Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 10/15 leq. 3
  • Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Potso ea Khale
  • Ho Hlahlobisisa Tse Ling Tsa Likhopolo Tse Fosahetseng ka Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—2009
  • Ke Hobane’ng ha re Tšaba Lefu?
    Tsoha!—2007
  • Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 10/15 leq. 3

Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?

LIPOTSO tse peli li tsielitse moloko oa batho ka lilemo tse likete: Ke hobane’ng ha re tlameha ho tsofala ’me qetellong re shoe? Na ho na le ho ikutloa u phela leha e le hofe ka mor’a lefu?

Potso ea pele e ’nile ea tsietsa batho ba bangata hobane esita le saense ea morao-rao ea phekolo ea meriana, ka litšibollo tsohle tsa eona tse babatsehang, e hlōlehile ho fana ka karabo e fanang ka tšepo kapa e khotsofatsang.

Potso ea bobeli e ’nile ea arabeloa ka litsela tse ngata tse fapaneng. Leha ho le joalo, ka kakaretso, likarabo potsong ea hore na ho na le ho ikutloa u phela ka mor’a lefu lia fapana mahareng a ba kholisehileng hore bophelo bona hase bona phetho bo leng teng le bao ka ho tiileng ba lumelang hore ho ikutloa u phela hoa fela lefung. Ba bangata sehlopheng sena sa bobeli ba re bolella hore ha ho pelaelo likelellong tsa bona hore bophelo bo bokhutšoaane ba motho ke sona sohle seo a ka se lebellang. Hangata, mabaka leha e le afe a fapaneng ao ho fanoang ka ’ona a arabeloa ka boikemelo bo reng, “Ha e le hantle, ha ho motho ea kileng a tsoha bafung ho tla re bolella, na ha ho joalo?”

Joaloka lipotso tse ling tse bakang khang, ho na le ba bangata ba e-song ho etse qeto—ba bolela ka tieo hore kamehla ba ka susumetseha ka tsela ena kapa eane. Empa ba bang ba tla arabela, mohlomong ka ho nka lintho habobebe feela, “Re se re tla bona mohla monene!”

Potso ea Khale

Potso ea pele e mabapi le bophelo ka mor’a lefu e ile ea botsoa lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng ke monna oa Bochabela ea tummeng Jobo, ea tsebahalang ka mamello ea hae har’a masisa-pelo. Jobo o ile a botsa potso ea hae ka tsela ena: “Motho oa shoa ’me oa epeloa; o phefumoloha la ho qetela ’me ha a sa le eo. Joaloka metsi a nyamelang leoatleng kapa nōka e omang le ho psha, ka ho tšoanang motho oa shoa ’me ha a tsohe . . . Haeba motho a shoa, na o tla phela hape?”—Jobo 14:10-14, New International Version.

Empa hase Jobo a le mong ea ileng a botsisisa ka bophelo ka mor’a lefu. Encyclopædia of Religion and Ethics e fana ka boitsebiso bona bo hlahang leseling tlas’a sehlooho “Boemo ba Bafu”: “Ha ho taba e amanang le bophelo ba kelello ea hae e hapileng monahano oa motho ho feta ena ea boemo ba hae ka mor’a lefu. [Baholo-holo] likarolong tsohle tsa lefatše ka kakaretso ba na le mehopolo e hlakileng haholo le e qaqileng ka lefatše la meea—bophelo ba teng, litšobotsi tsa lona, sebōpeho sa lona—’me sena se fana ka maikutlo a matla a ho nahanisisa haholo ka bophelo ka mor’a lefu. Tšabo e jeleng setsi ea bafu e supa khopolo ea boholo-holo ea hore boemo ba bona hase moo bophelo bo khaolitseng teng. Lefu le ne le khaolelitse matla; seo se ne se totobetse ka ho hlakileng; empa na matla a mang a ne a ntse a sa sebetse, kapa na matla ao a ne a ke ke a bonahala ka litsela tse patehileng, tse sa tloaelehang? Ebang pele batho ba ne ba lumela hore moea kapa seriti ke ntho e arohang ’meleng kapa che, ho bonahala ho e-na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore ba ne ba nahana hore bafu ba ntse ba tsoela pele ba phela ka tsela e itseng.”

Mohlomong u ka lumellana le karolo e ’ngoe ea tse tharo tse boletsoeng ka holimo: ho se kholisehe hantle ka se etsahalang ka mor’a lefu; ho kholiseha hore ho na le mofuta o itseng oa bophelo ka mor’a lefu; kapa ho kholiseha hore bophelo bona ke bona phetho bo teng. Ho sa tsotellehe hore na u lumela eng, re u mema hore ka hloko u hlahlobe sehlooho se latelang. Bona haeba ho sona u ka fumana bopaki bo kholisang ba Bibele ba hore ho na le tebello e babatsehang ea bophelo bo thabisang ka mor’a lefu, kamoo sena se tla phethahala kateng, hokae, hona neng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela