Ke Hobane’ng ha Linako Tsee li le Mpe Hakaale?
HA U lula fatše ho bala koranta kapa ho shebella litaba tsa TV kapa ho mamela litaba tsa seea-le-moea, u lebella litaba tse mpe, na ha ho joalo? Mohlomong ha u makatsoe ke ho utloa hore ntoa e sa eeng moriting e ntse e kupa, hore tlōlo ea molao e mabifi e ntse e atile, kapa hore tlala ea sekoboto e ntse e fokolisa matla a linaha tse hōlang moruong.
Haeba u lula hōle le liketsahalo tsena, mohlomong hase kamehla u ikutloang u sithabelitsoe ka ho feteletseng ke litlaleho tse joalo. Ho feta moo, ke mang ea ka khonang ho utloela matšoele ao ’ohle a mahlomoleng bohloko? Leha ho le joalo, ho thata haholo ho lula re sa amehe haeba re tobana le tsela eo mahlomola a amang batho ka bomong ka eona. Ka mantsoe a mang, le hoja e le ntho e ’ngoe ho bala ka ntoa le ho nahana ka palo ea batho ba shoang, ke ntho e ’ngoe e fapaneng ho bala ka Adnan e monyenyane, moshemane oa Bosnia ea lilemo li robong eo ’mè oa hae a ileng a bolaoa ke bomo e ileng ea ranthanya ntlo ea bona. Likhoelinyana hamorao ha ba ne ba tsamaea hammoho seterateng, ntate oa Adnan o ile a bolaoa ke kulo e neng e betsoa ke motho ea ipatileng. Khaitseli ea hae e ile ea tsoa mali ho fihlela e shoela ka pel’a mahlo a hae libekenyana hamorao, e le lehlatsipa la seqhomane se betsoang se ileng sa phatloha ka jareteng ea sekolo. Lingaka tse ileng tsa oka Adnan bakeng sa ho sithabela ho tebileng li ile tsa fumana hore moshemane eo o ne a le shohlo, a hloka maikutlo ka ho feletseng—esita le takatso ea ho rata ho tseba se etsahalang. Tšabo le ho khutlela kelellong ha liketsahalo tse etsahetseng li ile tsa mo sulafalletsa lihora tsa ha a phaphame; ho phofa ha mo tima monyetla oa phomolo ha a robetse. Adnan hase feela karolo ea pokello ea litaba. Ke ngoana ea mahlomoleng; re ke ke ra qoba ho mo utloela bohloko.
Ho joalo le ka maemo a mang a sa thabiseng a lefatše. Ho bala ka tlala ea sekoboto ke ntho e ’ngoe; empa ke ntho e ’ngoe e fapaneng ho bona ngoanana ea lilemo li hlano ea bululohileng mpa ’me a le masapo feela, mohlaseluoa ea phelang oa tlala. Ke ntho e ’ngoe ho bala ka lipalo-palo tsa tlōlo ea molao; empa ke ntho e ’ngoe e fapaneng ho utloa ka mohlolohali ea hōlileng ha a khakhathoa, a tlatlapuoa, ’me a betoa. Ke ntho e ’ngoe ho bala ka ho senyeha ha malapa; empa ke ntho e fapaneng ho utloa hore ’mè o bolaisitse ngoana oa hae tlala ka boomo ’me a mo hlekahleka ka sehlōhō.
Ho utloisa bohloko ho bala ka lintho tse tjena. Empa ho ba bohloko bo fetisisang hakaakang ha e ’ngoe ea litsietsi tsee tsa lefatše e re hlasela ka ho toba! Ha ka bouena u utloisoa bohloko ke bokhopo, boemo bo boholoanyane bo boleloang ke litaba tsa lefatše lohle bo ka u sithabetsa. Hoa tšosa ho tobana le ’nete ea hore ho utloisoa bohloko ke tlōlo ea molao, ntoa, tlala ea sekoboto le maloetse ho phahama ka tekanyo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng paleng ea motho. Liphello tsa ho sebetsana le linnete tsa lekholo lena la bo20 la lilemo ka sebele e ka ba tse tebileng—tsieleho, tšabo le ho tepella maikutlo li atile.
Batho ba malumeli a mangata ba batla likarabo lipotsong tse tšoenyang joaloka hore na, Ke hobane’ng ha lintho li le mpe hakana? Moloko oa batho o lebile hokae?
Ka masoabi, ke seoelo malumeli kajeno a fanang ka likarabo tse khotsofatsang. Ha u bona potso e sekoahelong sa makasine ena ka lekhetlo la pele, e ka ’na eaba u ile ua hla ua belaela—’me hoa utloahala. Malumeli a bofandamenthale hangata a leka ho hlalosa lintho tse sa tsoeng ka Bibeleng—letsatsi le hora tse tobileng tsa ho fela ha lefatše lena. (Bona Matheu 24:36.) Bahatisi ba koranta ena ba rata ho tlohella Bibele hore e itlhalose ka boeona. U ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore Bibele e bua ka matsatsi a ho qetela ka tsela ea ’nete le e utloahalang. ’Me Bibele e hlalosa ho fetang feela hore na ke hobane’ng ha lintho li le mpe hakana. E boetse e fana ka tšepo bakeng sa bokamoso, tšepo e tšelisang ka sebele. Re u mema hore u hlahlobe lihlooho tse latelang e le hore u bone hore na sena se joalo joang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover and page 32: AFP/Corbis-Bettmann
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Jobard/Sipa Press