Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 8/15 maq. 22-26
  • “Qubu ea Bopaki” Naheng ea “Thaba ea Molimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Qubu ea Bopaki” Naheng ea “Thaba ea Molimo”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Ka Seketsoana se Sokoang, ka Tekesi ea Malaela, Kapa Baesekele?
  • Khubung ea Naha
  • Ho Elella ka Leboea
  • Ho Paka Metseng e Meholo
  • Na U Rera ho Eta?
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 8/15 maq. 22-26

“Qubu ea Bopaki” Naheng ea “Thaba ea Molimo”

’MAPENG oa k’honthinente ena, ha u thatika ka lebōpo la leoatle Afrika Bophirimela ’me u leba bochabela u ikhohlile ka Kou ea Guinea, mothinyeng oo ho oona lebōpo le thinyetsang boroa, u fihla Cameroon. Ha u tsoela pele ho theosa le lebōpo u lebile boroa, u tla fihla lebōpong le pharaletseng le nang le lehlabathe le letšo. Lehlabathe leo le letšo le bakiloe ke ho foqoha ha seretse se chesang Thabeng ea Cameroon.

Thaba ena e motopo, eo ho fihla tsullung ho eona e leng bolelele ba limithara tse 4 070 e okametse sebaka seo kaofela. Ha letsatsi le likella matsoapong a Thaba ea Cameroon, le fana ka ponahalo e hlollang ea mebala e hlakileng—o pherese, oa lamunu, oa khauta le o mofubelu. Leoatle le matamo a haufi li hlahisa mebala ena kaofela joaloka seipone, li etsa hore ho be thata ho arola leholimo ho lefatše. Ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba moo ba lumelang hore lintho tsa tlhaho li na le bophelo ba ile ba reha thaba eo lebitso la Mongo Ma Loba, le fetoletsoeng e le “Koloi ea melimo,” kapa ka ho tloaelehileng haholoanyane, “Thaba ea Molimo.”

Ho elella lebōpong le ka boroa, ho na le sebaka sa lik’hilomithara tse ngata sa lehlabathe le lesoeu, le apereng lifate tsa kokonate. Ka ntle ho botle bona ba tlhaho bo lebōpong, naha boholo e aparetsoe ke moru o teteaneng oa equator, o namelang meeling ea Congo le Central African Republic le ka leboea ho ea fihla Nigeria le Chad e ka boroa ho Sahara. Karolo e ka bophirimela ea naha e tletse lithaba, e hopotsa mohahlauli likarolo tse ling tsa Europe. Leha ho le joalo, mocheso oa teng o u hopotsa hore u haufi haholo le equator. Ho se tšoane ha libaka naheng eo ho etsa hore ba bangata ba batataisi ba bahahlauli ba hlalose Cameroon e le setšoantšo se senyenyane sa Afrika. Maikutlo ana a matlafatsoa ke lihlopha tse fapa-fapaneng tsa merabe le lipuo le maleme tse fetang 220 tse ngolisitsoeng ka molao.

Haeba u etela Cameroon, u ka ’na ua lula ho e ’ngoe ea lihotele tse khōlō motseng o pel’a kou ea leoatle oa Douala kapa motse-moholo, Yaoundé. Empa u se ke ua lahla monyetla oa ho ithuta ho hong ka bophelo ba batho ba moo, haholo-holo ba Lipaki tsa Jehova tse fetang 24 000, tse ’nileng tsa phathahanngoa ke ho haha “qubu ea bopaki” naheng ena eohle ea “Thaba ea Molimo.”a Ke hobane’ng ha u sa haole le naha ee hore u tsebe ba bang ba bona? Ho hloela ha hao naha ena ea Afrika Bophirimela ka sebele ho tla putsoa ka ho enneng.

Ka Seketsoana se Sokoang, ka Tekesi ea Malaela, Kapa Baesekele?

