Ho Latela Mehlaleng ea Batsoali ba Ka
JOALOKAHA HO BOLETSE HILDA PADGETT
Tlaleho ea koranta e ne e baleha tjena: “Bophelo ba ka ke bo nehetse tšebeletsong ea Ea Holimo-limo, ’me nke ke ka sebeletsa benghali ba babeli.” Mantsoe ao a hlahang polelong ea ka e neng e lebisitsoe ho ba boholong ba British Ministry of Labour and National Services ka 1941 a ne a fana ka lebaka la ka la ho hana taelo ea bona ea ho etsa mosebetsi oa sepetlele nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka fumanoa ke le molato eaba ke ahloleloa likhoeli tse tharo teronkong ka lebaka la ho hana ha ka.
KE ENG se neng se nkentse bothateng boo? Che, e ne e se ho nkeha maikutlo ha bocha kapa boitšoaro ba bofetoheli. Ho fapana le hoo, mabaka a tloha morao koana ha ke ne ke sa ntse ke le ngoana.
Cheseho ea Ntate Bakeng sa ’Muso
Ke hlahetse Horsforth haufi le Leeds, ka leboea ho Engelane, ka la 5 June, 1914. Batsoali ba ka, Atkinson le Pattie Padgett, e ne e le matichere a sekolo sa Sontaha le litho tsa k’hoaere Ntlong ea Thapelo ea Primitive Methodist moo Ntate a neng a letsa organ. Ha ke sa le lesea, lehae leso e ne e le le thabileng ntle le ntho e le ’ngoe feela. Maemo a lefatše a ne a tšoenya Ntate. O ne a hloile ntoa le pefo ’me a lumela taelo ea Bibele: “U se ke ua bolaea.”—Exoda 20:13.
Ka 1915 ’muso o ile oa khothaletsa banna bohle ba bacha hore ba kene lebothong la ntoa ka ho ithaopa ’me ka tsela eo ba qobe ho qobelloa ho ngolisa sesoleng. A e-na le lipelaelo tse itseng Ntate o ile a ema letsatsi lohle puleng a letetse nako ea hae ea ho ngolisa e le lesole. Letsatsing le hlahlamang feela, bophelo bohle ba hae bo ile ba fetoha!
Ha a ntse a sebetsa e le setei sa lipeipi tsa metsi ntlong e ’ngoe e khōlō, o ile a buisana le banna ba bang bao a sebetsang le bona ka liketsahalo tsa lefatše. Mohlokomeli oa serapa o ile a mo neha pampitšana, Gathering the Lord’s Jewels. Ntate o ile a ea le eona hae, a e bala, a ba a e pheta-pheta. O ile a re: “Haeba seo ke ’nete, joale ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fapaneng le sona e fosahetse.” Letsatsing le hlahlamang, o ile a kōpa boitsebiso bo eketsehileng, ’me ka libeke tse tharo o ile a ithuta Bibele ho fihlela lihoreng tsa hoseng. O ile a tseba hore o fumane ’nete! Ka Sontaha, la 2 January, 1916, bukana ea hae ea ho ngola lintlha tsa letsatsi e re: “Ka ea Ntlong ea Thapelo hoseng, ka ea ho I.B.S.A. [International Bible Students Association, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng Engelane nakong eo] bosiu—ra ithuta Ba-Heberu 6:9-20—ketelo ea ka ea pele ho baena.”
Kapele ho ile ha hlaha khanyetso. Beng ka rōna le metsoalle ea ntlong ea thapelo ba ne ba nahana hore Ntate oa hlanya. Empa o ne a entse qeto. O ne a phelela liboka le ho ithuta, ’me ka March o ne a tšoantšelitse boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Ka mor’a libeke tse seng kae Ntate a ntse a e-ea a le mong libokeng, ’Mè o ne a se a mameletse ho lekana. O ile a nkenya ka har’a prema ’me a tsamaea lik’hilomithara tse robeli ho ea Leeds, a fihla ha seboka se fela. U ka inahanela thabo ea Ntate. Ho tloha nakong eo ho ea pele, lelapa leso le ile la kopana tšebeletsong ea Jehova.
Boemo ba Ntate bo ne bo le thata haholo—e le moithaopi lebothong la ntoa ’me joale ka nako ea libeke tse seng kae, e se e le motho ea hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo. Ha a bitsoa o ile a hana ho tšoara sethunya, ’me ka July 1916 o ile a talimana le nyeoe ea pele har’a linyeoe tse hlano ka lekhotleng le ahlolang litaba tsa mabotho a ntoa, a ahloleloa matsatsi a 90 teronkong. Ka mor’a ho sebeletsa kahlolo ea pele, Ntate o ile a fumana phomolo ea libeke tse peli, e ileng ea lateloa ke nyeoe e ’ngoe ka lekhotleng le ahlolang litaba tsa mabotho a ntoa le matsatsi a 90 a eketsehileng teronkong. Ka mor’a nako ea ho kenngoa ha hae teronkong lekhetlo la bobeli, o ile a isoa ho Royal Army Medical Corps, ’me ka la 12 February, 1917, o ile a qalisa leeto ka sekepe se nkang masole ho ea Rouen, Fora. Bukana ea hae ea ho ngola lintlha tsa letsatsi e bolela hore moo o ile a khopisoa ke boemo ba hae ka ho eketsehileng letsatsi ka leng. O ile a hlokomela hore o ne a mpa a hlokomela masole a tsoileng maqeba e le hore a khutle ’me a e’o loana.
O ile a boela a hana ho etsa sena. Lekhetlong lena lekhotla le ahlolang litaba tsa mabotho a ntoa le ile la mo ahlolela lilemo tse hlano teronkong ea masole ea Brithani e Rouen. Ha Ntate a tsoela pele ho kōpa hore a isoe teronkong eo e seng ea sesole e le motho ea hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo, o ile a fuoa kotlo ea ho nehoa bohobe le metsi feela ka likhoeli tse tharo, ho ileng ha lateloa ke ho fuoa lijo tse tloaelehileng tsa teronko ho fihlela boima ba hae bo eketseha; ebe joale kotlo ena ea phetoa. O ne a tlangoa ka lihanaboi matsoho a isitsoe ka morao motšehare ’me a tlangoa matsoho a isitsoe ka pele bosiu le linakong tsa lijo. Bophelong bohle ba hae, o ne a ntse a e-na le mabali matsohong moo lihanaboi tse neng li le nyenyane haholo li neng li tlentse letlalo la hae, e leng ho ileng ha fella ka ho eketsa liso. O ne a boetse a e-na le ketane ea meomo eo a neng a fasoa ka eona thekeng.
Ba boholong lebothong la ntoa ba ile ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e matleng a bona ho senya boikemisetso ba hae bo tiileng empa hoo ha hoa ka ha atleha. O ile a amohuoa Bibele le libuka tsa hae. O ne a sa amohele mangolo a tsoang hae, leha e le ho romela mangolo leha e le afe. Ka mor’a lilemo tse peli o ile a etsa qeto ea ho bontša ho tiea ha hae ka ho hana ho ja. Ka matsatsi a supileng o ile a boloka qeto ea hae e tiileng, a sa je leha e le hona ho noa, e leng ho ileng ha fella ka hore a isoe sepetleleng sa teronko, a kula hampe. O ile a paka hore o ne a tiile le hoja a ile a batla a lahleheloa ke bophelo ba hae ka lebaka la seo. Lilemo hamorao o ile a lumela hore o ne a fositse ka ho beha bophelo ba hae kotsing ka tsela ena, le hore le ka mohla o ne a ke ke a boela a etsa joalo.
Ntoa e ile ea fela ka November 1918 Ntate a ntse a le teronkong Rouen, empa mathoasong a selemo se hlahlamang, o ile a isoa teronkong eo e seng ea sesole Engelane. U ka inahanela thabo ea hae ha a amohela mangolo ’ohle a ’Mè le liphutheloana tse neng li bokellane, hammoho le Bibele le libuka tsa hae tsa bohlokoa! O ile a isoa Teronkong ea Winchester, moo a ileng a kopana le moena e mong e monyenyane eo liphihlelo tsa hae tsa nakong ea ntoa li neng li tšoana le tsa hae. Lebitso la hae e ne e le Frank Platt, eo hamorao a ileng a sebeletsa Bethele ea London ka lilemo tse ngata. Ba ile ba etsa litokisetso tsa ho kopana letsatsing le hlahlamang, empa nakong eo Frank o ne a se a isitsoe sebakeng se seng.
Ka la 12 April, 1919, ’Mè o ile a amohela thelekramo: “Halleluja! Ke tla hae—ke letsetsa London.” E ile ea e-ba nako ea nyakallo e kaakang ka mor’a lilemo tse tharo tsa teko, ho nonyoa le karohano! Khopolo ea Ntate ea pele e ne e le ho letsetsa le ho kopana le baena ba Bethele ea London. Ha a fihla 34 Craven Terrace, o ile a amoheloa ka lerato. Ka mor’a ho itlhatsoa le ho kuta litelu le ho apara sutu le ho roala katiba tseo a li alimiloeng, Ntate o ile a khutlela hae. Na u ka inahanela hore na ho ile ha e-ba joang ha re kopana hape? Ke ne ke se ke batla ke le lilemo li hlano, ’me ke se ke sa mo hopole.
Seboka sa pele seo Ntate a ileng a ba teng ho sona ka mor’a ho lokoloha ha hae e ne e le Sehopotso. Ha a hloa methati e hloellang holong, moena oa pele eo a ileng a kopana le eena e ile ea e-ba Frank Platt, ea neng a isitsoe sepetleleng sa sesole Leeds. Ba ile ba thaba hakaakang ha ba arolelana liphihlelo tsa bona! Ho tloha ka nako eo ho fihlela ha a lokolloa sepetlele, Frank o ile a etsa lehae leso lehae la hae la bobeli.
Tšebeletso ea ’Mè e Tšepahalang
Nakong eohle ea ha Ntate a ntse a le sieo, ’Mè o ne a hlatsoetsa batho liaparo ho tlatsetsa cheleteng ea hae e fokolang e tsoang ho ba boholong. Baena ba ne ba le mosa haholo ho rōna. Ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse seng kae e mong oa baholo ba phutheho o ne a mo neha enfelopo e nyenyane e tšetseng mpho e tsoang ho motho ea sa ipoleleng lebitso. Kamehla ’Mè o ne a re ke lerato la baena le ileng la mo atametsa ho Jehova le le ileng la mo thusa ho mamella linakong tseo tse lekang. O ne a e-ba teng ka botšepehi libokeng tsa phutheho nakong ea ha Ntate a ntse a le sieo. Teko ea hae e khōlō ka ho fetisisa e ile ea e-ba ha a ne a sa tsebe hore na Ntate o ntse a phela kapa o shoele, ka nako e ka holimo ho selemo. E le moroalo o eketsehileng, ka 1918 ’na hammoho le ’Mè re ile ra tšoaroa ke lefu la mokakallane oa Spain. Batho ba ne ba e-shoa hohle ho re pota-pota. Baahisani ba neng ba il’o thusa baahisani ba ne ba tšoaroa ke lefu leo ’me ba e-shoa. Ha ho pelaelo hore likhaello tsa lijo ka nako eo li ile tsa tlatsetsa ho fokotseng matla a batho a ho loantša ho tšoaetsoa.
Mantsoe a moapostola Petrose a ile a ipaka e le ’nete haholo lelapeng leso: ‘Etlare hoba le hlokofatsoe ka nakoana, . . . Molimo . . . o tla le tiisa, a le matlafatse’! (1 Petrose 5:10, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ho hlokofatsoa ha batsoali ba ka ho ile ha haha ka hare ho bona tumelo e sa sisinyeheng ho Jehova, kholiseho e feletseng ea hore o hlile o-oa re hlokomela le hore ha ho letho le ka re arohanyang le lerato la Molimo. Ke ile ka hlohonolofatsoa ka ho khethehileng ka ho ba le khōliso e joalo tumelong.—Ba-Roma 8:38, 39; 1 Petrose 5:7.
