Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 2/15 leq. 32
  • ’Nete ka Lihele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ka Lihele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 2/15 leq. 32

’Nete ka Lihele

TLALEHO e fanoeng ke komisi ea thuto ea motheo ea Kereke ea Chache e bontša hore ha e le hantle lihele hase sebōpi sa mollo; ho e-na le hoo, ke sebaka se inahaneloang se sieo. Tlaleho eo ea hlalosa: “Ho na le mabaka a mangata bakeng sa phetoho ena. Empa har’a ’ona e bile boipelaetso bo loketseng ba ba tumelong le ba seng tumelong ea Bokreste khahlanong le tšabo e fehloang ke bolumeli, hammoho le maikutlo a atang a hore khopolo ea Molimo ea abetseng ba limilione tlhokofatsong ea ka ho sa feleng e hohlana le tšenolo ea lerato la Molimo le leng ho Kreste.”

Hase Kereke ea Chache feela e kukuneloang ke kutloisiso ena e tloaelehileng ea lihele. Batho ba tsoang lihlopheng tse sa tšoaneng tsa bolumeli ba fumana ho le thata ho rapela Molimo ea tletseng boiphetetso, ea chesang baetsalibe. Jackson Carroll, moprofesa oa tsa bolumeli le tsa sechaba Duke University’s Divinity School, o re: “Batho ba batla Molimo ea mofuthu le ea atamelehang. Ke ho loantšana le maikutlo a kajeno ho bua ka sebe le molato.”

Haesale ho tloha khale Lipaki tsa Jehova li lumela hore lihele e mpa feela e le lebitla le tloaelehileng la batho ba shoeleng joalokaha Bibele e ruta—eseng sebaka sa tlhokofatso ea mollo. Ha lia khomarela kutloisiso ena hobane e ratoa, empa li e khomaretse ka lebaka la seo Bibele e se buang: “Empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Nģalong ea bafu [“liheleng,” Douay Version ea K’hatholike] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 10.

A e-na le kutloisiso ena e hlakileng ka boemo ba bafu, Charles Taze Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower o ile a ngola morao koo ka 1896: “[Ka Bibeleng] ha re fumane sebaka se joalo sa tlhokofatso e sa feleng, joalokaha ka phoso ho ruta lithuto tsa motheo tsa bolumeli, libuka tsa lifela le mekhoa e mengata ea ho ruta. Leha ho le joalo, re fumane ‘lihele,’ sheole, hadese, tseo ho tsona moloko oohle oa rōna o ileng oa ahloleloa ka lebaka la sebe sa Adama, le tseo ho tsona bohle re lopolloang ke lefu la Morena oa rōna; le hore ‘lihele’ ke lebitla—boemo ba lefu.”

Kahoo, ka lilemo tse fetang lekholo Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ruta ’nete ea Bibele ka lihele.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Charles T. Russell

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela