Singapore E Hatakela Tokoloho ea Borapeli
MANTSIBOEENG a la 24 February, 1995, mahae a mane motseng oa Singapore a ile a hlaseloa ke mapolesa. Ka kakaretso batho ba 69 ba ile ba tšoaroa.a Har’a bona ho ne ho e-na le mosali ea lilemo li 71 le banana ba babeli ba lilemo li 15. Hobane’ng? Na e ne e le ka lebaka la mosebetsi oa tlōlo ea molao kapa oa bofetoheli? Che. Ha ho le ea mong oa bona ea neng a ameha nthong efe kapa efe eo esita le ka kutloisiso e nyenyane feela e neng e ka talingoa e le kotsi, e le boitšoaro bo bobe, kapa e le khahlanong le kahisano. Ba ne ba sa fane ka tšokelo ea letho litekanyetsong tsa boitšoaro, tšireletsehong le boiketlong ba Masingapore a habo bona. Leha ho le joalo, ka mor’a ho batlisisa mahaeng ao a mane, mapolesa a ile a nka batho bao ba 69, ba neng ba kopane hammoho ho ithuta Bibele le ho thabela ’moka oa botsoalle, a ba isa seteisheneng sa mapolesa. Moo ba ile ba tšoaroa bosiu bohle, ba hlongoa lipotso, ba hatisa menoana, ba nkoa lifoto—e, ba tšoaroa joaloka batlōli ba molao ba tloaelehileng! Nakong ena—e bolelele ba lihora tse 18 maemong a ka tlaase ho litekanyetso tsa molao—ba ile ba haneloa ho kopana le babuelli ba molao ’me ba ba ba thibeloa ho letsa hore ba bolelle litho tsa malapa moo ba leng teng. Motho a ka inahanela feela hore na khato e nkiloeng kapele-pele joalo e ile ea ama baahi bana ba phelang ka khotso, ba utloang molao joang!
Tatellano ena ea liketsahalo e re hopotsa maemo nakong e tepeletsang ea Jeremane ea Bonazi le nakong ea Bokomonisi Soviet Union le Europe Bochabela. Hase seo moeti ea tloaelehileng Singapore a neng a ka lebella ho se fumana motse-naheng oo o hloekileng haholo le o ruileng oa kajeno. Singapore e ikahetse botumo bo botle ba ho ba sebaka se tsotehang sa lekholong la bo20 la lilemo se tsoetseng pele moruong le kahisanong. E boleloa e le naha ea puso ea sechaba ka sechaba ’me e na le molao-motheo oa puso o tiisetsang baahi ba eona litokelo tsa botho tsa motheo, tse akarelletsang tokoloho ea puo, bolumeli le ho kopana.
Leha ho le joalo, ba ileng ba tšoaroa ka February ba ile ba tojoa feela hobane e ne e le Lipaki tsa Jehova tse neng li kopane hammoho ho ithuta Bibele le ho kopanela botsoalle ba Bokreste. Qoso e ileng ea etsoa khahlanong le bona e ne e le “ho ba teng sebokeng sa mokhatlo o sa lumelleheng ka molao.”
Ha e le hantle, haesale Lipaki tsa Jehova li haneloa ho amoheloa ka molao Singapore ho tloha ka 1972 ha Phutheho ea Singapore e hlakoloa bukeng ea ’muso ea litlaleho ’me libuka, ho akarelletsa Libibele, tse hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society li thibeloa. Ha hoa ka ha fanoa ka monyetla oa ho belaella likhopolo-taba tseo khato eo e ileng ea nkoa ka lebaka la tsona. Haufinyane, ho ile ha hlahisoa lipelaelo ka makhotleng a Singapore mabapi le ho ba molaong ha khethollo ena ea ’muso tabeng ea Lipaki tse ’nè tse neng li ile tsa ahloloa ka February 1994 ka lebaka la ho ba le libuka tsa Bibele tse thibetsoeng. Boipiletso khahlanong le likahlolo tsa tsona bo ile ba utluoa ka August 1994 ’me ba qhaloa kapele-pele. Moahloli e Moholo Yong Pung How oa Lekhotla le Phahameng o ile a fana ka maikutlo a hae khoeling e latelang. O ne a nahana hore ha ho tlōlo ea letho ea tokoloho ea bolumeli le hore likahlolo tseo e ne e le tse loketseng ka lebaka la hore Lipaki tsa Jehova e ne e le tšokelo tšireletsehong ea sechaba kahobane litho tsa tsona li ne li sa kopanele tšebeletsong ea sesole. Ka la 17 February, 1995, Lipaki tseo tse ’nè li ile tsa kōpa tumello ea ho ipiletsa khahlanong le qeto ena e bohloko Lekhotleng la Boipiletso la Singapore. Kōpo eo e ile ea hanoa.
Qeto ena ea ho qetela e ile ea phatlalatsoa haholo phatlalatsong ea litaba ea Singapore e laoloang ke ’muso. Ha ho pelaelo hore qeto ena ea lekhotla le phatlalatso e ileng ea latela e ne e le selelekela sa liketsahalo tse ileng tsa latela. Ka nako ea beke feela ho ile ha tšoaroa Lipaki tsena tse 69. Liqoso tse khahlanong le tse ’nè ho tsena—baahi ba Brithani, Fora le Luxembourg—li ile tsa lahloa ka mor’a moo. Leha ho le joalo, esita le ho tsena phihlelo eo e ile ea e-ba e tšosang. Monna e mong o ne a phetse le ho sebetsa Singapore ka lilemo-lemo le mosali oa hae. Ba ile ba lahleheloa ke mesebetsi ea bona le ntlo eo ba e hirileng ’me ba qobelloa ho lumelisa metsoalle ea bona e mengata e haufi-ufi.
Batho ba baholo ba 63 ba setseng ba ile ba qosoa ka ho ba litho tsa mokhatlo o thibetsoeng, ’me ba bang ba boela ba qosoa ka ho ba le libuka tse thibetsoeng. Ba talimane le kakaretso ea lilemo tse tharo teronkong kapa tefiso ea S$3 000 (R7 600) kapa likahlolo tseo ka bobeli. Banana ba babeli ba lilemo li 15 ba ile ba hlaha ka bomong ka pel’a lekhotla la bana.
Hase Tšokelo Boitsebahatsong le Bonngoeng ba Sechaba
Ho pota lefatše, linaheng tse fetang 200 moo li lulang teng, Lipaki tsa Jehova li tsejoa e le batho ba hlomphehang, ba tšepahalang, ba utloang molao. Li hlokomeloa ka ho hana ha tsona ho tiileng ho nka karolo mosebetsing leha e le ofe oa bofetoheli, o khahlanong le ’muso—e leng ketso eo e seng ea Bokreste e ka fellang ka hore li khaoloe, kapa li lelekoe ka phuthehong. Ka sebele, ’muso oa Singapore ha o-oa lokela ho tšaba letho ho tsoa ho tsona. Hase tšokelo ka tsela leha e le efe tšireletsehong ea sechaba ea Singapore kapa boikutlong ba boitsebahatso le bonngoe ba sechaba. (Ba-Roma 13:1-7) Sena se ile sa boleloa ka ho hlakileng lengolong le ngotsoeng ka la 21 March, 1995, le tsoang ho Milton G. Henschel, mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, le eang ho Tona-khōlō Goh Chok Tong oa Singapore. Lengolo lena le hatisitsoe hape mona molemong oa babali ba rōna.
Batho ba ratang tokoloho khoebong, ’musong, le karolong ea sechaba e sa laoloeng ke ’muso ba tla be ba shebile ka thahasello ho bona hore na boemo bona bo Singapore bo tla tsoela pele joang. Na ’muso oa Singapore o tla nka bohato bo tumellanong le litokelo tsa botho tsa motheo le tokoloho eo molao-motheo oa oona oa puso le lichaba tsa linaha tsa machaba li e tšehetsang? Ka sebele, Lipaki tsa Jehova ho pota lefatše li amehile ka ho teba ka barapeli-’moho le tsona Singapore. Lia ba hopola lithapelong tsa tsona ’me li hopola tiisetso e fumanoang ka Bibeleng: “Jehova ke ea ratang toka, ’me ha a na ho tlohela ba tšepahalang ba hae.”—Pesaleme ea 37:28, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likhoeling tse ileng tsa latela ho tloha ha batho bana ba 69 ba tšoaroa, Lipaki tse ling tse 11 li ile tsa tšoaroa ’me tsa qosoa ka ho ba le libuka tse sa lumelloang.
[Lebokose le leqepheng la 30]
March 21, 1995
Goh Chok Tong
Prime Minister
Istana Annexe
Singapore 0923
Republic of Singapore
Lee Kuan Yew
Senior Minister
Prime Minister’s Office
460 Alexandra Road
37-00 PSA Bldg
Singapore 0511
Republic of Singapore
Bahlomphehi ba Ratehang:
Molaetsa oa tšebeletso ea litaba ea Reuters oa morao-rao tjena o tsoang Singapore oa la 25 February, 1995, e bile o tšoenyang haholo. O tlalehile hore liboka tsa thuto ea Bibele tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa qhaloa ke mapolesa ’me batho ba 69 ba tšoaroa. Tlaleho ena e lebisitse tlhokomelo ea lefatše boemong ba Lipaki tsa Jehova Singapore, moo haesale mesebetsi ea tsona le libuka tsa tsona li thibeloa ka lilemo tse ka holimo ho 20.
Ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa bolumeli o sebetsang pepenene ka tšireletso e feletseng ea molao linaheng tse fetang 200 o ka thibeloa Singapore, naha e tšehetsang melao-motheo ea puso ea sechaba ka sechaba. Ke ho tšoenyang haholo ho feta ha ho talingoa ho tiisa ha molao-motheo oa puso oa Singapore tokoloho ea borapeli bakeng sa baahi ba eona.
Ha ho mohla Lipaki tsa Jehova li kileng tsa fana ka tšokelo leha e le efe tšireletsehong ea sechaba kae kapa kae. Ka sebele, ho pholletsa le lefatše lohle li na le botumo bo botle ba ho phela ka khotso, ho sebetsa ka thata, ho ba khabane boitšoarong le ho utloa molao—litšobotsi tseo ke kholisehileng hore lea li khothaletsa naheng ea habo lōna.
Ke ’nete hore ho khomareleng ha tsona ho tiileng litekanyetso tsa Bibele bakeng sa Bakreste, ka linako tse ling boemo ba Lipaki tsa Jehova bo ’nile ba utloisisoa hampe kapa ba emeloa hampe. Empa, na seo e ne e se ’nete ka mothehi oa Bokreste eo le eena a ileng a emeloa hampe e le ea khahlanong le “Sesare,” ’muso oa mehleng ea hae? Lipaki tsa Jehova li mpa feela li latela mohlala oa Jesu le Bakreste ba pele. Li hlompha ’muso moo li phelang teng, li lefa makhetho a tsona ’me li khothaletsa boitšoaro bo botle. Ke baahi ba latelang letsoalo le ba khabane. Ha ho mohla Lipaki tsa Jehova li kileng tsa nka karolo mofuteng leha e le ofe oa mosebetsi oa bofetoheli naheng efe kapa efe ’me nka le tiisetsa hore boteng ba tsona Singapore ha bo fane ka tšokelo ea letho lithahasellong tsa sechaba tsa naha ea habo lōna.
Ka lebaka la litlaleho tsa phatlalatso tsa morao-rao tjena, mehato e hatellang e nkiloeng khahlanong le Lipaki tsa Jehova ke ’muso oa lōna Singapore joale e se e tsebahala ka kakaretso. Ba amehileng ka eona ka ho khethehileng ke ba limilione tse 12 ba kopanelang le tsona ho pota lefatše. Ke kōpa hore u sebelise boemo ba hao bo botle ho lokisa boemo bona le ho fa Lipaki tsa Jehova naheng ea heno tokoloho ea borapeli le ea letsoalo eo Molao-motheo oa Puso o fanang ka tiiso ea eona.
Ke lumela hore puisano e tobang taba le baemeli ba Lipaki tsa Jehova e ne e tla thusa ho tlosa ho se utloisise leha e le hofe mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng le mosebetsi oa rōna ’me nka u tiisetsa hore ’muso oa Singapore ha o-oa lokela ho tšaba letho ho tsoa ho Lipaki tsa Jehova. Ke tla thabela ho lokisetsa seboka se joalo.
Ke talimile pele karabong ea hao.
Oa hao ka tlhompho,
Milton G. Henschel Mopresidente
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Nik Wheeler/H. Armstrong Roberts