Tsamaiso ea Puso ea Molimo Mehleng ea Bokreste
“Ke ho ea ka ho khahloa ha hae . . . ho bokella lintho tsohle hammoho hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.”—BAEFESE 1:9, 10.
1, 2. (a) Ho bokelloa ha “lintho tse maholimong” ho ile ha tsoela pele joang ho tloha ka 33 C.E.? (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba bontša moea oa Moshe le Elija joang ho tloha ka 1914?
HO BOKELLOA hona ha “lintho tse maholimong” ho qalile ka 33 C.E., ha “Iseraele ea Molimo” e ne e tsoaloa. (Bagalata 6:16; Esaia 43:10; 1 Petrose 2:9, 10) Ka mor’a lekholo la pele la lilemo C.E., ho bokella ho ile ha lieha ha Bakreste ba ’nete (bao Jesu a ileng a ba bitsa “koro”) ba ne ba pupelitsoe ke “mofoka” oa bokoenehi o jetsoeng ke Satane. Empa ha ‘nako ea bofelo’ e atamela, Iseraele ea Molimo ea ’nete e ile ea hlahella ho batho hape ’me ka 1919 e ile ea behoa holim’a tsohle tseo e leng tsa Jesu.a—Matheu 13:24-30, 36-43; 24:45-47; Daniele 12:4.
2 Ntoeng ea pele ea lefatše, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba etsa mesebetsi e matla, feela joalokaha Moshe le Elija ba entse.b (Tšenolo 11:5, 6) Ho tloha ka 1919 ba ’nile ba bolela litaba tse molemo lefatšeng le tletseng bora, ba etsa joalo ka sebete seo Elija a neng a e-na le sona. (Matheu 24:9-14) ’Me ho tloha ka 1922 ba boletse likahlolo tsa Jehova molokong oa batho, feela joalokaha Moshe a ile a tlisetsa Egepeta ea boholo-holo likotlo tsa Molimo. (Tšenolo 15:1; 16:2-17) Masala a Bakreste bana ba tlotsitsoeng kajeno ke oona motheo oa mokhatlo oa lefatše le lecha oa Lipaki tsa Jehova.
Sehlopha se Busang Tšebetsong
3. Ke liketsahalo life tse bontšang hore phutheho ea pele ea Bokreste e ne e hlophisitsoe hantle?
3 Ho tloha qalong, balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba ne ba hlophisehile. Ha palo ea barutuoa e ntse e eketseha, liphutheho li ile tsa thehoa sebakeng ka seng ’me ha khethoa baholo. (Tite 1:5) Ka mor’a 33 C.E., baapostola ba 12 ba ile ba sebeletsa e le sehlopha se busang se ka sehloohong se nang le matla a ho laela. Boemong boo, ba ne ba etella pele mosebetsing oa bopaki ba sa tšabe letho. (Liketso 4:33, 35, 37; 5:18, 29) Ba ile ba lokisetsa hore lijo li abeloe ba hlokang, ’me ba roma Petrose le Johanne Samaria bakeng sa ho nka bohato bo loketseng ka litlaleho tsa thahasello e bontšitsoeng sebakeng seo. (Liketso 6:1-6; 8:6-8, 14-17) Barnabase o ile a isa Pauluse ho bona hore ba tiise hore enoa eo e neng e le mohlorisi joale e ne e se e le molateli oa Jesu. (Liketso 9:27; Bagalata 1:18, 19) ’Me ka mor’a hore Petrose a bolele ho Korneliase le ba ntlo ea hae, o ile a khutlela Jerusalema ’me a hlalosetsa baapostola le barab’abo ba bang ba Judea kamoo moea o halalelang o ileng oa bontša seo e leng thato ea Molimo tabeng ena.—Liketso 11:1-18.