Sanaga, nōka e telele ka ho fetisisa Cameroon, ha e fihla leoatleng, e iketsa tšetleli e sephara molomong. Hore li finyelle baahi bohle ba sebaka sena se seholo, hangata Lipaki tsa Jehova li tlameha ho tsamaea ka liketsoana tsa tsona tse sokoang. Sena ke seo bahoeletsi ba ’Muso ba robong sehlotšoaneng se senyenyane sa Mbiako ba se etsang. Ba babeli ba bona ba lula bohōle ba lik’hilomithara tse 25, motsaneng oa Yoyo. Hore ba fihle Mbiako ba tlameha ho soka seketsoana sa bona ka matla, leha ho le joalo ba ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla. Ha molebeli e mong ea tsamaeang a ne a etetse sehlotšoana sena, o ile a etsa tlhahiso ea ho bontša video e reng Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Empa ho e bontša ho ne ho se bonolo joalokaha a bua. Motsaneng o ka thōko joalo ka oo, o ne a ka fumana mochine o bapalang lik’hasete tsa video, thelevishene le motlakase tsa ho li bapala kae?

Nakong ea beke ea ketelo, bahoeletsi ba bang ba ile ba kena ha moruti oa kereke ea sebaka seo. Ba ile ba makala ha moruti a ba amohela ka mofuthu, ’me ba bile ba e-ba le puisano e susumetsang ea Bibele le eena. Ha ba elelloa hore moruti eo o na le mochine o bapalang lik’hasete tsa video le jenereitara ea motlakase, barab’abo rōna ba ile ba iteta sebete ho mo kōpa hore na a ka ba alima thepa eo ea hae. Kaha o ne a thabetse puisano ea Bibele eo ba bileng le eona, moruti eo o ile a lumela ho ba thusa. Moqebelo mantsiboea batho ba 102 ba ne ba tlile ho tla shebella video eo, ho akarelletsa moruti le litho tse ngata tsa kereke ea hae. Lipaki tse peli tse tsoang Yoyo li ne li tlisitse batho ba bangata ba thahasellang ka liketsoana tse peli. Li ne li sa ameha haholo ka ho soka liketsoana khahlanong le maqhubu a ntseng a phahama ka matla. Ka mor’a ho shebella video eo, li ne li susumeletsehile ka ho teba ’me li khothetse, li le motlotlo ka ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o moholo joalo oo sepheo sa oona e leng ho tlotlisa Jehova.

Hore a fihle moo liketsoana tsa masokoana li sa fihleng, motho a ka ’na a sebelisa tekesi ea malaela. Seemelong sa likoloi moo litekesi tsena li emelang baeti teng kamehla hoa phethesela. U pota-potiloe ke barekisi ba metsi a batang, barekisi ba libanana le bashemane ba laelang lithoto, ho bonolo hore u iphumane u ferekane ka ho feletseng. Bashemane ba laelang lithoto mosebetsi oa bona ke ho kenya baeti ka litekesing tsa malaela tse emeng, tseo ho ea ka bona, kaofela ha tsona “li seng li tsamaea.” Leha ho le joalo, ho re “li se li tsamaea” ha hoa lokela ho nkeloa hloohong. Baeti ba qeta lihora, ka linako tse ling esita le matsatsi, ba ntse ba eme. Hang ha baeti bohle ba se ba hlohletsoe ka hare ’me mokhanni a se a qhobetse thoto ea mekotla ea lijo, ’me ka linako tse ling esita le likhoho le lipōli tse phelang, rakeng ea lithoto, tekesi ea malaela e kena tseleng e tletseng likoti le lerōle.

Mosebeletsi e mong ea tsamaeang, a khathalitsoe ke mokhoa ona oa ho tsamaea, o ile a khetha ho itjara. Hona joale o etsa maeto a hae kaofela ka baesekele. O re: “Haesale ke rera ho sebelisa baesekele ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, kamehla ke fihla ka nako bakeng sa ketelo. Ke ’nete hore leeto le ka ’na la nka lihora tse ngata, empa bonyane ha ke tlamehe ho qeta letsatsi kapa a mabeli ke emetse tekesi ea malaela. Nakong ea lipula, litsela tse ling li nyamela ka ho feletseng ka lebaka la ho koaheloa ke metsi. U tlameha ho rōla lieta hore u tšele qhafutso eo. Ka letsatsi le leng seeta se seng sa ka se ile sa oela ka molapong ’me sa nyamela ho fihlela libeke tse ’maloa hamorao, ha morali oa Paki e ’ngoe a se thola ka tšohanyetso ha a ntse a tšoasa litlhapi! Ke thabela ho boela ke roala para ena ea lieta, ka mor’a hore se seng se qete nakoana se e-na le litlhapi. Ka linako tse ling ke feta libakeng tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova li e-song ho ka li bolela le ka mohla. Baahi ba metse ena kamehla baa mpotsa hore na ke ba tšoaretse’ng. Kahoo ke lula ke nkile limakasine le libukana. Nako le nako ha ke etsa khefu, ke nehelana ka lingoliloeng tsena tse thehiloeng Bibeleng ebe ke fana ka bopaki bo bokhutšoanyane. Ke lumela hore Jehova o tla melisa peō ena ea ’nete.”

Khubung ea Naha

Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho abelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso esita le hare-hare khubung ea Cameroon, metseng e patehileng ka har’a moru o lefifi. Sena se hloka boiteko bo boholo, empa liphello e ba tse thabisang.

Marie, mosebeletsi oa nako e tletseng, o ile a qala thuto ea Bibele le moroetsana e mong ea bitsoang Arlette. Qetellong ea thuto ea pele, Marie o ile a kōpa Arlette hore a mo ntše ka monyako, joalokaha e le tloaelo karolong ena ea Afrika. Leha ho le joalo, moroetsana enoa o ile a mo hlalosetsa hore o na le bothata ba ho tsamaea kaha maoto a hae a bohloko. Maoto a Arlette a ne a kulisoa ke mofuta o mong oa letsetse o fatang, oo le letšehali la oona le kenang nameng, ho baka mathopa. Marie o ile a iteta sefuba ho tlosa matsetse ana ka bonngoe. Hamorao, o ile a tseba le hore bosiu moroetsana enoa o hlokofatsoa ke bademona. Ka mamello Marie o ile a mo hlalosetsa kamoo motho a ka behang tšepo ea hae ho Jehova kateng, ka ho khetheha a bitse lebitso la hae ka lentsoe la phefa thapelong.—Liproverbia 18:10.

Arlette o ile a etsa tsoelo-pele e potlakileng. Qalong ba lelapa labo ba ne ba sa bone letho le phoso ka thuto ka lebaka la tsoelo-pele e babatsehang eo a neng a e etsa ’meleng le kelellong. Empa eitse ha ba elelloa hore o batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, ba ile ba mo hanela ho tsoela pele ka thuto. Libeke tse tharo hamorao, ha ’mè oa Arlette a elelloa kamoo morali oa hae a tšoenyehileng kateng, o ile a ikopanya le Marie ’me a mo kōpa ho tsosolosa thuto.

Ha nako ea ho ea kopanong ea potoloho e fihla, Marie o ile a lefa mokhanni oa tekesi bakeng sa ho nka Arlette ho mo isa kopanong ka matsatsi ao a mabeli. Leha ho le joalo, mokhanni oa tekesi o ile a hana ho lata Arlette lapeng, kaha a ne a nahana hore ha ho tsela e kenang e lebang ’mileng. Kahoo Marie o ile a khona ho isa moroetsana enoa ’mileng. Ka sebele Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko bona. Kajeno Arlette o ba teng libokeng tsohle tsa phutheho. Hore a mo thuse ho ba teng kamehla, Marie o mo lata a sa khathale. Ba tsamaea hammoho leeto la metsotso e 75 ho ea feela. Kaha liboka tsa Sontaha li qala ka 8:30 hoseng, Marie o tlameha ho tloha lapeng ka 6:30; feela ba khona ho fihla ka nako. Arlette o na le tšepo ea ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ka kolobetso ea metsing haufinyane. Marie oa bolela: “Motho ea sa kang a ’mona ha a ne a qala ho ithuta a ke ke a lumela kamoo a fetohileng kateng. Ka sebele ke leboha Jehova haholo ka tsela eo a mo hlohonolofalitseng ka eona.” Ka sebele Marie ke mohlala o motle oa lerato le nang le boitelo.

Ho Elella ka Leboea

Cameroon e ka leboea e tletse lintho tse sa tšoaneng le tse hlollang. Nakong ea lipula, e ba serapa se seholohali se tlokomang limela le lipalesa. Empa ha letsatsi le tlabolang le fihla, joang boa omella. Motšehare o moholo, ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ’me ho le thata ho fumana moriti, linku li khobokana pel’a mabota a matlo a mobu o mofubelu bakeng sa moriti. Har’a lehlabathe leo le joang boo bo omeletseng, moneketsela oa botalana o teng feela ke makhasi a fokolang a lifate tsa baobab. Le hoja tsona li se khōlō joaloka tsa habo tsona tsa morung oa equator, le tsona li khona ho tiisetsa maemo a thata. Matla a tsona a ho mamella tikolohong e thata joalo a tšoantšetsa hantle cheseho le sebete tseo Lipaki tse seng kae tse tlileng ho phela sebakeng sena bakeng sa ho khantša leseli la ’nete li nang le tsona.

Tse ling tsa liphutheho sebakeng sena li arotsoe ke lik’hilomithara tse ka bang 500 ho isa ho tse 800, ’me boikutlo ba ho ba thōko le ba bang bo hlile bo teng. Empa ho na le thahasello e khōlō haholo. Lipaki tse tsoang libakeng tse ling li fallela mona ho tla thusa. Hore li hlahise litholoana tšebeletsong, li tlameha ho ithuta Foufouldé, leleme le buuoang sebakeng seo.

Paki e ’ngoe e tsoang Garoua e ile ea rera ho qeta matsatsi a seng makae e bolela motsaneng oo e tsoaletsoeng ho oona, o hōle ka lik’hilomithara tse ka bang 160. E ile ea fumana thahasello, empa tefo e phahameng ea lipalangoang e ile ea e thibela hore e khutlele kamehla. Libeke tse seng kae hamorao, Paki ena e ile ea amohela lengolo le tsoang ho e mong oa batho ba thahasellang a e kōpa hore e tle e boele e ba etele. Kaha e ne e ntse e haelloa ke chelete ea ho lefella sepalangoang, e ile ea sitoa ho ea. Nahana feela hore na Paki ena e ile ea makala hakaakang ha ho fihla motho eo ha eona Garoua ho mo tsebisa hore batho ba leshome motsaneng oo ba letetse hore e ba etele!

Motsaneng o mong, haufi le moeli le Chad, sehlopha sa batho ba 50 ba thahasellang se ile sa itlhophisetsa thuto ea Bibele. Se ile sa etsa tokisetso ea hore ba bararo ho bona ba be teng libokeng tsa phutheho e haufi le bona Chad. Bana ha ba khutla, ba ne ba khannela sehlopha seo sohle thuto ea Bibele. Ka sebele, mantsoe a Jesu a sebetsa hantle mona: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—Matheu 9:37, 38.

Ho Paka Metseng e Meholo

Ka mor’a lilemo tse ngata tsa khaello ea lingoliloeng, lilemong tse ka bang peli tse fetileng, limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li ile tsa fumaneha ka bolokolohi Cameroon. Ho na le taba-tabelo e khōlō le thahasello limakasineng tsena kaha batho ba bangata ba qala ho li bala. Banyalani ba bang ba bacha ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba abetsoeng ho o mong oa metse e meholo ba ile ba tsamaisa limakasine tse 86 hoseng ha letsatsi la pele ba le boboleling tšimong ea bona e ncha. Bahoeletsi ba bang ba tsamaisa limakasine tse ka bang 250 ka khoeli e le ’ngoe! Lekunutu la katleho ea bona ke lefe? Ho nehelana ka limakasine ho motho e mong le e mong.

Paki e ’ngoe e sebetsang ofising e bulehetseng sechaba kamehla e siea limakasine moo batho ba ka li bonang. Mosali e mong o ile a talima limakasine tseo empa a se ke a nka le e le ’ngoe. Paki ena e ile ea lemoha thahasello ea hae ’me ea mo neha kopi, eo a ileng a e amohela. E ile ea makala ha e ’mona a khutla letsatsing le latelang. O ne a batla ho ntša monehelo oa makasine eo a neng a e nkile ’me hape a kōpa tse eketsehileng. Hobane’ng? Kaha o ne a kile a hlaseloa ka ho betoa, o ile a khetha makasine e buang ka sehlooho seo. O ile a qeta bosiu bohle a bala hangata keletso e fanoeng. A ikutloa joale a imolohile, o ne a batla ho tseba ho eketsehileng ka Lipaki tsa Jehova.

Esita le bana ba banyenyane ba ka kopanela ho haseng molaetsa oa Bibele oa tšepo. Ha tichere e kōpa ngoananyana e mong oa Paki ea lilemo li tšeletseng ho bina sefela sa K’hatholike, o ile a hana, a bolela hore eena ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kahoo tichere e ile ea mo kōpa ho bina e ’ngoe ea lipina tsa bolumeli ba hae e le hore e tsebe ho mo fa limaraka. O ile a khetha pina e nang le sehlooho se reng “Tšepiso ea Molimo ea Paradeise” ’me a e bina ka hlooho. Tichere e ile ea ’motsa, ea re: “U buile ka paradeise pineng ea hao. E hokae paradeise ee?” Ngoananyana o ile a hlalosa morero oa Molimo oa ho hloma Paradeise lefatšeng haufinyane. E makalitsoe ke karabo ea hae, e ile ea kōpa batsoali ba hae buka eo a ithutang eona. E ile ea ithaopela ho mo fa limaraka e ipapisitse le buka eo ho e-na le ho mo fa ka seo a ’nileng a se rutoa nakong ea thuto ea bolumeli. Batsoali ba ile ba etsa tlhahiso ea hore tichere ka boeona e ithute pele haeba e batla ho fana ka limaraka ka nepo. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eona.

Na U Rera ho Eta?

Likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno, batho ba iphapanyetsa litaba tse molemo tsa ’Muso. Ha ba thahaselle Molimo kapa Bibele. Ba bang ba tepelelitsoe ke tšabo hoo ba bileng ba hanang le ho bulela motho ofe le ofe eo ba sa mo tsebeng monyako. Sena sohle se baka phephetso ea sebele ho Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea tsona. Empa phapang e khōlō hakaakang Cameroon!

Mona ho bolela ka ntlo le ntlo ke monyaka. Ho e-na le ho kokota, ke tloaelo ho re, “Kong, kong, kong.” Joale ka tlung lentsoe le re, “Ke mang?” ebe joale re itsebahatsa hore re Lipaki tsa Jehova. Ka tloaelo, batsoali ba roma bana ho tla le litulo ’me ba li behe tlas’a moriti oa sefate, mohlomong sefate sa mango. Joale re be le nako e monate re hlalosa seo ’Muso oa Molimo o leng sona le seo o tlang ho se etsa ho imolla moloko oa batho boemong ba oona ba bomalimabe.

Ka mor’a puisano e joalo, mofumahali e mong o ile a tšolla pelo ea hae, a re: “Ke soabela ho bona hore ’nete eo ke ’nileng ka e batla ha e fumanehe bolumeling boo ke tsoaletsoeng le ho hōlela ho bona. Ke leboha Molimo hore ebe o mpontšitse ’nete. Ke ne ke le modiakone kerekeng ea ka. Setšoantšo sa Moroetsana Maria se qeta beke e le ’ngoe lelapeng la modiakone e mong le e mong e le hore e mong le e mong a etse likōpo tsa hae. Ha e le ’na, kamehla ke ne ke kōpa Maria ho nthusa ho tseba ’nete. Joale Molimo o mpontšitse hore ’nete ha e ho Maria. Ke leboha Jehova.”

Kahoo haeba ka letsatsi le leng u ikutloa u batla ho latsoa thabo e matla boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ke hobane’ng ha u sa etele karolo ee ea Afrika Bophirimela? Ntle le ho sibolla “Afrika e nyenyane,” ebang ke ka seketsoana sa masokoana, tekesi ea malaela kapa baesekele, u tla be u boetse u kenya letsoho ho haheng “qubu ea bopaki” e ntseng e hahuoa naheng ea “Thaba ea Molimo.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ka etsahala hore ebe “Qubu ea Bopaki” ke moelelo oa lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “Gileade.” Ho tloha ka 1943, Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se ’nile sa romella baromuoa kantle bakeng sa ho ea qala mosebetsi oa boboleli lefatšeng ka bophara, ho akarelletsa Cameroon.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

Map: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela