Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/15 maq. 23-28
  • Lipaki ho Isa Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki ho Isa Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • ‘Re ka ea Thule Neng?’
  • Ho ea Thule
  • Phephetso e Matla
  • Kamohelo ea Rōna
  • Leeto le Phethiloe
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/15 maq. 23-28

Lipaki ho Isa Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše

ETAH

THULE

GODHAVN

GODTHÅB

JULIANEHÅB

ANGMAGSSALIK

THULE ke karolo ea lebitso le sebelisitsoeng ho tloha mehleng ea boholo-holo ho hlalosa pakane ea ho qetela, litabeng tsa jeokrafi kapa lintlheng tse ling. Kajeno Thule ke lebitso la motsana o holimo-limo ka leboea Greenland, sehleke-hleke sa lefatše se seholo ka ho fetisisa. Motsana ona o ile oa reoa lebitso leo ka 1910, ha mofuputsi oa Denmark, Knud Rasmussen a ne a le sebelisa joaloka sebaka seo lihlopha tsa batho ba leng maetong a nkoang ka morero oa ho ea ntlheng ea lefatše li neng li bokana ho sona. Esita le hona joale, ho ea Thule ho sekametse haholoanyane ho nkeng leeto ka morero o itseng ho feta ho nka leeto bakeng sa monyaka.

Ho ntse ho le joalo, ho na le tlhokahalo e potlakileng ea maeto a nkoang ka morero o itseng a ho ea Thule. Karabelong ea taelo ea Jesu: ‘Le be lipaki tsa ka ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,’ Lipaki tsa Jehova li chesehela ho tlisa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo sebakeng sena, o mong oa metsana e tsitsitseng ntlheng ea lefatše e ka leboea.—Liketso 1:8; Matheu 24:14.

‘Re ka ea Thule Neng?’

Ka 1955 Lipaki tsa Denmark tse peli tse neng li batla ho ba le karolo boboleling “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše” li ile tsa fihla Greenland. Tse ling li ile tsa tla hamorao, ’me butle-butle mosebetsi oa tsona oa ho bolela o ile oa koahela libaka tse pel’a lebōpo la leoatle le ka boroa le le ka bophirimela ho ea fihla Koung ea Melville le ho sika le lebōpo la leoatle le ka bochabela ho isa bohōleng bo itseng. Empa libaka tse hōle tsa naha ena tse kang Thule li ne li ka finyelloa feela ka lengolo kapa ka thelefono.

Ka letsatsi le leng ka 1991, Bo le mosali oa hae, Helen, basebeletsi ba babeli ba nako e tletseng, ba ne ba hloele lefika le okametseng Kou ea Melville. Ha ba sheba ka leboea ba ile ba ipotsa, ‘Re tla khona ho nyolohela Thule neng, re ise litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho ba moo?’

Ka 1993, Werner, mosebeletsi e mong oa nako e tletseng, o ile a iteta sefuba ho tšela Kou ea Melville ka sekepe sa hae se lebelo se bolelele ba limithara tse 5,5 se bitsoang Qaamaneq (Leseli). O ne a se a tsamaile ho ea bohōleng ba lik’hilomithara tse 1 200 ho tloha Godthåb ho fihlela sebakeng sa Upernavik. Empa, ho tšela Kou ea Melville—e boholo ba lik’hilomithara tse 400 tsa metsi a Arctic—ha ho bobebe. Karolo e khōlō ea selemo, kou ena e thibiloe ke leqhoa. Werner o ile a atleha ho tšela kou ena, le hoja a ile a senyeheloa ke enjine ka lebaka la leqhoa. ’Me o ile a khona ho etsa mosebetsi oa boboleli pele a tlameha ho khutla.

Ho ea Thule

Ka mor’a leeto leo, Werner o ile a qala ho etsa litokisetso tse ncha. O ile a bua le Arne le Karin—bao le bona ba neng ba e-na le sekepe se bolelele ba limithara tse supileng se nang le libaka tse ’ne tsa ho lula le ho robala ’me, ka holim’a tsohle, se e-na le thepa ea ho sesisa sekepe ea morao-rao—ka ho nka leeto la ho ea Thule hammoho. Likepe tsena e ne e tla ba libaka tsa bolulo, ’me ha likepe tse peli li tsamaea hammoho, ho tšela Kou ea Melville ho ne ho ke ke ha e-ba kotsi hakaalo. Ho akaretsa motse o moholo o nang le baahi ba 600 le metsana e tšeletseng sebakeng seo, ba ne ba hloka thuso e eketsehileng. Ka hona ba ile ba mema Bo le Helen le Jørgen le Inge—kaofela ha bona ke basebeletsi ba nang le phihlelo ba tloaetseng ho nka maeto naheng ena—hore ba tsamaee le bona. Ba bahlano sehlopheng sena le bona ba bua puo ea Greenland.

Ba ile ba romela lingoliloeng tsa Bibele esale pele. Likepe le tsona li ile tsa laeloa lingoliloeng, esita le mofaho oa lintho tse hlokahalang tse kang lijo le metsi, peterole, enjine e ’ngoe e ka thōko le seketsoana sa pholoho sa rabara. Joale, ka la 5 August, 1994, ka mor’a nako e telele ea ho etsa litokisetso, sehlopha sena se ne se bokane ’me likepe ka bobeli li ne li se li loketse tsela li bile li laetsoe boema-kepeng ba Ilulissat. Leeto le eang ka leboea le ne le qalile. Werner, Bo le Helen ba ile ba tsamaea ka sekepe se senyenyane ho tsena tse peli. Bo oa ngola: “Sohle seo u neng u ka se etsa e ne e le ho lula kapa ho robala sebakeng sa hao sa ho lula le ho robala ’me ua itšoarella ka ho hong.” A re lateleng tlaleho ena e feletseng ea ho tsamaea ha likepe tsena leetong lena.

“Ho ne ho e-na le libaka tse telele tsa leoatle le khutsitseng. Tikoloho e ntle haholo e ne e hlahella butle-butle ka pel’a mahlo a rōna—leoatle le phatsimang, lipatlo tsa moholi o teteaneng, letsatsi le khanyang le leholimo le leputsoa, lithaba tsa leqhoa tse hlollang ka ho fetisisa ka libōpeho le mebala, walrus e sootho e orile letsatsi holim’a leqhoa le phaphametseng, moeli oa lebōpo la leoatle o nang le matsoapo a lithaba a lefifi le lithota tse nyenyane—tikoloho e ne e fetoha e sa khaotse.

“Ho hlakile hore karolo e thahasellisang ka ho fetisisa e ne e le ho etela metsana e leng tseleng. Ho ne ho e-na le batho ka linako tsohle, hangata e le bana, ba le tlaase lebaleng le ahelletsoeng ka leoatleng ho bona hore na baeti ke bo-mang le ho ba amohela. Re ne re aba lingoliloeng tsa Bibele re bile re alima batho video e mabapi le mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng. Ba bangata ba ile ba khona ho e bona pele re tlameha ho tsamaea. Upernavik Boroa, batho ba bangata ba ile ba tla likepeng tsa rōna ka likepe esita le pele re fihla. Ka hona re bile le baeti bosiu bohle ha re ntse re le ka sekepeng, ’me re ile ra araba lipotso tse ngata tsa Bibele.”

Joale, ka mor’a lik’hilomithara tsa pele tse 700 tsa leeto lena, likepe tsena tse peli li ne li loketse ho tšela Kou ea Melville.

Phephetso e Matla

“Ka bophara ho ne ho nkoa hore ena ke karolo e kotsi ea leeto lena. ’Me re ne re tlameha ho tšela re sa eme hobane motsana oa Savissivik (moo tšimo e qalang teng le moo re neng re ka fumana sebaka sa bolulo) o ne o ntse o thibeletsoe ke leqhoa.

“Ka hona re ile ra qala ho tšela. Kaha ho ne ho e-na le leqhoa le lengata, re ile ra kenella hare leoatleng. Ka lehlohonolo, metsi a ne a khutsitse. Ha hoa ka ha e-ba le liketsahalo tse ikhethang lihoreng tsa pele tse ’maloa—ha re ntse re tsamaea haboima k’hilomithara ka mor’a k’hilomithara leoatleng. Ha bosiu bo tšoara re ile ra bona Cape York ’me butle-butle ra retelehela ka leboea, haufi le moo ho omileng. Joale ho ne ho boetse ho e-na le leqhoa—matlapa a pshatlehileng a leqhoa la khale, le letenya le phaphametseng a fellang moo mahlo a bonang teng. Re ile ra sika lintšing tsa leqhoa lena sebaka se selelele, ka linako tse ling re tsoelipana lipakeng. Joale ho ne ho e-na le moholi, o kang mosi o teteaneng, o botle bo ikhethang khanyeng ea letsatsi le likelang. Maqhubu ’ona! Moholi, maqhubu le leqhoa kaofela ka nako e le ’ngoe—efe kapa efe ho tsena e le ’ngoe hangata ke phephetso e lekaneng.”

Kamohelo ea Rōna

“Re ile ra kena metsing a khutsitseng haholoanyane ha re ntse re atamela Pituffik. Pōpo e ile ea re amohela ka tsela e hlollang: letsatsi le ne le le holimo leholimong le leputsoa pululu; ka pele ho rōna e le kou e bulehileng e benyang, e nang le lithaba tsa leqhoa tse qalikaneng tse phaphametseng; ’me pele-pele e le botšo ba seriti sa lefika le Dundas—Thule ea khale!” Bohōleng ba lik’hilomithara tse ka bang 100 pejana ka leboea, baeti bana ba ile ba fihla moo ba neng ba e-ea teng.

Joale ba ne ba laba-labela ho qala ho bolela ka ntlo le ntlo. Ba babeli ba bona ba ile ba halefeloa ntlong ea pele. Ba ile ba re: “Re ile ra lelekoa hantle feela joalokaha eka re ne re le Denmark. Empa bongata bo ile ba re amohela ka mofuthu. Batho ba ne ba nahanela ebile ba e-na le tsebo e makatsang. Ba bang ba ile ba bolela hore ba se ba utloile ka rōna ’me ba thabetse hore ebe re qeteletse re tlile. Re ile ra kopana le batho ba molemo ka tsela e sa tloaelehang, ba kang batho ba tsomang liqibi ba bileng maetong a eang North Pole, le matsoalloa, a khotsofetseng hape a sebelisa lintho ka ho li baballa a bile a e-na le pono ea ho belaella tsoelo-pele ea morao-rao.”

Matsatsing a seng makae a latelang bohle ba ile ba e-ba le liphihlelo tse molemo. Hohle lingoliloeng tsa Bibele li ile tsa amoheloa ka kananelo. Malapeng a mangata Lipaki li ile tsa qala lithuto tsa Bibele hang-hang. Inge o pheta ka ho qaqa mabapi le lelapa le neng le e-na le thahasello: “E ne e le ntlo ea kamore e le ’ngoe e hloekileng e mabotho-botho. Ka matsatsi a mararo a latellanang, re ile ra etela monna ea bonolo ea neng a lula moo ’me re ile ra mo rata haholo. E ne e le setsomi sa liqibi sa sebele, seketsoana sa hae se ne se le ka ntle ho ntlo ea hae. O ne a thuntse libere tsa leqhoeng tse ngata, li-walrus tse ngata, ’me ho hlakile hore o thuntse le liqibi tse ngata. Leetong la rōna la ho qetela, re ile ra rapela le eena, ’me mahlo a hae a ne a tletse likeleli. Joale re tlameha ho siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe matsohong a Jehova ’me re tšepe ho khutla ha nako le monyetla li lumela.”

Maeskimo a Canada a etela Thule khafetsa. Inge oa tlaleha: “’Na le Helen re ile ra kopana le Maeskimo a mangata a tsoang Canada. Hoa thahasellisa hore ebe a khona ho buisana le batho ba Greenland; ho bonahala hore batho ba sebaka sa Arctic ba bua lipuo tse amanang. Le hoja Maeskimo a Canada a e-na le puo ea ’ona e ngoloang, a ne a khona ho bala lingoliloeng tsa rōna ka puo ea Greenland. Sena se ka a bulela menyetla e thabisang.”

Metsana e bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho ea ho tse 60 ka sekepe le eona e ile ea eteloa. “Ha re le tseleng re ea motsaneng oa Qeqertat, re ile ra sika le lebōpo la leoatle, re tšepile hore re tla fumana batho ba tsomang li-narwhal. Joalokaha re ne re nahanne, lehaheng le lefikeng re ile ra fumana kampo eo ho eona ho lulang malapa a mararo kapa a mane, ao litho tsa ’ona li neng li apere letlalo le boea, a e-na le litente le liketsoana. Ba tšoere lilope tsa ho tšoasa litlhapi tse khōlō, banna bana ba ne ba fapanyetsana ka ho lula lefikeng ho bona li-narwhal tse ratoang haholo. Ka lebaka la ho letela lelea ka matsatsi a mangata, ba ne ba sa thabela ho re bona kaha re ne re ka ’na ra tšosa marua-rua! Ba ne ba bonahala ba le lefatšeng la bona ba nkehile. Basali ba ile ba amohela lingoliloeng tse itseng, empa e ne e se nako e nepahetseng bakeng sa moqoqo o tsoelang pele. Qetellong re ile ra fihla Qeqertat ka hora ea 11 bosiu ’me ra tloha ntlong ea ho qetela motsaneng oo ka hora ea 2 hoseng!”

“Qetellong re ile ra fihla Siorapaluk, motsana o ntlheng ea lefatše e ka leboea Greenland. O lutse lebōpong la leoatle le nang le lehlabathe le lengata botlaaseng ba mafika a matala a koahetsoeng ke joang a leng tikolohong e se nang limela.” Ka sebele Lipaki li fihlile likarolong tse hōle-hōle tsa lefatše, bonyane ka ’nģeng ea leboea, mosebetsing oa tsona oa ho bolela.

Leeto le Phethiloe

Lipaki li phethile mosebetsi oa tsona. Li boletse ka ntlo le ntlo le ka tente le tente, tsa aba lingoliloeng, tsa fumana lipeeletso, tsa bontša batho livideo, tsa buisana le batho ba bangata ba Greenland, ’me tsa khanna lithuto tsa Bibele. Joale ke nako ea ho ea hae. “Ha re kena sekepeng sa rōna bosiung boo e le hore re tlohe motsaneng oa Moriusaq, batho ba ’maloa ba ne ba le tlaase haufi le lebōpo la leoatle ho ea re lumelisa, ba tsoka libuka kapa libukana tseo ba neng ba li fumane.”

Hamorao, sebakeng se feela sa lebōpo la leoatle, Lipaki li ile tsa makala ha li bona monna e mong a li phahamisetsa letsoho a le lefikeng—sebakeng seo se thōko-thōko! “Ntle ho pelaelo re ile ra ea lebōpong ho ea kopana le eena. Ho ile ha fumaneha hore ke mohlankana ea tsoang Berlin, Jeremane, ea neng a tsamaea ka seketsoana sa hae ho sika le lebōpo ’me o bile leetong ka nako e etsang khoeli. Ha a le Jeremane o ne a eteloa ke Lipaki tsa Jehova kamehla ’me o ne a e-na le libuka tsa tsona tse ngata. Re ile ra qeta lihora tse seng kae le eena, ’me ka sebele o ile a khahloa ke ho kopana le Lipaki sebakeng se joalo.”

Motsaneng oa Savissivik, o neng o ile oa potoa ka thōko ha ba e-ea, ha ba khutla basebeletsi bana ba tsamaeang ba ile ba amoheloa ka mofuthu o tsotehang. Ba bang sebakeng seo ba ne ba ile ba amohela le ho bala lingoliloeng selemong se fetileng, ’me ba ne ba lapetse lijo tsa moea tse eketsehileng.

Ho tšela Kou ea Melville ha re khutla ho ile ha nka lihora tse 14. “Re ile ra bona ka mahlo ha letsatsi le likela, hoo mona e leng phihlelo ea lihora tse ngata, tseo ka tsona mebala ea lona e hlollang e fetohang ka linako tsohle. Ho chaba ha letsatsi, ho latelang hang-hang, le hona ho ile ha nka nako e telele. Mahlaseli a ho likela ha letsatsi a mafubelu le a bofubelu bo botšo a ne a ntse a koahetse leholimo le ka leboea-bochabela, haufi le teng letsatsi le ile la phahamela ka boroa. Ke pono eo ho leng thata ho e hlalosa—kapa hona ho nkoa foto—ka ho loketseng.” Sehlopha sena se ile sa lula se falimehile bosiu bohle.

“Ha re fihla Kullorsuaq, re ne re khathetse haholo. Empa re ne re thabile re bile re khotsofetse. Re ne re phethile leeto lena ka katleho! Karolong e qetellang ea leeto lena, re ile ra fumana batho ba bangata ba thahasellang metseng le metsaneng e sikileng le lebōpo. Khafetsa ho ile ha botsoa potso ena, ‘Ke hobane’ng ha ba bang ba lōna ba sa lule le rōna? Re soabela ho bona le tsamaea kapele hakana!’”

Qaarsut lelapa le nang le botsoalle le ile la memela ba bahlano ho baeti bana lijong. “Lelapa lena le ne le batla hore re robaletse. Empa kaha ho ne ho e-na le libaka tse molemo ho feta sena tsa ho emisa likepe, tse bohōle ba lik’hilomithara tse 40 pejana, ka tlhompho re ile ra latola ’me ra kena tseleng. Hamorao re ile ra utloa hore thaba e khōlō ea leqhoa e ile ea thueha hoseng haholo letsatsing le latelang, ’me leqhubu le ile la phethola liketsoana tse 14 moo re neng re le teng!”

