Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/15 maq. 22-23
  • Bonang! Holo ea ’Muso Niue

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bonang! Holo ea ’Muso Niue
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Qeto ea ho Tsoela Pele
  • Moea oa Tšebelisano le ho Amohela Baeti
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/15 maq. 22-23

Bonang! Holo ea ’Muso Niue

NIUE ke sehleke-hleke se senyenyane sa lik’horale sa Pacific Boroa, ’me se lik’hilomithara tse 2 160 ho ea ka leboea-bochabela ho New Zealand. Ho ea ka bukana e ’ngoe ea maeto, lebitso Niue le tsoa mantsoeng a mabeli, e leng Niu, e bolelang “sefate sa kokonate,” le e, e bolelang “talima,” kapa “bona.” Bukana eo e re: “Pale e bolela hore baahi ba pele ba Mapolynesia ba ile ba bua mantsoe ana ha ba fihla moo ’me ba bona lifate tsa kokonate tse melang naheng eo.”

Kajeno, Lipaki tsa Jehova tsa Niue li motlotlo ho bolella baeti, “E! Fale he Kautu ha mautolu!” ho bolelang, “Bonang! Holo ea Rōna ea ’Muso!” Ke hobane’ng ha li e-na le maikutlo a tebileng hakaalo ka holo ee? Hohle Lipaki tsa Jehova li motlotlo ka Liholo tsa tsona tsa ’Muso, haholo-holo haeba li ile tsa ikahela ka botsona. Empa ho haha Holo ea ’Muso sehleke-hlekeng se hōle bohareng ba Pacific Boroa e khōlōhali ehlile ke taba e khōlō. Etsoe, Niue e akaretsa sebaka sa lisekoere k’hilomithara tse 260 feela, ’me ho na le batho ba 2 300 feela sehleke-hlekeng seo kaofela.

Ho ne ho e-na le bothata ba hore na ke bo-mang ba tla haha Holo ea ’Muso. Phutheho e le ’ngoe ea Niue e na le Lipaki tse 32 feela. Thepa eohle e khōlō e neng e hlokahala, e kang literaka, likhofu le linkholi, ke ea ’muso. Ho feta moo, hoo e ka bang thepa eohle ea ho haha e neng e hlokahala—tšepe, litene tsa konkoreite, marulelo, thepa ea motlakase le ea lipeipi tse tsamaisang metsi, thepa ea molumo le litulo—e ne e tla tlameha hore e laeloe ka sekepe ho tloha New Zealand ka tšebeletso ea sepalangoang se tsamaeang hanngoe feela ka libeke tse ling le tse ling tse hlano. Qetellong, matlapa a sehleke-hleke seo a ne a tla thatafatsa mosebetsi oa ho haha, hape holo e ne e tla tlameha hore e hahuoe ka tsela eo e tlang ho ema ka tieo har’a maholiotsoana a naheng e chesang e mongobo. Ka sebele, mosebetsi o tšosang ho motho leha e le ofe!

Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le phapang e khōlō mona. Ho Lipaki tsa Jehova, Holo ea ’Muso ke setsi sa borapeli ba ’nete sebakeng ka seng, ’me li talima ho Jehova Molimo bakeng sa tataiso le thuso. (Pesaleme ea 56:11; 127:1) Baena ba Bakreste ba New Zealand, ho akarelletsa le litho tsa phutheho ea Niue e Auckland, ba ile ba phallela sehlopha se senyenyane sa Lipaki sa Niue, ba tšehetsa morero oo oa kaho ka lipelo tsohle tsa bona.

Qeto ea ho Tsoela Pele

Ka June 1994 setšeng sa Holo ea ’Muso se Rotorua, New Zealand, ho ile ha etsoa boipiletso ho batho ba thahasellang ho kopanela morerong oa Niue. Ho makatsang, baena le bo-khaitseli ba Bakreste ba 200 ba ile ba ithaopa. Har’a bona, ho ile ha khethoa batho ba 80, ho akarelletsa le babetli ba mapolanka, basebetsi ba tšepe, litei tsa lipeipi tsa metsi, liruleli, ba lilang mabota, ba pentang, litsebi tsa motlakase, litsebi tsa thepa ea molumo, basebetsi ba konkoreite, ba behang setene le basebetsi ba tloaelehileng.

Baena ba ile ba toroea lipolane ’me ba tsoela pele, ba tšepile Jehova. E mong oa baholo ba babeli ba phutheho ea Niue, rakhoebo oa sebakeng seo, o ile a qala ho etsa litokisetso bakeng sa hore thepa eohle e hlokahalang e romeloe ka sekepe. Ho ile ha etsoa tokisetso ea leeto la sefofane/marobalo bakeng sa basebetsi ba mose ho maoatle, ba ileng ba ithaopela ho lefella litšenyehelo tsa bona, ’me ho ile ha behoa matsatsi a ho haha. Morero o ne o tlameha ho phethoa ka matsatsi a 20, ho tloha ka la 4 March ho ea ho la 23 March, 1995, nakong eo Holo ea ’Muso e neng e tla neheloa ka eona.

