Tlala e Bolela Eng?
LE HOJA e le ʼnete hore temo e ntlafalitsoe haholo lilemong tsa morao, ke ʼnete hape ho bolela hore ho tloha ka 1914 batho ba ile ba bona likhaello tse khōlō haholo tsa lijo. A ke re hlahlobe tse ling ho tsena ho bona haeba boprofeta ba Jesu le pono ea moapostola Johanne bo phethahala tabeng ena. Haeba ka sebele li lumellana, re tla hlahloba ho ea pele ʼme re bone haeba likhaello tsa lijo tsa lekholo lena la bo20 la lilemo li fapane le tse kileng tsa ba teng nakong e fetileng ea pale ea lefatše.
Tlala Har’a Monono
Ba bang ba nahana hore erekaha moruo o le mongata kajeno, ha se taba e utloahalang ho bolela hore nakong ena pere e ntšo ea tlala e kholopa lefatšeng lohle. Empa Bibele ha e bolele hore motho e mong le e mong o ne a tla hlokofatsoa ke tlala ka nako eo. Ha e le hantle, lentsoe le ileng la utloahala ponong le boletse ka nyollo ea litheko tsa lijoa tse sebelisoang haholo ke batho, la re: “U se ke ua senya oli le veine.” (Tšenolo 6:6) Oli ea mehloare le veine e ne e le menate ea bophelo. Ka baka leo, Tšenolo e fana ka maikutlo a hore ba bang ba tla be ba thabela menate e joalo ha ba bang ba hlokofatsoa ke tlala.
Ha Jesu Kreste a ne a fana ka boprofeta ba tlala o itse: “Empa le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ʼme letsatsi leo la le tšoara sehlōhō.” (Luka 21:34, 35) Nakong eo ba bang ba hlokofatsoang ke tlala, ba bang ba tla be ba le kotsing ea ho ja haholo. Na boemo bo joalo ha bo bonahale kajeno?
E. Ha e le hantle, litlaleho li re bolella hore ho ntlafala ha maemo a batho ba bang a bophelo ho etsa hore ba bang ba lape haholo. “Ho ntlafala ha boemo ba bophelo le ho hōla ha palo ea ba batlang lijo ho pota lefatše ho entse hore litheko tsa lijo li nyolloe haholo [ha etsa hore lijo li ture haholo] ʼme ha etsa hore linaha tse futsanehileng haholo tsa lefatše li hlōlehe ho reka lijo tse hlokahalang ho tsoa linaheng tse ling.” (The New York Times, Phato 16, 1981) Ka mantsoe a mang, ha ba bang ba ‘ja haholo,’ ba eketsa “tlala” ho ba bang.
“Ka Nqa Tse Ngata”
Jesu o elelitse hore ho ne ho tla ba le “litlala . . . ka nqa tse ngata.” (Mattheu 24:7) Na hoo ho ile ha etsahala ho tloha ka 1914? E. Mehlala e ʼmaloa ke ena: Ka 1921, tlala e ile ea bolaea batho ba limillione tse 5 U.S.S.R. Ka 1929, tlala e bolaile batho ba ka bang limillione tse 3 Chaena. Ka bo-1930, batho ba limillione tse 5 ba bolaoa ke tlala U.S.S.R. Lilemong tse seng kae tse fetileng tlala meeling ea lehoatata la Sahara, e ile ea fetola batho ba bangata baphaphathehi ʼme ea bolaea ba 100 000.
Leha ho le joalo, hopola hore ponong ea Johanne pere e ntšo ea tlala e ne e latela pere e khunong ea ntoa. Ka ho lumellanang, likhaello tse ngata tsa lijo tsa mehleng ea rona li bakiloe ka ho toba ke ntoa. (Tšenolo 6:3, 4) Ka mohlala, ntoa Spain e bakile tlala e khōlō naheng eo ka bo1930. Ntoa ea II ea Lefatše e bakile tlala e kholo Greece, Poland, Russia, Holland le linaheng tse ling. Batho ba ka holimo ho 1 500 000 ba ile ba shoa Bengal, India, pakeng tsa lilemo tsa 1943-44 ka baka la tlala e baketsoeng ke ntoa.
Lilemong tsa morao haholo, ka bo1960, batho ba ile ba bolaoa ke tlala Congo (Zaire hona joale) ʼme ba bang ba shoa Nigeria ka baka la ntoa ea sechaba. Bana ba lapileng ba Kampuchea ba ne ba re shebile ka mahlo a bohloko likoranteng tsa litaba ha naha eo e neng e le ntoeng. Morao tjena, re balile hore baphaphathehi ba fetang millione ba kotsing ea tlala Somalia, moo ba balehileng ka baka la komello le ntoa Ethiopia. Mehloli ea litaba e bolela hore baphaphathehi ba fetang limillione tse 9 ba lintšing tsa tlala Thailand, Sudan, Zaire, Nicaragua, Honduras le Pakistan. Pale ena e bohloko e tsoela pele joalo.
Ho ea ka pale, tlala e ʼnile ea bakeloa ke ntoa, komello, mahloko a likokoanyana kapa likoluoa tse itseng. Na re bone likhaello tse eketsehileng tsa lijo ho feta melokong e meng e fetileng? Re ke ke ra bua ka tieo hobane manane a sa fella. Empa lekholo lena la lilemo le bile le likoluoa tsa lona tsa hlaho ʼme le ile la hlokofatsoa ke ntoa ho feta meloko leha e le efe e meng paleng.b Ka baka leo, ho ka boleloa hore ka kakaretso ho bile le khaello tse eketsehileng tsa lijo ho feta pele. Ka sebele, re bone tlala har’a monono, tlala e bakiloeng ke ntoa le likhaeIlo tsa lijo “ka nqa tse ngata,” joalokaha ho profetiloe.
Hona joale ho na le mofuta o mocha oa khaello ea lijo o hōlang o khethollang mehla ea rona.
‘Boemo bo Ikhethang Paleng ea Batho’
Mantsoeng a selelekela a buka The Dimensions of World Food Problems, ea mongoli E. R. Duncan, o bolela hore ho fihla moraonyana lijo li ile tsa e-ba mohatong o le mong le palo ea baahi ba lefatše e eketsehang. Ke ʼnete, likotsi li ile tsa fokotsa palo ea baahi. Empa hamorao sekheo seo se ile sa koaloa. Leha ho le joalo, ho qala ka bo-1940 tšobotsi e ncha e ile ea totobala: baahi ba lefatše ba ile ba eketseha kapele-pele ʼme hona ho sitisa matla a lefatše a ho ba fepa. Mongoli enoa o boletse hore: “Boemo bona ke bo ikhethileng paleng ea batho.”
Naha ea India e re nea mohlala oa sena. Paleng eohle India e bile le tlala e bohloko, empa kajeno lintho li fapane. “Boemo ha boa ba tjena ho fihlela lekholong le fetileng la lilemo, ʼme ha e le hantle ho fihlela lekholong la bo-20 la lilemo ka ho khethehileng, maemo [India] e bile a thata ho mamelloa. Ka sebele ha re na mantsoe a lekaneng ho hanela taba ea hore tlala le pale ke lintho tse peli tse ke keng tsa arohanngoa.” Mantsoe ana a boletsoe ke Georg Borgstrom, monna ea ka sehloohong lefapheng la machaba.
O tsoela pele ho hlalosa hore: “Ha Engelane e ne e fihla ka lekhetlo la pele naheng ena eo kajeno e tsejoang e le India, lilemong tse makholo a mabeli a fetileng, ho ne ho na le batho ba limillione tse mashome a tšeletseng moo. Har’a bona, ba limillione tse leshome ba ne ba phela ka tlala. Ho tloha nakong eo, palo ea baahi ba naha ena e iphetile ka makhetlo a supileng ʼme joale boemo bo fetohile, ke batho ba limillione tse leshome ba fumanang phepo e ntle.”—The Hungry Planet, ka Georg Borgstrom.
Boemo bo tšoanang boa hōla linaheng tse ling. Ke ʼnete hore lefatšeng ho na le lijo tse lekaneng ho fepa motho e mong le e mong, ha ho u-oa ka lipalo. Empa haeba baahi ba lefatše ba ntse ba eketseha haholo tjena, lijo le tsona li tla fokola. Esita le hona joale, linaha tse ngata tse futsanehileng tse neng li hlahisa lijo tse lekaneng bakeng sa baahi ba tsona li se li hlōleha, kahobane li futsanehile li hlōleha ho reka lijo tse lekaneng ho fepa baahi ba tsona. Ka linako tse ling, esita le har’a naha e nang le lijo tse lekaneng, baahi ba bangata ke bahloki ʼme ba hlōleha ho ithekela lijo. Ka baka leo ba hlokofatsoa ke likhaello tsa lijo.
Los Angeles Times ngoahola e tlalehile hore. “Khaello ea lijo Afrika e ile ea fokola haholo likhoeling tse tšeletseng tse fetileng ʼme linaha tse 28 li hlokofatsoa ke tlala.”
Vancouver Sun e itse; “Kajeno, bofelong ba selemo se ‘tloaelehileng,’ Mokhatlo oa Lijo le Temo o bolela hore batho ba lekanyetsoang ho limillione tse 450 baa lapa, ʼme ba limillione ha ba fumane lijo tse lekaneng.”
Tlaleho ea Mokhatlo oa Letlole la Chelete ea Bana la Machaba a Kopaneng e lekanya hore bana ba limillione tse 17 ba bolauoe ke tlala le maloetse ka 1981. Palo eo e feta hōle mafu a maholo a tlala a ileng a oela Chaena ka 1878-79.
Na pheko e teng? The New York Times e tlaleha hore: “Banka ea Lefatše e lekanya hore ho tla hlokahala liranta tse limillione tse 600 linaheng tse fokolang moruong . . . lilemong tse leshome tse tlang hore lithomello tsa lijo li se ke tsa senyeha boemong boo li leng ho bona ba tlala. Ha ho ea kholisehileng hore chelete e ngata joalo e tla tsoa kae.” Kahoo, ha ho na pheko ea sebele bothateng bona.
Litaba Tse Molemo
Ho ata ha bothata bona ba tlala kajeno le hore bothata bona bo senyehela pele ho etsa hore tlala e be e ikhethileng. Empa ho na le taba e ʼngoe e sa tloaelehang ka eona. E kopanyeletsa mathata a mang ao ho bonahalang a se na tharollo.
Ponong ea moapostola Johanne, pere e ntšo ea tlala e tsamaisana le pere e khunong ea ntoa le pere e tšehla ea maloetse. ʼMe ha Jesu a ne a profeta ka likhaello tsa lijo “ka nqa tse ngata,” o ile a bolela hore li ne li tla kopanyelletsa litšisinyeho tsa lefatše, mafu, lintoa le mahloko a mang. (Mattheu 24:7-14; Luka 21:10-28) ʼNete ea hore lintho tsena tsohle li etsahala mehleng ena e khetholla nako ena e le e profetiloeng ke Jesu le moapostola Johanne.
Ho kalla ha monna oa pere ea bone oa Tšenolo e tla ba pontšo ea hore Jesu Kreste ea hlongoeng setulong sa borena o tloha e le “ea hlōlang le ea phethang tlhōlo ea hae.” (Tšenolo 6.1, 8, NW) Hlaloso e qaqileng ea liketsahalo tsa lefatše ke tseo Jesu a boletseng ka tsona e le karabo ea potso ea balateli ba hae: “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3.
Re phela mehleng ea bohlokoa. Jesu o busa e le Morena ea sa bonahaleng. Haufinyana o tla “phetha tlhōlo ea hae” ka ho tlosa batho ba khopo le ho hlōla mohlohleletsi e moholo oa bokhopo, Satane Diabolose. (Pesaleme ea 37:9-11; Tšenolo 20:1-3) Ke ka baka leo Jesu a ileng a tsoela pele hore: “e tla re ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ʼMuso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:31.
Tsena ke litaba tse molemo tse poteletseng ka likoluoa tseo re balang ka tsona likoranteng. Ka pele-pele, pere e ntšo ea tlala e tla emisoa ʼme ʼMuso oa Molimo o tla tlisa puso e lokileng lefatšeng. (Pesaleme ea 72:1, 16) E tla ba phetoho e khōlō e molemo paleng eohle ea batho. Hobane’ng ha u sa ithute ka sena Bibeleng ea hao? Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u nea thuso eo u e hlokang. Ka hona u ka itsebela se hlileng se boleloang ke tsela ea timetso e tsamauoang ke pere e ntšo ea tlala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Khala e le ʼngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare.” (Tšenolo 6:6) Mehleng ea Johanne denare e ne e le moputso oa letsatsi.—Mattheu 20:2.
b Bona sehlooho “Ntoa ea l ea Lefatše le Qaleho e Tlokotsi,” ho Molula-Qhooa, tokollo ea September 15,1983.