Qetellong, sehlopha sena se ne se khutletse Ilulissat, se phethile leeto la sona la Thule. Ka nako e batlang e tšoana, bahoeletsi ba bang ba babeli ba ne ba ile ba nka leeto le eang libakeng tse ka thōko lebōpong la leoatle le ka bochabela la Greenland. Maetong ao ka bobeli, bahoeletsi ba ile ba aba libuka tse 1 200, libukana tse 2 199 le limakasine tse 4 224, ’me ba ile ba fumana lipeeletso tse 152. Hona joale ho ntse ho buisanoa le ba bangata ba sa tsoa thahasella ka thelefono le ka ho ngollana.

Ho sa tsotellehe nako, matla le chelete tse amehang, Lipaki tsa Jehova li fumana thabo e khōlō ka ho phetha taelo ea Monghali oa tsona ea ho ‘ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.’—Liketso 1:8.

[Lebokose le leqepheng la 28]

Re Lebōpong la Leoatle le ka Bochabela la Greenland

HOO e ka bang ka nako e tšoanang le eo sehlopha sa bahoeletsi se ileng sa fihla Thule ka eona, banyalani ba Lipaki, Viggo le Sonja, ba ile ba ea tšimong e ’ngoe e e-s’o sebetsoe—Ittoqqortoormiit (Scoresbysund) lebōpong la leoatle le ka bochabela la Greenland. Ho ea fihla moo ba ne ba tlameha ho ea Iceland, ba palame sefofane se ba khutlisetsang Constable Point lebōpong la leoatle la Greenland, ebe ba tsamaea ka helikopthara.

Bo-pula-maliboho bana ba babeli, bao puo ea habo bona e leng ea Greenland, baa pheta: “Lena e ne e le lekhetlo la pele Lipaki tsa Jehova li e-tla mona. Ho sa tsotellehe ho ba thōko ha bona, batho ba mona ba ne ba e-na le tsebo e makatsang. Ho ntse ho le joalo, ba ne ba boetse ba thabetse ho ithuta lintho tse ncha. Joaloka batho ba khonang ho pheta lipale, ka cheseho ba ile ba re phetela litaba tsa ha ba tsoma liqibi le liphihlelo tse ling mabapi le litaba tsa tlhaho.” Ba ile ba arabela joang mosebetsing oa ho bolela?

“Ha re ntse re bolela ka ntlo le ntlo, re ile ra kopana le J——, eo e leng mokatikista. O ile a re: ‘Kea leboha ha le nkenyelelitse bathong bao le ba etelang.’ Re ile ra ’montša lingoliloeng tsa rōna le kamoo li lokelang ho sebelisoa kateng. Letsatsing le latelang o ile a tla ho rōna a batla ho ithuta ka lebitso la Jehova. Re ile ra ’montša tlhaloso mongolong o botlaaseng ba leqephe Bibeleng ea hae ea puo ea Greenland. Ha re tloha, o ile a founela metsoalle ea rōna e Nuuk ho leboha ha re ile ra mo etela. Re tlameha ho leka ho tsoela pele ho thusa monna enoa.

“Hape re ile ra kopana le O——, tichere e tsebang Lipaki tsa Jehova. O ile a re lumella ho buisana le tlelase ea bana ba lilemo li 14 ho ea ho 16 ka lihora tse peli. Ka hona re ile ra ba bontša video ea rōna ’me ra araba lipotso tsa bona. Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsanga le libuka tse ling li ile tsa tsamaea ka potlako. Hamorao re ile ra kopana le banana ba bararo ho bona. Ba ne ba e-na le lipotso tse ngata, e mong oa bona a thahasella ka ho khethehileng. O ile a botsa, ‘Motho o fetoha Paki joang? Ruri e tlameha ebe ho molemo ho ba joaloka lōna. Ntate le eena o ema le lōna.’ Re ile ra tšepisa hore re tla mo ngolla.

“Motsaneng o mong, re ile ra kopana le mokatikista e mong, e leng M——, ’me re bile le puisano e thahasellisang le eena. O ile a ithaopela ho tiisa hore banna ba neng ba tsoile ho ea tsoma ba ne ba tla amohela lingoliloeng tsa rōna hang ha ba khutla. Ka hona, hona joale ke ‘mohoeletsi’ oa rōna sebakeng seo se thōko.”

Le hoja e bile leeto le potolohang le le boima, bo-pula-maliboho bao ba babeli ba ile ba ikutloa hore boiteko ba bona bo putsitsoe haholo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela