Muso. Ka mor’a nako e khutšoaane, ho ne ho e-na le Lipaki tse mafolo-folo tse fetang lekholo sebakeng seo. ’Me hoo e ne e le qalo feela.
Ka manane a ntseng a eketseha, batho ba ratang ho loka Latin America ba arabela memong e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 148: ‘Rorisang Jah! Rorisang Jehova lefatšeng, lihlopha tsohle tsa lichaba.’ (Litem. 1, 7-11, NW) Ha e le hantle, ka 1975 ho ne ho e-na le barorisi ba Jehova naheng e ’ngoe le e ’ngoe ea Latin America. Tlaleho ea selemo seo e bontšitse hore ba 80 481, ba hlophisitsoeng ka liphutheho tse 2 998, ba ne ba sebeletsa Mexico. Ba bang ba 24 703, liphuthehong tse 462, ba ne ba bua ka borena ba Jehova Amerika Bohareng. ’Me Amerika Boroa, ho ne ho e-na le barorisi ba phatlalatsa ba Jehova ba 206 457 liphuthehong tse 3 620.
Ho Finyella Lihleke-hleke tsa Pacific
Ha keketseho e potlakileng e ntse e tsoela pele Amerika Boroa, Lipaki tsa Jehova li ne li boetse li lebisa tlhokomelo lihleke-hlekeng tsa Pacific. Ho na le lihleke-hleke tse makholo ho tsena tse qalikaneng pakeng tsa Australia le Amerika, tse ngata ho tsona li nyenyane haholo. Tse ling ho ahile malapa a seng makae feela ho tsona; tse ling, ho ahile batho ba mashome a likete ho tsona. Mathoasong a bo-1950, leeme la ba boholong le ile la sitisa Mokhatlo oa Watch Tower ho romela baromuoa lihleke-hlekeng tse ngata ho tsena. Empa ho ne ho hlokahala hore batho ba moo le bona ba utloe ka Jehova le ’Muso oa hae. Sena se tumellanong le boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia 42:10-12, bo reng: “Binelang Jehova sefela se secha, le tumise lithoko tsa hae lipheletsong tsa lefatše . . . Lithoko tsa hae li boleloe lihleke-hlekeng.” Ka hona, ka 1951, kopanong e neng e tšoaretsoe Sydney, Australia, bo-pula-maliboho le balebeli ba potoloho ba neng ba thahasella ho kenya letsoho ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso lihleke-hlekeng ba ile ba khothalletsoa ho teana le Moena Knorr. Nakong eo ba ka bang 30 ba ile ba ithaopela ho kenela boboleli lihleke-hlekeng tse libakeng tse chesang.
Har’a bona ke Tom le Rowena Kitto, bao kapele ba ileng ba iphumana ba le Papua, moo ho neng ho se na Lipaki nakong eo. Ba ile ba qala mosebetsi oa bona har’a Maeurope Port Moresby. Ka mor’a nako e khutšoaane, ba ne ba qeta linako tsa mantsiboea Hanuabada, “Big Village,” le sehlopha sa baahi ba Papua ba 30 ho ea ho ba 40 ba neng ba lapetse ’nete ea moea. Lentsoe le ile la phatlalatsoa metseng e meng ha le tloha ho bona. Ka nako e khutšoaane, batho ba Kerema ba ile ba romela moifo o kōpang hore ba khanneloe thuto ea Bibele. Eaba hlooho ea oona e tsoang Haima ea fihla, ’me ea kōpa: “Ka kōpo tloong le tl’o ruta batho ba heso ka ’nete!” Kahoo e ile ea phatlalla.
Banyalani ba bang, John le Ellen Hubler, ba ile ba ea New Caledonia ba il’o qalisa mosebetsi moo. Ha ba fihla ka 1954, ba ne ba e-na le li-visa tsa khoeli e le ’ngoe feela bakeng sa bahahlauli. Empa John o ile a fumana mosebetsi oa boipheliso, ’me sena se ile sa ba thusa ho fumana nako e ekelitsoeng. Ka mor’a nako, Lipaki tse ling—tse 31 ka kakaretso—le tsona li ile tsa falla ka ho tšoanang. Qalong li ile tsa etsa tšebeletso ea tsona libakeng tse ka thōko e le hore li se ke tsa hapa tlhokomelo e khōlō haholo. Hamorao, li ile tsa qala ho bolela motse-moholo, Nouméa. Ho ile ha thehoa phutheho. ’Me, ka 1959, setho sa Mokhatlo oa K’hatholike se ile sa hloella boemong bo phahameng ’musong. Lipaki ha lia ka tsa hlola li nchafaletsoa li-visa. Ho ile ha hlokahala hore lelapa la Hubler le tsamaee. Lingoliloeng tsa Watch Tower li ile tsa thibeloa. Empa, litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li e-na le motheo o tiileng, ’me lenane la Lipaki le ile la tsoela pele ho eketseha.
Tahiti batho ba bangata ba ne ba bontšitse thahasello mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova ha baena ba etetse moo hakhutšoaane. Empa ka 1957, ho ne ho se na Lipaki tsa sebakeng seo, mosebetsi oa tsona o ile oa thibeloa, ’me baromuoa ba Watch Tower ba haneloa ho kena. Leha ho le joalo, Agnes Schenck, moahi oa Tahiti ea neng a lula United States nakong eo, o ne a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha a utloa hore ho na le tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso Tahiti, eena, monna oa hae, le mora oa bona ba ile ba kena sekepeng se tlohang California ka May 1958. Nakoana ka mor’a moo, malapa a mang a mabeli a ile a ikopanya le bona, le hoja a ile a fumana li-visa tsa likhoeli tse tharo feela bakeng sa bahahlauli. Selemong se latelang, ho ile ha thehoa phutheho Papeete. ’Me ka 1960 ’muso o ile oa fana ka tumello ea hore ho thehoe mokhatlo oa sebaka seo o hlophisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
E le ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso, bo-khaitseli ba babeli ba baromuoa ha ba le tseleng ba khutlela kabelong ea bona ba ile ba fapohela sehleke-hlekeng sa Niue ba etetse mong ka bona. Khoeli eo ba ileng ba e qeta moo e ile ea hlahisa litholoana haholo; ho ile ha fumanoa batho ba bangata ba thahasellang. Empa ha seketsoana se latelang se tsamaeang ho tloha sehleke-hlekeng se seng ho ea ho se seng se fihla, ba ile ba lokela ho tsamaea. Leha ho le joalo, kapele Seremaia Raibe, oa Fiji, o ile a fumana mosebetsi Lefapheng la Mesebetsi ea Sechaba Niue eaba o sebelisa nako eohle ea hae ea bolokolohi boboleling. Leha ho le joalo, ka baka la khatello ea baruti, tumello ea Moena Raibe ea bolulo e ile ea hlakoloa ka mor’a likhoeli tse seng kae, ’me ka September 1961 Lekhotla la Ketsa-molao le ile la etsa qeto ea ho se lumelle Lipaki tsa Jehova tse eketsehileng ho kena ka har’a naha. Leha ho le joalo, boboleli ba litaba tse molemo moo bo ile ba tsoela pele. Joang? Lipaki tsa sebakeng seo, le hoja li ne li le ncha linneteng, li ile tsa tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Ho phaella moo, ’muso oa moo o ne o se o ntse o hirile William Lovini, letsoalloa la Niue le neng le phela New Zealand. Ke hobane’ng ha a ne a thahasella ho khutlela Niue? Hobane o ne a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me a batla ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ka 1964 lenane la Lipaki moo le ile la nyolohela ho 34.
Ka 1973, David Wolfgramm, moahi oa Tonga, hammoho le mosali oa hae le bana ba robeli, o ne a lula lehaeng la boiketlo New Zealand. Empa ba ile ba le siea ’me ba fallela Tonga ba il’o ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Ho tloha moo ba ile ba kopanela ho ntšetseng mosebetsi pele masimong a hōle lihleke-hlekeng tsa Tonga, tseo e leng tse ka bang 30 ho tsona tse nang le baahi.
Ho ’nile ha hlokahala nako, boiteko, le litšenyehelo tse ngata bakeng sa ho fihla lihleke-hlekeng. Empa Lipaki tsa Jehova li talima bophelo ba batho ba bang e le ba bohlokoa ’me li etsa boiteko bohle ho ba thusa ho rua molemo tokisetsong e lerato ea Jehova bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha.
Lelapa le leng le ileng la rekisa polasi ea lona Australia eaba le fallela ho se seng sa lihleke-hleke tsa Pacific le ile la akaretsa maikutlo a lona ka tsela ena: “Ho utloa baahi bana ba lihleke-hlekeng ba re ba se ba tseba Jehova, ho ba utloa ba re bana ba rōna ke bana ba bona, hobane ba ba rata ka baka la ’nete, ho bona thahasello ’Musong le lenane la ba bang teng libokeng le hōla, ho utloa batho bana ba ratehang ba re: ‘Bana ba ka ba tla nyala feela Moreneng,’ ’me ba rialo ka mor’a ho tšoaseha ka lilemo tse makholo neanong le manyalong a Bochabela, ho ba bona ha ba lokisa le ho hloekisa maemo a bona lenyalong, . . . ho ba bona ha ba ithuta ba ntse ba lisitse likhomo tse ka thōko ho tsela, ka mor’a mosebetsi o boima masimong a reisi, ho tseba hore ba buisana ka hore borapeli ba litšoantšo bo fosahetse, botle ba lebitso la Jehova ha ba le mabenkeleng a moo le libakeng tse ling, hore o bitsoe moena le khaitseli ke ’mè ea seng a hōlile oa Moindia ’me a kōpe ho tsamaea le uena ho ea bolella batho ka Molimo oa ’nete . . . Sena sohle se tlatsetsa moputsong oa bohlokoa oa hore ebe re nkile bohato bona ba ho arabela pitso e tsoang Pacific Boroa.”
Leha ho le joalo, baahi ba fetang bana ba lihleke-hlekeng tsa Pacific ba ne ba ntse ba fumana tlhokomelo. Ho qala ka 1964, bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo ba tsoang Philippines ba ile ba abeloa hore ba e’o matlafatsa baromuoa ba chesehang ba neng ba se ba ntse ba sebetsa Hong Kong, Indonesia, Rephabliking ea Korea, Laos, Malaysia, Taiwan, Thailand, le Vietnam.
Ha ho Tobanoe le Khatello ea Lelapa le Batho ba Motse
Ha motho a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova, hase hangata lelapa la habo le batho ba motse ba amohelang sena e le taba e amang qeto ea botho.—Matt. 10:34-36; 1 Pet. 4:4.
Ba bangata ba fetohileng Lipaki tsa Jehova Hong Kong e ne e le bacha. Empa bacha bana ba ’nile ba ba tlas’a khatello e khōlō tsamaisong e etelletsang pele thuto e phahameng le mesebetsi e lefang haholo. Batsoali ba talima bana ba bona e le letsete le tlang ho tiisa hore lilemong tsa morao ba phela bophelo ba boiketlo. Ka hona, ha batsoali ba mohlankana e mong Kwun Tong ba hlokomela hore thuto ea Bibele, ho ba teng libokeng, le tšebeletso ea tšimo tsa mora oa bona li tla sitisana le ho kenya chelete ha hae, khanyetso ea bona e ile ea tōta. Ntate oa hae o ile a mo lelekisa ka thipa ea nama; ’m’ae o ile a mo tšoela ka mathe pontšeng. Ka likhoeli tse ngata ba ile ba tsoela pele ho mo koma-komela ba sa khaotse. Ka nako e ’ngoe o ile a botsa batsoali ba hae: “Na ha lea nkhōlisa hobane le nthata?” Eaba baa arabela: “Che, re u hōliselitse chelete!” Leha ho le joalo, mohlankana eo o ile a tsoela pele ho etelletsa borapeli ba Jehova pele; empa eitse ha a tloha hae, o ile a tsoela pele ho thusa batsoali ba hae ka lichelete ka hohle kamoo a ka khonang, hobane o ne a tseba hore sena se tla khahlisa Jehova.—Matt. 15:3-9; 19:19.
Metseng e teteeaneng, hangata khatello e boima ha e hlahe lelapeng labo motho feela. E mong ea bileng le phihlelo ena ke Fuaiupolu Pele oa Samoa e ka Bophirimela. Batho ba ne ba nka hore ke ntho e ke keng ea etsahala hore motho oa Samoa a lahle meetlo le bolumeli ba bo-ntat’ae moholo, ’me Pele o ne a tseba hore o tla tsekisoa. O ile a ithuta ka thata ’me a rapela Jehova ka tieo. Ha a bitsoa ke morena ea phahameng oa lelapa hore a tle sebokeng Faleasiu, o ile a tobana le marena a tšeletseng, libui tse tharo tsa phatlalatsa, baruti ba leshome, matichere a mabeli a bolumeli, morena ea phahameng eo e neng e le eena molula-setulo, le banna le basali ba hōlileng ba lelapa. Ba ile ba mo rohaka le ho mo nyatsa hammoho le setho se seng sa lelapa se neng se bontša thahasello ho Lipaki tsa Jehova. Ho ile ha latela phehisano; e ile ea tšoarella ho fihlela ka hora ea bone hoseng. Ba bang ba neng ba le teng ba ile ba halefisoa ke ha Pele a sebelisa Bibele, ’me ba ile ba mo kharumela: “Behella Bibele eno ka thōko! Tlohela Bibele eno!” Empa qetellong morena ea phahameng o ile a re ka lentsoe le fokolang: “Pele, u hlōtse.” Empa Pele o ile a arabela: “Ntšoarele, Monghali, ha kea hlōla. Bosiung bona u utloile molaetsa oa ’Muso. Ke lakatsa ka tieo hore e se eka u ka o ela hloko.”
Ha ho E-na le Khanyetso e Matla ea Baruti
Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba fihlile lihleke-hlekeng tsa Pacific ka bo-1800. Ha ba fihla, libakeng tse ngata, ho ne ho khutsitse; libakeng tse ling ho fihla ha bona ho ne ho tšehelitsoe ke sesole. Libakeng tse ling ba ne ba ikabetse lihleke-hleke pakeng tsa bona ka bobona. Empa hape ho ne ho boetse ho bile le lintoa tsa bolumeli, tseo ho tsona Mak’hatholike le Maprostanta a neng a loanela ho fumana taolo. Joale “balisa” bana ba bolumeli, baruti, ba ile ba sebelisa mekhoa eohle eo ba ka e khonang ho ntša Lipaki tsa Jehova ho seo ba neng ba se talima e le libaka tse tlas’a taolo ea bona. Ka linako tse ling ba ile ba hatella liofisiri ho leleka Lipaki lihleke-hlekeng tse itseng. Ka linako tse ling ba ile ba inkela molao matsohong.
