Boemo bo Susumelletsang Khōlo Equatorial Guinea
KHŌLO e tlōkomang ke boikutlo ba pele boo moeti a bang le bona ha sefofane seo a se palameng se lula lebaleng la lifofane la machaba la Equatorial Guinea. Lebala la lifofane le pota-potiloe ke lifate tse khōlō, tse etsang hore mehaho ea moo lifofaneng e bonahale e le menyenyane. Limela li tlōkoma ho tloha lebōpong la leoatle ho ea litlhōrōng tsa lithaba, li hlasimolotsoe ke lipula tse ngata le boemo ba mocheso ba bophahamo ba bo-20 selemo ho pota.
Khōlo e matla ea mofuta o mong le eona ea etsahala Equatorial Guinea, “khōlo eo Molimo a fanang ka eona.” (Bakolose 2:19) Joaloka mohlanka oa ’muso oa Ethiopia ea ileng a batla thuso ho Filipi, ba bangata mona ba laba-labela ho utloisisa Mangolo. (Liketso 8:26-39) Hase ntho e sa tloaelehang hore motho a atamele e mong oa Lipaki tsa Jehova seterateng ’me a kōpe thuto ea Bibele. Hoo e ka bang Lipaki tse 325 tsa Equatorial Guinea li khanna lithuto tsa Bibele tse fetang sekete.
Ho Jala Peō Matsatsing a Pele
Equatorial Guinea, naha e nyenyane ho feta tsohle Afrika, e ka boroa ho Nigeria le Cameroon. (Bona ’mapa.) Litaba tse molemo li ile tsa tlisoa mona ka lekhetlo la pele ke Lipaki tsa Nigeria tse neng li tlile ho tla batla mosebetsi masimong a cocoa. Le hoja ho ile ha thehoa liphutheho tse ngata tsa ba buang Senyesemane, hamorao li ile tsa qhalana ha bara bana babo rōna ba tlameha ho khutlela Nigeria. Leha ho le joalo, hang ka mor’a hore naha eo e fumane boipuso ka 1968, banyalani ba tšeletseng ba baromuoa ba Watchtower ba ile ba romeloa mona. Ha baa ka ba khona ho lula nako e telele ka lebaka la mathata a lipolotiki, empa bopaki ba bona bo ile ba hlahisa litholoana tse ntle.
Santiago, e mong oa baromuoa, o ile a kopana le Buenaventura, monna e molelele ea litšika ea tsebahalang ho batho ba moo e le seqhenqha. E ne e le motho oa molumeli ea hlomphang Bibele, empa o ne a e-na le sebōpeho sa ho ba mabifi. Leqhoko le lenyenyane le ne le lekane hore a otle motho. Ha a ne a halefa a le bareng, bohle ba teng ba ne ba qhalana, ba bile ba tsoa le ka lifensetere hore ba pholohe litebele tsa hae. Ha e le hantle, ha a ntse a mametse Santiago, o ne a ikemiselitse ho mo rapitlela haeba a ne a ka hlōleha ho fana ka bopaki bo kholisang ba Mangolo ka seo a se buileng. O ile a ipolella: ‘Ha ho na motho ea tla thetsa seqhenqha.’ O ile a hlolloa ke seo a ileng a se utloa, haholo-holo ka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, kahoo o ile a lumela ho ithuta Bibele.
Ha thuto e ntse e tsoela pele, takatso ea Buenaventura ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng e ile ea e-ba matla, ’me a ithuta hore o ne a tla tlameha ho lumellanya bophelo ba hae le litekanyetso tsa Molimo e le hore a ka fumana moputso oo. Ha a hlokomela hore Bakreste ba ’nete ha baa tlameha ho “busetsa bobe ka bobe,” o ile a qala ho etsa boiteko bo matla ba ho laola bohale ba hae.—Baroma 12:17.
Ka letsatsi le leng teko ea sebele e ile ea tla ha ka tšohanyetso a thula khalase ea moreki e mong ka bareng. Monna eo o ile a halefa ’me a mo otla. Hang-hang, ba bang ba ka bareng ba qhalana, ba lebeletse hore ho tsohe morusu. Empa Buenaventura ka bonolo a lefella khalase e pshatlehileng, a rekela monna eo seno se seng, ’me a kōpa tšoarelo bakeng sa bohlasoa ba hae. Ha baahelani ba bona hore thuto ea Bibele e entse liphetoho tse joalo ho eena, ba ’maloa ba ne ba batla ho ithuta le eena. Nakong eo Buenaventura a kolobetsoang ka eona, o ne a se a ntse a khanna lithuto tsa Bibele tse hlano. O sebelelitse e le moholo ka lilemo tse hlano tse fetileng, ’me le hoja batho ba ntse ba mo bitsa seqhenqha, hona joale ba etsa joalo ba soasoa.
“Ba Elang Hloko Tlhoko ea Bona ea Moea”
Ka bo-1970 Lipaki tsa moo tse seng kae li ile tsa tsoela pele li bolela le ho kopana hammoho ka hohle kamoo li ka khonang. Hamorao, banyalani ba ’maloa ba Masepanishe ba baromuoa ba ile ba tla ho tla thusa. Andrés Botella, ea sebelelitseng Equatorial Guinea ka lilemo tse 12, oa hopola hore kapele ka mor’a hore a fihle, o ile a khahloa ke kamoo batho “ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea” kateng. (Matheu 5:3) O re: “E bile thabo e khōlō ho ithuta Bibele le batho ba nang le kananelo joalo.”
Mary, morali’abo rōna eo e leng Lesepanishe, o ne a ithuta Bibele le mosali e mong e monyenyane ea bitsoang María, ea ileng a bolela hore batsoali ba hae, Francisco le Fausta, le bona ba thahasella ho ithuta. Kaha Mary o ne a khanna lithuto tse 15 ’me batsoali ba María ba ne ba phela hōjana, ho ile ha feta libeke tse ’maloa pele a ka khona ho ba etela.
Ha Mary le monna oa hae, Serafín, ba qetella ba kopane le batsoali bao, ba ne ba se ba e-na le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšenga le Bibele, ’me ba ne ba laba-labela ho qala ho ithuta. Kahoo ba qala hang-hang. Serafín o ile a hlokomela hore batsoali ba María ba ne ba tloaelane haholo le boitsebiso boo. Ha etsahala se tšoanang le leetong la bobeli ha ba akaretsa khaolo ea bobeli. Serafín oa hopola: “Ho ne ho batla ho tšoana le ho ithuta le Lipaki tse peli tse kolobelitsoeng.” Leetong la boraro, kaha ho ne ho bonahala ba tseba boitsebiso haholo, Serafín o ile a etsa tlhahiso ea karolo ea lipotso le likarabo ho bona hore na ha e le hantle ba utloisisa hakae. O ile a fumana hore Francisco le Fausta ba ne ba ithutile buka eohle ka bobona!
Tsebo ea bona eo ba neng ba e fumane bocha e ne e ba ama joang? Tumellanong le seo ba ithutileng sona, ba ne ba se ba khaolitse ho ea libokeng tsa tšebelisano le meea ’me ba khaotse maqhaama le Kereke e K’hatholike. Ho feta moo, Francisco o ne a se a tlohetse ho tsuba, hape ba ne ba se ba sa je nama e sa fophisoang mali hantle. Kaha ho bonahala ba ne ba sebelisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ithutileng eona, ba ile ba khothalletsoa ho qala ho kopanela tsebo ea bona le ba bang. Hang-hang ba ile ba qala ho bolella baahelani ba bona. Ka likhoeli tse tharo feela, ba ile ba tšoanelehela kolobetso. Hona joale Francisco ke mohlanka ea sebeletsang, ’me ka thuso ea mohlala oa bona o motle le cheseho boboleling, barali ba bona ba bararo hona joale ke Lipaki, bara ba babeli ba kopanela libokeng, le beng ka bona ba bang ba tšeletseng baa ithuta.
Nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, Francisco o ile a kopana le Pablo, Mok’hatholike ea inehetseng ea neng a sebeletsa e le mosebeletsi oa aletare kerekeng ea hae. Pablo o ne a atisa ho fana ka thero ha moprista a le sieo. Haeba setho sa kereke se ne se kula, o ne a se etela; haeba ho e-na le ea neng a le sieo kerekeng, Pablo o ne a mo etela ho ea fana ka khothatso; ’me haeba ho e-na le ea shoeleng, o ne a etsa seo a ka se khonang ho tšelisa lelapa leo. Ka ho utloahalang, Pablo o ne a ratoa haholo ke litho tsohle tsa pharishe.
Kaha Pablo o ne a e-na le tlhompho e tebileng bakeng sa Bibele, habonolo o ile a amohela tlhahiso ea Francisco ea ho ithuta le eena. Ka potlako Pablo o ile a bona kamoo molaetsa oa Bibele o utloahalang kateng, ’me ka mor’a lithuto tse seng kae, a etsa qeto ea ho sebelisa a mang a mangolo ao a ithutileng ’ona ho le leng la “maeto a hae a bolisa” ho setho se seng se kulang sa kereke. Nakoana ka mor’a moo, ho e ’ngoe ea lithero tsa hae tsa Sontaha, Pablo o ile a hlalosa bohlokoa ba ho sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, le hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho sebelisa litšoantšo.
Kaha o ile a amohela ’nete habonolo hakaalo, o ne a lebeletse hore litho tse ling tsa kereke ea hae le tsona li tla arabela ka tsela e tšoanang. Empa ka mor’a lithero tsena tse thehiloeng Bibeleng tse tharo kapa tse ’nè, Pablo o ile a hlokomela hore batho ba ne ba sa thaba ke boitsebiso boo a neng a nehelana ka bona. Kahoo a etsa qeto ea ho lahla kereke le ho kopanela kamehla le Lipaki tsa Jehova. Ka likhoeli tse seng kae, o ile a tšoanelehela kolobetso, ’me hona joale ke ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo. Le hoja a sa khone ho bolela nako e tletseng, hona joale o khanna lithuto tsa Bibele tse leshome.
Ho Khothalletsa Khōlo ka ho Bokana Hammoho
Lipaki tsa Equatorial Guinea li nka ka ho teba taelo ea Bibele ea ho se tlohele ho bokana hammoho. (Baheberu 10:25) Ho tloha ka 1994 ha mosebetsi o ne o boetse o hlokomeloa ka molao ke ’muso, barab’abo rōna ba ’nile ba laba-labela ho fumana Liholo tse loketseng tsa ’Muso. Ha e le hantle, boholo ba liphutheho li ikhahetse liholo tsa tsona kapa li mothating oa ho etsa joalo.
Mongomo, moo ba bang teng libokeng tsa Sontaha hangata palo ea bona e menang ka makhetlo a mabeli le halofo palo ea bahoeletsi ba ’Muso, phutheho e ’nile ea sebetsa ka thata ho haha sebaka se seholoanyane sa liboka. Malumeli a mang Mongomo hangata a hira basebetsi ho haha likereke tsa ’ona, kahoo tšebetso ea Lipaki tsa moo e ile ea hlokomeloa. Ka letsatsi le leng moruti oa Iglesia Nueva Apostólica (Kereke e Ncha ea Baapostola) o ile a ema haufi le setša ho botsa e mong oa baholo hore na o lefa basebetsi bana ba sebetsang ka thata bokae. Moruti a bolela hore le hoja a hirile ba bang ba behang setene bao e leng litho tsa kereke ea hae, mosebetsi o ne o tsamaea butle haholo. O ne a ipotsa hore na a ka hira basebetsi ba neng ba haha Holo ea ’Muso. Eitse ha a bolelloa hore Lipaki tsohle tse sebetsang ha li lefuoe, o ile a tsamaea a hloletsoe.
Ho ba teng libokeng ho ka ’na ha hloka sehlabelo se seholo ho ba phelang hōle le Holo ea ’Muso. Juan, mohlankana ea ileng a kolobetsoa ka 1994, o ile a tobana le boemo bona. O ile a utloa ’nete Gabon, moo a ileng a ithuta halofo ea pele ea buka ea Phela ka ho sa Feleng. Eaba o khutlela Equatorial Guinea, motse oa hahabo o ka bang lik’hilomithara tse 100 ho tloha Mongomo. Sena e bile phephetso ho eena hore a tsoele pele a ithuta. Empa ha aa ka a nyahama. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, o ne a nka leeto la lihora tse robeli ka baesekele ho ea Mongomo, moo Santiago, e mong oa baholo ba sebaka seo, a neng a mo khannela thuto. O ne a lula Mongomo matsatsi a se makae ’me a ithuta makhetlo a mararo kapa a mane nakong eo a lutseng moo. Ka tsela ena o ile a khona ho qeta thuto ea hae ’me a tšoanelehela kolobetso.
Juan o ipoloka a le matla moeeng joang ha a kopana hanyenyane hakaale le Bakreste ba bang? Ka holim’a tsohle, ka ho ba ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo. O boleletse batho bohle ba motseng oa habo, ’me nakong eo a neng a kolobetsoa ka eona, o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse 13. Ba tšeletseng ba liithuti tsa hae ba ile ba tsamaea le eena ho ea kopanong ea letsatsi le khethehileng Mongomo ho ea bona ha a kolobetsoa. Hona joale o tšoara Thuto ea Molula-Qhooa kamehla le ba thahasellang sebakeng sa habo, ’me hangata ho ba le ba ka bang 20.
Ho Nosetsa Peō ka Mamello
Hase khōlo eohle ea moea e potlakang. Ka linako tse ling ho hlokahala mamello e khōlō ho bona qetellong peō e beha litholoana. E bile ’nete ka Paca, eo pele a ileng a utloa litaba tse molemo morao koana ka 1984 ha Edita, morali’abo rōna oa pula-maliboho, a ne a mo pakela ’marakeng. Ha Edita a etela Paca lapeng ha hae bekeng e latelang, Paca a lumela ho ithuta Bibele. Le hoja a ne a sa tsoele pele hakaalo, Edita a phehella hobane a ile a lemoha litšoaneleho tse ntle ho Paca. “O ne a bonahala eka ke motho ea kang nku,” ho hlalosa Edita, “’me ka rapela Jehova hore a bule pelo ea hae.”
Paca o ile a tsoela pele le thuto ea hae a tsamaea a khaotsa ka lilemo tse ’nè le halofo empa e ntse e le ka tsoelo-pele e nyenyane. Kahoo ha ba qeta buka ea Phela ka ho sa Feleng, Edita a bua le Paca ka ho toba ka bohlokoa ba ho nka ’nete ka ho teba. Boikemisetsong ba hae ba ho fihlela pelo ea Paca, Edita o bile a lla.
Paca oa hopola: “Keletso eo e tlohang botebong ba pelo ka sebele e ile ea nkama. Ho tloha nakong eo ho ea pele ke ile ka qala ho etsa liphetoho bophelong ba ka. Ke ile ka ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, hona selemong seo ke ile ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Letsatsing leo ke ileng ka qetella ke kolobelitsoe ka lona e bile letsatsi le thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka!” Cheseho ea Paca hona joale e fapane le ho se thahaselle ha hae ha pele. Hona joale o khanna lithuto tsa Bibele tse 13, ’me ho hlakile hore o mamella ba sa tsoeleng pele ka potlako.
Ho Thusa Batho ho Ntlafatsa Bophelo ba Bona
Ka ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Bibele, Lipaki tsa Jehova Equatorial Guinea li ikhapetse botumo ba botšepehi le tlhoeko. Monna e mong, eo ka ho hlakileng a neng a khahliloe ke boitšoaro ba tsona, o ile a atamela moholo e mong oa Phutheho ea Bata ’me a botsa: “Na u na le buka ea Ho Bea Mabaka?b Ke khathetse ke ho ba motho oa lefatše. Ke rata ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova!”
Antonio, mohlanka ea sebeletsang Phuthehong ea Malabo, ke mohlala o phelang oa motho oa lefatše ea ileng a fetoha Paki. Pele a ithuta Bibele, o ne a phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng. O ne a qeta boholo ba chelete eohle eo a neng a e fumana e le motei oa lioache joaleng, hape o ne a phela ka boitšoaro bo bobe. O ile a thusoa ke eng ho fetola mokhoa oa bophelo ba hae? O ile a khahloa haholo ke se boletsoeng ka matla ho 1 Bakorinthe 6:9, 10: “Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, . . . kapa matahoa, . . . ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” O ile a hlokomela hore, hore a amoheloe ke Molimo, o tlameha ho fetola tsela ea hae ea bophelo. Hore a khone ho etsa joalo, o ile a qala ho sheba metsoalle ea hae. (Liproverbia 13:20) Ha metsoalle ea hae ea pele e mo memela ho ea noa, o ile a hana memo ea eona ’me ho e-na le ho ea, a e pakela. Kapelenyana ea khaotsa ho mo khathatsa.
Na ho ne ho tšoanela boiteko bohle? Antonio oa hlalosa: “Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka fetola tsela ea ka ea bophelo. Bophelo ba ka ’meleng bo ntlafetse haholo le hoja hona joale ke le lilemong tsa bo-60, ha metsoalle ea ka ea pele e shoele kapa e le mahlomoleng ke ho fokolloa ke bophelo ’meleng. Joale ke na le metsoalle ea ’nete ho e-na le e neng e batla feela motsoalle ea ithaopelang ho e lefella lino. Habohlokoa le ho feta, ke na le kamano e ntle le Molimo. Hona joale ke sebeletsa ke le pula-maliboho ea kamehla, ’me ke na le thuto ea Bibele le monna ea nang le bothata ba ho noa, kahoo nka sebelisa phihlelo ea ka ho mo thusa.”
Ho ba Makhoba a Molimo
Hoo e ka bang lilemong tse 200 tse fetileng, batho ba lebōpong la Equatorial Guinea ba ile ba bokelloa ’me ba isoa Linaheng tsa Amerika ka likepe e le makhoba. Kajeno, ba bangata e ba makhoba ka boithaopo—makhoba a Molimo. Mofuta ona oa bokhoba o ba tliselitse bolokolohi ba ’nete, o ba lokolla lithutong tsa Babylona le mekhoeng ea tšebelisano le meea. O boetse o ba rutile mokhoa oa ho phela bophelo bo khotsofatsang le bo behang litholoana. Ba latsoitse seo Jesu a se tšepisitseng: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.
Ka ba 1 937 ba bileng teng moketeng oa Sehopotso ka 1995—palo e batlileng e imena ka makhetlo a tšeletseng ea bahoeletsi naheng eo—ho na le litebello tse babatsehang bakeng sa khōlo e tsoelang pele ea moea. Ha Lipaki tsa Equatorial Guinea ka cheseho li tsoela pele ho lema le ho nosetsa peō ea ’nete, li kholisehile hore ‘Molimo o tla ’ne a hōlise.’ (1 Bakorinthe 3:6) Ka ntle ho pelaelo, ho na le boemo bo botle bo susumelletsang khōlo ea moea Equatorial Guinea!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.