Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 2/15 maq. 30-31
  • Tlhokahalo ea Thuto ea Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhokahalo ea Thuto ea Bokreste
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Mosuoe e Moholo ka ho Fetisisa
  • Thuto le Phutheho ea Bokreste
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 2/15 maq. 30-31

Tlhokahalo ea Thuto ea Bokreste

LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO C.E., ka ho khetheha batsoali ba ne ba ikarabella bakeng sa thuto ea bana ba bona, haholo-holo thuto ea bona ea bonyenyaneng. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Re bala ka Jesu hore o ile a hōlisetsoa Nazaretha ke ntate oa hae oa mohōlisi le ’mè oa hae, le hore o ile a ’na a hōla ’me a matlafala, a ntse a tlala bohlale. Ha a le lilemo li 12 o ile a makatsa mesuoe tempeleng ka kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae. (Luka 2:41, 46-52) Bangoli ba ile ba tsoela pele e le baruti ba ka sehloohong ba pontšeng le likolong tse neng li thehiloe lisynagogeng.

Mosuoe e Moholo ka ho Fetisisa

Jesu e ne e le mosuoe ea molemo ka ho fetisisa. Esita le har’a batho ba mehleng ea hae, o ne a tsebahala e le mosuoe ea nang le tšusumetso e ikhethang le ea ratoang. Barutuoa ba hae ba ne ba tloaetse ho mo bitsa “Rabi,” e bolelang “Mosuoe” kapa “Morupeli.” (Mareka 9:5) Ka lekhetlo le leng esita le bahanyetsi ba hae ba ile ba hlokomela ho bua ha hae ho molemo, ’me ka nako e ’ngoe ha balaoli ba neng ba ronngoe ke Bafarisi ho ea mo tšoara ba botsoa hore na ke hobane’ng ha ba khutla ba sa mo tšoara, ba ile ba araba: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.”—Johanne 7:46.

Pele ho tsohle, Jesu o ne a sa bue tse itsoelang ho eena, empa joalokaha a ile a bolela, o ne a tlile ka lebitso la Ntate oa hae ’me a bua lintho tseo a ithutileng tsona ho Ntate oa hae. (Johanne 5:19, 30, 43) O ne a le haufi-ufi le Jehova Molimo, e le Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae ea tsoang leholimong, ’me ka hona, e ne e le mosuoe ea molemo ka ho fetisisa tabeng ea litšoaneleho, mesebetsi le merero ea Ntate oa hae. (Matheu 11:27) E ne e le eena ea mo hlahlamang ho beng le tšoaneleho ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho ba mosuoe ea molemo ka hore o ne a rata bao a ba rutang.—Johanne 13:1, 34.

Ke mesuoe e ’maloa e ileng ea rata barutuoa ba eona hoo e neng e ikemiselitse ho nehelana ka bophelo ba eona bakeng sa bona, joalokaha Jesu a ile a etsa. (Johanne 15:13) O ne a utloisisa likelello tsa bamameli ba hae. (Johanne 2:25) O ne a e-na le temoho e tebileng. (Luka 6:8) Pelong o ne a se na lithahasello tsa boithati thutong ea hae, kaha o ne a hloka sebe ’me a se na mano. (Baheberu 7:26) O ne a sa rute ka mantsoe a filosofi a bangoli empa o ne a sebelisa lipapiso tse amanang le lintho tsa letsatsi le letsatsi. Ka lebaka lena, lithuto tsa hae li ntse li utloisisoa le kajeno. Thuto ea hae e ne e tletse lipapiso.

Thuto le Phutheho ea Bokreste

Barutuoa ba Jesu ba ile ba latela mohlala oa hae mosebetsing oa ho ruta oa Bokreste, ’me ba ile ba atleha joaloka eena. Hase feela hore ba ile ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo empa ba ile ba boela ba ruta ba neng ba mamela. (Liketso 2:42) Joaloka Jesu, le bona ba ne ba le sebete ’me ba bua ka matla a bolaoli.—Liketso 4:13, 19, 20; 5:29.

Moea oa Molimo o ile oa ba matlafatsa ’me oa fana ka bopaki ba hore thuto ea bona e amoheloa ke Molimo. Ba ne ba ruta tempeleng, lisynagogeng le ka ntlo le ntlo. (Liketso 20:20) Ba ne ba kopana le Bakreste-’moho le bona bakeng sa ho ruta le ho susumelletsana leratong le mesebetsing e metle.—Baheberu 10:24, 25.

Moapostola Pauluse o ile a hlalosa maemo a fapaneng a boikarabelo le mesebetsi tse neng li tlatsitsoe ka banna ba hōlileng ka phuthehong, har’a bona ho e-na le mesuoe. O ile a bontša hore morero oa mesebetsi ena eohle e ne e le thuto, ka sepheo sa ho koetlisa bahalaleli bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste. (Baefese 4:11-16) Lenaneo la kamehla la thuto Lentsoeng la Molimo le ne le ntšetsoa pele ke liphutheho, joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Bakorinthe khaolo ea 14.

Litho tsohle tsa phutheho ea Bokreste, esita le basali, e ne e lokela ho ba mesuoe; li ne li lokela ho etsa batho ba lefatše barutuoa. (Liketso 18:26; Baheberu 5:12) Empa ka hare ho phutheho ka boeona ho ne ho khethoa banna ba hōlileng bakeng sa bolebeli, joaloka Timothea le Tite, ha re etsa mohlala. (1 Timothea 2:12) Banna ba joalo e ne e lokela ho ba ba tšoanelehelang ho ruta phutheho le ho lokisa lintho tseo e neng e ka ’na eaba li tsoetse ka thōko ho tsela. Ba ne ba lokela ho sebelisa tlhokomelo e fetang e tloaelehileng bakeng sa ho etsa bonnete ba hore thuto ea bona e nepahetse ’me e molemo.—2 Timothea 4:2, 3.

Bibele e fana ka tlhaloso e lekanyelitsoeng tabeng ea thuto ea lefatše. E lemosa Bakreste hore ba se ke ba itšunya-tšunya lifilosofing tsa batho, leha e le hona ho senya nako ba batlisisa litaba tse booatla le tse sa ruiseng molemo. E khalemela ka matla ho ba le tšebelisano ea maikutlo le ba sa lumeleng Molimo le Lentsoe la hae.—1 Timothea 6:20, 21; 1 Bakorinthe 3:18-20.

Bakreste ba ile ba hlokomela hore ba ne ba ikarabella ka pel’a Molimo bakeng sa ho lokisetsa se loketseng malapa a bona. Hangata ho ne ho hlokahala mofuta o itseng oa thuto le koetliso bakeng sa ho ba hlomella mosebetsing o joalo oa boipheliso. (1 Timothea 5:8) Empa historing ea Bakreste ba pele re fumana hore ba ne ba thahasella haholo-holo mokhoa leha e le ofe o loketseng oa ho bolela “litaba tse molemo,” thuto ea Bibele bakeng sa bona le bakeng sa bohle ba neng ba tla ba utloa. (1 Bakorinthe 9:16) Joalokaha Moprofesa E. J. Goodspeed a bolela ho Christianity Goes to Press: “Ho tloha nakong eo Bakreste ba neng ba hlokomela monyetla oa ho hasanya kosepele ea bona lefatšeng ka lingoliloeng, ba ile ba o sebelisa ka botlalo, eseng feela bakeng sa ho hatisa libuka tse ncha empa le ho batla tsa khale bakeng sa khatiso, ’me moea ona o matla oa ho hatisa le ka mohla ha o e-s’o ba tlohele. Ke phoso ho nahana hore o qalile ha ho sibolloa mechine ea khatiso; e bile tšobotsi e khethollang boikutlo ba Bakreste ho tloha ka A.D. 70 ho ea pele, e ’nileng ea ba le matla a eketsehileng ha litholoana tse ngata tsa mokhoa ona li hlahella. Esita le litlhaselo tsa maqaba le Mehla ea Lefifi li ne li ke ke tsa o felisa. ’Me sena sohle ke bopaki ba matla a hlollang a neng a susumetsa bophelo bohle ba Bakreste ba pele, a neng a sa batle ka ketso le lentsoe feela empa a neng a batla le ka mekhoa eohle e tsoetseng pele ea khatiso ho fetisetsa kosepele ho batho bohle, e feletse ’me e se na lithibelo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela