Le ka Mohla Jehova ha aa ka a re Lahla
JOALOKAHA HO BOLETSE NASHO DORI
Mbreshtan ke motsana oa Albania e ka boroa o lithabeng, haufi le Greece. Ke hlahetse teng ka 1907. Ha ke le lilemo li hlano, ke ile ka qala ho kena sekolo sa Magerike, empa ke ile ka khaotsa ho kena sekolo ka lebaka la ho hlaseloa ha Albania ke mabotho a Mataliana Ntoeng ea I ea Lefatše. Ka mor’a ntoa eo, ke ile ka qalisa hape ho kena sekolo, feela e le sa puo ea Sealbania.
LE HOJA batsoali ba ka ba ne ba sa chesehele bolumeli hakaalo, ba ne ba boloka lineano tsa Kereke ea Orthodox ea Albania. Malome oa Ntate e ne e le moprista Mbreshtan, ka hona ke ile ka sebetsa ka kerekeng ’me ka bona ka mahlo se etsahalang ka har’a eona. Litloaelo tsa teng li ne li bonahala e le tsa lefeela, ’me boikaketsi ba teng bo ne bo ntšoenya.
Ho latela neano ea sebakeng seo, batsoali ba ka ba ile ba nkhethela moroetsana hore ke mo nyale. Argjiro o ne a tsoa motsaneng o haufinyane oa Grabova, ’me re ile ra nyalana ka 1928, ha a le lilemo li 18.
Ho Ithuta ’Nete ea Bibele
Hoo e ka bang ka nako eo ke ile ka belaela ka Kereke ea Orthodox ho motsoala ea neng a etile a tsoa United States. O ile a araba: “Amerika, haufi le heso, ho na le sehlopha sa batho ba se nang kereke, empa ba ithuta Bibele.” Mohopolo oa ho ithuta Bibele ka ntle le ho ba le kereke o ile oa ipiletsa ho ’na. Kahoo ke ile ka mo kōpa hore a nthomelle lingoliloeng tsa Bibele.
Ke ile ka lebala puisano eo ea rōna ka ho feletseng ho fihlela hoo e ka bang selemo hamorao ha ke amohela thepa e tsoang Milwaukee, Wisconsin. E ne e le ea buka The Harp of God ka Sealbania le Molula-Qhooa ka Segerike. Ke ile ka habanya buka ena feela ’me ka hlokomela moo ho buuoang ka kereke ea ’nete. Seo se ile sa ntena. Ke ile ka ipolella: ‘Ha ke batle letho le amanang le kereke.’ Ka hona ha kea ka ka bala buka ena ka ho feletseng.
Ka 1929, ke ile ka kena sesoleng eaba ke romeloa motseng oa Tiranë, motse-moholo oa Albania. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Stathi Muçi, ea neng a bala Bibele ea Segerike. Ke ile ka ’motsa: “Na u kena kereke?” O ile a araba: “Che, ke tsoile kerekeng. Ke e mong oa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba.” ’Na le lesole le leng re ile ra ea sebokeng le Stathi ka Sontaha. Ha ke le moo ke ile ka ithuta hore kereke ea ’nete hase mohaho kapa bolumeli, empa e entsoe ka bahlanka ba Kreste ba tlotsitsoeng. Joale ka utloisisa seo The Harp of God e neng e se bolela.
Nasho Idrizi le Spiro Vruho ba ne ba ile ba khutlela Albania ba e-tsoa United States bohareng ba bo-1920 ’me ba ne ba jala linnete tsa Bibele tseo ba neng ba ithutile tsona ha ba le moo. Ke ile ka qala ho kopanela libokeng Tiranë, hammoho le Liithuti tsa Bibele tse seng kae. Kapele ho ile ha totobala ho ’na hore ke fumane mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka hona ka la 4 August, 1930, ke ile ka kolobetsoa nōkeng e haufinyane.
Ka mor’a moo ke ile ka khutlela Mbreshtan ho ea ntšetsa pele tsebo ea ka ea mosebetsi oa ho etsa lieta. Empa habohlokoa le ho feta, ke ile ka boela ka qala ho kopanela linnete tsa Bibele tseo ke neng ke ithutile tsona le ba bang. Ke ne ke ee ke ba bolelle: “Jesu Kreste ha a tšoane le litšoantšo tse ka kerekeng. Oa phela!”
Ho Bolela ho sa Tsotellehe Khanyetso
Ahmed Bey Zogu o ile a nka puso ka mahahapa ka 1925, a iketsa Morena Zog I ka 1928, ’me a busa ho fihlela ka 1939. Letona la hae la litokelo tsa batho le ile la lumella mosebetsi oa rōna oa Bokreste. Leha ho le joalo, re ne re e-na le mathata. Sena se etsahetse kahobane Musa Juka, letona la tsa kahare, e ne e le motsoalle ea haufi-ufi oa mopapa oa Roma. Juka o ile a laela hore ho amoheloe malumeli a mararo feela—Bomosleme, Boorthodox le Roma e K’hatholike. Mapolesa a ile a leka ho nka libuka tsa rōna le ho thibela boboleli ba rōna, empa ha aa ka a atleha.
Ka bo-1930, ke ne ke atisa ho etela Berat, motse o moholoanyane Albania moo Mihal Sveci a neng a laola mosebetsi oa rōna a le hona teng. Re ile ra lokisetsa maeto a boboleli ho pholletsa le naha. Hang-hang ke ile ka romeloa motseng oa Shkodër ka libeke tse peli, ’me ke ile ka khona ho siea lingoliloeng tse ngata. Ka 1935 re ile ra hira bese re le sehlopha e le hore re ka bolela motseng oa Këlcyrë. Joale ho ile ha lokisetsoa leeto le leleletsana la ho bolela Albania metseng ea Përmet, Leskovik, Ersekë, Korçë, Pogradec le Elbasan. Leeto la rōna le ile la fella Tiranë ka nako e loketseng hore re keteke Sehopotso sa lefu la Kreste.
Phepelo ea lijo tsa moea e ile ea re thusa hore re lule re le matla moeeng, ka hona le ka mohla ha rea ka ra ikutloa re lahluoe. Ho tloha ka 1930 ho ea ho 1939, ke ne ke fumana Molula-Qhooa oa Segerike kamehla. Pakane ea ka e ne e boetse e le ho qeta bonyane hora letsatsi ka leng ke bala Bibele, e leng seo ke ileng ka se etsa ka lilemo tse 60 pele ke foufala. Bibele e feletseng e sa tsoa fumaneha ka puo ea Sealbania, ka hona ke thabile hore ebe ke ile ka ithuta Segerike ha ke le ngoana. Lipaki tse ling tsa Albania mehleng eo ea pele le tsona li ile tsa ithuta ho bala Segerike e le hore li ka bala Bibele kaofela.
Argjiro o ile a kolobetsoa ka 1938. Ka 1939 bana ba rōna ba supileng ho ba leshome ba ne ba se ba hlahile. Ka masoabi, bana ba rōna ba bararo ho ba supileng ba pele ba ile ba e-shoa ba sa le banyenyane.
Mathata Ntoeng ea II ea Lefatše
Ka April 1939, nakoana pele Ntoa ea II ea Lefatše e kupa, masole a Bofasista a Italy a ile a hlasela Albania. Kapele ka mor’a moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa, empa sehlotšoana sa rōna sa baboleli ba ’Muso ba ka bang 50 se ile sa tsoela pele ho bolela. ’Muso o ile oa re amoha libuka le libukana tsa rōna tse ka bang 15 000 oa ba oa li felisa Ntoeng ea II ea Lefatše.
Jani Komino o ne a e-na le kamore e khōlō ea polokelo ea lingoliloeng e neng e hokahantsoe le ntlo ea hae. Ha mabotho a Mataliana a hlokomela hore libuka tseo li ne li hatisitsoe United States, a ile a teneha. A ile a re: “Le bajali ba mashano! United States e khahlanong le Italy!” Baena ba bacha ba chesehang, Thomai le Vasili Cama ba ile ba tšoaroa, ’me ha ho hlokomeloa hore libuka tseo ba neng ba li aba li tsoa ho Komino, le eena o ile a tšoaroa. Kapele ke ile ka bitsoa ke mapolesa bakeng sa ho hlongoa lipotso.
A ile a mpotsa: “Na u tseba banna baa?”
Ke ile ka araba: “E.”
“Na u sebetsa le bona?”
Ke ile ka araba: “E. Re Lipaki tsa Jehova. Ha re khahlanong le mebuso. Ha re jele pate.”
“Na u ’nile ua aba lingoliloeng tsee?”
Ha ke lumela, ba ile ba ntlama ka lihanaboi, ’me ka kenngoa teronkong ka la 6 July, 1940. Ke ile ka ba le ba bang ba bahlano ba tsoang motsaneng oa heso—Josef Kaci, Llukan Barko, Jani Komino le baena ba ha Cama. Ha re le teronkong re ile ra kopana le Lipaki tse ling tse tharo—Gori Naçi, Nikodhim Shyti le Leonidas Pope. Borobong ba rōna re ne re petetsane ka seleng e bolelele ba limithara tse 1,8 le bophara ba limithara tse 3,7!
Ka mor’a matsatsi a seng makae, re ile ra tlamelloa hammoho ’me ra isoa motseng oa Përmet. Likhoeli tse tharo hamorao re ile ra isoa teronkong ea Tiranë ’me ra koalloa ka likhoeli tse ling tse robeli ho se nyeoe.
Qetellong, re ile ra hlaha ka pel’a lekhotla la sesole. ’Na le Moena Shyti re ile ra ahloleloa likhoeli tse 27 teronkong, Moena Komino tse 24, ’me ba bang ba ile ba lokolloa ka mor’a likhoeli tse 10. Re ile ra isoa teronkong ea Gjirokastër, moo Moena Gole Flloko a ileng a re thusa hore re lokolloe ka 1943. Ka mor’a moo lelapa la rōna le ile la lula motseng oa Përmet, moo ke ileng ka ba molebeli oa phutheho e nyenyane.
Le hoja mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe le Ntoa ea II ea Lefatše e ne e kupa linaheng tse re potolohileng, re ile ra tsoela pele ho etsa seo re ka se khonang ho phetha thōmo ea rōna ea ho bolela molaetsa oa ’Muso. (Mattheu 24:14) Ka 1944, ka kakaretso Lipaki tse 15 li ne li le teronkong. Empa, linakong tsena tse thata, le ka mohla ha rea ka ra ikutloa re lahliloe ke Jehova.
Ho Lekoa Tabeng ea ho se Jele Pate
Le hoja ntoa e ile ea fela ka 1945, mathata a rōna a ile a tsoela pele a ba a mpefala. Batho ba ile ba qobelloa ho vouta likhethong tsa la 2 December, 1946. Mang kapa mang ea neng a le sebete sa ho se kopanele o ne a nkoa e le sera sa Naha. Ba leng ka phuthehong ea rōna ea Përmet ba ile ba qala ho botsa, “Re lokela ho etsa’ng?”
Ke ile ka araba: “Haeba le tšepa Jehova, ha ho hlokahale hore le mpotse seo le lokelang ho se etsa. Le se le ntse le tseba hore batho ba Jehova ha ba jele pate. Hase ba lefatše.”—Johanne 17:16.
Letsatsi la likhetho le ile la fihla, ’me baemeli ba ’muso ba ile ba tla ha rōna. Ba ile ba qala ka bonolo, “Ha re bueng re ntse re e-noa kofi. Na lea tseba hore letsatsi lee ke lefe?”
Ke ile ka araba: “E, kajeno ke letsatsi la likhetho.”
Ofisiri e ’ngoe e ile ea re: “Ho molemo hore le hle le potlake, hoseng joalo le tla siuoa ke nako.”
Ke ile ka araba: “Che, ha kea itokisetsa ho ea. Re voutetse Jehova.”
“Ho lokile, ha ho le joalo tlong le tl’o voutela mokha oa bohanyetsi.”
Ke ile ka hlalosa hore ho hang Lipaki tsa Jehova ha li jele pate. Ha boemo ba rōna bo tsebahala hohle, re ile ra hatelloa haholoanyane. Re ile ra laeloa ho khaotsa ho tšoara liboka tsa rōna, ka hona re ile ra qala ho kopana ka sekhukhu.
Ho Khutlela Motsaneng oa Habo Rōna
Ka 1947 ’na le lelapa la ka re ile ra khutlela Mbreshtan. Kapele ka mor’a moo, motšehareng o mong oa mantsiboea oa December, ho bata haholo, ke ile ka bitsetsoa ofising ea Sigurimi (mapolesa a sekhukhu). Ofisiri e ile ea botsa: “Ua tseba hore na ke hobane’ng ha ke u bitsitse?”
Ke ile ka araba: “Ke nahana hore ke hobane u utloile liqoso tse itseng khahlanong le ’na. Empa Bibele e re lefatše le ne le tla re hloea, kahoo liqoso ha li ’makatse.”—Johanne 15:18, 19.
O ile a nkharumela: “U se ke ua bua le ’na ka Bibele. Ke tla u khahlōla.”
Ofisiri ena e ile ea tsamaea le bahlanka ba eona empa ea mpolella hore ke eme kantle serameng. Ka mor’a nakoana e ile ea boela ea mpitsetsa ka ofising ea eona ’me ea ntaela hore ke khaotse ho tšoara liboka lapeng la rōna. E ile ea botsa: “Baahi ba motsana oa heno ba bakae?”
Ka re: “Ba 120.”
“Ke ba bolumeli bofe?”
“Orthodox ea Albania.”
“Uena?”
“Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.”
“Batho ba 120 ba ea ka tsela e le ’ngoe ’me uena u ea ka e ’ngoe esele?” Joale e ile ea ntaela hore ke chese likerese ka kerekeng. Ha ke bolela hore nke ke ka ho etsa, e ile ea qala ho nkotla ka thupa. Ke ile ka qetella ke lokolotsoe hoo e ka bang ka hora ea pele hoseng.
Phepelo ea Lingoliloeng ea Khaotsoa
Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, re ile ra boela ra qala ho fumana Molula-Qhooa ka poso, empa qetellong limakasine tsena li ne li se li sa tlisoe. Joale, bosiung bo bong ka hora ea leshome, ke ile ka bitsoa ke mapolesa a sekhukhu. A ile a mpolella: “Makasine ea Segerike e fihlile, ’me re ka rata hore u hlalose hore na e bua ka eng.”
Ka re: “Ha ke tsebe Segerike hantle. Moahisani oa ka o se tseba hamolemonyana. Mohlomong a ka le thusa.”
Ha e ntse e ntša likopi tsa Segerike tsa Molula-Qhooa ofisiri ena e ile ea re: “Che, re batla hore uena u e hlalose.”
Ka re: “U bolela tsee, tsena tsona ke tsa ka! Ntle ho pelaelo, nka li hlalosa. Lea bona, limakasine tsena li tsoa Brooklyn, New York. Ke moo ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e leng hona teng. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Empa ho bonahala eka ba fositse aterese. Limakasine tsena li ne li lokela hore ebe li rometsoe ho ’na, e seng ho lōna.”
Ha baa ka ba mpha limakasine tseo, ’me ho tloha ka nako eo ho fihlela ka 1991, lilemo tse ka holimo ho 40 hamorao, ho hang ha rea ka ra fumana lingoliloeng tsa Bibele Albania. Lilemong tseo tsohle, re ile ra tsoela pele ho bolela, re sebelisa Libibele tsa rōna feela. Lipaki tse ka bang 20 li ne li le teronkong ka 1949; tse ling li ne li ahloletsoe lilemo tse hlano.
Mathata aa Eketseha
Lilemong tsa bo-1950, batho ba ne ba laeloa ho nka litokomane tse bontšang hore ba tšehetsa sesole. Empa Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana ho nka litokomane tse joalo. Ka lebaka la sena, ’na le Moena Komino re ile ra qeta likhoeli tse ling tse peli teronkong.
Nakong eo ’Muso o neng o lumella hore malumeli a itseng a be teng, re ne re e-na le bolokolohi bo itseng. Leha ho le joalo, ka 1967 malumeli ’ohle a ile a thibeloa, sena se ile sa etsa hore ka molao Albania e be naha e latolang boteng ba Molimo ka ho feletseng. Lipaki li ile tsa leka ho tšoara liboka, empa ho ile ha e-ba thata haholo. Ba bang re ile ra rōkella lipokotho tse khethehileng lifurumong tsa libaki tsa rōna e le hore re ka pata Bibele e nyenyane. Joale re ne re ka ea sebakeng se ka thōko ho ea e bala.
Lipaki tsa Tiranë li ile tsa tšoaroa, ’me tse tharo li ile tsa ahloleloa lilemo tse hlano likampong tse hōle tseo ho tsona batho ba qobelloang ho sebetsa. Ka lebaka leo, malapa a bona a ile a phela ka thata. Rōna ba tsoang metsaneng e menyenyane, e ka thōko ha rea ka ra isoa moo hobane ho ne ho sa nkoe re le kotsi haholo. Empa ho se jele pate ha rōna ho ile ha etsa hore mabitso a rōna a hlakoloe mathathamong a lijo. Ka hona, bophelo bo ne bo le thata haholo. Hape, bana ba babeli ba bang ho bana ba rōna ba ile ba e-shoa. Empa le ka mohla ha rea ka ra ikutloa re lahliloe ke Jehova.
Ho ne ho e-na le tšabo Albania. E mong le e mong o ne a lisitsoe, ’me mapolesa a sekhukhu a ne a ngola litlaleho ka e mong le e mong ea neng a le sebete sa ho bua maikutlo a fapaneng le a mokha o busang. Ka hona re ne re le hlokolosi haholo mabapi le ho ngola litlaleho tsa mosebetsi oa rōna. Re ne re ke ke ra kopana ka lihlopha tse fetang tsa batho ba babeli kapa ba bararo bakeng sa khothatso ea moea. Ho ntse ho le joalo, le ka mohla ha rea ka ra khaotsa ho bolela.
E le hore a ka baka pherekano har’a baena, mapolesa a sekhukhu a ile a jala taba ea bo-ba-re ea hore Paki e neng e tsebahala haholo Tiranë ke mpi-mpi. Sena se ile sa etsa hore ba bang ba lahleheloe ke tšepo ’me sa kena-kenana le bonngoe ba rōna ka tsela e itseng. Kaha ho hang re ne re se na lingoliloeng tsa morao-rao tsa Bibele re bile re se na mokhoa oa ho buisana le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o bonahalang, ba seng bakae ba ile ba inehela tšabong.
Ho phaella moo, ba boholong ba ile ba jala taba ea bo-ba-re ea hore Spiro Vruho, moholo oa Mokreste ea hlomphuoang haholo Albania, o ipolaile. Ba re: “Lea bona, esita le Vruho o tetse.” Hamorao ho ile ha totobala hore ha e le hantle Moena Vruho o bolailoe.
Ka 1975, ’na le Argjiro re ile ra lula Tiranë le mora oa rōna ka likhoeli tse seng kae. Nakong ea likhetho, ba boholong motseng oo ba ile ba re hatella ka ho re tšosa: “Haeba le sa voute, re tla leleka mora oa lōna mosebetsing.”
Ke ile ka araba: “Mora oa ka o bile mosebetsing oa hae ka lilemo tse 25. Le na le litlaleho tse qaqileng tsa hae tsa botho le lelapa labo. Ha kea ka ka vouta ka lilemo tse 40. Ka tloaelo boitsebiso bona bo bolokoa tlalehong ea motho ka mong. Hoseng joalo, litlaleho tsa lōna ha lia hlophiseha. Haeba bo teng litlalehong tsa lōna, joale ha lea ka la tšepahalla mokha ka ho mo lumella ho sebetsa ka lilemo tse ngata hakana.” Ha ba utloa sena, ba boholong ba ile ba re haeba re khutlela Mbreshtan, ba ke ke ba phehella taba ena.
Liphetoho Tse Khōlōhali
Ka 1983 re ile ra falla ra tloha Mbreshtan ra ea motseng oa Laç. Kapele ka mor’a moo, ka 1985, mohatelli eo o ile a shoa. O ne a busitse ho tloha ka likhetho tsa pele tse neng li tlama ka 1946. Ha nako e ntse e feta, seemahale sa hae se neng se le sebakeng se phahameng haholoanyane lepatlelong le leholo Tiranë, le sa Stalin li ile tsa felisoa.
Lilemong tse mashome tsa ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna, Lipaki tse ngata li ile tsa tšoaroa ka sehlōhō, ’me tse ling li ile tsa bolaoa. Monna e mong o ile a bolella Lipaki tse neng li le seterateng: “Nakong ea Makomonisi, kaofela ha rōna re ne re furaletse Molimo. Ke Lipaki tsa Jehova feela tse neng li setse li tšepahala ho eena ho sa tsotellehe liteko le mathata.”
Ha ho ntse ho fanoa ka bolokolohi bo eketsehileng, ba robong ba ile ba tlaleha mosebetsi oo ba o entseng tšebeletsong ea Bokreste ka June 1991. Ka June 1992, khoeli ka mor’a hore thibelo e tlosoe, ba 56 ba ile ba kopanela mosebetsing oa ho bolela. Pejana selemong seo re ne re thabile haholo hobane ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ba ne ba le 325. Ho tloha ka nako eo palo ea ba bolelang e nyolohetse ka holimo ho 600, ’me ka kakaretso ba 3 491 ba ile ba ba teng Sehopotsong ka la 14 April, 1995! Lilemong tsa morao tjena ke bile le thabo eo ke sitoang ho e hlalosa ha ke bona bacha ba bangata hakana ba kopanela le liphutheho tsa rōna.
Lilemong tsena tsohle tse ngata Argjiro o ile a lula a tšepahetse ho Jehova le ho ’na. Ha ke ne ke le teronkong kapa mosebetsing oa boboleli, ka mamello o ne a hlokomela litlhoko tsa lelapa la rōna a sa belaele. Mora oa rōna e mong le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa ka 1993. Seo se ile sa re thabisa haholo.
Bakeng sa ’Muso oa Molimo Feela
Ke thabela ho bona mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova Albania o kopane hakana o bile o thabela nala ea moea. Ke ikutloa joaloka Simeone ea hōlileng Jerusalema eo pele a e-shoa, a ileng a fuoa tokelo ea bohlokoa ea ho bona Messia eo e neng e le khale a tšepisitsoe. (Luka 2:30, 31) Joale ha ke botsoa hore na ke thabela puso ea mofuta ofe, ke re: “E seng Bokomonisi kapa bok’hapitale. Ebang mobu ke oa sechaba kapa oa ’Muso hase habohlokoa. Mebuso e etsa litsela, e kenya motlakase metsaneng e hōle ’me e laola lintho ka tekanyo e itseng. Leha ho le joalo, puso ea Jehova, ’Muso oa hae oa leholimo, ke oona feela tharollo mathateng a boima ao Albania esita le lefatše lohle le tobaneng le ’ona.”
Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo oo bahlanka ba Molimo ba o etsang lefatšeng lohle hase oa motho leha e le ofe. Ke mosebetsi oa Molimo. Re bahlanka ba hae. Le hoja re bile le mathata a mangata Albania ’me re sa ka ra ba le mokhoa oa ho buisana le mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova ka nako e telele, le ka mohla o ne a sa re lahla. Moea oa hae o ne o ntse o le teng kamehla. O ne a re tataisa mohato ka mohato tseleng ena. Ke bone sena ho pholletsa le bophelo ba ka.