Lerato le Hlōla Poulelo e sa Lokelang
“Lerato ha le boulele.”—1 BA-KORINTHE 13:4, NW.
1, 2. (a) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae eng mabapi le lerato? (b) Na ho ka khoneha hore motho a be lerato ’me a boulele ka nako e tšoanang, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?
LERATO ke letšoao la Bokreste ba ’nete. Jesu Kreste o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a hlalose kamoo lerato le lokelang ho ama likamano tsa Bakreste. Har’a lintho tse ling, o ile a ngola: “Lerato ha le boulele.”—1 Ba-Korinthe 13:4, NW.
2 Ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, o ne a bua ka poulelo e sa lokelang. Ho seng joalo a ka be a sa ka a re ho eona phutheho eo: “Hobane ke le boulela ka poulelo ea Molimo.” (2 Ba-Korinthe 11:2) “Poulelo ea Molimo” eo a neng a e-na le eona e ile ea bakoa ke batho bao e neng e le tšusumetso e senyang ka har’a phutheho. Sena se ile sa susumelletsa Pauluse hore a ngolle Bakreste ba Korinthe lengolo la bobeli le bululetsoeng le nang le keletso e ngata e lerato.—2 Ba-Korinthe 11:3-5.
Poulelo Har’a Bakreste
3. Bothata ba poulelo bo ile ba hōla joang har’a Bakreste ba Korinthe?
3 Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a tlameha ho sebetsana le bothata bo neng bo sitisa Bakreste bana ba bacha hore ba sebelisane hammoho. Ba ne ba phahamisa batho ba bang, ba “hohomoha ka bomong ho emela e mong khahlanong le e mong.” Sena se ile sa baka likhaohano har’a phutheho, ba fapa-fapaneng ba re: “’Na ke oa Pauluse,” “Empa ’na ke oa Apolose,” “Empa ’na ke oa Kefase.” (1 Ba-Korinthe 1:12, NW; 4:6, NW) Moapostola Pauluse, a tataisoa ke moea o halalelang, o ile a nolofalloa ho fihla motsong oa bothata. Bakorinthe ba ne ba etsa lintho joaloka batho ba sekametseng linthong tsa nama, e seng joaloka “batho ba moea.” Ka hona, Pauluse o ile a ngola: “Le sa ntse le le ba nama. Etsoe ha poulelo le ho qabana li le teng har’a lōna, na ha le ba nama ’me na ha le tsamaee joalokaha ho tsamaea batho?”—1 Ba-Korinthe 3:1-3, NW.
4. Pauluse o ile a sebelisa papiso efe ho thusa baena ba hae hore ba fihle ponong e nepahetseng e mong ka e mong, hona re fumana thuto efe ho see?
4 Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utloisise pono e nepahetseng ka litalenta le bokhoni tsa ba sa tšoaneng ka har’a phutheho. O ile a botsa: “Ke mang ea u khethang ho e mong? ’Me u na le eng eo u sa kang ua e fuoa? ’Me ekare ha u e filoe, u ka ithorisa joang, joalo ka hoja u sa ka ua e fuoa?” (1 Ba-Korinthe 4:7) Ho 1 Ba-Korinthe khaolo ea 12, Pauluse o ile a hlalosa hore bao e neng e le karolo ea phutheho ba ne ba tšoana le litho tse fapaneng tsa ’mele oa motho, tse kang letsoho, leihlo le tsebe. O ile a bontša hore Molimo o entse litho tsa ’mele ka tsela ea hore li hlokomelane. Pauluse o boetse a ngola: “Leha setho se seng se tlotlisoa, litho tsohle li thaba le sona.” (1 Ba-Korinthe 12:26) Bahlanka bohle ba Molimo kajeno ba lokela ho sebelisa molao-motheo ona kamanong ea bona le ba bang. Ho e-na le ho bontša poulelo ka lebaka la kabelo ea motho e mong kapa seo a se finyelletseng tšebeletsong ea Molimo, re lokela ho thaba le eena.