Sehleke-hlekeng sa New Britain, motseng oa Vunabal, sehlopha se tsoang lelokong la Sulka se ile sa bontša thahasello e matla ’neteng ea Bibele. Empa ka Sontaha se seng ka 1959, ha John Davison a ntse a se khannela thuto ea Bibele, sehlopha sa mahoo-hoo sa Mak’hatholike, tlas’a taelo ea mokatekista oa K’hatholike, se ile sa kena ka tlung se hatela holimo ’me sa emisa thuto ka ho etsa lerata le ka likhoka. Taba ena e ile ea tlaleheloa mapolesa Kokopo.
Ho fapana le ho lahla linku, Lipaki li ile tsa khutla beke e latelang bakeng sa ho tsoela pele ho fana ka thuso ea moea ho batho ba nang le kananelo Vunabal. Moruti oa K’hatholike o ne a le teng le eena, empa batho ba motse ba ne ba sa mo mema, ’me o ile a tla le Mak’hatholike a makholo a leloko le leng. Ka mor’a ho kenngoa khalefo ke moruti, batho ba kereke ea hae ba ile ba rohaka Lipaki, ba li tšoela ka mathe, ba li sokela, ’me ba tabola Libibele tsa batho ba motse, ’me moruti a eme a phuthile matsoho ’me a ntse a bososela. Mapolesa a ileng a leka ho laola boemo a ile a bonahala a tšoenyehile. Batho ba bangata ba motse le bona ba ile ba tlala tšabo. Empa bonyane e mong oa batho ba motse o ile a ipaka a na le sebete eaba o nka khato ea ho emela seo a tsebang hore ke ’nete. Hona joale, ba bang ba makholo sehleke-hlekeng seo ba entse se tšoanang.
Leha ho le joalo, hase matichere ’ohle a bolumeli a ileng a bontša moea oa khanyetso ho Lipaki tsa Jehova. Shem Irofa’alu, Solomon Islands, o ile a ikutloa a na le boikarabelo bo tiileng ho batho ba talimmeng ho eena joaloka moeta-pele oa bona oa bolumeli. Ka mor’a ho bala buka ea Mokhatlo oa Watch Tower Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape, o ile a hlokomela hore o thetsitsoe. Eena le matichere a bolumeli a tlas’a taolo ea hae ba ile ba mamela lipuisano tsa Lipaki, ba botsa lipotso, ’me ba phetla mangolo ka Bibeleng. Eaba ba lumela hore ba batla ho fetoha Lipaki tsa Jehova, kahoo ba ile ba qala ho fetola likereke metseng ea bona e 28 hore e be Liholo tsa ’Muso.
Khohloana e Phoroselang ea ’Nete Afrika
Haholo-holo ho qala mathoasong a bo-1920, ho ile ha etsoa boiteko bo boholo e le hore batho ba leng likarolong tsohle tsa Afrika ba ka ba le monyetla oa ho tseba Jehova, Molimo oa ’nete, le ho rua molemo litokisetsong tsa hae tse lerato. Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e lala, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo linaheng tse 14 k’honthinenteng ea Afrika. Linaha tse ling tse 14 tsa Afrika li ne li finyelletsoe ka molaetsa oa ’Muso, empa ho ne ho se na Lipaki tse tlalehang mosebetsi ho tsona ka 1945. Lilemong tse latelang tse 30, ho pholletsa ho fihlela ka 1975, boboleli ba litaba tse molemo bo ile ba fihla linaheng tse eketsehileng tse 19 tsa Afrika. Hoo e ka bang linaheng tsena tsohle, hammoho le lihleke-hlekeng tse mathōkong a tsona, liphutheho li ile tsa qala ho thehoa—tse seng kae tsa thehoa linaheng tse ling, tse fetang sekete Zambia, tse ka bang likete tse peli Nigeria. See sohle se hlahile joang?
Ho phatlalatsoa ha molaetsa oa ’Muso ho bile joaloka khohloana ea metsi a phallang. Ka kakaretso, metsi a phorosela ka potlako likotopong tsa nōka, le hoja a mang a khelohela ka thōko moo ho omileng; ’me haeba tsela ea oona e sitisoa ke ho itseng, metsi a nka tsela e fapaneng kapa aa bokellana ebe aa tlala ho fihlela a phatloha.
O sebelisa mecha ea oona e tloaelehileng ea tlhophiso, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa abela basebeletsi ba nako e tletseng—bo-pula-maliboho, bo-pula-maliboho ba khethehileng, le baromuoa—linaheng tseo ho tsona ho fanoeng ka bopaki bo fokolang kapa bo sa fanoang ho hang. Hohle moo ba ileng ba ea teng, ba ile ba khothalletsa batho hore ba “inkele metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17, NW) Ka mohlala, ka leboea ho Afrika, bo-pula-maliboho ba bane ba khethehileng ba tsoang Fora ba ile ba fetisetsa memo eo ho batho ba Algeria ka 1952. Kapele senohe se seng moo se ile sa amohela ’nete, sa hlokomela hore se tlameha ho lahla mosebetsi oa sona e le hore se ka khahlisa Jehova, ’me sa qala ho pakela batho bao se neng se ba sebeletsa pele. (Deut. 18:10-12) Bo-pula-maliboho ba ile ba sebelisa ka katleho buka “’Nete e be ea Molimo” bakeng sa ho thusa batho ba tšepahalang ho bona phapang pakeng tsa Bibele e Halalelang le neano ea bolumeli. E bile matla haholo ho lokolleng batho mekhoeng ea bolumeli ba bohata hoo moruti e mong a ileng a phahamisa buka ena a le sefaleng ’me a re e malimabe, le ba e abang, le ba e balang.
Ka 1954 moromuoa e mong o ile a lelekoa naheng ea K’hatholike ea Spain ka baka la ho ruta Bibele ntle ho tumello ea baruti; kahoo selemong se latelang, eena le ’mate oa hae oa pula-maliboho ba ile ba qalisa boboleli Morocco. Kapele ba ile ba tlatsoa ke lelapa le leng la Lipaki tsa Jehova tse hlano le neng le lelekiloe Tunisia, moo ho neng ho tsohile morusu o moholo ha banyalani ba bang ba Bajode ba amohela Jesu e le Messia ’me kapele ba qala ho arolelana tumelo ea bona e ncha le ba bang. Ho elella ka boroa, bo-pula-maliboho ba tsoang Ghana ba ile ba lebisoa Mali ka 1962. Hamorao, bo-pula-maliboho ba Fora ba sebeletsang Algeria le bona ba ile ba kōptjoa ho thusa Mali. Ka lehlakoreng le leng, lenane le leholo la bao hamorao ba ileng ba fetoha Lipaki moo le ile la kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ka 1966 bo-pula-maliboho ba robeli ba khethehileng ba tsoang Nigeria ba ile ba qalisa likabelo tsa bona Niger, e leng naha e nang le baahi ba qalikaneng e akarelletsang karolo e itseng ea Lehoatata la Sahara. Burundi e ile ea fuoa monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso ha bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba romeloa teng ba tsoa ka Leboea ho Rhodesia (eo hona joale e leng Zambia) ka 1963, ’me ba lateloa ke baromuoa ba bane ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade.
Ho ne ho boetse ho e-na le baromuoa Ethiopia mathoasong a bo-1950. ’Muso oa Ethiopia o ile oa hloka hore ba hahe ’mishone o tloaelehileng le sekolo sa thuto, ’me ba ile ba fela ba etsa joalo. Empa, ho phaella moo, ba ne ba tšoarehile ka ho ruta Bibele, ’me kapele ho ile ha ba le batho ba bangata ba tlang lehaeng la baromuoa, letsatsi le leng le le leng ho fihla ba bacha ba kōpang hore motho e mong a ba thuse ho utloisisa Bibele. Lilemong tse mashome a mararo ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, linaha tse 39 k’honthinenteng ea Afrika li ile tsa rua molemo thusong ea baromuoa ba joalo ba koetlisitsoeng Gileade.
Ka nako e tšoanang, metsi a ’nete a ne a phallela libakeng tse omileng moeeng ka Lipaki tsa Jehova tseo mosebetsi oa tsona oa boipheliso o ileng oa etsa hore li teane le batho ba bang. Ka hona, Lipaki tse tsoang Egepeta tseo mosebetsi oa tsona o ileng oa hloka hore li fallele Libya ka 1950 li ile tsa paka ka cheseho nakong ea tsona ea bolokolohi. Selemong sona seo Paki e ’ngoe e neng e rekisa boea, hammoho le lelapa la eona, e ile ea tloha Egepeta ’me ea fallela Khartoum, Sudan. E ile ea itloaetsa ho pakela batho ba rekang pele e qala litaba tsa khoebo le bona. E mong oa Lipaki tsa pele Senegal (eo e neng e le karolo ea French West Africa nakong eo) o ile a ea teng, ka 1951, e le moemeli oa feme e ’ngoe ea khoebo. Le eena o ne a ananela boikarabelo ba hae joaloka Paki ea Ea Holimo-limo. Ka 1959, ka baka la mosebetsi oa boipheliso, Paki e ’ngoe e ile ea ea Fort-Lamy (eo hona joale e leng N’Djamena), ho seo hamorao se ileng sa fetoha Chad, ’me ea sebelisa monyetla oa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso naheng eo. Linaheng tse mathōkong a Niger ho ne ho e-na le bahoebi bao e leng Lipaki tsa Jehova; kahoo, ha bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ntse ba tšoarehile Niger ho tloha ka 1966 ho ea pele, bahoebi bana le bona ba ne ba ntse ba bolella batho ba tlohang Niger bao ba sebelisanang le bona khoebong. ’Me Lipaki tse peli tseo banna ba tsona ba ileng ba ea Mauritania ba il’o sebetsa ka 1966 li ile tsa sebelisa monyetla oa ho paka sebakeng seo.
Batho ba ileng ba khatholloa ka ‘metsi a bophelo’ ba ile ba a arolelana le ba bang. Ka mohlala, ka 1947 motho e mong ea neng a bile teng libokeng tse ling empa e se e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a tloha Cameroon a fallela Ubangi-Shari (eo hona joale e leng Central African Republic). Ha a utloa ka monna e mong Bangui ea neng a thahasella Bibele ka matla, ka mosa o ile a lokisetsa hore ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower Switzerland e mo romele buka. Etienne Nkounkou, ea ileng a e amohela, o ile a thaba haholo ke boitsebiso ba moea bo hahang boo e nang le bona, ’me beke le beke o ile a bala buka eo sehlopheng sa ba bang ba thahasellang. Se ile sa iteanya le ntlo-khōlō ea Mokhatlo. Ha tsebo ea sona e ntse e eketseha, sehlopha seo sa thuto se ile sa boela sa fetoha sehlopha sa baboleli. Le hoja khatello ea baruti e ile ea lebisa ho thibeloeng ha lingoliloeng tsa Watch Tower, Lipaki tsena tse ncha li ile tsa tsoela pele ho bolela ka Bibele feela. Batho naheng eo ba rata ho utloa lipuisano tsa Bibele, kahoo ha thibelo ea lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo e tlosoa ka 1957, Lipaki moo li ne li se li feta 500.
Ha ho Hlaha Litšitiso
Ha litšitiso li sitisa metsi a fanang ka bophelo ho phalla, kapele a ile a phunyelletsa ka tsela e ’ngoe e itseng. Ayité Sessi, pula-maliboho e tsoang Dahomey (eo hona joale e leng Benin), o ne a fane ka bopaki French Togo (eo hona joale e leng Togo) ka nako e khutšoaane feela ka 1949 ha ’muso o mo qobella ho tsamaea. Empa selemong se latelang Akakpo Agbetor, eo pele e neng e le ralitebele, ea tsoaletsoeng Togo, o ile a khutlela ha habo hammoho le moen’ae. Kaha o ne a tsoaletsoe naheng ena, o ile a khona ho paka ka bolokolohi, a ba a tšoara le liboka. Le hoja bo-pula-maliboho ba neng ba fumane likabelo Fernando Po (eo hona joale e leng karolo ea Guinea e haufi le Equator) hoo e ka bang ka 1950 ba ile ba lelekoa ka har’a naha ka mor’a nako e khutšoaane ka baka la leeme la bolumeli, hamorao Lipaki tse ling li ile tsa kenela likonteraka tsa mosebetsi tse ileng tsa li nolofalletsa ho lula sebakeng seo. ’Me, ha e le hantle, tumellanong le taelo ea Jesu, li ile tsa bolela.—Mar. 13:10.
Emmanuel Mama, molebeli oa potoloho ea tsoang Ghana, o ile a romeloa Upper Volta (eo hona joale e bitsoang Burkina Faso) ka libeke tse seng kae ka 1959 ’me o ile a fana ka bopaki bo boholo Ouagadougou, motse-moholo. Empa ho ne ho se na Lipaki tse lulang naheng eo. Lilemo tse ’nè hamorao, Lipaki tse supileng, tse tsoaletsoeng Togo, Dahomey (eo hona joale e leng Benin), le Congo, li ile tsa fallela Ouagadougou ’me tsa batla mosebetsi e le hore li ka khona ho sebeletsa sebakeng sena. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, bo-pula-maliboho ba ’maloa ba khethehileng ba tsoang Ghana ba ile ba ikopanya le tsona. Leha ho le joalo, ka baka la khatello ea baruti holim’a ba boholong, ka 1964, ka mor’a hore Lipaki li be moo nako e ka tlaase ho selemo, li ile tsa tšoaroa, tsa bolokoa litlamong matsatsi a 13, ’me tsa lelekoa ka har’a naha. Na boiteko ba tsona bo ne bo bile le litholoana? Emmanuel Johnson, moahi naheng eo, o ne a ithutile moo ’nete ea Bibele e ka fumanoang teng. O ile a tsoela pele ho ithuta le Lipaki tsa Jehova ka ngollano, ’me a kolobetsoa ka 1969. E, mosebetsi oa ’Muso o ile oa ba le motheo o tiileng naheng e ’ngoe hape.
Ha ho etsoa kōpo bakeng sa li-visa tse neng li tla nolofalletsa baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ho sebeletsa Ivory Coast (eo hona joale e bitsoang Côte d’Ivoire), ba boholong Fora ba ile ba hana ho fana ka tumello. Kahoo, ka 1950, Alfred Shooter, ea tsoang Gold Coast (eo hona joale e leng Ghana), o ile a romeloa motse-moholo oa Ivory Coast e le pula-maliboho. Ha a se a tloaetse makhulo, mosali oa hae o ile a tla lula le eena; ’me ka mor’a likhoeli tse seng kae, banyalani ba bang ba baromuoa, Gabriel le Florence Paterson, ba ile ba fihla. Ho ile ha hlaha mathata. Ka letsatsi le leng, lingoliloeng tsa bona li ile tsa nkoa hobane li ne li sa lumelloa ke ’muso, ’me baena ba ile ba lefisoa. Empa hamorao ba ile ba fumana libuka tsa bona li rekisoa ’marakeng, kahoo ba ile ba li reka ’me ba li sebelisa hamolemo.
Ho sa le joalo, baena bana ba ile ba etela liofisi tse ’maloa tsa ’muso ka boiteko ba ho fumana li-visa tsa nako eohle. Monghali Houphouët-Boigny, eo hamorao a ileng a fetoha mopresidente oa Ivory Coast, o ile a ithaopela ho thusa. O ile a re: “Ho hang ’nete e ke ke ea sitisoa ke letho. E tšoana le nōka e khōlō; e thibele ’me e tla phunyelletsa.” Ha moruti oa K’hatholike le moruti oa Methodist ba leka ho kena-kenana le litaba, Ouezzin Coulibaly, ea tšoereng molepo ’musong, o ile a re: “Ke ’na moemeli oa sechaba naheng ena. Ke rōna sechaba, ’me re rata Lipaki tsa Jehova kahoo re batla hore li lule mona naheng ena.”
Barutuoa Bao Kannete ba Utloisisang
Ha Jesu a fana ka litaelo tse reng “le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,” o ile a boela a laela hore ba tlang ho fetoha barutuoa—ba lumelang lithuto tsa Kreste le ba li sebelisang—ba lokela ho kolobetsoa. (Matt. 28:19, 20, NW) Tumellanong le sena, ho ba le tokisetso ea kolobetso ea barutuoa ba bacha likopanong tse khōlō le tse nyenyane tsa nako le nako tsa Lipaki tsa Jehova. Lenane la ba kolobetsoang ketsahalong leha e le efe e ka ’na ea e-ba le fokolang haholo. Leha ho le joalo, kopanong e neng e tšoaretsoe Nigeria ka 1970, ho bile le Lipaki tse ncha tse 3 775 tse ileng tsa qoelisoa metsing. Leha ho le joalo, sepheo hase ho finyella manane a phahameng.
Ka 1956, ha ho hlokomeloa hore ba bang Gold Coast ba kolobetsoang ha baa haha tumelo ea bona motheong o lekaneng, ho ile ha theoa tokisetso ea ho hlahloba batho ba eang kolobetsong. Balebeli ba phutheho ba ile ba jarisoa boikarabelo Gold Coast ba ho hlahloba motho ka mong ea il’o qoelisoa metsing ho kholiseha hore o na le tsebo e loketseng ea linnete tsa motheo tsa Bibele, hore o phela tumellanong le litekanyetso tsa Bibele, le hore o utloisisa ka ho hlaka boikarabelo bo tsamaeang le ho ba Paki ea Jehova e inehetseng le ho kolobetsoa. Ka mor’a nako, ho ile ha sebelisoa mokhoa o tšoanang lefatšeng ka bophara. Kemiso e qaqileng e sebelisoang ha ho hlahlobjoa lithuto tsa motheo tsa Bibele le batho ba eang kolobetsong e ile ea fanoa ka 1967 (ka Senyesemane) bukeng “Lentsoe la Hao ke Lebone la Maoto a Ka.” Ka mor’a lilemo tsa phihlelo, ho ile ha hatisoa kemiso e ntlafalitsoeng ka ho eketsehileng ka 1983 bukeng Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna.
Ka tokisetso e joalo, na litlhoko tsa batho ba bileng le thuto e fokolang sekolong kapa ba se nang eona ho hang li ile tsa nahaneloa?
Ho Hlōla Bothata ba ho se Tsebe ho Bala le ho Ngola
Ka 1957 Mokhatlo oa Thuto, Saense, le Setso oa Machaba a Kopaneng o ile oa lekanyetsa hore hoo e ka bang karolo ea 44 lekholong ea baahi ba lefatše ba lilemo li 15 kapa ho feta ha ba tsebe ho bala kapa ho ngola. Ho ile ha tlalehoa hore linaheng tse 42 Afrika, tse peli Amerika, tse 28 Asia, le tse 4 Oceania, karolo ea 75 lekholong ea batho ba baholo ha e tsebe ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo, le bona ba ne ba hloka monyetla oa ho ithuta molao oa Molimo e le hore ba ka itokisetsa ho ba bafo ba ’Muso oa hae. Ba bangata ba sa tsebeng ho bala ba ne ba na le likelello tse bonolo ’me ba ne ba hopola lintho tse ngata tseo ba li utloileng, empa ba ne ba ntse ba sa tsebe ho ipalla ka bobona Lentsoe la bohlokoa la Molimo le ho sebelisa lithuso tse hatisitsoeng tsa ho ithuta Bibele.
Ka lilemo tse ngata Lipaki ka bomong li ne li ntse li fana ka thuso ea botho ho batho ba batlang ho ithuta ho bala. Leha ho le joalo, ka 1949 le 1950, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qalisa litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola liphuthehong tsohle tsa tsona linaheng tse ngata tsa Afrika. Hangata litlelase tsena li ne li tšoareloa Liholong tsa ’Muso, ’me libakeng tse ling motse kaofela o ne o mengoa hore o tl’o rua molemo lenaneong lena.
Moo ’muso o neng o tšehetsa lenaneo la ho ithuta ho bala le ho ngola, Lipaki tsa Jehova li ile tsa sebelisana le oona ka matsoho a mabeli. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata ho ile ha hlokahala hore Lipaki li hlahise le ho sebelisa libuka tsa tsona tsa thuto. Batho ba mashome a likete, ho akarelletsa le basali ba likete le ba seng ba hōlile, ba ’nile ba thusoa hore ba tsebe ho bala le ho ngola ka litlelase tsena tse tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova. Ka baka la tsela eo lenaneo la thuto le neng le hlophisitsoe ka eona, ha baa ithuta ho bala le ho ngola feela empa ka nako e tšoanang ba tsebile linnete tsa motheo tse tsoang ka Lentsoeng la Molimo le Halalelang. Sena se entse hore ba tšoanelehe ho kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa oo Jesu a o laetseng. Takatso ea ho etsa sena ka katleho e ’nile ea susumelletsa ba bangata ho etsa boiteko bo tiileng ba ho ithuta ho bala.
Ha Paki e ncha linneteng Dahomey (eo hona joale e leng Benin), Afrika Bophirimela, e lelekoa ke mong’a ntlo hobane Paki eo e sa tsebe ho bala, Paki eo e ile ea ikemisetsa ho hlōla bothata boo. Ho phaella ho beng teng litlelaseng tsa ho ithuta ho bala le ho ngola, e ile ea etsa boiteko bo matla ba botho. Ka mor’a libeke tse tšeletseng e ile ea etela mong’a ntlo ea tšoanang; monna eo o ile a makala haholo ha a utloa motho enoa, ea neng a sa tsebe ho bala nakong e khutšoaane e fetileng, a ’malla Lentsoe la Molimo hoo a ileng a boela a bontša thahasello ho seo Paki e se rutang. Ka mor’a nako, ba bang ba ’nileng ba rutoa litlelaseng tsena tsa ho ithuta ho bala le ho ngola ba bile ba fetoha balebeli ba tsamaeang, ’me ba ruta liphutheho tse ’maloa. Ho bile joalo ka Ezekiel Ovbiagele Nigeria.
Ho Ruta ka Libaesekopo le Linehelano tsa Li-slide
E le ho thusa batho ba bontšang thahasello Bibeleng ho utloisisa boholo ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang, ho ile ha lokolloa baesekopo ka 1954. Filimi ena, The New World Society in Action, e ile ea felisa leeme la batho.
Ho seo hona joale e leng Zambia, hangata ho ne ho hlokahala mochine o fehlang motlakase o jarehang e le ho bontša filimi ena. Seile e khōlō e menollotsoeng pakeng tsa lifate tse peli e ile ea sebeletsa e le screen. Profensing ea Barotse morena oa sehlooho o ile a shebella filimi ena hammoho le lelapa la hae la borena, eaba o batla hore e bontšoe sechaba. Ka baka leo, mantsiboeeng a latelang e ile ea shebelloa ke batho ba 2 500. Kakaretso ea ba bileng teng bakeng sa linehelano tsa filimi ena Zambia nakong ea lilemo tse 17 e bile ka holimo ho millione. Ba bileng teng ba ile ba thabisoa ke seo ba se boneng. Ho tloha sebakeng se haufi Tanganyika (eo hona joale e leng karolo ea Tanzania), ho ile ha tlalehoa hore ka mor’a ho bontša filimi ena, ho ile ha utloahala mehoo ea letšoele le reng, “Ndaka, ndaka” (Rea leboha, rea leboha).
Ka mor’a baesekopo The New World Society in Action, ho ile ha latela lifilimi tse ling: The Happiness of the New World Society, Proclaiming “Everlasting Good News” Around the World, God Cannot Lie, le Heritage. Hape ho ’nile ha ba le linehelano tsa li-slide, tse nang le tlhaloso, tse tšohlang hore Bibele ea sebetsa mehleng ea rōna, tšimoloho ea bohetene ea lithuto le mekhoa ea Bokreste-’mōtoana, le se boleloang ke maemo a lefatše ho latela boprofeta ba Bibele, hammoho le linehelano tsa li-slide tse buang ka Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo o hlophisitsoeng, tse bontšang leeto la ntlo-khōlō ea tsona ea lefatše, likopano tse hlollang linaheng tseo pele li neng li thibetsoe, le tlhahlobisiso ea histori ea tsona ea kajeno. Kaofela ha tsona li ’nile tsa thusa batho ho hlokomela hore ka sebele Jehova o na le batho lefatšeng le hore Bibele ke Lentsoe la Hae le bululetsoeng.
Ho Khetholla Linku tsa ’Nete
Linaheng tse ling, batho ba neng ba e-na le lingoliloeng tse itseng tsa Watch Tower ba ne ba ipolela hore ke Lipaki tsa Jehova kapa ba sebelisa lebitso Watch Tower. Empa na ba ne ba fetotse litumelo tsa bona le tsela ea bophelo hore li lumellane le litekanyetso tsa Bibele? Ha ba fuoa thuto e hlokahalang, na ka sebele ba ne ba tla ipaka e le batho ba kang linku ba utloang lentsoe la Morena, Jesu Kreste?—Joh. 10:4, 5.
Ho ile ha fumanoa lengolo le makatsang ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Afrika Boroa, ka 1954, le tsoang ho sehlopha sa Maafrika Baía dos Tigres, kampong ea kahlolo e ka boroa ho Angola. Mongoli oa lona, João Mancoca, o itse: “Sehlopha sa Lipaki tsa Jehova Angola se na le litho tse 1 000. Moeta-pele oa sona ke Simão Gonçalves Toco.” Toco e ne e le mang? Na balateli ba hae e ne e hlile e le Lipaki tsa Jehova?
Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore John Cooke, moromuoa ea neng a khona ho bua Sepotoketsi, a etele Angola. Ka mor’a puisano e telele le ofisiri ea kolone, Moena Cooke o ile a lumelloa ho etela Mancoca. Moena Cooke o ile a hlokomela hore ka bo-1940, ha Toco a kopanela le ’mishone oa Baptist Belgian Congo (eo hona joale e leng Zaire), o ne a fumane lingoliloeng tse itseng tsa Watch Tower ’me o ne a arolelana seo a ithutileng sona le metsoalle e haufi. Empa, batho ba sebelisanang le meea ba ile ba susumetsa sehlopha sena, ’me ka mor’a nako Toco o ile a khaotsa ka ho felletseng ho sebelisa lingoliloeng tsa Watch Tower le Bibele. Ho e-na le hoo, o ile a batla tataiso ea mathuela. Balateli ba hae ba ile ba khutlisetsoa ha habo bona Angola ke ’muso eaba ba qhalakana likarolong tse sa tšoaneng tsa naha.
Mancoca e ne e bile e mong oa metsoalle ea Toco, empa Mancoca o ile a leka ho susumetsa ba bang hore ba khaotse ho sebelisana le meea ’me ba khomarele Bibele. Balateli ba bang ba Toco ba ne ba sa rate sena ’me, ka liqoso tsa bohata, ba nyatsa Mancoca ho ba boholong Portugal. Ka baka leo, Mancoca le ba neng ba na le likhopolo tse tšoanang le tsa hae ba ile ba isoa koloneng ea kahlolo. Ha a le moo o ile a iteanya le Mokhatlo oa Watch Tower ’me a iphumanela lingoliloeng tse eketsehileng tsa Bibele. O ne a ikokobelitse, a sekametse linthong tsa moea, ’me a thahasella ka matla ho sebetsa haufi-ufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oo a ithutileng ’nete ka oona. Ka mor’a hore Moena Cooke a qete lihora tse ngata a buisana ka linnete tsa Bibele le sehlopha sena, ho ne ho se na pelaelo kelellong ea hae hore kannete João Mancoca ke e mong oa linku tsa Morena. Moena Mancoca o pakile seo tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa ka lilemo tse ngata.
Ho ile ha boela ha tšoaroa lipuisano le Toco le balateli ba bang ba hae. Leha ho le joalo, ntle ho mekhelo e seng mekae feela, ha baa ka ba fana ka bopaki ba litšoaneleho tse kang tsa linku tsa balateli ba Kreste. Kahoo, nakong eo, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 25 feela Angola eseng tse 1 000.
Ho sa le joalo, Belgian Congo (eo hona joale e leng Zaire), ho ne ho hlahile pherekano e ’ngoe ea khetho. Ho ne ho e-na le mokhatlo oa bolumeli le lipolotiki o tsejoang e le Kitawala, oo ka linako tse ling le oona o neng o sebelisa lebitso Watch Tower. Malapeng a litho tse ling tsa oona ho ile ha fumanoa lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova, tseo li neng li li fumane ka poso. Empa litumelo le mekhoa ea Kitawala (ho akarelletsa khethollo ea merabe, phetohelo ea ba boholong e le ho tlisa phetoho ea lipolotiki kapa ea sechaba, le boitšoaro bo bobe ka ho fetelletseng ba botona le botšehali lebitsong la borapeli) li ne li sa tšoane le tsa Lipaki tsa Jehova ka tsela leha e le efe. Leha ho le joalo, litlaleho tse itseng tse hatisitsoeng li ile tsa leka ho amahanya Mokhatlo oa Watch Tower oa Lipaki tsa Jehova le Kitawala.
Boiteko bo phehellang ba Lipaki tsa Jehova ba ho romela batsamaisi ba koetlisitsoeng naheng eo bo ile ba thibeloa ke liofisiri tsa Belgium. Lihlopha tsa K’hatholike le Prostanta li ne li thabisitsoe ke sena. Haholo-holo ho tloha ka 1949 ho ea pele, ho ile ha nkoa mehato e sehlōhō ea thibelo khahlanong le batho ba leng Belgian Congo ba neng ba etsa boiteko ba ho ithuta Bibele ka thuso ea lingoliloeng tsa Watch Tower. Empa ho bile joalokaha e mong oa Lipaki tse tšepahalang moo a boletse: “Re tšoana le sesiu sa mabele a Afrika. Hohle moo ba tla re isa teng, Lentsoe le tla rotha, ka bonngoe, ho fihlela ha ho fihla pula, ’me ba tla re bona re ropoha libakeng tsohle.” Kahoo ho sa tsotellehe maemo a thata, ho tloha ka 1949 ho ea ho 1960, lenane la ba tlalehileng mosebetsi e le Lipaki tsa Jehova le ile la eketseha ho tloha ho 48 ho ea ho 1 528.
Butle-butle liofisiri li ile tsa hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li fapane haholo le Kitawala. Ha Lipaki li fuoa tokoloho e itseng ea ho bokana, ba boholong pusong hangata ba ne ba bua ka boitšoaro ba tsona bo botle le tlhophiso. Ha ho e-ba le mekoloko e mabifi ea boipelaetso bakeng sa ho batla boipuso ba lipolotiki, batho ba ne ba tseba hore Lipaki tsa Jehova ha li kenelle. Ka 1961 motsamaisi ea tšoanelehang oa Paki, Ernest Heuse, E monyenyane, ea tsoang Belgium, o ile a qetella a khonne ho kena ka har’a naha. Ka boiteko bo matla haholo, ho ile ha khoneha ho thusa baena butle-butle ho lumellanya liphutheho tsa bona le bophelo ba bona ba botho haholoanyane le Lentsoe la Molimo. Ho ne ho e-na le ho hongata ho lokelang ho ithutoa, ’me ho ne ho hlokahala mamello e khōlō.
E nahana hore e tla ntlafatsa likamano tsa eona, libakeng tse ling Kitawala e ile ea romela mathathamo a malelele a batho ba eona ba batlang ho hlokomeloa joaloka Lipaki tsa Jehova. Ka bohlale, Moena Heuse o ile a romela baena ba tšoanelehang libakeng tsena ho batlisisa hore na ke batho ba mofuta ofe. Ho e-na le ho amohela lihlopha tse khōlō, ba ile ba khannela batho ka bomong lithuto tsa Bibele.
Ka mor’a nako, linku tsa ’nete, tseo kannete li neng li talimile ho Jesu Kreste joaloka Molisa oa tsona, li ile tsa bonahala. ’Me li ne li le ngata. Le tsona li ile tsa ruta ba bang. Ho theosa le lilemo, baromuoa ba bangata ba Watch Tower ba tsoang mose ho maoatle ba ile ba tla sebetsa ’moho le bona, ho ba thusa ho fumana tsebo e nepahetseng haholoanyane ea Lentsoe la Molimo le ho fana ka koetliso e hlokahalang. Ka 1975, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 17 477 Zaire, tse hlophisitsoeng ka liphutheho tse 526, tse tšoarehileng ka ho bolella le ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo.
Ho Itšoasolla Matleng a Tumela-khoela
Ka bophirimela ho Nigeria ke naha ea Benin (eo pele e neng e tsejoa e le Dahomey), e nang le baahi ba arotsoeng ka lihlopha tse 60 tsa merabe tse buang lipuo tse ka bang 50. Ho tšoana le likarolong tse ngata tsa Afrika, tšebelisano le meea ke bolumeli ba neano, ’me bo tsamaisana le borapeli ba baholo-holo. Boemo bo joalo ba bolumeli bo pupetsa bophelo ba batho ka tumela-khoela le tšabo. Ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba boetse ba sebelisana le meea.
Ho tloha bofelong ba bo-1920 ho fihlela ka bo-1940, Lipaki tsa Jehova tse tsoang Nigeria li ile tsa hasa lipeō tse ngata tsa ’nete ea Bibele Dahomey nakong ea maeto a linako tse itseng a ho aba lingoliloeng tsa Bibele. Lipeō tse ngata ho tseo li ne li hloka ho nosetsoa ho fokolang e le hore li ka beha litholoana. Tlhokomelo eo e ile ea fanoa ka 1948 ha Nouru Akintoundé, letsoalloa la Dahomey le neng le lula Nigeria, a khutlela Dahomey a il’o bula maliboho. Ka mor’a likhoeli tse ’nè, batho ba 300 ba ile ba arabela kapele ’neteng ’me ba kopanela le eena tšebeletsong ea tšimo. Karabelo ena e ne e sa lebelloa ho hang.
Ka baka la mosebetsi ona, ho ile ha tsoha mofere-fere eseng feela har’a baruti ba Bokreste-’mōtoana empa hape le har’a batho ba sebelisanang le meea. Ha mongoli oa sehlopha sa baitlami ba tumela-khoela Porto-Novo a bontša thahasello ’neteng, molula-setulo oa sehlopha sa tumela-khoela o ile a bolela hore mongoli eo o tla shoa ka mor’a matsatsi a supileng. Empa mongoli enoa oa mehleng oa sehlopha sa baitlami o ile a bolela sena ka tieo: “Haeba ke tumela-khoela e entseng Jehova, ke tla shoa; empa haeba Jehova ke Molimo ea phahameng, joale o tla hlōla tumela-khoela.” (Bapisa le Deuteronoma 4:35; Johanne 17:3.) E le ho phethahatsa ponelo-pele ea hae, bosiung ba letsatsi la botšelela, molula-setulo oa sehlopha sa tumela-khoela o ile a kopanela mefuteng eohle ea boloi eaba o re mongoli oa mehleng oa sehlopha sa baitlami o se a shoele. Leha ho le joalo, letsatsing le latelang barapeli ba tumela-khoela ba ne ba tšohile haholo ha a tlile ’marakeng Cotonou a phetse hantle. Hamorao, moena e mong o ile a hira koloi ’me a tsamaea ka eona e mo palamisitse ho pholletsa le Porto-Novo e le hore bohle ba ka iponela ka bobona hore oa phela. Ka mor’a sena, barapeli ba bang ba bangata ba tumela-khoela ba ile ba nka khato e tiileng bakeng sa ’nete.—Bapisa le Jeremia 10:5.
Kapele, ka baka la khatello e matla ea bolumeli, lingoliloeng tsa Watch Tower li ile tsa thibeloa Dahomey. Empa, e le ho utloa Jehova Molimo, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho bolela, hangata li bolela ka Bibele feela. Ka linako tse ling li ne li kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo li ikentse “bahoebi,” li nkile thepa ea mefuta eohle. Haeba puisano e tsoella hantle, li ne li lebisa tlhokomelo Bibeleng, ’me li ne li bile li ntša sengoliloeng se itseng sa bohlokoa sa Bibele se ka pokothong e ka hare ea seaparo sa tsona.
Ha mapolesa a li bakela mathata a maholo metseng, joale li ne li bolela libakeng tsa mahae. (Bapisa le Mattheu 10:23.) ’Me ha li kenngoa teronkong, li ne li paka hona teng. Ka 1955, Lipaki tse teronkong li ile tsa fumana bonyane batho ba thahasellang ba 18 har’a batšoaruoa le bahlokomeli ba teronko Abomey.
Nakong ea lilemo tse leshome feela hoba moena e mong oa pula-maliboho oa Dahomey a khutlele naheng ea habo a il’o bolela, ho ne ho e-na le ba 1 426 ba kopanelang tšebeletsong—’me ba ne ba etsa joalo le hoja mosebetsi oa bona o ne o thibetsoe ke ’muso!
Basebetsi ba Eketsehileng ba Kopanela Kotulong
Ho ne ho hlakile hore ho na le batho ba bangata ho pholletsa le Afrika ba lapetseng ’nete. Kotulo e ne e le khōlō, empa basebetsi ba ne ba fokola. Ka hona, e bile ho khothatsang ho baena ha ba bona kamoo Morena oa kotulo, Jehova Molimo, a arabetseng lithapelo tsa bona bakeng sa basebetsi ba eketsehileng ba tlang ho thusa mosebetsing oa moea oa ho bokella.—Matt. 9:37, 38.
Ho ne ho tsamaisitsoe lingoliloeng tse ngata Kenya ka bo-1930 ke bo-pula-maliboho ba tsamaeang, empa ho ne ho bile le mosebetsi o fokolang oa ho khutlela. Leha ho le joalo, ka 1949, Mary Whittington, hammoho le bana ba hae ba bararo ba banyenyane, ba ile ba falla Brithani ba ea Nairobi hammoho le monna oa hae, ea neng a hiriloe moo. Khaitseli Whittington o ne a e-na le nako e ka tlaase ho selemo a kolobelitsoe, empa o ne a e-na le moea oa bopula-maliboho. Le hoja ho ne ho se Lipaki tse ling tseo a li tsebang Kenya, o ile a etsa boiteko ba ho thusa ba bang tšimong ena e khōlō hore ba ithute ’nete. Ho sa tsotellehe litšitiso, ha a ka a khaotsa. Lipaki tse ling le tsona li ile tsa tla—li tsoa Afrika Boroa, Australia, Brithani, Canada, Sweden, United States, le Zambia—tsa etsa litokisetso tsa botho tsa ho fallela moo bakeng sa ho arolelana tšepo ea ’Muso le batho.
Ho phaella moo, banyalani ba baromuoa ba ile ba romeloa hore ba e’o thusa kotulong. Qalong banna ba ne ba tlangoa ho etsa mosebetsi oa boipheliso e le hore ba ka lula ka har’a naha, kahoo ba ne ba e-na le nako e fokolang bakeng sa tšebeletso. Empa basali ba bona ba ne ba lokolohile ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho. Ka mor’a nako, baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba fetang lekholo ba ile ba fihla Kenya. Ha nako ea boipuso e atamela, ’me ho fela khethollo ea merabe eo puso ea Brithani ea bokolone e neng e e hlomamisitse, Lipaki tsa Europe li ile tsa ithuta Seswahili ’me kapele-pele tsa atolosa mosebetsi oa tsona hore o finyelle Maafrika a tsoaletsoeng moo. Lenane la Lipaki karolong ena ea tšimo ea lefatše le ile la eketseha ka potlako.
Ka 1972, Botswana le eona e ile ea amohela thuso kotulong ea moea ha Lipaki tse tsoang Brithani, Kenya, le Afrika Boroa li fallela metseng ea eona e meholo. Ka mor’a lilemo tse tharo, baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade le bona ba ile ba fihla. Leha ho le joalo, ka tekanyo e khōlō baahi ba teng ba qalikane metseng ea mahae. E le ho ba finyella, Lipaki tse tsoang Afrika Boroa li ’nile tsa tsamaea lehoatateng le tsejoang e le Kalahari. Metseng e ka thōko li ’nile tsa pakela lihlooho tsa metse, matichere, hangata le lihlopha tsa bamameli ba nang le kananelo ba 10 kapa 20. Monna e mong ea seng a hōlile o itse: “Le tsamaile tsela e telele hakaale le tlil’o bua le rōna ka lintho tsee? Ke ntho e ntle, ke ntho e ntle haholo.”
“Bible Brown” o ne a fane ka lipuo tsa Bibele tse matla Liberia ka bo-1920, empa ho ne ho e-na le khanyetso e khōlō. Mosebetsi oa moea oa kotulo moo ha oa ka oa tsoela pele hakaalo ho fihlela ha ho fihla baromuoa ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade. Harry Behannan, ea fihlileng ka 1946, e bile eena oa pele. Ba bang ba bangata ba ile ba kopanela lilemong tse latelang. Hanyane ka hanyane matsoalloa a Liberia a ile a ikopanya le bona mosebetsing, ’me ka 1975 lenane la barorisi ba Jehova le ne le feta sekete.
“Bible Brown” o ne a entse boboleli bo bongata Nigeria. Sena e ne e le sechaba se arotsoeng ka mebuso e ’maloa, metse e ipusang, le litsamaiso tsa puso ea sechaba, hammoho le batho ba buang lipuo tse fetang 250. Bolumeli e bile e ’ngoe ea lintho tse bakileng karohano. Li sebelisa temoho e fokolang empa li sebelisa lipuisano tse matla tsa Mangolo, Lipaki tsa pele moo li ile tsa pepesa baruti le lithuto tsa bona tsa bohata. Ha lingoliloeng tsa bona li thibeloa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, baena ba ile ba bolela ka Bibele feela. Batho ba ratang ’nete ba ile ba arabela ka kananelo. Ba ile ba tsoa likerekeng, eaba ba tlohela sethepu ’me ba lahla li-juju tsa bona, tseo likereke li neng li li lumelletse. Ka 1950 lenane la Lipaki tsa Jehova tse kopanelang boboleling ba molaetsa oa ’Muso Nigeria e ne e le 8 370. Ka 1970, ho ne ho e-na le tse fetang lenane leo ka makhetlo a leshome.
Ho ile ha lokela hore ho hlōloe litšitiso tse phehellang tsa molao e le hore ho ka fanoa ka thuso ea moea ho batho ba thahasellang ka Boroa ho Rhodesia (eo hona joale e tsejoang e le Zimbabwe). Boiteko ba ho fumana tumello ea molao bo ne bo qalile bohareng ba bo-1920. Ka 1932, bo-pula-maliboho ba tsoang Afrika Boroa ba ile ba laeloa hore ba tsoe ka har’a naha ’me ba bolelloa ka tšohanyetso hore ba ke ke ba ipiletsa. Empa ho sa tsotellehe hoo ba ile ba ipiletsa. Ho ile ha hlokahala hore liqoso tsa hore lingoliloeng tsa Watch Tower ke tsa bokhelohi li hlōloe ka makhotleng. Mathoasong a bo-1940, baena ba ile ba qeta nako e itseng teronkong ka baka la ho aba lingoliloeng tse hlalosang Bibele. Ke feela ka 1966 ha Lipaki tsa Jehova li fuoa tumello e felletseng e le mokhatlo o hlophisitsoeng oa bolumeli Zimbabwe. Ka lilemo tse fetang 40, mosebetsi oa moea oa kotulo o ne o entsoe ka boima bo boholo, empa nakong eo basebetsi ba sebete ba ne ba thusitse batho ba fetang 11 000 ho ba bahlanka ba Jehova Molimo.
Ho Pakela Babusi le Marena
Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba tla tobana le khanyetso tšebeletsong ea bona. O ile a ba bolella hore ba tla isoa “khotla,” esita le pel’a “babusisi, le pel’a marena,” le hore sena e tla ba ‘bakeng sa bopaki ho bona le ho lichaba.’ (Matt. 10:17, 18) Lipaki tsa Jehova li hlahetsoe hantle ke seo Jesu a se boletseng esale pele, ’me tumellanong le seo a se boletseng, li ’nile tsa etsa boiteko ba ho sebelisa monyetla oo bakeng sa ho fana ka bopaki.
Liofisiri tse ling li lumelletse tšabo ho li thibela ho etsa se molemo ho balateli ba Kreste. (Joh. 12:42, 43) Llewelyn Phillips o ile a bona bopaki ba sena ka 1948 ha a tšoere lipuisano le liofisiri tse ’maloa tsa ’muso Belgian Congo, ka morero oa ho tlosa khatello ho Lipaki tse hlorisoang moo. O ile a hlalosetsa banna bana litumelo le mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova. Empa nakong ea puisano ena, ’musi-kakaretso o ile a botsa a tebisitse maikutlo: “Ha ke u thusa, ho tla etsahala’ng ka ’na?” O ne a tseba hore Kereke ea Roma e K’hatholike e na le tšusumetso e khōlō naheng eo.
Leha ho le joalo, morena oa sehlooho oa sechaba sa Maswazi, Morena Sobhuza oa II, o ne a sa ameha hakaalo ka khopolo ea baruti. Ka makhetlo a mangata o ne a kile a bua le Lipaki tsa Jehova, a e-na le lingoliloeng tse ngata tsa tsona, ’me a le mosa ho tsona. Selemo se seng le se seng ka letsatsi la “Good Friday,” o ne a memela baruti ba Maafrika motseng oa hae oa borena. O ne a ba lumella ho bua, empa o ne a boela a bitsa e mong oa Lipaki tsa Jehova hore le eena a bue. Ka 1956 Paki e ’ngoe e ile ea bua ka thuto ea ho se shoe ha sephefumolohi le litlotla tsa tlhompho tsa baeta-pele ba bolumeli. Ha e se e qetile, morena oa sehlooho o ile a botsa baruti: “Na lintho tsee tseo Lipaki tsa Jehova li li buang ke ’nete kapa bohata? Haeba ke bohata, bolelang hore na joang.” Ba ile ba sitoa ho li hanyetsa. Ketsahalong e ’ngoe morena oa sehlooho o ile a tšehisoa ke ho tsieleha ha baruti ka baka la seo Paki e se buileng.
Hangata mapolesa ke ’ona a neng a laeloa ho batla mabaka ho Lipaki a seo li se etsang. Phuthehong ea Tangier, Morocco, Lipaki li ile tsa nka maeto a ka mehla ho ea Ceuta, e leng kou e tlas’a taolo ea Spain empa e le lebōpong la Morocco. Ha Lipaki li emisoa ke mapolesa ka nako e ’ngoe ka 1967, li ile tsa hlongoa lipotso ka lihora tse peli, ’me nakong eo ha fanoa ka bopaki bo botle. Ka lekhetlo le leng, bahlahlobi ba babeli ba sepolesa ba ile ba botsa hore na Lipaki li lumela ho “Moroetsana Maria.” Ha ba bolelloa hore litlaleho tsa Kosepele li bontša hore Maria o bile le bana ba bang ka mor’a ho tsoala Jesu e le moroetsana, le hore e ne e le banab’abo Jesu ka ’m’a bona, liofisiri tsena li ile tsa makala haholo ’me tsa bolela hore ntho e joalo e ke ke ea fumanoa ka Bibeleng. Ha a bontšoa Johanne 7:3-5, e mong oa liofisiri o ile a e talima nako e telele a sa re letho; eaba e mong o re: “Ak’u mphe Bibele eo. Ke tla hlalosa temana eo!” Ofisiri ea pele e ile ea arabela: “U se ke ua ikhathatsa. Temana ena e hlakile haholo.” Lipotso tse ling tse ngata li ile tsa botsoa ’me tsa arabeloa ka tsela e iketlileng. Ka mor’a moo, ho ile ha ba le tšitiso e nyenyane haholo e tsoang ho ba boholong ha Lipaki li ntse li paka sebakeng seo.
Batho ba hlahelletseng pusong ba bile le tsebo e ntle ka Lipaki tsa Jehova le tšebeletso ea tsona. Ba bang ho bona ba utloisisa hore mosebetsi o etsoang ke Lipaki kannete o molemo ho batho. Bofelong ba 1959, ha ho etsoa litokisetso bakeng sa boipuso ba Nigeria, ’musi-kakaretso, Monghali Nnamdi Azikiwe, o ile a kōpa hore W. R. Brown a be teng e le moemeli oa Lipaki tsa Jehova. O ile a re ho Lekhotla la hae la Matona: “Hoja lihlotšoana tsohle tsa bolumeli li ne li tšoana le lipaki tsa Jehova, re ne re ke ke ra ba le lipolao, bonokoane, botlokotsebe, batšoaruoa le libomo tsa athomo. Letsatsi le chabang le le likelang menyako e ne e ke ke ea notleloa.”
Kotulo ea moea e khōlō kannete e ne e ntse e bokelloa Afrika. Ka 1975, ho ne ho e-na le Lipaki tse 312 754 tse bolelang litaba tse molemo linaheng tse 44 k’honthinenteng ea Afrika. Linaheng tse robong ho tsona, ho ne ho e-na le ba ka tlaase ho 50 ba nkang khato bakeng sa ’nete ea Bibele le ho kopanela mosebetsing oa boevangeli. Empa Lipaki li talima bophelo ba e mong le e mong e le ba bohlokoa. Linaheng tse 19 ho tsena, ba neng ba kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo e le Lipaki tsa Jehova ba ne ba le likete. Keketseho e matla e ile ea tlalehoa libakeng tse ling. Ka mohlala, Angola, ho tloha ka 1970 ho ea ho 1975, lenane la Lipaki le ile la eketseha ho tloha ho 355 ho ea ho 3 055. Nigeria, ka 1975, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 112 164. Bana e ne e se batho feela ba thabelang ho bala lingoliloeng tsa Watch Tower, leha e le hona hore ke bao ka linako tse ling ba neng ba ba teng libokeng Holong ea ’Muso. Kaofela ha bona e ne e le baboleli ba mafolo-folo ba ’Muso oa Molimo.
Linaha tsa Bochabela li Hlahisa Barorisi ba Jehova
Joalokaha ho etsahetse libakeng tse ling tse ngata, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Philippines o ile oa atoloha kapele ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a ho lokolloa ha hae teronkong ka March 13, 1945, Joseph Dos Santos o ile a iteanya le ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower New York. O ne a batla ho fumana boitsebiso bohle ba thuto ea Bibele le litaelo tsa mokhatlo o hlophisitsoeng tseo baena Philippines ba neng ba fetiloe ke tsona nakong ea ntoa. Joale o ile a etela liphutheho ka seqo ho li momahanya le ho li matlafatsa. Selemong sona seo ho ile ha tšoaroa kopano ea lehae Lingayen, Pangasinan, moo ho ileng ha fanoa ka litaelo tsa kamoo batho ba lapetseng ’nete ba ka rutoang ka teng ka lithuto tsa lehae tsa Bibele. Lilemong tse latelang ho ile ha etsoa boiteko bo kopanetsoeng ba ho fetolela le ho hatisa boitsebiso bo eketsehileng ka lipuo tsa sebaka seo—Tagalog, Iloko, le Cebuano. Ho ne ho ntse ho raloa motheo bakeng sa katoloso, ’me e ile ea tla kapele.
Ka mor’a lilemo tse leshome hoba ntoa e lale, lenane la Lipaki Philippines le ile la eketseha ho tloha ho tse ka bang 2 000 ho fihla ho tse fetang 24 000. Lilemong tse ling tse 20, ho ne ho e-na le barorisi ba Jehova ba fetang 78 000 moo.
Har’a linaha tsa pele tsa Bochabela tseo baromuoa ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade ba ileng ba romeloa ho tsona ke Chaena. Harold King le Stanley Jones ba ile ba fihla Shanghai ka 1947; Lew Ti Himm, a fihla ka 1949. Bo-pula-maliboho ba bararo ba Jeremane ba neng ba qalisitse mosebetsi moo ka 1939 ba ne ba le teng ba tlil’o ba lumelisa. Ena e ne e le naha eo ho eona batho ba bangata e leng Mabuddha ’me ha baa ka ba arabela kapele puisanong ea Bibele. Ka matlung a bona ho ne ho e-na le litempelana le lialetare. Ba ne ba leka ho tšosa meea e mebe ka liipone tse leketlileng monyako. Litlankane tse khubelu tse nang le mantsoe a ‘litakaletso tsa mahlohonolo’ le litšoantšo tse tšosang tsa melimo ea Buddha li ne li khabisitse lihekeng. Empa tseo e bile linako tsa phetoho e khōlō Chaena. Tlas’a puso ea Bokomonisi ho ne ho hlokoa hore bohle ba ithute ‘likhopolo tsa Mao Tse-tung.’ Ka mor’a mosebetsi oa bona oa boipheliso, ba ne ba lokela ho ea mananeong a malelele ao ho ’ona ho neng ho qaqisoa tsamaiso ea Bokomonisi. Har’a sena sohle, baena ba rōna ba ile ba ipoloka ba tšoarehile ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Ba bangata ho ba neng ba rata ho ithuta le Lipaki tsa Jehova ba ne ba kile ba kopana le Bibele ka tekanyo e itseng ka likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ho bile joalo ka Nancy Yuen, mosebeletsi oa kereke le ’mè oa lelapa ea ileng a thabela seo Lipaki li ’montšitseng sona ka Bibeleng. Kapele o ne a kopanela ka cheseho mosebetsing oa ntlo le ntlo ’me a khanna lithuto tsa Bibele ka boeena. Ba bang bao li ileng tsa ba pakela ba ne ba e-na le semelo se tloaelehileng sa Machaena le Mabuddha ’me ba sa ka ba ba le tsebo ea Bibele nakong e fetileng. Ka 1956 ho ile ha finyelloa tlhōrō ea bahoeletsi ba 57. Leha ho le joalo, selemong sona seo, ka mor’a ho tšoaroa ka makhetlo a tšeletseng ka baka la boboleli, Nancy Yuen o ile a bolokoa teronkong. Ba bang ba ile ba tšoaroa kapa ba qobelloa ho tsoa ka har’a naha. Stanley Jones le Harold King ba ile ba tšoaroa ka October 14, 1958. Pele ba qosoa, ba ile ba bolokoa litlamong ka lilemo tse peli. Nakong eo ba ile ba hobelloa ka lipotso. Ha ba qetella ba isitsoe khotla ka 1960, ba ile ba ahloleloa ho kenngoa teronkong nako e telele. Ka hona, ka October 1958 mosebetsi oa phatlalatsa oa Lipaki tsa Jehova Chaena o ile oa emisoa ka matla. Empa boboleli ba tsona ha boa ka ba ema tsi! Esita le teronkong le likampong tsa mosebetsi, ho ne ho e-ba le litsela tsa ho paka. Na ho ne ho tla finyelloa ho hongata naheng ee e khōlō nakong e tlang? Sena se ne se tla tsejoa ka nako e loketseng.
Ho sa le joalo, ho ne ho ntse ho etsahala eng Japane? Ke Lipaki tsa Jehova tse ka bang lekholo feela Japane tse neng li bolela moo pele ho ntoa ea bobeli ea lefatše. Ha li talimane le mehato e sehlōhō e hatellang lilemong tsa ntoa, tse ngata ho tsona li ile tsa sekisetsa. Le hoja tse seng kae li ile tsa boloka botšepehi ba tsona, boboleli bo hlophisitsoeng bo ile ba ema tsi! Leha ho le joalo, ho boleloa ha ’Muso oa Jehova ho ile ha qalisoa bocha karolong eo ea lefatše ha Don Haslett, moromuoa ea koetlisitsoeng Gileade, a fihla Tokyo ka January 1949. Ka mor’a likhoeli tse tharo, mosali oa hae, Mabel, o ile a khona ho ea ho eena moo. Ena e ne e le tšimo eo ho eona batho ba bangata ba lapetseng ’nete. ’Musisi o ne a latotse boipolelo ba hae ba hore ke molimo. Boshinto, Bobuddha, Bok’hatholike, le Kyodan (bo entsoeng ka lihlopha tse sa tšoaneng tsa Prostanta Japane) kaofela bo ne bo lahlehetsoe ke botumo ba bona ho batho ka baka la ho tšehetsa boiteko ba Japane ba ntoa, bo ileng ba fella ka tlhōlo.
Bofelong ba 1949, baromuoa ba 13 ba tsoang Sekolong sa Gileade ba ne ba tšoarehile Japane. Ba bangata ba ile ba latela—ba fetang 160 ka kakaretso. Ho ne ho e-na le lingoliloeng tse fokolang haholo tse ka sebelisoang. Baromuoa ba bang ba ne ba bua Sejapane sa mehleng ea khale Hawaii, empa ho ile ha hlokahala hore ba bue puo ea morao-rao. Ba bang ba ne ba ithutile lithuto tse seng kae tsa motheo empa nako le nako ho ne ho hlokahala hore ba khutlele libukeng tsa bona tse hlalosang Sejapane ka Senyesemane ho fihlela ba tloaelana hamolemonyana le puo ea bona e ncha. Ka mor’a nako e khutšoaane, malapa a Ishii le Miura, a sa kang a lahla tumelo ea ’ona lilemong tsa ntoa, a ile a iteanya le mokhatlo o hlophisitsoeng ’me hang hape a qalisa ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa.
Mohato ka mohato ho ile ha buloa mahae a baromuoa Kobe, Nagoya, Osaka, Yokohama, Kyoto, le Sendai. Ho tloha ka 1949 ho ea ho 1957, boiteko bo boholo e ne e le ba ho qalisa mosebetsi oa ’Muso metseng e meholo ea sehleke-hleke se seholo sa Japane. Joale basebetsi ba ile ba qala ho fallela metseng e meng. Tšimo e ne e le khōlō. Ho ne ho hlakile hore haeba Japane eohle e tla fumana bopaki bo phethahetseng, ho tla hlokahala basebeletsi ba bangata ba bo-pula-maliboho. Sena se ile sa hatisoa, ba bangata ba ile ba ithaopa, ’me ho ile ha ba le karabelo e babatsehang boitekong bo kopanetsoeng ba basebeletsi bana ba sebetsang ka thata! Lilemong tsa pele tse leshome ho ile ha bokelloa barorisi ba Jehova ba 1 390. Bohareng ba bo-1970, ho ne ho e-na le barorisi ba chesehang ba Jehova ba 33 480 ba phatlalletseng ho pholletsa le Japane. ’Me lebelo la mosebetsi oa ho bokella le ne le ntse le eketseha.
Selemong seo Don Haslett a fihlileng ka sona Japane, ka 1949, mosebetsi oa ’Muso Rephabliking ea Korea o ile oa boela oa matlafatsoa haholo. Korea e ne e bile tlas’a puso ea Japane nakong ea ntoa ea lefatše, ’me Lipaki li ne li hlorisitsoe ka sehlōhō. Le hoja sehlopha se senyenyane se ile sa bokana ’moho bakeng sa thuto ka mor’a ntoa, se ne se sa khone ho iteanya le mokhatlo o hlophisitsoeng oa machaba ho fihlela ha Choi Young-won a bona tlaleho e buang ka Lipaki tsa Jehova ka 1948 koranteng ea Lebotho la Amerika Stars and Stripes. Selemong se latelang ho ile ha thehoa phutheho ea bahoeletsi ba 12 Seoul. Hamorao selemong seo Don le Earlene Steele, baromuoa ba pele ba tsoang Sekolong sa Gileade, ba ile ba fihla. Ka mor’a likhoeli tse supileng, baromuoa ba bang ba tšeletseng ba ile ba latela.
Ba ne ba e-ba le liphello tse ntle—karolelano ea lithuto tsa Bibele tse 20 motho ka mong le lenane la ba ka bang 336 ba bang teng libokeng. Joale ho ile ha qhoma Ntoa ea Korea. Hoo e ka bang ka mor’a likhoeli tse tharo hoba sehlopha sa ho qetela sa baromuoa se fihle, ba ile ba lelekeloa Japane. Ke feela ka mor’a selemo Don Steele a ileng a khona ho khutlela Seoul, ’me ha feta selemo se seng hape pele Earlene a khutlela ho eena. Ho sa le joalo baena ba leng Korea ba ne ba eme ba tiile ’me ba ne ba cheseha boboleling, ho sa tsotellehe hore ba ne ba senyehetsoe ke mahae a bona ’me ba bangata ho bona e le baphaphathehi. Empa joale, ha ntoa e se e felile, ho ile ha lebisoa tlhokomelo ho faneng ka lingoliloeng tse eketsehileng ka Sekorea. Likopano le ho kena ha baromuoa ba eketsehileng ho ile ha fana ka tšusumetso mosebetsing. Ka 1975, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 32 693 Rephabliking ea Korea—hoo e ka bang tse lekanang le tse Japane—’me ho ne ho e-na le monyetla oa keketseho e ntle, hobane ho ne ho khannoa lithuto tsa lehae tsa Bibele tse fetang 32 000.
Boemo e ne e le Bofe Europe?
Ho lala ha Ntoa ea II ea Lefatše Europe ha hoa ka ha tlisetsa Lipaki tsa Jehova tokoloho e felletseng ea ho etsa mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele ntle ho khanyetso. Libakeng tse ling liofisiri li ile tsa li hlompha ka baka la boemo ba tsona bo tiileng nakong ea ntoa. Empa libakeng tse ling liphetoho tse matla tsa bochaba le lehloeo la bolumeli li ile tsa lebisa mahlorisong a eketsehileng.
Har’a Lipaki tsa Belgium ho ne ho e-na le ba bang ba tsoang Jeremane ba neng ba tlil’o kopanela boboleling ba litaba tse molemo. Kaha ba ne ba sa tšehetse lebotho la Bonazi, lebotho la Gestapo le ne le ba tsoma joaloka libatana. Empa joale liofisiri tsa Belgium li ile tsa qosa Lipaki tse ling ho tsona tsena ka hore ke Manazi ’me tsa etsa hore li koalloe teronkong le ho lelekoa ka har’a naha. Ho sa tsotellehe sena sohle, lenane la Lipaki tse kopanelang tšebeletsong ea tšimo Belgium le ile la eketseha ka makhetlo a fetang a imenneng hararo lilemong tse hlano ka mor’a ntoa.
Mahloriso a mangata a ne a hlohlelletsoa ke eng? Ke Kereke ea Roma e K’hatholike. Hohle moo e nang le matla a ho etsa joalo, e ne e loana ntoa e sa khaotseng ea ho felisa Lipaki tsa Jehova.
Kaha ba ne ba tseba hore batho ba bangata Linaheng tsa Bophirimela ba ne ba tšaba tsamaiso ea Bokomonisi, baruti ba K’hatholike motseng oa Ireland Cork, ka 1948, ba ile ba hlohlelletsa khanyetso khahlanong le Lipaki tsa Jehova ka ho lula ba li bitsa “Bo-diabolose ba makomonisi.” Ka baka leo, ha Fred Metcalfe a kopanetse tšebeletsong ea tšimo, o ile a kopana le sehlopha sa mahoo-hoo se ileng sa mo otla ka litebele ’me sa mo raha le ho lahla lingoliloeng tsa hae tsa Bibele seterateng. Ka ho thabisang, lepolesa le leng le ile la tla nakong eona eo ’me la qhala sehlopha seo. Ho sa tsotellehe sena sohle, Lipaki li ile tsa tiisetsa. Hase batho bohle ba Ireland ba neng ba lumellana le pefo. Hamorao, esita le ba bang ba neng ba kopanela ho eona ba ile ba lakatsa eka ba ka be ba sa kopanela ho eona. Batho ba bangata ba K’hatholike Ireland ba ne ba e-s’o bone Bibele. Empa, ka mamello e lerato, ba bang ba bona ba ile ba thusoa ho khomarela ’nete e lokollang batho.—Joh. 8:32.
Le hoja Lipaki Italy li ne li ka ba lekholo feela ka 1946, ka mor’a lilemo tse tharo li ne li e-na le liphutheho tse 64—li ne li le nyenyane empa li sebetsa ka thata. Baruti ba ne ba khathatsehile. Ha ba sa khone ho latola linnete tsa Bibele tse boleloang ke Lipaki tsa Jehova, baruti ba K’hatholike ba ile ba hatella ba boholong pusong ho leka ho li felisa. Ka hona, ka 1949, baromuoa ba Lipaki ba ile ba laeloa hore ba tsoe ka har’a naha.
Nako le nako baruti ba Roma e K’hatholike ba ile ba etsa boiteko ba ho sitisa kapa ho thibela likopano tsa Lipaki Italy. Ba ile ba sebelisa bo-ramerusu ho leka ho qhala kopano e neng e tšoaretsoe Sulmona ka 1948. Milan ba ile ba hatella hlooho ea mapolesa ho hlakola tumello ea hore ho tšoaroe kopano Teatro dell’Arte ka 1950. Hape, ka 1951, ba ile ba re mapolesa a hlakole tumello bakeng sa kopano e neng e tla tšoareloa Cerignola. Empa ka 1957, ha mapolesa a laela hore kopano ea Lipaki e neng e tšoaretsoe Milan e emisoe, koranta ea litaba ea Setaliana e ile ea hanyetsa seo, ’me ha phahamisoa lipotso palamenteng. Koranta ea Rome ea beke le beke Il Mondo, ea July 30, 1957, e ile ea bolela e sa hlathe koana le koana hore khato eo e nkiloe bakeng sa “ho khahlisa moarekabishopo,” Giovanni Battista Montini, eo hamorao a ileng a fetoha Mopapa Paul VI. Ho ne ho tsebahala hore ka lilemo tse makholo Kereke e K’hatholike e ne e thibetse ho abjoa ha Bibele ka lipuo tse sebelisoang ke batho ka kakaretso. Empa Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsitlella ho lumella Mak’hatholike a tšepahalang ho iponela ka booona seo Bibele e se buang. Phapang pakeng tsa Bibele le thuto ea kereke e ne e totobetse. Ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba Kereke e K’hatholike ba ho thibela sena, batho ba likete ba ne ba tlohela kereke, ’me ka 1975 ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 51 248 Italy. Kaofela ha tsona e ne e le baevangeli ba mafolo-folo, ’me manane a tsona a ne a eketseha ka potlako.
Naheng ea K’hatholike ea Spain ha mosebetsi o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova o tsosolosoa butle-butle ka 1946, ho ne ho sa makatse hore ebe baruti moo ba ile ba boela ba hatella babusi ba lefatše ho leka ho li thibela. Liboka tsa phutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa qhaloa. Baromuoa ba ile ba qobelloa ho tsoa ka har’a naha. Lipaki li ile tsa tšoaroa feela ka lebaka la ho ba le Bibele kapa lingoliloeng tsa Bibele. Hangata li ne li koalloa literonkong tse litšila ka matsatsi a ka bang mararo, ebe lia lokolloa—ebe li boela li tšoaroa, li hobelloa ka lipotso, le ho kenngoa teronkong hape. Tse ngata li ile tsa qeta nako e etsang khoeli kapa ho feta li le teronkong. Baruti ba ile ba susumelletsa babusi ba lefatše ho tsoma bohle ba ithutang Bibele le Lipaki tsa Jehova. Esita le ka mor’a hore ho fetisoe Molao oa Tokoloho ea Bolumeli ka 1967, liphetoho li ile tsa lieha ho tla. Leha ho le joalo, ha Lipaki tsa Jehova li qetella li fuoe tumello ea molao ka 1970, ho ne ho se ho e-na le tse fetang 11 000 Spain. ’Me ka mor’a lilemo tse hlano, lenane la tsona le ne le feta 30 000 ’me kaofela e le baevangeli ba mafolo-folo.
’Me ho thoe’ng ka Portugal? Mona le teng, baromuoa ba ile ba laeloa hore ba tsoe ka har’a naha. A phehelloa ke baruti ba K’hatholike, mapolesa a ile a phenyekolla mahae a Lipaki tsa Jehova, a nka ka mahahapa lingoliloeng tsa tsona, ’me a qhala liboka tsa tsona. Ka January 1963 molaoli oa Mapolesa a Tšireletso a Sechaba Caldas da Rainha o ile a ba a ntša taelo e ngotsoeng e li thibelang ‘ho etsa mesebetsi ea tsona ea ho bala Bibele.’ Empa Lipaki ha lia ka tsa lahla tšebeletso ea tsona ho Molimo. Ho ne ho e-na le tse fetang 13 000 ha li fumana tumello ea molao Portugal ka 1974.
Likarolong tse ling tsa Europe, babusi ba lefatše ba ile ba baka litšitiso boboleling ba litaba tse molemo ka ho kopanyelletsa kabo ea lingoliloeng tsa Bibele le mosebetsi oa khoebo, ho latela melao ea khoebo. Literekeng tse ngata tsa Switzerland, melao ea thekiso e ne e sebelisoa kabong ea lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova ka monehelo oa boithatelo. Ha Lipaki li ntse li etsa mosebetsi oa tsona, li ile tsa tšoaroa ka makhetlo a ’maloa ’me tsa isoa makhotleng. Leha ho le joalo, ha linyeoe li tlisoa khotla, makhotla a mang, ho akarelletsa le Lekhotla le Phahameng la setereke sa Vaud, ka 1953, a ile a laela hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ke ke oa talingoa ka nepo e le oa thekiso. Ho sa le joalo, Denmark ho ile ha etsoa boiteko ba ho lekanyetsa lihora tseo Lipaki li neng li ka nehelana ka lingoliloeng, mosebetsi oa tsona oa lekanyetsoa linakong tse lumelletsoeng ke molao bakeng sa hore mabenkele a khoebo a sebetse. Sena le sona se ile sa lokela ho loantšoa makhotleng. Ho sa tsotellehe litšitiso, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoela pele ho bolela ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo bakeng sa batho.
Taba e ’ngoe e amang Lipaki tsa Jehova Europe, hammoho le likarolong tse ling tsa lefatše, e bile ea ho se nke lehlakore ha Bokreste. Kaha letsoalo la tsona la Bokreste le ne le sa li lumelle ho itšunya lintoeng tse pakeng tsa lihlotšoana tsa lefatše, li ile tsa ahloleloa ho kenngoa teronkong linaheng ka ho latellana. (Esa. 2:2-4) Sena se ile sa arohanya bahlankana le tšebeletso ea bona e tloaelehileng ea ntlo le ntlo. Empa phello e ’ngoe e molemo e bile bopaki bo matla ho babuelli ba molao, baahloli, liofisiri tsa sesole, le bahlokomeli ba teronko. Esita le teronkong Lipaki li ile tsa fumana litsela tse itseng tsa ho bolela. Le hoja tšoaro ea tsona literonkong tse ling e ne e le sehlōhō, Lipaki tse koalletsoeng teronkong ea Santa Catalina Cádiz, Spain, li ile tsa khona ho sebelisa nako e ’ngoe ea tsona bakeng sa ho paka ka poso. ’Me Sweden ho ile ha fanoa ka phatlalatso e khōlō tseleng eo linyeoe tse amang ho se nke lehlakore ha Lipaki tsa Jehova li ileng tsa sebetsoa ka eona. Ka hona, ka litsela tse ngata batho ba ile ba hlokomelisoa hore Jehova o na le lipaki lefatšeng le hore li khomarela ka tieo melao-motheong ea Bibele.
Ho na le ntho e ’ngoe hape e ileng ea etsa hore Lipaki li tsejoe ka ho pharalletseng. E boetse e bile le phello e matla, le e matlafatsang mosebetsing oa tsona oa boevangeli.
Likopano li Tlatselitse Bopaking
Ha Lipaki tsa Jehova li tšoere kopano ea lichaba Paris, Fora, ka 1955, litlaleho tsa litaba thelevisheneng li ile tsa fa sechaba ka kakaretso makumane a se etsahetseng. Ka 1969 kopano e ’ngoe e ile ea tšoaroa haufi le Paris, ’me ho ile ha hlaka hore tšebeletso ea Lipaki e behile litholoana. Lenane la ba kolobelitsoeng kopanong e bile 3 619, kapa hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea karolelano ea ba bileng teng. Mabapi le sena, koranta ea mantsiboea e tloaelehileng ea Paris France-Soir ea August 6, 1969, e itse: “Se tšoenyang baruti ba malumeli a mang hase mokhoa oa kabo e matla ea lingoliloeng tse sebelisoang ke lipaki tsa Jehova, empa, ho fapana le hoo, ke ho sokolla batho ha tsona. E mong le e mong oa lipaki tsa Jehova o na le tlameho ea ho paka kapa ho bolela tumelo ea hae ka ho sebelisa Bibele ka ntlo le ntlo.”
Nakong ea libeke tse tharo lehlabuleng lona leo la 1969, likopano tse ling tse khōlō tsa lichaba tse ’nè li ile tsa tšoaroa Europe—London, Copenhagen, Rome, le Nuremberg. Kopanong ea Nuremberg ho bile teng ba 150 645 ba tsoang linaheng tse 78. Ka ntle ho lifofane le likepe, ho ne ho hlokahala makoloi a ka bang 20 000, libese tse 250, le literene tse 40 bakeng sa ho isa batho kopanong eo.
Likopano ha lia ka tsa matlafatsa le ho hlomella Lipaki tsa Jehova bakeng sa tšebeletso ea tsona feela empa hape li ile tsa fa batho monyetla oa ho iponela ka bobona hore na Lipaki tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe. Ha ho lokisetsoa kopano ea lichaba bakeng sa Dublin, Ireland, ka 1965, ho ile ha sebelisoa khatello e matla ea bolumeli bakeng sa ho qobella hore litokisetso li hlakoloe. Empa kopano e ile ea tšoaroa, ’me malapa a mangata Dublin a ile a fana ka marobalo ho ba tlileng kopanong. Phello e bile efe? Ka mor’a kopano bo-’mè ba malapa a mang ba ile ba hlalosa: “Ha rea bolelloa ’nete ka lōna. Baruti ba re thetsitse, empa joale kaha rea le tseba, ka mehla re tla thabela ho ba le lōna.”
Ha Batho ba Bua Puo Esele
Lilemong tse mashome tsa haufinyane Lipaki tsa Jehova Europe li hlokometse hore ho buisana le batho ba lichaba tse ling ho tlisitse phephetso e khethehileng. Batho ba bangata ba falletse ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe bakeng sa ho sebelisa hamolemo menyetla ea khiro. Metse e meng ea Europe e fetohile litsi tsa mekhatlo e meholo ea machaba, ’me basebetsi ba eona e se batho ba buang puo ea sebakeng seo kaofela.
Ha e le hantle, tšimo ea lipuo tse ngata e bile teng ka lilemo tse makholo libakeng tse ling. Ka mohlala, India ho na le lipuo tse khōlō tse 14 mohlomong le lipuo tse nyenyane tse 1 000. Papua New Guinea e na le lipuo tse fetang 700. Empa haholo-holo e bile ka bo-1960 le bo-1970 moo Lipaki Luxembourg li ileng tsa hlokomela hore tšimo ea tsona e fetohile e akaretsang batho ba tsoang lichabeng tse fapaneng tse fetang 30—’me ka mor’a moo bonyane ho ile ha fihla lichaba tse ling tse 70. Sweden e tlaleha hore e fetohile ho tloha ho naha e buang puo e le ’ngoe e buuoang ke hoo e ka bang batho bohle ho ea bathong ba buang lipuo tse 100 tse fapaneng. Lipaki tsa Jehova li sebetsane joang le see?
Qalong, hangata li ne li leka feela ho fumana puo e buuoang ke mong’a ntlo ebe li leka ho fumana lingoliloeng tse itseng tseo a ka ipallang tsona. Denmark, ho ile ha etsoa litheipi tse rekotiloeng e le hore batho ba tšepahalang ba Turkey ba ka utloa molaetsa ka puo ea habo bona. Switzerland e ne e e-na le karolo e khōlō ea basebetsi ba lichaba lisele ba tsoang Italy le Spain. Phihlelo ea Rudolf Wiederkehr ea ho thusa ba bang ba bona e bontša hantle kamoo lintho li qalileng ka teng. O ile a leka ho pakela monna e mong oa Letaliana, empa pakeng tsa bona ho ne ho se ea tsebang puo ea e mong hakaalo. Ho ne ho ka etsoa eng? Moena oa rōna o ile a mo siela Molula-Qhooa oa Setaliana. Ho sa tsotellehe bothata ba puo, Moena Wiederkehr o ile a khutla. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le monna eo, mosali oa hae, le mora oa bona ea lilemo li 12. Buka ea Moena Wiederkehr ea thuto e ne e le ea Sejeremane, empa o ile a fana ka likopi tsa Setaliana bakeng sa lelapa leo. Moo mantsoe a haelloang teng, ho ne ho sebelisoa boitšisinyo. Ka linako tse ling moshanyana enoa, ea neng a ithuta Sejeremane sekolong, o ne a toloka. Lelapa leo lohle le ile la amohela ’nete ’me kapele la qala ho e arolelana le ba bang.
Empa basebetsi ba limillione ba tsoang Greece, Italy, Portugal, Spain, Turkey, le Yugoslavia ba ne ba fallela Jeremane le linaheng tse ling. Ba ne ba ka fuoa thuso ea moea ka katleho e khōloanyane ka lipuo tsa habo bona. Kapele Lipaki tse ling li ile tsa qala ho ithuta lipuo tsa basebetsi bana ba lichaba lisele. Jeremane, ofisi ea lekala e ile ea lokisetsa litlelase tsa Seturkey. Lipaki linaheng tse ling tse tsebang puo e hlokahalang li ile tsa khothalletsoa ho fallela libakeng tseo ho tsona ho hlokahalang thuso e khethehileng.
Basebetsi ba bang ba tsoang mose ho maoatle ho ne ho se mohla ba kileng ba teana le Lipaki tsa Jehova ’me ka sebele ba ne ba lapetse lintho tsa moea. Ba ile ba thabela haholo boiteko bo etsoang ba ho ba thusa. Ho ile ha thehoa liphutheho tse ngata tsa lipuo lisele. Ka mor’a nako, basebetsi ba bang ho bana ba lichaba lisele ba ile ba khutlela linaheng tsa habo bona ba il’o ntšetsa pele tšebeletso libakeng tse neng li e-s’o ka li fumana bopaki bo phethahetseng mabapi le ’Muso oa Molimo.
Kotulo e Khōlō ho sa Tsotellehe Litšitiso
Lipaki tsa Jehova li sebelisa mekhoa e tšoanang ea ho bolela ho pholletsa le lefatše. Amerika Leboea li ’nile tsa bolela evangeli ka mafolo-folo ka lilemo tse fetang lekholo. Ka hona, ha ho makatse hore ebe ho bile le kotulo e enneng ea moea moo. Ka 1975, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo tse 624 097 k’honthinenteng ea U.S. le Canada. Leha ho le joalo, e ne e se hobane boboleli ba tsona Amerika Leboea bo ne bo etsoa ntle ho khanyetso.
Le hoja ’muso oa Canada o ne o tlositse thibelo ea oona ho Lipaki tsa Jehova le mekhatlo ea tsona ea molao ka 1945, qeto eo ha ea ka ea hlahisa melemo ea kapele profensing ea Quebec. Ka September 1945, lihlopha tsa K’hatholike tsa mahoo-hoo li ile tsa hlasela Lipaki tsa Jehova Châteauguay le Lachine. Lipaki li ile tsa tšoaroa ’me tsa qosoa ka bokhelohi hobane lingoliloeng tseo li neng li li aba li ne li nyatsa Kereke ea Roma e K’hatholike. Tse ling li ile tsa kenngoa teronkong hobane li ne li aba lingoliloeng tsa Bibele tse sa lumelloang ke hlooho ea mapolesa. Ka 1947, ho ne ho e-na le linyeoe tse 1 700 tse fanyehiloeng khahlanong le Lipaki makhotleng a Quebec.
Ha linyeoe tsa selelekela li ntse li lebisoa makhotleng, Lipaki li ile tsa rutoa hore li bolele kosepele ka molomo, li sebelisa Bibele feela—ha ho khoneha li sebelise Douay Version ea K’hatholike. Basebeletsi ba nako e tletseng ba tsoang likarolong tse ling tsa Canada ba ile ba ithaopela ho ithuta Sefora ’me ba fallela Quebec e le ho kopanela ho phatlalatsoeng ha borapeli ba ’nete moo.
Batho ba bangata ba tšepahalang ba K’hatholike ba ile ba memela Lipaki malapeng a bona ’me ba botsa lipotso, le hoja hangata ba ne ba re: ‘Ke setho sa Roma e K’hatholike ’me le ka mohla nke ke ka fetoha.’ Empa eitse ha ba iponela ka bobona seo Bibele e se buang, ba mashome a likete ho bona, ka baka la lerato bakeng sa ’nete le takatso ea ho khahlisa Molimo, ba ile ba fela ba fetoha.
United States le teng, ho ile ha hlokahala hore ho tsekoe ka makhotleng e le ho theha tokelo ea Lipaki tsa Jehova ea ho bolela phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Ho tloha ka 1937 ho ea ho 1953, ho ne ho e-na le linyeoe tse joalo tse 59 tse amang Lipaki tse ileng tsa fetisetsoa pele Lekhotleng le ka Holimo-limo Washington, D.C.
Ho Lebisa Tlhokomelo Masimong a sa Abuoang
Sepheo sa Lipaki tsa Jehova hase ho etsa ho itseng feela boboleling ba litaba tse molemo e mpa ke ho finyella bohle ba ka khonehang ka molaetsa oa ’Muso. Ho finyella seo, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se abetse ofisi ka ’ngoe ea lekala boikarabelo ba ho hlokomela karolo e itseng ea tšimo ea lefatše. Ha ho ntse ho thehoa liphutheho tšimong ea lekala le itseng, phutheho ka ’ngoe e fuoa karolo e itseng ea tšimo eo e tla bolela ho eona. Joale phutheho e arola sebaka ka likarolo tse ka abeloang lihlopha le basebeletsi ka bomong ka phuthehong. Bona ba leka ho finyella malapa ’ohle ka mehla. Empa ho thoe’ng ka libaka tse e-s’o abeloe liphutheho?
Ka 1951 ho ile ha etsoa lethathamo la litereke tsohle United States e le ho hlokomela tse sa fumaneng maeto a ka mehla a Lipaki tsa Jehova. Nakong eo, hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong e ne e sa sebetsoe kapa e ne e akaretsoa ka karolo e itseng feela. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore Lipaki li etse tšebeletso ea tsona libakeng tsena likhoeling tsa lehlabula kapa ka linako tse ling tse loketseng, ka morero oa ho theha liphutheho. Ha batho ba le sieo malapeng, ka linako tse ling ho ne ho siuoa molaetsa o hatisitsoeng, hammoho le lingoliloeng tse itseng tsa Bibele. Lithuto tsa Bibele li ile tsa khannoa ka poso. Hamorao, ho ile ha romeloa bo-pula-maliboho ba khethehileng masimong a joalo bakeng sa ho khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello.
Mosebetsi ona o ne o sa lekanyetsoa feela lilemong tsa bo-1950. Lefatšeng lohle, linaheng tseo ho tsona metse e meholo e fumanang bopaki empa ho e-na le masimo a sa abuoang, ho ntse ho tsoela pele ho etsoa boiteko bo tiileng ho finyella batho bao ho sa kopanoeng le bona ka mehla. Alaska ka bo-1970, hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea baahi e ne e lula metseng e hōle. Batho ba bangata ho bana ba ne ba ka fumanoa hantle mariha ha mosebetsi oa ho tšoasa o batla o eme tsi! Empa eo ke nako eo ka eona serame le bo-ja-bo-tšeha bo batang ba mariha li etsang hore ho tsamaea ka sefofane ho be kotsi. Leha ho le joalo, Maeskimo, Maindia, le baahi ba Aleut ba ne ba hloka monyetla oa ho utloa ka tokisetso ea bophelo bo sa feleng tlas’a ’Muso oa Molimo. E le ho ba finyella, sehlopha sa Lipaki tse 11 se sebelisang lifofane tse nyenyane se ile sa nka leeto le eang metseng e ka bang 200 e qalikaneng sebakeng sa li-square kilometre tse 844 000 nakong ea lilemo tse peli. Sena sohle se ile sa tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo e fanoeng ke Lipaki tsa sebaka seo.
Ho phaella maetong a joalo a boboleli, Lipaki tse hōlileng tsebong li ’nile tsa khothalletsoa ho nahana ka ho fallela libakeng tse ka har’a naha ea habo tsona tseo tlhoko ea baboleli ba ’Muso e leng khōloanyane. Ho ’nile ha arabela ba likete. Har’a ba bang United States ba entseng joalo ke Eugene le Delia Shuster, ba ileng ba tloha Illinois ka 1958 ba il’o sebeletsa Hope, Arkansas. Ba se ba lutse moo nako e fetang lilemo tse mashome a mararo bakeng sa ho fumana batho ba thahasellang, ho ba hlophisa hore e be phutheho, le ho ba thusa ho hōla tsebong ea Bokreste.
Ba khothallelitsoe ke molebeli oa bona oa potoloho, ka 1957, Alexander B. Green le mosali oa hae ba ile ba tloha Dayton, Ohio, ba il’o sebeletsa Mississippi. Pele ba ile ba abeloa Jackson ’me ka mor’a lilemo tse peli ba abeloa Clarksdale. Ka mor’a nako, Moena Green o ile a sebeletsa libakeng tse ling tse hlano. Kaofela ha tsona li ne li e-na le liphutheho tse nyenyane tse neng li hloka thuso. O ne a iphelisa ka ho etsa mosebetsi oa tlhoekiso, ho lema lirapa, le ho nchafatsa thepa ea ka tlung, ho lokisa makoloi, joalo-joalo. Empa mosebetsi oa hae o moholo e ne e le ho bolela litaba tse molemo. O ile a thusa Lipaki tsa sebakeng seo ho hōla moeeng, a sebetsa le tsona bakeng sa ho finyella batho ba leng tšimong ea tsona, ’me hangata a li thusa ho haha Holo ea ’Muso pele a fetela sebakeng se seng.
Ka 1967, ha Gerald Cain a fetoha Paki ka bophirimela ho United States, eena le lelapa la hae ba ile ba utloa ka matla ho potlaka ha mosebetsi oa boevangeli. Esita le pele ba kolobetsoa, ba ne ba ntse ba etsa litokisetso tsa ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ka lilemo tse ’nè ba ile ba sebetsa hammoho le phutheho ea Needles, California. E ne e e-na le boikarabelo ba ho hlokomela tšimo e akarelletsang litereke tse tharo tse ka bophirimela ho United States. Ha litaba tsa bophelo li hloka hore ba falle, ba ile ba boela ba khetha sebaka seo ho sona ho hlokahalang thuso e khethehileng, ’me ba ile ba fetola karolo e ’ngoe ea lehae la bona moo Holo ea ’Muso. Ho ’nile ha hlokahala hore ba falle hape, empa ka linako tsohle ba ’nile ba nahana haholo ka ho ba sebakeng seo ho sona ba ka khonang ho thusa haholo bopaking.
Ha lenane la liphutheho le ntse le eketseha, libakeng tse ling tlhoko ea baholo ba tšoanelehang e bile e khōlō. E le ho khotsofatsa tlhoko ena, baholo ba likete ba ’nile ba ithaopela ho nka maeto a ka mehla (ebile ba itefella litšenyehelo) ho ea liphuthehong tse ka ntle ho metse ea habo bona. Ba nka maeto hararo, hane, hahlano, kapa ho feta ka beke—e le ho kopanela libokeng tsa phutheho le tšebeletsong ea tšimo le ho alosa mohlape. Sena ha sea etsoa feela United States empa le El Salvador, Japane, Netherlands, Spain, le linaheng tse ling tse ngata. Maemong a mang baholo hammoho le malapa a bona ba ’nile ba falla, e le ho khotsofatsa tlhoko ena.
