Ho Etsahetse’ng ka Botšepehi?
LILEMONG tse fetang lekholo tse fetileng, Barney Barnato, eo e neng e le mohlahlobisisi oa litaemane, o ile a khutlela Engelane a e-tsoa Afrika Boroa. Ho fihleng ha hae, ha aa ka a lumellana le pale e neng e ngotsoe ka eena koranteng. Kahoo, o ile a fa mohlophisi lintlha tse ngotsoeng ka letsoho bakeng sa sehlooho sa bobeli, a re ke “ho lokisa feela lintlha tse itseng,” a ba a mo fa le cheke ea chelete e ngata.
Mohlophisi, J. K. Jerome, o ile a akhela lintlha tseo ka basketeng ea pampiri e lahloang ’me a khutlisa cheke. A hloletsoe, ka potlako Barnato o ile a eketsa chelete eo ka makhetlo a mabeli. Le eona ka ho tšoanang e ile ea hanoa. O ile a botsa: “U batla bokae?” Ha a hopola ketsahalo eo, Jerome o re: “Ke ile ka mo hlalosetsa hore ntho eo ha e etsuoe—eseng mona London.” Ka ho hlakileng, botšepehi ba hae ba bohlophisi bo ne bo sa rekoe.
“Botšepehi” bo ’nile ba hlalosoa e le “boitšoaro bo lokileng; boitšoaro bo otlolohileng.” Motho ea tšepahalang o tšoaneloa ke ho tšeptjoa. Empa kajeno, bolotsana—ho se tšepahale—bo ama batho ba maemo ’ohle bophelong.
Mecha ea litaba Brithani e tumisitse lentsoe “mathaithai” bakeng sa ho hlalosa ho hloka botšepehi. Joalokaha koranta ea The Independent e bolela, mathaithai a akarelletsa “ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho qala ka litaba tsa lerato le bomenemene ba ’muso, ho isa tabeng ea ho ntša tjotjo bakeng sa liodara tse khōlō tse romeloang ka ntle ho naha.” Ha ho karolo ea bophelo e sa ameheng.
Litekanyetso Tse sa Tsitsang Tsa Botšepehi
Ke ’nete hore botšepehi ha bo bolele hore motho o phethahetse, empa bo bonahatsa hore o na le tšoaneleho ea motheo. Lefatšeng la rōna le batlang ho rua ka ho panya ha leihlo, botšepehi bo ka bonahala e le tšitiso, eseng boitšoaro bo lokileng. Ka mohlala, ho sebelisa ha liithuti lisebelisoa tsa motlakase tse tsoetseng pele bakeng sa ho qhekella litlhahlobong hoa eketseha, ’me ho batla ho le thata ho hlokomela ha liithuti li e-na le lisebelisoa tsena tse ncha. Moprofesa e mong oa univesithi ea Brithani o bolela hore ho liithuti tsohle tsa Brithani, tse fetang halofo li qhekeletse, ’me ka sebele hase Brithani feela.
Ho sa lokelang ho tlōlisoa mahlo ke liphello tse hlahelang batho ba se nang molato ha batho ba sa tšepahaleng ba thetsa kapa ba qhekella. Nahana ka boemo ba toropo ea Bhopal, India, moo ka 1984 khase e chefo e ileng ea bolaea banna, basali le bana ba fetang 2500 ’me ea lematsa ba bang ba makholo a likete. The Sunday Times e ile ea tlaleha: “Mekhatlo ea liphallelo e thusang bahlaseluoa e qoetse ka har’a bobolu. . . . Mosebetsi oa ho khetholla maemo a lokelang ho phalleloa o thatafalitsoe ke likōpo tsa bohata tse likete, litokomane tsa bolotsana le bopaki ba bomenemene.” Ka lebaka leo, lilemo tse leshome hamorao, ho ile ha abeloa ba hlokang R16 345 000 feela holim’a R2195 000 000 e ileng ea lefshoa bakeng sa ho lokisa tšenyo.
Ho thoe’ng ka bolumeli? Bo boemong bofe tabeng ee ea botšepehi? Ka masoabi, litekanyetso li ntse li tšoana le tsa lefatše. Nka ka mohlala mobishopo oa Roma e K’hatholike, Eamon Casey, ea ileng a ipolela hore ke ntate oa ngoana oa matšeo oa moshanyana, eo hona joale e leng mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20. Joalokaha koranta ea Brithani, The Guardian e ile ea bolela, boemo ba Casey e ne “e se mohlolo.” Tabeng eona eo, The Times e ile ea tlaleha: “’Nete ka mahlabisa-lihlong a Mobishopo Casey ke hore ketso ea hae e fosahetseng e ne e se mohlolo, empa ho qhekella boitlaming ba ho se nyale ke ntho ea khale le e tloaelehileng.” Ha e tlatselletsa khang ena, The Glasgow Herald ea Scotland e bolela hore ke karolo ea 2 lekholong feela ea baruti ba Roma e K’hatholike United States, e qobileng likamano tsa botona le botšehali le bosodoma. Ho sa tsotellehe hore na palo ena e nepahetse kapa che, e bontša botumo ba baprista ba K’hatholike tabeng ea boitšoaro.
Ha ho tobanoe le mehlala e kang eo, na ho ka khoneha hore motho a boloke botšepehi? Na ho bo boloka hoa tšoaneleha? Ho tla hloka eng, ’me meputso ea ho etsa joalo ke efe?