5. Ke eng se senotsoeng ho Jakobo 4:5, hona Mangolo a totobatsa ’nete ea mantsoe aa joang?
5 Bonneteng, tabeng ena ho bua ho bonolo ho feta ho etsa. Mongoli oa Bibele Jakobo o re hopotsa hore “tšekamelo ea ho ba mohono” e ahile ka ho motho e mong le e mong oa moetsalibe. (Jakobo 4:5, NW) Lefu la pele la motho le bile teng hobane Kaine a ile a inehela poulelong ea hae e sa lokelang. Bafilista ba ile ba hlorisa Isaaka hobane ba ne ba honohela leruo la hae le eketsehang. Ragele o ne a boulela ka lebaka la katleho ea moholoane oa hae ea ho beleha haholo. Bara ba Jakobo ba ne ba boulela ka lebaka la lerato le neng le bontšoa moena oa bona Josefa. Miriame ka ho hlakileng o ne a boulela ka lebaka la ngoetsi eabo eo e neng e se Moiseraele. Kore, Dathane le Abirame ka mohono ba ile ba etsa morero oa bolotsana khahlanong le Moshe le Aarone. Morena Saule o ile a boulela ka lebaka la katleho ea Davida ntoeng. Ntle ho pelaelo poulelo e ne e boetse e le lebaka le neng le etsa hore barutuoa ba Jesu ba phehisane khang khafetsa ka hore na e moholo e ne e le mang har’a bona. ’Nete ke hore ha ho motho ea sa phethahalang ea lokolohileng ka ho feletseng ‘tšekamelong ea mohono’ ea boetsalibe.—Genese 4:4-8; 26:14; 30:1; 37:11; Numere 12:1, 2; 16:1-3; Pesaleme ea 106:16; 1 Samuele 18:7-9; Mattheu 20:21, 24; Mareka 9:33, 34; Luka 22:24.
Ka Har’a Phutheho
6. Baholo ba ka laola tšekamelo ea mohono joang?
6 Ho hlokahala hore Bakreste bohle ba itebele khahlanong le mohono le poulelo e sa lokelang. Sena se akarelletsa le lihlopha tsa baholo ba khethetsoeng ho hlokomela liphutheho tsa batho ba Molimo. Haeba moholo a e-na le kelello e ikokobelitseng, takatso e matla ea bophahamo e ke ke ea etsa hore a leke ho ba ka holimo ho ba bang. Ka lehlakoreng le leng, haeba moholo ea itseng a e-na le bokhoni ba ho hlophisa kapa e le sebui se hloahloa sa phatlalatsa, ba bang ba tla thabela sena, ba nke e le tlhohonolofatso phuthehong. (Ba-Roma 12:15, 16) E ka ’na eaba moena o hatela pele hantle, o fana ka bopaki ba hore o hlahisa tholoana ea moea oa Molimo bophelong ba hae. Ha baholo ba hlahloba litšoaneleho tsa hae, ba lokela ho ba seli hore ba se hōlise liphoso tsa hae tse nyenyane ka morero oa ho lokafatsa ho se mo buelle hore e be mohlanka ea sebeletsang kapa moholo. Sena se ka bontša hore ha ba na lerato ’me ha ba nahanele.
7. Ke bothata bofe bo ka hōlang ha Mokreste a fumana kabelo ea puso ea Molimo?
7 Haeba e mong a fumana kabelo ea puso ea Molimo kapa tlhohonolofatso ea moea, ho hlokahala hore ba bang ka phuthehong ba itebele khahlanong le mohono. Ka mohlala, khaitseli e mong ea nang le bokhoni a ka ’na a sebelisoa haholo ho feta e mong hore a etse lipontšo libokeng tsa Bokreste. Sena se ka tsosa poulelo ho bo-khaitseli ba bang. Ho ka etsahala hore bothata bo tšoanang bo ne bo le teng pakeng tsa Evodia le Syntyke phuthehong ea Filippi. Basali ba joalo kajeno ba ka hloka khothatso e mosa ea baholo hore ba ikokobetse le hore ba “be le pelo e le ’ngoe Moreneng.”—Ba-Filippi 2:2, 3; 4:2, 3.
8. Poulelo e ka lebisa liketsong life tsa boetsalibe?
8 Mokreste a ka ’na a tseba bofokoli ba nakong e fetileng ba e mong eo hona joale a hlohonolofalitsoeng ka litokelo ka phuthehong. (Jakobo 3:2) Ka lebaka la poulelo, a ka ’na a ba tekong ea ho bolella ba bang sena le ho belaella hore na ebe ho loketse ha motho eo a e-na le kabelo ka phuthehong. Sena se tla be se le khahlanong le lerato, le ‘apesang libe tse ngata.’ (1 Petrose 4:8) Puo e nang le poulelo e ka senya khotso ka phuthehong. Morutuoa Jakobo o ile a lemosa: “Haeba le e-na le poulelo e feteletseng le ho rata likhang ka lipelong tsa lōna, le se ke la ithorisa le ho bua leshano khahlanong le ’nete. Bona hase bohlale bo theohang holimo, empa ke ba lefatše, ba bophoofolo, ba bodemona.”—Jakobo 3:14, 15, NW.
Lelapeng la Hao
9. Balekane ba lenyalo ba ka laola maikutlo a poulelo joang?
9 Manyalo a mangata a senyeha ka lebaka la poulelo e sa lokelang. Ho se tšepe molekane oa lenyalo ha ho bontše lerato. (1 Ba-Korinthe 13:7) Ka lehlakoreng le leng, molekane e mong e ka ’na eaba o-oa ithatafatsa maikutlong a molekane ea boulelang. Ka mohlala, mosali a ka ’na a boulela ka lebaka la tlhokomelo eo monna oa hae a e fang e mong e motšehali. Kapa monna a ka ’na a boulela ka lebaka la nako eo mosali a e qetang a hlokomela mong ka eena ea hlokang. Kaha ba soabisoa ke maikutlo a joalo, balekane ba lenyalo ba ka ’na ba khutsa ’me ba bontša ho tsieleha ha bona ka litsela tse tlang ho rarahanya bothata. Ho e-na le hoo, ho hlokahala hore molekane oa lenyalo ea boulelang a bue ’me a tšepahale hore na o ikutloa joang. Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore molekane e mong a bontše kutloisiso le ho mo tiisetsa hore o-oa mo rata. (Ba-Efese 5:28, 29) Ho ka hlokahala hore ka bobeli ba fokotse maikutlo a poulelo ka ho qoba maemo a e bakang. Ka linako tse ling ho ka hlokahala hore molebeli oa Mokreste a thuse mosali oa hae hore a utloisise hore o fa batho ba bang ba batšehali tlhokomelo e lekanyelitsoeng le e loketseng bakeng sa ho phetha boikarabelo ba hae e le molisa oa mohlape oa Molimo. (Esaia 32:2) Ho hlakile hore moholo o lokela ho ba seli hore le ka mohla a se fane ka lebaka le utloahalang la poulelo. Sena se hloka ho leka-lekana, ho tiisa hore o ipha nako ea ho matlafatsa kamano ea lenyalo la hae.—1 Timothea 3:5; 5:1, 2.
10. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba sebetsane le maikutlo a poulelo ka katleho?
10 Le batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona ho utloisisa taba ea poulelo e sa lokelang. Hangata bana ba etsa likhang tse qetellang ka lintoa. Hangata lebaka ke poulelo. Kaha litlhoko tsa ngoana ka mong lia ikhetha, bana ba ke ke ba tšoaroa ka tsela e tšoanang. Ho phaella moo, ho hlokahala hore bana ba utloisise hore ha ba tšoane ka matla le ka bofokoli. Haeba ngoana e mong kamehla a khothalletsoa hore a etse hantle joaloka e mong, sena se ka baka mohono ho e mong le boikhohomoso ho e mong. Kahoo, batsoali ba lokela ho koetlisa bana ba bona hore ba lekanye khatelo-pele ea bona ka ho nahana ka mehlala e Lentsoeng la Molimo, eseng ka ho hlōlisana. Bibele e re: “Re se keng ra batla boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, le ka ho honohelana.” Ho e-na le hoo, “e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae, ’me ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka [ho ipapisa le, NW] ba bang.” (Ba-Galata 5:26; 6:4) Habohlokoa ka ho fetisisa, ho hlokahala hore batsoali ba Bakreste ba thuse bana ba bona ka thuto ea Bibele ea kamehla, ba totobatse mehlala e metle le e mebe e leng Lentsoeng la Molimo.—2 Timothea 3:15.
Mehlala ea ho Hlōla Poulelo
11. Moshe e bile mohlala o motle joang tabeng ea ho laola poulelo?
11 Ho fapana le baeta-pele ba lefatše lena ba lapetseng puso, “Moshe e ne e le monna ea inyenyefalitseng ka ho fetisisa har’a banna bohle ba neng ba le lefatšeng.” (Numere 12:3, NW) Ha Moshe a imeloa ke ho ba moeta-pele a le mong oa Baiseraele, Jehova o ile a etsa hore moea oa Hae o sebetse ho Baiseraele ba bang ba 70, a ba fa matla hore ba thuse Moshe. Ha banna ba babeli ho bana ba qala ho iketsa baprofeta, Joshua o ile a ikutloa hore sena e ne e le ho fapoha ka ho sa lokelang boeta-peleng ba Moshe. Joshua o ne a batla ho thibela banna bana, empa ka boikokobetso Moshe o ile a beha mabaka: “Na ua mpoulella na? O! hoja sechaba kaofela sa Jehova se ka fela sa porofeta, ’me Jehova a bea moea oa hae holim’a bona!” (Numere 11:29) E, Moshe o ne a thabile ha ba bang ba fumana litokelo tsa tšebeletso. Ha aa ka a ipatlela tlotliso ka boeena ka mokhoa o bontšang poulelo.
12. Ke eng se ileng sa nolofalletsa Jonathane ho qoba maikutlo a poulelo?
12 Mohlala o motle oa kamoo lerato le hlōlang maikutlo ao ho ka etsahalang hore ke a sa lokang a poulelo o ile oa fanoa ke Jonathane, mora oa Morena Saule oa Iseraele. Jonathane e ne e le eena mohlahlami teroneng ea ntat’ae, empa Jehova o ne a khethile Davida, mora oa Jesse, hore e tle e be eena mohlahlami boreneng. Ba bangata ba leng boemong ba Jonathane ba ka be ba ile ba tlala poulelo ka lebaka la Davida, ba mo nka e le eo ba hlōlisanang le eena. Leha ho le joalo, lerato la Jonathane ho Davida le ile la thibela maikutlo a joalo hore a se ke a mo laola. Ha a utloa ka lefu la Jonathane, Davida o ne a ka re: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali!”—2 Samuele 1:26.
Mehlala e Hlaheletseng ka ho Fetisisa
13. Ke mang eo e leng mohlala o molemo ka ho fetisisa tabeng ea poulelo, hona hobane’ng?
13 Jehova Molimo ke mohlala o hlaheletseg ka ho fetisisa oa motho ea laolang esita le poulelo e loketseng. O boloka maikutlo a joalo tlas’a taolo e phethahetseng. Ponahatso leha e le efe e matla ea poulelo ea bomolimo kamehla e tumellanong le lerato la Molimo, toka le bohlale.—Esaia 42:13, 14.
14. Jesu o fane ka mohlala ofe o fapaneng le oa Satane?
14 Mohlala oa bobeli o hlaheletseng oa motho ea ileng a hlōla poulelo ke Mora oa Molimo ea ratoang, Jesu Kreste. “Le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo,” Jesu ha aa ka “a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.” (Ba-Filippi 2:6, NW) E bile phapang e totobetseng hakaakang tseleng e ileng ea nkoa ke lengeloi le ratang botumo leo hamorao le ileng la fetoha Satane Diabolose! Joaloka “morena oa Babilona,” ka poulelo Satane o ile a lakatsa ho ‘tšoana le mookameli ea phahameng’ ka ho ipeha molimo ea hlōlisanang le Jehova. (Esaia 14:4, 14; 2 Ba-Korinthe 4:4) Satane o bile a leka ho etsa hore Jesu a ‘oe ka mangole a mo khumamele.’ (Mattheu 4:9) Empa ha ho letho le neng le ka khelosa Jesu tseleng ea hae ea boikokobetso ea ho ipeha ka tlaase ho bobusi ba Jehova. Ho fapana le Satane, Jesu “o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me ea e-ba ea tšoanang le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” Jesu o ile a tšehetsa ho lokela ha puso ea Ntat’ae, a hana ka ho feletseng tsela ea Diabolose ea boikhantšo le poulelo. Ka lebaka la botšepehi ba Jesu, “Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lebitsong la Jesu lengole le leng le le leng le khumame la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.”—Ba-Filippi 2:7-11, NW.
Ho Laola Poulelo ea Hao
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba seli ho thibela maikutlo a poulelo?
15 Ho fapana le Molimo le Kreste, Bakreste ha baa phethahala. Kaha ke baetsalibe, ka linako tse ling ba ka ’na ba susumetsoa ke poulelo ea boetsalibe. Kahoo, ho e-na le ho lumella poulelo hore e re susumelletse ho nyatsa-nyatsa molumeli-’moho le rōna ka lebaka la phoso e nyenyane kapa e inahaneloang, ke habohlokoa hore re thuise ka mantsoe ana a bululetsoeng: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa; hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?”—Moeklesia 7:16.
16. Ho fanoe ka keletso efe e ntle ka poulelo tokollong e fetileng ea makasine ee?
16 Tabeng ea poulelo, The Watch Tower ea March 15, 1911, e ile ea lemosa: “Le hoja re lokela ho cheseha haholo, le ho boulela haholo tseleng ea Morena, leha ho le joalo, re tlameha ho tiisa hore mefokolo ea e mong hase taba ea hae a le mong; le ho nahana hore na ebe re ‘bo-ntšunya-khare’ kapa che. Kahoo, re lokela ho nahana hore na ebe e ka ba ntho e loketseng hore baholo ba sebetsane le eona kapa hore na ebe e ne e tla ba mosebetsi oa rōna ho ea ho baholo. Bohle re lokela ho ba le poulelo e ngata bakeng sa tsela ea Morena le mosebetsi oa Morena, empa re hlokomele haholo hore ena hase e mpe . . . ka mantsoe a mang, re lokela ho kholiseha haholo hore hase ho boulela ka lebaka la e mong, empa ke ho boulella e mong, bakeng sa lithahasello tsa hae le katleho ea hae e molemohali.”—1 Petrose 4:15.
17. Ke joang re ka qobang liketso tsa boetsalibe tsa poulelo?
17 Rōna joaloka Bakreste re ka qoba boikhohomoso, poulelo le mohono joang? Tharollo ke ho lumella hore moea o halalelang oa Molimo o sebetse ka bolokolohi bophelong ba rōna. Ka mohlala, ho hlokahala hore re rapelle moea oa Molimo le thuso bakeng sa ho bonahatsa litholoana tsa oona tse molemo. (Luka 11:13) Ho hlokahala hore re be teng libokeng tsa Bokreste, tse buloang ka thapelo ’me li e-na le moea oa Molimo le tlhohonolofatso ea hae. Ho feta moo, ho hlokahala hore re ithute Bibele, e bululetsoeng ke Molimo. (2 Timothea 3:16) ’Me ho hlokahala hore re kopanele mosebetsing oa boboleli ba ’Muso o etsoang ka matla a moea o halalelang oa Jehova. (Liketso 1:8) Ho thusa Bakreste-’moho le rōna ba ileng ba sithabetsoa ke phihlelo e bohloko ke tsela e ’ngoe ea ho lumella tšusumetso e ntle ea moea oa Molimo. (Esaia 57:15; 1 Johanne 3:15-17) Ho finyella litlamo tsena tsohle tsa Bokreste ka cheseho ho tla re sireletsa liketsong tsa boetsalibe tsa poulelo, hobane Lentsoe la Molimo le re: “Tsamaeang ka Moea, ’me le se ke la kholisa litakatso tsa nama.”—Ba-Galata 5:16.
18. Ke hobane’ng ha ho ke ke ha hlokahala hore kamehla re loantšane le maikutlo a sa lokelang a poulelo?
18 Lerato le thathamisitsoe pele har’a litholoana tsa moea o halalelang oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) Ho bontša lerato ho tla re thusa hore re laole litšekamelo tsa boetsalibe hona joale. Empa ho thoe’ng ka nako e tlang? Bahlanka ba Jehova ba limilione ba na le tšepo ea bophelo Paradeiseng e tlang ea lefatšeng, moo ba ka lebellang ho phahamisetsoa phethehong ea botho. Lefatšeng leo le lecha, lerato le tla rena ’me ha ho ea tla inehela maikutlong a sa lokelang a poulelo, hobane “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:21.
Lintlha Bakeng sa ho Thuisa
◻ Pauluse o sebelisitse papiso efe ho thusa ho loantša poulelo?
◻ Poulelo e ka senya khotso ea phutheho joang?
◻ Batsoali ba ka koetlisa bana ba bona ho sebetsana le poulelo ka katleho joang?
◻ Ke joang re ka qobang liketso tsa boetsalibe tsa poulelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
U se lumelle poulelo ho senya khotso ea phutheho
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Batsoali ba ka koetlisa bana ba bona hore ba sebetsane le maikutlo a poulelo ka katleho