Liphello e bile life? Nahana ka naha e le ’ngoe. Morao koo ka 1951, ha ho tsebisoa ka lekhetlo la pele litokisetso tsa ho sebetsa tšimo e sa abuoang, ho ne ho e-na le liphutheho tse ka bang 3 000 United States, le karolelano ea bahoeletsi ba 45 phutheho ka ’ngoe. Ka 1975, ho ne ho e-na le liphutheho tse 7 117, ’me karolelano ea lenane la Lipaki tse mafolo-folo tse kopanelang le phutheho ka ’ngoe e ne e phahame ho fihla ho tse ka bang 80.
Bopaki bo fanoeng lebitsong la Jehova le ’Musong oa hae ho tloha ka 1945 ho ea ho 1975 e bile bo boholo haholo ho feta bohle bo fanoeng ho fihlela nakong eo.
Lenane la Lipaki le ne le eketsehile ho tloha ho 156 299 ka 1945 ho ea ho 2 179 256 lefatšeng lohle ka 1975. E mong le e mong oa tsona o ile a kopanela ka seqo boboleling ba phatlalatsa ba ’Muso oa Molimo.
Ka 1975, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoarehile linaheng tse 212 (ha li baloa ho latela tsela eo ’mapa o ileng oa aroloa ka eona mathoasong a bo-1990). K’honthinenteng ea U.S. le Canada, ba 624 097 ho tsona ba ne ba etsa tšebeletso ea bona moo. Europe, ka ntle ho seo e neng e le Soviet Union nakong eo, ho ne ho e-na le tse ling tse 614 826. Afrika e ne e utloa molaetsa oa ’nete ea Bibele ho Lipaki tse 312 754 tse neng li kopanela mosebetsing moo. Mexico, Amerika Bohareng, le Amerika Boroa ho ne ho e-na le Lipaki tse 311 641; Asia, ho e-na le tse 161 598; Australia le lihleke-hlekeng tse ngata lefatšeng ka bophara, ho e-na le tse 131 707.
Lilemong tse 30 ho fihlela ka 1975, Lipaki tsa Jehova li sebelitse lihora tse 4 635 265 939 boboleling ba phatlalatsa le ho ruteng. Li boetse li tsamaisitse libuka, libukana, le limakasine tse 3 914 971 58 ho batho ba thahasellang ho ba thusa ho utloisisa kamoo ba ka ruang molemo morerong oa Jehova o lerato. Tumellanong le taelo ea Jesu ea hore ho etsoe barutuoa, li entse maeto a ho boela a 1 788 147 329 ho batho ba thahasellang, ’me ka 1975 li ne li khanna karolelano ea lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng tse 1 411 256 le batho ka bomong le malapa.
Ka 1975 boboleli ba litaba tse molemo bo ne bo fihlile linaheng tse 225. Linaheng tse fetang 80 tseo litaba tse molemo li neng li fihlile ho tsona ka 1945 empa ho se na liphutheho selemong seo, liphutheho tsa Lipaki tse chesehang li ne li le ngata ka 1975. Har’a libaka tsena ke Rephabliki ea Korea e neng e e-na le liphutheho tse 470, Spain e neng e e-na le tse 513, Zaire e neng e e-na le tse 526, Japane e neng e e-na le tse 787, le Italy e neng e e-na le tse 1 031.
Nakong ea ho tloha ka 1945 ho ea ho 1975, batho ba bangata haholo ba fetohileng Lipaki tsa Jehova ba ne ba sa ipolele hore ba tlotsitsoe ka moea oa Molimo ka morero oa ho ea phela leholimong. Nakong ea selemo ka 1935, lenane la ba jeleng litšoantšetso Sejong sa Morena sa Mantsiboea le entse kakaretso ea karolo ea 93 lekholong la ba neng ba kopanela tšebeletsong ea tšimo. (Hamorao selemong sona seo, “letšoele le leholo” la Tšenolo 7:9 le ile la tsebahatsoa hore le entsoe ka batho ba tlang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.) Ka 1945 lenane la Lipaki tse lebelletseng bophelo lefatšeng la paradeise le ne le eketsehile ho fihla boemong ba hore le etse karolo ea 86 lekholong ea ba kopanelang boboleling ba litaba tse molemo. Ka 1975 ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba ne ba le ka tlaase ho halofo ea karolo e le ’ngoe lekholong ea kakaretso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Le hoja ba ne ba qhalakane linaheng tse ka bang 115 nakong eo, batlotsuoa bana ba ’nile ba tsoela pele ho sebeletsa e le sehlopha se kopaneng tlas’a Jesu Kreste.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 463]
“Haesale le fihla mona batho bohle ba bua ka Bibele”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 466]
“Seo u sa tsoa mpolella sona ke seo ke se balileng ka Bibeleng eane lilemong tse ngata tse fetileng”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 470]
Ba likete ba ile ba fallela libakeng tse ka har’a naha ea habo bona moo tlhokahalo ea Lipaki e neng e le khōloanyane
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 472]
‘Moputso oa bohlokoa’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 475]
Lipaki tse tšoanelehang li ile tsa romeloa linaheng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khethehileng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 486]
Li sebelisa lipuisano tse matla tsa Mangolo, Lipaki tsa pele Nigeria li ile tsa pepesa baruti le lithuto tsa bona tsa bohata
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 497]
Moo mantsoe a haelloang teng, ho ne ho sebelisoa boitšisinyo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 499]
Sepheo e ne e le sefe? Ho finyella batho bohle ba ka khonehang ka molaetsa oa ’Muso
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 489]
Ho ile ha etsoa boiteko bo boholo ba ho finyella batho ba Chaena ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova
Ho tsoa Chefoo mangolo, lipampitšana, le libuka tse likete li ile tsa romeloa pakeng tsa 1891 le 1900
C. T. Russell o ile a bua Shanghai ’me a etela metse le metsana e 15, 1912
Barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ile ba aba lingoliloeng tse ngata ho pholletsa le lebōpo la Chaena, ba ntse ba nka maeto a kenellang ka hare ho naha, 1912-18
Barekisi ba libuka tsa bolumeli ba Majapane ba ne ba sebeletsa mona, 1930-31
Liphatlalatso tsa seea-le-moea li ile tsa etsoa ka Sechaena ho tsoa Shanghai, Peking, le Tientsin ka bo-1930; ka baka leo, mangolo a kōpang lingoliloeng a ile a tla a tsoa likarolong tse ngata tsa Chaena
Bo-pula-maliboho ba tsoang Australia le Europe ba ile ba paka Shanghai, Peking, Tientsin, Tsingtao, Pei-tai-ho, Chefoo, Weihaiwei, Canton, Swatow, Amoy, Foochow, Hankow, le Nanking ka bo-1930 le bo-1940. Ba bang ba ile ba tla ba sebelisa Burma Road ’me ba paka Pao-shan, Chungking, Ch’eng-tu. Bo-pula-maliboho ba moo ba ile ba sebeletsa Shensi le Ningpo
[Setšoantšo]
Baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade, joaloka Stanley Jones (ka ho le letšehali) le Harold King (ka ho le letona), ba ile ba sebeletsa mona ho tloha ka 1947 ho ea ho 1958, hammoho le malapa a Lipaki tsa moo tse chesehang
[’Mapa]
CHAENA
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 462]
“Sibia” e ile ea sebeletsa e le lehae la baromuoa le hahiloeng holim’a metsi West Indies
G. Maki
S. Carter
R. Parkin
A. Worsley
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
BAHAMAS
LEEWARD ISLANDS
VIRGIN ISLANDS (U.S.)
VIRGIN ISLANDS (BRITISH)
WINDWARD ISLANDS
[’Mapa o leqepheng la 477]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Metsi a ’nete a fanang ka bophelo a ile a phalla ’me a tšela maliboho a linaha likarolong tse ngata tsa Afrika
EGEPETA
SENEGAL
KENYA
AFRIKA BOROA
GHANA
KENYA
MALAWI
NIGERIA
SIERRA LEONE
ZAMBIA
[Litšoantšo tse leqepheng la 464]
E le baromuoa Bolivia, Edward Michalec (ka ho le letšehali) le Harold Morris (ka ho le letona) ba ile ba bolela mona La Paz pele
[Setšoantšo se leqepheng la 465]
Seketsoana “El Refugio,” se entsoeng ke Lipaki Peru, se ile sa sebelisoa bakeng sa ho isa molaetsa oa ’Muso ho batho ba mathōkong a linōka karolong e ka holimo ho sebaka sa Amazon
[Setšoantšo se leqepheng la 467]
Litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola tse tsamaisoang ke Lipaki Mexico li nolofallelitse batho ba mashome a likete ho bala Lentsoe la Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 468]
Moena Knorr (ea ka pele ho le letona) o ile a kopana le Lipaki likopanong tse nyenyane mapolasing le lithabeng tse Argentina ha li hanetsoe ka tokoloho ea ho bokana phatlalatsa
[Setšoantšo se leqepheng la 469]
Har’a Lipaki tse likete tse ileng tsa fallela linaheng tse ling bakeng sa ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane e bile malapa joaloka Harold le Anne Zimmerman hammoho le bana ba bona ba bane (Colombia)
[Setšoantšo se leqepheng la 471]
Ha ba arabela pitsong ea baithaopi ba eketsehileng, Tom le Rowena Kitto ba ile ba fallela Papua bakeng sa ho ruta ’nete ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 471]
John le Ellen Hubler, ba latetsoe ke Lipaki tse ling tse 31, ba ile ba fallela New Caledonia. Pele ba tsamaea, ho ne ho thehiloe phutheho e tiileng moo
[Setšoantšo se leqepheng la 473]
Ha e sa le mohlankana Samoa e ka Bophirimela, Fuaiupolu Pele o ile a tobana le khatello e matla ea lelapa le batho ba motse ha a etsa qeto ea ho fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 474]
Ka mor’a hore Shem Irofa’alu le metsoalle ea hae ba kholisehe hore seo Lipaki tsa Jehova li se rutang e hlile ke ’nete, likereke tse leng metseng e 28 Solomon Islands li ile tsa fetoloa Liholo tsa ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 476]
E le ho paka Ethiopia mathoasong bo-1950, ho ile ha hlokoa hore Lipaki li hahe ’mishone le sekolo sa thuto
[Setšoantšo se leqepheng la 478]
Ha a sokeloa ka hore o tla lelekoa ka har’a naha, Gabriel Paterson (ea bontšitsoeng mona) o ile a kholisoa tjena ke ofisiri e hlahelletseng: ‘’Nete e tšoana le nōka e khōlō; e thibele ’me e tla phunyelletsa’
[Litšoantšo tse leqepheng la 479]
Ka 1970 kopanong e neng e tšoaretsoe Nigeria, ho ile ha kolobetsoa Lipaki tse ncha tse 3 775; ho ile ha sebelisoa phalimeho ea hore ka sebele bohle baa tšoaneleha
[Litšoantšo tse leqepheng la 481]
Linehelano tsa lifilimi (Afrika le ho pota lefatše) li ile tsa fa bamameli tlhase ea boholo ba mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 482]
João Mancoca (ea bontšitsoeng mona le mosali oa hae, Mary) o ’nile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome ho sa tsotellehe maemo a thata
[Setšoantšo se leqepheng la 483]
Ka 1961, Ernest Heuse, E monyenyane, hammoho le lelapa la hae, o ile a khona ho kena Zaire (e neng e bitsoa Congo nakong eo) a tlil’o fana ka thuto ea moea ho bao kannete ba neng ba batla ho sebeletsa Jehova
[Litšoantšo tse leqepheng la 485]
Le hoja a ne a e-na le selemo feela a kolobelitsoe ’me ho se na Lipaki tse ling tseo a li tsebang Kenya, Mary Whittington o ile a etsa boiteko ba ho thusa ba bang ho ithuta ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 487]
Mary Nisbet (ea ka pele bohareng), le bara ba hae Robert le George ka mathōko, ea neng a bula maliboho Afrika Bochabela ka bo-1930, le (ka morao) mora oa hae William le mosali oa hae Muriel, ea sebelelitseng Afrika Bochabela ho tloha ka 1956 ho ea ho 1973
[Litšoantšo tse leqepheng la 488]
Kopanong e neng e tšoaretsoe Philippines ka 1945, ho ile ha fanoa ka litaelo tsa kamoo ho ka rutoang ka lithuto tsa lehae tsa Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 490]
Don le Mabel Haslett, baromuoa ba pele ba ka mor’a ntoa Japane, ha ba kopanela bopaking ba seterateng
[Setšoantšo se leqepheng la 491]
Ka lilemo tse 25 Lloyd Barry (ka ho le letona) o ile a sebeletsa Japane, pele a sebeletsa e le moromuoa eaba o sebeletsa e le molebeli oa lekala
[Setšoantšo se leqepheng la 491]
Don le Earlene Steele, baromuoa ba pele ho ba bangata ba ileng ba sebeletsa Rephabliking ea Korea
[Setšoantšo se leqepheng la 492]
Lilemong tse fetileng, ka linako tse ling lihlopha tsa mahoo-hoo li ile tsa lelekisa Fred Metcalfe ha a leka ho bolela se tsoang ka Bibeleng Ireland; empa hamorao ha batho ba ipha nako ea ho mamela, ba likete ba ile ba fetoha Lipaki tsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 493]
Ho sa tsotellehe khanyetso ea baruti, batho ba likete ba ile ba subuhlellana likopanong tsa Lipaki Italy (Rome, ka 1969)
[Setšoantšo se leqepheng la 494]
Nakong ea lithibelo, hangata liboka tsa phutheho li ne li tšoareloa mahaeng, joalokaha eka ke meketjana ea boithabiso, joaloka mona Portugal
[Litšoantšo tse leqepheng la 495]
Lipaki tse teronkong Cádiz, Spain, li ile tsa tsoela pele ho bolela ka ho ngola mangolo
[Litšoantšo tse leqepheng la 496]
Likopano tse khōlō li ile tsa fa batho monyetla oa ho iponela le ho ikutloela ka bobona hore na Lipaki ke batho ba mofuta ofe
Paris, Fora (1955)
Nuremberg, Jeremane (1955)
[Litšoantšo tse leqepheng la 498]
E le ho finyella batho bohle ka litaba tse molemo Luxembourg, ho ’nile ha hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li sebelise lingoliloeng bonyane ka lipuo tse lekholo