Motsamaisi oa morero, ea ileng a tla a e-tsoa New Zealand beke e le ’ngoe esale pele bakeng sa ho hlophisa lintho, o ile a re: “Ke ile ka qala ho tšoenyeha haholo ha ke bona setša seo. Hohle ke letlapa. Ho cheka motheo feela ho tla nka libeke tse peli.” Hamorao o ile a lumela hore lebaka ke hore o ne a ile a halala Lipaki tsa sebakeng seo. O ile a re: “Baena ba Niue ba hlile ba tseba letlapa hantle. Ba tseba moo ba ka otlang letlapa teng e le hore likarolo tse khōlō li khephohe.” Motheo o ile oa phethoa ka matsatsi a mabeli!

Ka la 4 March ho ile ha fihla Lipaki tsa pele tsa New Zealand tse tletseng sefofane, ’me mosebetsi oa konkoreite o ile oa etsoa. Ha lihlopha tse latelanang tsa basebetsi li ntse li e-tla moo, ho ile ha phethoa likarolo tse sa tšoaneng tsa morero. Matsatsi a mosebetsi a ne a qala ka 7:00 hoseng ka puisano e khutšoanyane ea temana ea letsatsi ea Bibele. Baena ba bang ba ne ba sebetsa ka lihora tse 12 ka letsatsi har’a mocheso o fihlang ho likhato tse 36 tsa Celsius. Qetellong, ka la 23 March, mabala a ne a se a lokisitsoe hantle. Letšoao le bohehang le entsoeng ka sefate sa mango le ne le khetholla mohaho oo e le “Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova.”

Moea oa Tšebelisano le ho Amohela Baeti

Tšobotsi ea bohlokoa e ileng ea tlatsetsa katlehong ea morero oo e ne e le tšebelisano ea batho ba Niue. Batho ba motse sebakeng seo, ba tšoaelitsoe ke moea oa ketsahalo eo, ba ile ba fana ka lijo le chelete. Ba bangata ba ne ba talima ho hahuoa ha holo eo e le morero oa bona. Bahlanka ba ’muso le bo-rakhoebo ba ile ba fana ka litšebeletso tse ileng tsa feta kamoo ho neng ho lebeletsoe. Thepa e neng e hlokahala e ne e le teng, hammoho le fektheri ea ho betla mapolanka. K’hamphani e tsamaisang thepa ka sekepe e bile ea pheta maeto a eona ho etsa bonnete ba hore thepa e hlokahalang e ne e tla fihla ka nako e loketseng hantle.

Ka sebele baeti ba ile ba ananela mosebetsi o boima le moea oa ho amohela baeti oa Lipaki tsa Niue, tse ileng tsa bula matlo a tsona le ho fana ka matlotlo a tsona. Mosebetsi e mong oa kaho o ile a re: “Bo-khaitseli ba sebakeng seo ba ne ba le molemo haholo.” Ho phaella lijong tse chesang tsa motšehare letsatsi le leng le le leng, ka 6:30 hoseng ho hong le ho hong bo-khaitseli ba ne ba phomosa lijo tsa hoseng tse phehiloeng. Ba bang ba ne ba tsoha ka 4:30 hoseng ho lokisa lijo. E mong ea neng a sebetsa kahong o itse: “Ke nahana hore re phela hamonatjana mona Niue ho feta mahaeng a rōna.”

Ka la 10 March Niue Star e ile ea tlaleha ka ketsahalo eo litabeng tse hlahang leqepheng le ka pele ka sehlooho se reng “Holo ea ’Muso ea Pele Niue” le setšoantšo sa batho ba New Zealand le ba Niue ba sebetsa setšeng moo. E ile ea hlalosa hore boholo ba holo eo ke lisekoere mithara tse 280 ’me ho ka lula batho ba 70 ho ea ho 100 ka ho eona. Sehlooho seo se ile sa phaella: “Ha e le hantle mosebetsi ona o ka phethoa ka [libeke] tse peli, empa boemong bona o tla atolosoa. Boemong bona, matsatsi a mabeli feela ka mor’a hore mosebetsi o qale, motheo, sebōpeho sa mohaho, likapa le marulelo li se li emisitsoe, pele ho nako e behiloeng.”

Rakhoebo e mong oa sebakeng seo o ile a hlalosa takatso ea hore batho bohle ba Sehleke-hlekeng sa Niue ba talime morero oo ’me ba ithute thuto ho oona. O ile a bolela hore o tšepa hore o tla bontša e mong le e mong se ka etsoang ka lerato le tšebelisano.

Letšoele la ba 204 le ile la tla ha holo e neheloa. Se ileng sa ipaka e le phihlelo e amang maikutlo haholo ho bohle ba neng ba le teng e bile nehelano e khethehileng eo ho eona baena, bo-khaitseli le bana ba Niue ba ileng ba etsa setšoantšo sa mohaho oa Holo ea ’Muso ba bina ebile ba tantša. Mantsoe a liteboho a ile a lebisoa ho sehlopha sa kaho le ho Jehova, eo moea oa hae o ileng oa susumetsa likelello, lipelo le matsoho bakeng sa ho phethahatsa tšebetso eo.—Esaia 40:28-31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela