Na U na le Pono ea Bomolimo ka Lino Tse Tahang?
LILEMONG tse ka bang 20 tse fetileng, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla mohaho oa khale o neng o entsoe ka makote haufi le motse oa Urmia, Iran. Ka hare ba ile ba fumana nkho ea letsopa eo, ho latela bo-rasaense, e bileng teng ka lilemo tse likete, khale-khale ha ho ne ho tsitsisoa bolulo ba batho ba pele. Morao tjena, ho ile ha sebelisoa theknoloji ea sejoale-joale ho hlahloba nkho eo. Bo-rasaense ba ile ba makatsoa ke ho fumana ka har’a eona bopaki ba boholo-holo ba lik’hemik’hale ba ho etsoa ha veine.
Bibele le eona e beha ka ho hlaka hore ho tloha mehleng ea boholo-holo, veine, joala le lino tse ling tse tahang li ’nile tsa nooa. (Genese 27:25; Moeklesia 9:7; Nahume 1:10) Joaloka lijong tse ling, Jehova o re fa ka bomong khetho—ho noa lino tse tahang kapa ho se li noe. Hangata Jesu o ne a e-noa veine ha a e-ja. Johanne Mokolobetsi o ne a ila joala.—Matheu 11:18, 19.
Bibele e hanela ho noa ho tlōlisa. Botahoa ke sebe ho Molimo. (1 Bakorinthe 6:9-11) Tumellanong le sena, Lipaki tsa Jehova ha li lumelle leha e le ofe eo e leng letahoa le sa bakeng hore a tsoele pele a le ka phuthehong ea Bokreste. Ba ka phuthehong ba khethang ho noa lino tse tahang, ba lokela ho noa ka tekano.—Tite 2:2, 3.
Pono eo e Seng ea Bomolimo
Kajeno batho ba bangata ha ba na pono ea bomolimo ka lino tse tahang. Ho bonolo ho bona hore Satane o hlohlelletsa tšebeliso e mpe ea sehlahisoa sena sa boholo-holo. Ka mohlala, lihleke-hlekeng tse ling tsa Pacific Boroa, ke tloaelo hore banna ba bokane hammoho bakeng sa ho noa joala bo bongata bo ritetsoeng hae. Linako tsena li ka ’na tsa nka lihora tse ’maloa ’me li ba teng khafetsa—banna ba bangata ba inehetse mokhoeng ona letsatsi le leng le le leng. Ba bang ba o talima feela e le karolo ea moetlo. Ka linako tse ling ho nooa biri kapa joala ba lipiriti ho e-na le—kapa ho phaella ho—joala bo ritetsoeng hae. Hangata phello e ba botahoa.
Sebakeng se seng sa Pacific, ke ntho e batlang e sa tsejoe hore banna ba noe joala ka tekano. Ka tloaelo, ha ba e-noa, ba noella ho tahoa. Ka ho tšoanang, letsatsing leo li lefuoeng ka lona lihlopha tsa banna li tla bokana hammoho ’me li reke mabokose a ’maloa a biri, ao le leng le le leng la ’ona le nang le libotlolo tse 24. Ba khaotsa ho noa feela ha biri e fela. Ka lebaka leo, botahoa bo tloaelehile haholo sechabeng seo.
Lino tse lomositsoeng tse kang veine ea palema le lino tse ling tse ritetsoeng hae, ho tloaelehile ho li sebelisa linaheng tsa Afrika. Lichabeng tse ling, moetlo o hloka hore ho fanoe ka joala ha ho thenthoa baeti. Ka tloaelo, moamoheli oa baeti ea mofuthu o fa moeti oa hae joala bo bongata ho feta boo a ka bo qetang. Sebakeng se seng, ke moetlo ho beha ka pel’a moeti e mong le e mong libotlolo tse 12 tsa biri.
Lik’hamphani tse ngata tsa Majapane li hlophisa maeto ka bese bakeng sa bahiruoa ba tsona. Ho tluoa le lino tse ngata tse tahang, ’me ho khothalletsoa botahoa. Ho intša ha lik’hamphani tsena ka linako tse ling ho nka matsatsi a mabeli kapa a mararo. Ho latela makasine ea Asiaweek, Japane, “ho tloha ho lihoai tsa reise ho ea ho bo-ralipolotiki ba ruileng, ka tloaelo, eo e leng monna oa ’makhonthe o bonahala ka hore na o noa joala bo bongata hakae.” Ho hlokomeloa mekhoa e tšoanang linaheng tse ling tsa Asia. Asiaweek e bolela hore “hona joale, batho ba Korea Boroa ka bomong ba noa joala ba lipiriti bo bongata ho feta bo nooang ke batho ba noang sebakeng leha e le sefe lefatšeng.”
Ho khaqa joala e se e le tloaelo e jeleng setsi lijareteng tsa koleche tsa United States. Ho latela The Journal of the American Medical Association, “matahoa a mangata ha a inke e le batho ba nang le bothata ba ho noa.”a Sena ha sea lokela ho makatsa kaha linaheng tse ngata phatlalatso ea litaba e buella ho noa e le ketso ea ho lekella, e tloaelehileng le e khemang le linako. Ka ho khetheha, leshano lena hangata le korola bacha.
Brithani, ho noa biri ho imenne habeli nakong ea lilemo tse 20, ’me ho noa joala bo bohale ho imenne ka makhetlo a mararo. Ba noang ba qala ba sa le banyenyane, ’me basali ba bangata baa noa. Ho hlokomeloa mekhoa e tšoanang linaheng tsa Europe Bochabela le Latin America. Sena se totobatsoa ke ho nyoloha ka lebelo le lekanang tabeng ea ho lemalla tahi le mafu a bakoang ke tahi mebileng. Ka ho hlakileng, ho na le keketseho e bonahalang tšebelisong e mpe ea joala lefatšeng ka bophara.
U Noele Haholo ha U Noele Hakae?
Pono ea Bibele ka lino tse tahang e leka-lekane. Ka lehlakoreng le leng, Mangolo a re veine ke mpho e tsoang ho Jehova Molimo “e thabisang pelo ea motho.” (Pesaleme ea 104:1, 15) Ka lehlakoreng le leng, ha e nyatsa ho noa ho tlōlisa, Bibele e sebelisa lipolelo tse kang “ho noa haholo,” ‘ho fetella ka veine, mekete e lerata, litlhōlisano tsa ho noa,’ ‘ho inehella veine e ngata,’ le ho ba “makhoba a veine e ngata.” (Luka 21:34; 1 Petrose 4:3; 1 Timothea 3:8; Tite 2:3) Empa “veine e ngata” ke e kae? Ke joang Mokreste a ka lekanyetsang hore na ha e le hantle pono ea bomolimo ka lino tse tahang ke efe?
Ha ho thata ho lemoha botahoa. Liphello tsa bona li hlalositsoe ka mantsoe ana ka Bibeleng: “Bomalimabe ke ba mang na? Jo ’na! Jo ’na! ke tsa mang? Likomang ke tsa mang? Lillo ke tsa mang! Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubelu na? Ke a ba qenehelang ho noa, ba hlanyetsang veine e tsoakiloeng. . . . Mahlo a hao a tla talima lirabu-rabu, ’me pelo ea hao e tla bolela tse khopo.”—Liproverbia 23:29-33.
Joala bo bongata ho tlōla bo ka baka mofere-fere, lipono tsa bohata kelellong, ho se elelloe lintho le ho se laolehe ho hong kelellong le ’meleng. Tlas’a tšusumetso ea joala, motho a ka sitoa ho laola boitšoaro ba hae, a intša kotsi kapa a ntša ba bang kotsi. Matahoa a tsebahala ka ho ameha liketsong tse makatsang, tse khopisang kapa boitšoarong bo litšila.
Ho noa ho isa bohōleng ba ho tahoa, ka liphello tsa hona tse boletsoeng ka holimo, ka sebele ke ho noa ho tlōlisa. Leha ho le joalo, motho a ka ’na a bontša ho haelloa ke ho lekanyetsa ntle le hore a bonahatse matšoao ’ohle a tloaelehileng a botahoa. Kahoo, hangata ho hlaha khang tabeng ea hore na motho o noele ho tlōlisa kapa che. Phapang e hokae pakeng tsa ho lekanyetsa le ho noa ho tlōlisa?
Lebela Matla a Hao a ho Nahana
Bibele ha e behe meeli kapa tekanyetso e ’ngoe e itseng ea hore na joala bo lokela ho ba bokae maling. Ho se tahoe ka potlako ho ea ka batho ho fapana. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele e sebetsa ho Bakreste bohle ’me e ka re thusa ho hlaolela pono ea bomolimo ka lino tse tahang.
Jesu o ile a re taelo ea pele ke ho ‘rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.’ (Matheu 22:37, 38) Joala bo na le phello e tobileng kelellong, ’me ho noa ho tlōlisa ho tla sitisa ho mamela ha hao taelo ena e khōlō ho tsohle. Ho ka sitisa ka ho teba kahlolo e molemo, matla a ho rarolla mathata, ho sebelisa boitšoaro le mesebetsi e meng ea bohlokoa ea kelello. Mangolo aa re eletsa: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana, ’me li tla ipaka ho ba bophelo moeeng oa hao le khabiso molaleng oa hao.”—Liproverbia 3:21, 22, NW.
Moapostola Pauluse o ipiletsa ho Bakreste: ‘Hlahisang ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.’ (Baroma 12:1) Na Mokreste o tla ‘amoheleha ho Molimo’ haeba a e-noa joala hoo a lahleheloang ke ‘matla a ho nahana’? Ka tloaelo, motho ea noang a sa itekanyetse butle-butle o khona ho tloaelana le joala. A ka ’na a nahana hore—ho eena—ho noa ha hae ho tlōlisang ho boea ka koano ho meeli ea botahoa. Empa, ho ka etsahala hore ebe ke ha a matlafatsa ho busoa ha hae ke joala. Na motho oa mofuta oo a ka hlahisa ’mele oa hae e le “sehlabelo se phelang, se halalelang”?
Ha joala leha bo le bokae bo sitisa ‘bohlale bo sebetsang ba hao le matla a hao a ho nahana’ joaloka Mokreste, joala boo bo bongata bakeng sa hao.
Pono ea Hao ka Joala e Boptjoa ke Eng?
Mokreste o lokela ho hlahloba hore na boikutlo ba hae ka ho noa bo susumetsoa ke mekhoa ea sejoale-joale kapa litloaelo. Tabeng ea lino tse tahang, ka sebele u ke ke ua rata hore khetho ea hao e thehoe holim’a mekhoa e tloaelehileng kapa mashanong a phatlalatso ea litaba. Ha u hlahloba boikutlo ba hao, ipotse, ‘Na bo susumetsoa ke se amohelehang sechabeng? Kapa na ho noa ha ka ho laoloa ke melao-motheo ea Bibele?’
Le hoja Lipaki tsa Jehova li se khahlanong le se tloaelehileng, lia hlokomela hore Jehova o hloile mekhoa e mengata e amohelehang hohle kajeno. Lichaba tse ling li lumella ho ntšoa ha mpa, tšelo ea mali, bosodoma kapa sethepu. Leha ho le joalo, Bakreste ba nka bohato tumellanong le pono ea Molimo linthong tsena. E, pono ea bomolimo e tla susumelletsa Mokreste hore a hloee mekhoa e joalo ho sa tsotellehe hore na e amoheleha e le e tloaelehileng kapa che.—Pesaleme ea 97:10.
Bibele e bua ka “thato ea lichaba,” e akarelletsang ‘ho fetella ka veine’ le ‘litlhōlisano tsa ho noa.’ Polelo ‘litlhōlisano tsa ho noa’ e fetisa khopolo ea ’moka e hlophisitsoeng ka ho khetheha bakeng sa ho noa joala bo bongata. Ho bonahala hore mehleng ea Bibele ba bang ba neng ba le motlotlo ka hore ha ba tahoe habonolo ba ne ba leka ho hlōlisa ba bang, kapa ba leka ho bona hore na ke mang ea ka noang haholo ho feta ba bang. Moapostola Petrose o bua ka mofuta ona oa boitšoaro e le ‘sekoti sa litšila se tlaase’ seo Bakreste ba bakileng ba seng ba sa kopanele ho sona.—1 Petrose 4:3, 4.
Na e tla ba ho utloahalang bakeng sa Mokreste hore a be le pono ea hore hafeela a sa tahoa, ruri ho ke ke ha tsotelleha hore na e ne e le hokae, neng kapa hore na o ile a noa hakae? Re ka botsa, Na eo ke pono ea bomolimo? Bibele e re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa khanya ea Molimo.” (1 Bakorinthe 10:31) Hase bohle ba ka tahoang sehlopheng sa banna ba bokaneng hammoho phatlalatsa bakeng sa ho noa joala bo bongata, empa na boitšoaro ba bona bo tla tlisa khanya ho Jehova? Bibele ea lemosa: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:2.
Qoba ho Khopisa ba Bang
Ka ho thahasellisang, hangata moetlo o lumellang ho noa ho tlōlisa ke oona hape o sa amoheleng ha letahoa le ipitsa motho oa Molimo. Sechabeng se seng se senyenyane se ka Pacific Boroa, moshebelli e mong o ile a re: “Kea le rata. Le ruta ’nete. Empa bothata boo re bo lemohang ke hore banna ba lōna ba noa joala haholo.” Ho ea ka tlaleho, batho bao ba ne ba sa ka ba tahoa, empa taba eo e ne e sa hlaka hakaalo ho ba bangata motseng. Habonolo feela bashebelli ba ne ba ka etsa qeto ea hore joalokaha banna ba bangata ba e-ba le linako tsa ho noa, Lipaki le tsona lia tahoa. Na mosebeletsi oa Mokreste ea kopanelang linakong tse telele tsa ho noa a ka boloka botumo bo botle ’me a phetha mosebetsi oa hae oa phatlalatsa ka bolokolohi ba puo?—Liketso 28:31.
Tlaleho e hlahang naheng e ’ngoe ea Europe e bontša hore ka linako tse ling barab’abo rōna le baralib’abo rōna ba bang ba fihla Holong ea ’Muso ba e-na le lephoka le bohale la joala. Sena se tšoentse matsoalo a ba bang. Bibele ea lemosa: “Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.” (Baroma 14:21) Pono ea bomolimo ka lino tse tahang e tla susumelletsa Mokreste ea hōlileng tsebong hore a amehe ka matsoalo a ba bang, esita le haeba ho bolela ho lesa ho noa joala tlas’a maemo a itseng.
Bakreste ba Fapane ka ho Hlakileng
Ka masoabi, ha ho akarelletsoa le lino tse tahang, lefatše lena le entse ho hongata ho fosetsa Jehova ka ho sebelisa hampe lintho tse molemo tseo a li fileng moloko oa batho. Mokreste e mong le e mong ea inehetseng o lokela ho loanela ho qoba likhopolo tse tloaelehileng tse bontšang ho se tšabe Molimo. Ka hona, batho ba tla khona ho ‘bona kamoo ho fapaneng ea lokileng le ea khopo kateng, ea sebeletsang Molimo le ea sa o sebeletseng.’—Malakia 3:18.
Tabeng ea lino tse tahang, ‘phapang’ lipakeng tsa Lipaki tsa Jehova le lefatše e lokela ho ba e hlakileng. Ho noa lino tse tahang hase ntho ea sehlooho bophelong ba Bakreste ba ’nete. Ha ba batle le ho leka hore ba bone hore na ba ka noa hakae pele ba tahoa, ba ipeha kotsing ea hore ho sale hanyenyane ba tahoa; kapa hona hore ba lumella lino tse tahang hore li sitise kapa ka tsela leha e le efe li kena-kenane le ho sebeletsa ha bona Molimo ka moea oa bona oohle le ka kelello e pholileng.
E le sehlopha, Lipaki tsa Jehova li na le pono ea bomolimo ka lino tse tahang. Ho thoe’ng ka uena? E mong le e mong oa rōna a ka hlokomela litlhohonolofatso tsa Jehova ha re latela taeo ea Bibele ea “ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.”—Tite 2:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Ho khaqa joala ho ile ha hlalosoa e le ho noa libotlolo tse hlano kapa ho feta ka ho latellana bakeng sa banna le ho noa tse ’nè kapa ho feta ka ho latellana bakeng sa basali.”—The Journal of the American Medical Association.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
Mamela ba U Ratang
Motho ea noang ho tlōlisa hangata ke eena oa ho qetela oa ho ipona hore o na le bothata. Beng ka motho, metsoalle le baholo ba Bakreste ha baa lokela ho qea-qea bakeng sa ho thusa bao ba ba ratang ba sa tsebeng ho itekanyetsa. Ka lehlakoreng le leng, haeba ba u ratang ba bontša ho se khahloe ke mekhoa ea hao ea ho noa joala, mohlomong ba na le lebaka le letle bakeng sa hona. Nahanisisa ka seo ba se bolelang.—Liproverbia 19:20; 27:6.