Tšebeletso ea Bocha
Ka mor’a ho lokolloa ha Ntate, tšebeletso ea ’Muso e ile ea fetoha karolo e ka sehloohong ea bophelo ba rōna. Ha ke hopole le ka mohla ke fosa seboka, haese ka lebaka la ho kula. Kapele ka mor’a hore a khutlele hae, Ntate o ile a rekisa k’hamera ea hae e sebelisang khalase ho fapana le filimi le sepetja sa ’Mè sa khauta e le hore a fumane chelete ea hore re be teng kopanong. Le hoja re ne re sa khone ho ea phomolong libakeng tse ling, le ka mohla re ne re sa fose likopano tsena, ho akarelletsa tse neng li le London.
Lilemo tse peli kapa tse tharo tsa pele ka mor’a ntoa e ne e le linako tse khathollang. Ntate le ’Mè ba ile ba sebelisa ka botlalo menyetla eohle ea ho thabela botsoalle le ho ba hammoho. Ke sa hopola kamoo re neng re etela baena le bo-khaitseli ba bang kateng, le kamoo ’na, ke sa le ngoanana e monyenyane, ke neng ke lula ke taka mebala le ho toroea ha batho ba baholo ba ntse ba buisana ka lihora-hora ka kutloisiso e ncha ea ’nete. Ho buisana, ho ba le linako tsa ho bina lipina ba sebelisa organ, ho thabela botsoalle bo monate, ho ne ho ba thabisa haholo le ho ba khatholla.
Batsoali ba ka ba ne ba tiile haholo mabapi le ho koetlisoa ha ka. Sekolong ke ne ke hlaheletse ke le ea fapaneng, esita leha ke le lilemo li hlano, ke ne ke nka “Testamente e Ncha” ea ka e le hore ke e bale ha tlelase e ntse e ithuta katikisima. Hamorao ke ile ka emisoa ka pel’a sekolo sohle ke le “motho ea sa kopaneleng tšebeletsong ka lebaka la letsoalo” kahobane ke ne ke sa nke karolo meketeng ea Letsatsi la Khopotso.a Ha ke ikoahlaee ka khōliso ea ka. Ha e le hantle, e ile ea e-ba tšireletso ’me e ile ea etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho lula ‘tseleng e tšesane.’ Kae kapa kae moo batsoali ba ka ba neng ba e-ea teng, libokeng kapa tšebeletsong, ke ne ke e-ba teng.—Mattheu 7:13, 14.
Ke hopola ka ho khethehileng hoseng ha Sontaha ha ke qala ho etsa mosebetsi oa boboleli ke le mong. Ke ne ke le lilemo li 12 feela. Ha ke le lilemong tse ka tlaase ho mashome a mabeli, ke hopola ha ke etsa tsebiso ea hore ke tla sala hae hoseng ho hong ha Sontaha. Ha ho ea ileng a nyatsa maikutlo a ka kapa a nqobella hore ke ee boboleling, kahoo ke ile ka lula ka serapeng ke ntse ke ithuta Bibele ea ka ’me ke ikutloa ke sa phutholoha ka ho feletseng. Ka mor’a beke kapa tse peli ke ntse ke etsa joalo, ke ile ka re ho Ntate: “Ke nahana hore ke tla tsamaea le uena hoseng hona!” Ho tloha ka nako eo ho ea pele le ka mohla ha kea ka ka talima morao.
Selemo sa 1931 e ile ea e-ba se hlollang hakaakang! Hase feela hore re ile ra amohela lebitso la rōna le lecha, Lipaki tsa Jehova, empa ke ile ka qoelisoa kopanong ea sechaba Alexandra Palace, London. Le ka mohla nke ke ka lebala letsatsi leo. Re ne re apere liaparo tse telele tsa ka holimo, tse ntšo, ’me sa ka e ne e le se metsi se neng se se se sebelisitsoe ke motho e mong ea sa tsoa kolobetsoa!
Kamehla takatso ea ka ha ke sa le ngoana e ’nile ea e-ba ho ba morekisi oa libuka tsa bolumeli, kamoo baboleli ba nako e tletseng ba neng ba tsejoa kateng nakong eo. Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka ikutloa hore ke tšoanela ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. Kahoo ka March 1933, ha ke le lilemo li 18, ke ile ka kena sehlopheng sa bahlanka ba tšebeletsong ea nako e tletseng.
Seo re neng re se thabela ka ho khethehileng e ne e le “Libeke Tsa ho Bula Maliboho” metseng e meng e meholo, ha bahlanka ba ka fihlang ho leshome le metso e ’meli ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng ba ne ba kopana hammoho, ba lula le baena ba sebaka seo, ’me ba sebetsa e le sehlopha. Re ne re nehelana ka libukana ho baeta-pele ba bolumeli le banna ba bang ba phahameng. Ho ne ho hloka sebete ho ba atamela. Hangata re ne re amoheloa ka ho nyelisoa, ’me ba bangata ba rōna re ile ra lelekoa ke beng ba matlo ba khahlelang mamati. Hase hore sena se ne se re tšoenya, hobane cheseho ea rōna e ne e le khōlō hoo re neng re thabela ho nyelisoa ka lebaka la lebitso la Kreste.—Mattheu 5:11, 12.
Ha re le Leeds re ile ra fetola prema, baesekele e mabili a mararo, le sethuthuthu sa Ntate se ka palamisang motho lehlakoreng, ’me hamorao koloi ea hae hore li nke likeramafono tse nang le libuela-hōle tse khōlō. Baena ba babeli ba ne ba ee ba tsoele seterateng ka mochini, ba kenye rekoto ea ’mino ho hlokomelisa batho ’me ba ba susumelletse ho hlaha menyakong ea bona, ebe ka mor’a sena ba letsa puo e rekotiloeng ea metsotso e mehlano ea Moena Rutherford. Ka mor’a moo ba ne ba ee ba fetele seterateng se hlahlamang ha rōna, bahoeletsi, re latela ’me re fana ka libuka tsa Bibele.
Ka lilemo-lemo, mantsiboea a mang le a mang a Sontaha ka mor’a seboka, re ne re e-ea Lebaleng la Holo ea Toropo moo ho neng ho e-na le Huku ea Sebui ’me re fana ka tšehetso ka ho mamela e ’ngoe ea lipuo tse bolelele ba hora tsa Moena Rutherford, re aba maqetšoana ’me re ikopanya le batho leha e le bafe ba bontšang thahasello. Re ile ra tsebahala haholo moo. Esita le mapolesa a ne a re hlompha. Mantsiboeeng a mang re ne re bokane ka mokhoa o tloaelehileng ha re utloa molumo oa meropa le sehlopha sa ’mino hōjana. Kapele mokoloko oa Mafascista a ka bang lekholo o ile oa tla o theosa ka tsela eo. A ile a macha ka mor’a rōna ’me a ema a phahamiselitse lifolakha tsa ’ona holimo. Sehlopha sa ’mino se ile sa emisa, ’me ha e-ba le khutso hantle feela ha lentsoe la Moena Rutherford le luma: “A ba lumelise lifolakha tsa bona ’me ba thoholetse batho haeba ba lakatsa. Re tla rapela le ho thoholetsa Jehova Molimo oa rōna feela!” Re ile ra ipotsa hore na ke eng se latelang se neng se tla etsahala! Ha ho letho le ileng la etsahala, haese hore a ile a fumana bopaki bo botle, ’me mapolesa a ile a a boloka a khutsitse e le hore re ka utloa karolo e ’ngoe kaofela ea puo eo ea phatlalatsa.
Ka nako ena keramafono e ne e sebelisoa ho re thusa ho fana ka bopaki bo boholo. Monyako, re ne re boloka mahlo a rōna ka hloko rekotong ho khothaletsa batho ho mamela nehelano e rekotiloeng ea Bibele ka metsotso e mehlano kaofela. Beng ba matlo ba ne ba atisa ho re memela ho kena ’me ba ne ba thabela hore re khutle re tl’o letsa lirekoto tse eketsehileng.
Selemo sa 1939 e ne e le se maphatha-phathe le se thata, ka ho tsoha ha khanyetso le pefo. Pele ho e ’ngoe ea likopano tsa rōna, baena ba ile ba ba le phihlelo ea ho tlokoa ke mahoo-hoo seterateng le ho hoeletsoa. Kahoo nakong ea kopano, ba ile ba rera hore sehlopha se khethehileng sa baena ba tsamaeang ka makoloi se bolele libakeng tse morusu ha bo-khaitseli le baena ba bang ba e-ea moo ho sireletsehileng haholoanyane. Ha ke ntse ke sebetsa le sehlopha seterateng se seng, ke ile ka theosa ka phaseje ho ea matlong a ka mor’a seterata seo. Ha ke fihla monyako, ka utloa ho qaleha mofere-fere—ho ne ho hoeletsoa ho bile ho tlatsitsoe lerata seterateng. Ke ile ka tsoela pele ho buisana le motho ea emeng monyako, ka lelefatsa moqoqo ho fihlela ke utloa hore ho boetse ho khutsitse. Eaba ke nyolosa ka phaseje eo ’me ke tsoela seterateng eaba ke fumana hore baena le bo-khaitseli ba bang ba ne ba tšohile ha ba sa mphumane! Leha ho le joalo, hamorao letsatsing leo, bafehli ba morusu ba ile ba leka ho qhala seboka sa rōna, empa baena ba ile ba ba tlosa moo.
Ntoa ea II ea Lefatše E-ea Hlasela
Hajoale ho qobelloa ho ngolisa sesoleng ho ne ho kene tšebetsong, ’me baena ba bangata ba bacha ba ne ba kenngoa teronkong ka nako ea likhoeli tse 3 ho ea ho tse 12. Joale Ntate o ile a amohela tokelo e eketsehileng, ea ho etela baena teronkong. Sontaha se seng le se seng o ne a tsamaisa Thuto ea Molula-Qhooa teronkong ea sebaka seo. Mantsiboea ka Laboraro o ne a etela baena ka liseleng tsa bona. Kaha eena ka boeena o ne a bile le phihlelo e telele le e thata teronkong nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, o ile a thabela ka ho khethehileng ho sebeletsa ba fetang litekong tse tšoanang. Sena o ile a se etsa ka lilemo tse 20, ho fihlela lefung la hae ka 1959.
Ka 1941 re ne re se re tloaela khalefo le bora boo batho ba bangata ba neng ba bo bontša mabapi le boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore. Ho ne ho se bonolo ho ema literateng ka limakasine le ho talimana le sena. Ka nako e tšoanang, re ile ra thabela ho thusa baphaphathehi ba neng ba amohetsoe tikolohong ea rōna. Malatvia, Mapolishe, Maestonia, Majeremane—e ile ea e-ba thabo e kaakang ho bona mahlo a ’ona a hlasimoloha ke thabo ha a bona Molula-Qhooa kapa Consolation (eo joale e seng e le Tsoha!) ka lipuo tsa ’ona!
Joale ho ile ha tla teko ea ka ea boemo ba ho se nke lehlakore boo ke ileng ka bo nka nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ke notleletsoe ka seleng ea ka lihora tse 19 ho tse ling le tse ling tse 24, ke ile ka fumana bophelo ba teronko bo le thata. Matsatsi a mararo a pele e ile ea e-ba a thata ka ho fetisisa, kaha ke ne ke le mong. Letsatsing la bone, ke ile ka bitsetsoa ofising ea ’musisi moo ke ileng ka fumana banana ba bang ba babeli ba eme teng. E mong oa banana bao o ile a hoeshetsa a mpotsa: “U kene teronkong ka lebaka la’ng?” Ka re: “U tla makala haeba u ka ua tseba.” A botsa a hoeshetsa ka ho se phutholohe: “Na u JW [Paki ea Jehova]?” Ngoanana e mong a mo utloa eaba o re botsa ka bobeli: “Na le li-JW?” eaba boraro ba rōna kaofela re kopana ka matsoho. Re ne re se re se bang!
Tšebeletso e Thabisang ea Nako e Tletseng
Ha ke lokolloa teronkong, ke ile ka tsoela pele ka tšebeletso ea ka ea nako e tletseng, ’me ngoananyana ea lilemo li 16 ea neng a sa tsoa qeta sekolong o ile a sebetsa le ’na. Re ile ra fallela Ilkley, motseng o motle o qetellong ea Yorkshire Dales. Ka likhoeli tse tšeletseng tse tletseng, re ile ra leka ka thata ho fumana sebaka se loketseng bakeng sa liboka tsa rōna. Qetellong re ile ra hira karache e nyenyane, eo re ileng ra e fetola Holo ea ’Muso. Ntate o ile a re phallela, a fana ka mabone le lintho tse futhumatsang. O ile a boela a re khabisetsa mohaho oo. Ka lilemo-lemo phutheho e haufi le moo e ile ea re tšehetsa, ea abela baena beke e ’ngoe le e ’ngoe ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa. Ka tlhohonolofatso ea Jehova re ile ra atleha le ho hōla, ’me qetellong ho ile ha thehoa phutheho.
Ka January 1959, Ntate o ile a kula ka tšohanyetso. Ke ile ka bitsetsoa hae, ’me o ile a hlokahala ka April. Lilemo tse ileng tsa latela e ile ea e-ba tse thata. ’Mè o ile a qala ho kula le kelello ea hae ea qala ho fokola, e leng ho ileng ha nthatafaletsa haholo. Empa moea oa Jehova o ile oa mpoloka ke ntse ke tsoela pele, ’me ke ile ka khona ho mo hlokomela ho fihlela lefung la hae ka 1963.
Ke bile le litlhohonolofatso tse ngata haholo tse tsoang ho Jehova ho theosa le lilemo. Li ngata haholo hore nka li pheta. Ke bone phutheho ea heso e hōla ’me e aroloa ka makhetlo a mane, e romela bahoeletsi le bo-pula-maliboho, ba bang e le baromuoa linaheng tse hōle joaloka Bolivia, Laos le Uganda. Tebello ea lenyalo le ho ba le bana ha e-ea ka ea sebetsa boemong ba ka. Hoo ha hoa etsa hore ke apareloe ke masoabi; haesale ke le maphatha-phathe haholo. Le hoja ke se na beng ka ’na ba nama, ke na le bana le litloholo tse ngata Moreneng, tse imenneng halekholo.—Mareka 10:29, 30.
Ke atisa ho memela bo-pula-maliboho ba bacha le bacha ba bang lehaeng la ka ho tla thabela botsoalle ba Bokreste. Re lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa hammoho. Re boetse re pheta liphihlelo le ho bina lipina tsa ’Muso, feela joalokaha batsoali ba ka ba ne ba tloaetse ho etsa. Ke pota-potiloe ke sehlopha se thabileng sa bacha, ke boloka boikutlo ba bocha le ba thabo. Ho ’na ha ho bophelo bo molemo ho feta tšebeletso ea bopula-maliboho. Ke leboha Jehova ka hore ebe ke bile le tokelo ea ho latela mehlaleng ea batsoali ba ka. Thapelo ea ka ke hore e se eka nka tsoela pele ho sebeletsa Jehova ho isa ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho hopola ho fela ha ntoa ka 1918 le, hamorao, ka 1945.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Hilda Padgett le batsoali ba hae, Atkinson le Pattie
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Pampitšana e ileng ea tsosa thahasello ea Ntate ’neteng