4. Ho ile ha etsoa boiteko bofe ba ho bolaea Petrose, empa bophelo ba hae bo ile ba pholosoa joang?
4 Joale sehlopha se busang se ile sa hlaseloa ka mabifi. Petrose o ile a kenngoa teronkong, ’me bophelo ba hae bo ile ba bolokoa feela ke ho kenella ha lengeloi. (Liketso 12:3-11) Joale, ka lekhetlo la pele, motho e mong eo e seng e mong oa baapostola ba 12 o ile a ba boemong bo hlaheletseng Jerusalema. Ha Petrose a ne a lokolloa teronkong, o ile a bolella sehlopha se bokaneng ntlong ea ’mè oa Johanne Mareka: “Tlalehelang Jakobo [mor’abo Jesu ka ’mè oa bona] le barab’abo rōna lintho tsena.”—Liketso 12:17.
5. Tsela eo sehlopha se busang se neng se hlophisitsoe ka eona e ile ea fetoha joang ka mor’a hore Jakobo a shoele tumelo?
5 Pejana, ka mor’a hore Judase Iskariota, moapostola ea sa tšepahaleng, a ipolaee, ho ile ha hlokomeloa hore ho hlokahala hore “boemo ba hae ba bolebeli” ba ho ba moapostola bo fuoe motho e mong ea bileng le Jesu nakong ea tšebeletso ea hae le eo e bileng paki ea ho shoa le ho tsoha ha hae. Leha ho le joalo, ha Jakobo, mor’abo Johanne, a ne a bolaoa, ha ho ea ileng a mo nkela sebaka e le e mong oa ba 12. (Liketso 1:20-26; 12:1, 2) Ho e-na le hoo, se latelang seo Mangolo a se buang ka sehlopha se busang se bontša hore se ile sa eketseha. Ha ho ne ho hlaha khang ea hore na Balichaba ba neng ba latela Jesu ba lokela ho boloka Molao oa Moshe, taba ena e ile ea fetisetsoa ho “baapostola le banna ba baholo Jerusalema” hore ba etse qeto. (Liketso 15:2, 6, 20, 22, 23; 16:4) Ke hobane’ng ha kamoo ho bonahalang kateng, joale “banna ba baholo” ba ne ba le sehlopheng se busang? Bibele ha e bolele, empa ho ile ha e-ba le molemo o totobetseng. Lefu la Jakobo le ho kenngoa teronkong ha Petrose li ne li bontšitse hore ho ka ’na ha etsahala hore ka letsatsi le leng baapostola ba kenngoe teronkong kapa ba bolaoe. Haeba seo se ne se ka etsahala, boteng ba baholo ba bang ba tšoanelehang, ba nang le phihlelo mabapi le tsela eo sehlopha se busang se sebetsang litaba ka eona, bo ne bo ka tiisa hore bolebeli bo tsoela pele ka mokhoa o laolehileng.
6. Sehlopha se busang se ile sa tsoela pele joang ho sebetsa Jerusalema, esita leha litho tsa sona tsa pele li ne li se li se motseng oo?
6 Ha Pauluse a ne a e-tla Jerusalema hoo e ka bang ka selemo sa 56 C.E., o ile a fana ka tlaleho ho Jakobo ’me, Bibele e re, “banna ba baholo kaofela ba ne ba le teng.” (Liketso 21:18) Ke hobane’ng ha ho sa ka ha buuoa ka baapostola sebokeng see? Le moo, Bibele ha e bolele. Empa rahistori Eusebius hamorao o ile a tlaleha hore nakong e itseng pele ho 66 C.E., “baapostola ba setseng, ba le kotsing e sa khaotseng ea ’momori oa polao, ba ile ba lelekeloa ka ntle ho Judea. Empa e le hore ba ka ruta molaetsa oa bona ba ile ba kena naheng e ’ngoe le e ’ngoe ka matla a Kreste.” (Eusebius, Buka ea III, V, v. 2) Ke ’nete hore mantsoe a Eusebius hase karolo ea tlaleho e bululetsoeng, empa a lumellana le seo tlaleho eo e se buang. Ka mohlala, ka 62 C.E., Petrose o ne a le Babylona—hōle le Jerusalema. (1 Petrose 5:13) Ho ntse ho le joalo, ka 56 C.E., ’me mohlomong ho fihlela ka 66 C.E., ho ne ho hlakile hore sehlopha se busang se ne se sebetsa ka mafolofolo Jerusalema.
Tsamaiso Mehleng ea Kajeno
7. Ha ho bapisoa le sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo, ke phapang efe e hlaheletseng e leng teng tlhophisong ea Sehlopha se Busang kajeno?
7 Ho tloha ka 33 C.E. ho fihlela matšoenyehong a Jerusalema, kamoo ho bonahalang kateng, sehlopha se busang se ne se entsoe ka Bakreste ba Bajuda. Nakong ea ketelo ea hae ka 56 C.E., Pauluse o ile a ithuta hore Bakreste ba bangata ba Bajuda Jerusalema, ho sa tsotellehe ho “ba [ha bona] le tumelo ea Morena oa rōna Jesu Kreste,” ba ne ba ntse ba “chesehela Molao [oa Moshe].”c (Jakobo 2:1; Liketso 21:20-25) Ho ka etsahala hore Bajuda ba joalo ba bile le bothata ba ho nahana ka Molichaba a se a le sehlopheng se busang. Leha ho le joalo, mehleng ea kajeno, ho bile le phetoho e ’ngoe tlhophisong ea sehlopha sena. Kajeno, se entsoe ka ho feletseng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba Balichaba, ’me Jehova o hlohonolofalitse bolebeli ba bona haholo.—Baefese 2:11-15.
8, 9. Ke liphetoho life tse bileng teng Sehlopheng se Busang mehleng ea kajeno?
8 Ho tloha ho thehoeng ha Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania ka 1884 ho fihlela ka 1972, mopresidente oa Mokhatlo o ne a sebelisa matla a ho laela a maholo mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng, ha Sehlopha se Busang se ne se amahanngoa haufi-ufi le boto ea batsamaisi ea Mokhatlo. Mahlohonolo a neng a thabeloa lilemong tseo a paka hore Jehova o ne a amohela tokisetso eo. Lipakeng tsa 1972 le 1975, litho tsa Sehlopha se Busang li ile tsa eketsoa hore li be 18. Ho ile ha etsoa hore lintho li etsoe ho latela mohlala oa lekholong la pele la lilemo haufi-ufi ha ho ne ho fanoa ka matla a ho laela a maholoanyane ho sehlopha sena se seholoanyane, seo litho tse ling tsa sona e leng batsamaisi ba Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
9 Ho tloha ka 1975 ba ’maloa ho batho bana ba 18 ba phethile tsela ea bona ea lefatšeng. Ba hlōtse lefatše ’me ba ‘lutse le Jesu teroneng ea hae ea leholimo.’ (Tšenolo 3:21) Ka lebaka lena le a mang, hona joale litho tsa Sehlopha se Busang li leshome, ho akarelletsa le se seng se ileng sa kenyelletsoa ka 1994. Bongata ba tsona li hōlile lilemong. Leha ho le joalo, bara bana babo rōna ba tlotsitsoeng ba tšehetsoa hamolemo ha ba ntse ba phetha boikarabelo ba bona bo boima. Tšehetso eo e fumaneha hokae? Ho qekotsa khatelo-pele ea kajeno har’a batho ba Molimo ho araba potso eo.
Tšehetso Bakeng sa Iseraele ea Molimo
10. Ke bo-mang ba ikopantseng le batlotsuoa tšebeletsong ea Jehova matsatsing aa a ho qetela, ’me see se ile sa profetoa joang?
10 Morao koana ka 1884 hoo e ka bang bohle ba sebetsang le Iseraele ea Molimo e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, butle-butle sehlopha se seng se ile sa qala ho hlaha, ’me ka 1935 sehlopha sena se ile sa tsebahatsoa e le “bongata bo boholo” ba Tšenolo khaolo ea 7. Kaha ba na le tšepo ea lefatšeng, bana ba emela “lintho tse lefatšeng” tseo Jehova a rerang ho li bokella hammoho ho Kreste. (Baefese 1:10) Ba emela “linku tse ling” tsa papiso ea Jesu ea masaka a linku. (Johanne 10:16) Ho tloha ka 1935, linku tse ling li ’nile tsa phallela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Li ’nile tsa ‘tla li fofa joaloka maru le joaloka maeba a rurelang matlung a ’ona.’ (Esaia 60:8) Ka lebaka la keketseho ea bongata bo boholo le ho fokotseha ha sehlopha sa batlotsuoa, ha ba bangata ba phetha tsela ea bona ea lefatšeng lefung, linku tse ling tse tšoanelehang li se li phetha karolo e eketsehileng mesebetsing ea Bokreste. Ka litsela life?
11. Ke litokelo life, tseo pele li neng li fumanoa ke Bakreste ba tlotsitsoeng feela, tse fuoeng linku tse ling?
11 Ho bolela hohle makhabane a Jehova kamehla e ’nile ea e-ba boikarabelo bo khethehileng ba “sechaba se halalelang” sa Molimo. Pauluse o ile a bua ka sena e le sehlabelo sa tempele, ’me ho bao e neng e tla ba “boprista ba borena,” Jesu o ile a fana ka taelo ea ho bolela le ho ruta. (Exoda 19:5, 6; 1 Petrose 2:4, 9; Matheu 24:14; 28:19, 20; Baheberu 13:15, 16) Leha ho le joalo, tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ea August 1, 1932, ka ho toba e ile ea khothalletsa ba neng ba tšoantšetsoa ke Jonadabe ho kopanela mosebetsing ona. Ka sebele, ba bangata ho linku tse ling tse joalo ba ne ba se ba ntse ba etsa seo. Kajeno, hoo e ka bang mosebetsi oohle oa ho bolela o etsoa ke linku tse ling e le karolo e ka sehloohong ea ‘ho etsetsa ha tsona [Molimo] tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu ka tempeleng ea hae.’ (Tšenolo 7:15) Ka ho tšoanang, karolong ea pele ea histori ea kajeno ea batho ba Jehova, baholo ba phutheho e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng, “linaleli” tse ka letsohong le letona la Jesu Kreste. (Tšenolo 1:16, 20) Empa tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ea May 1, 1937, e ile ea tsebisa hore linku tse ling tse tšoanelehang e ne e ka ba bahlanka ba lihlopha (balebeli ba okamelang). Esita le haeba banna ba tlotsitsoeng ba ne ba le teng, linku tse ling li ne li ka sebelisoa haeba banna ba tlotsitsoeng ba ne ba sa khone ho jara boikarabelo bona. Kajeno, hoo e ka bang baholo bohle ba liphutheho ke linku tse ling.
12. Ke mehlala efe ea Mangolo e leng teng bakeng sa linku tse ling tse tšoanelehang tse fumanang boikarabelo bo boima ba tlhophiso?
12 Na ho fosahetse ho fa linku tse ling boikarabelo bo boima hakaalo? Che, sena se latela mohlala oa histori. Basokolohi ba bang bao e leng basele (bajaki) ba ne ba le boemong bo phahameng Iseraeleng ea boholo-holo. (2 Samuele 23:37, 39; Jeremia 38:7-9) Ka mor’a ho ba botlamuoeng Babylona, Banethinime ba tšoanelehang (bahlanka ba tempele bao e seng Baiseraele) ba ile ba fuoa litokelo tsa tšebeletso ea tempele tseo pele e neng e le tsa Balevi feela. (Esdrase 8:15-20; Nehemia 7:60) Ho phaella moo, Moshe, ea ileng a bonoa a e-na le Jesu ponong ea ho fetoha sebōpeho, o ile a amohela keletso e molemo e tsoang ho Jethro oa Momidiane. Hamorao, o ile a kōpa mora oa Jethro Hobabe hore a ba tataise ho pholletsa le lefeella.—Exoda 18:5, 17-24; Numere 10:29.
13. Ha batlotsuoa ka boikokobetso ba abela linku tse ling tse tšoanelehang boikarabelo, ba ’nile ba etsisa mohlala oa mang o motle?
13 Ho ea qetellong ea lilemo tse 40 a le lefeelleng, Moshe, kaha o ne a tseba hore o ne a ke ke a kena Naheng e Tšepisitsoeng, o ile a rapela hore Jehova a fane ka mohlahlami. (Numere 27:15-17) Jehova o ile a mo bolella hore a laele Joshua ka pel’a sechaba sohle, ’me Moshe o ile a etsa joalo, le hoja a ne a ntse a le matla ’meleng ’me a sa ka a khaotsa ho sebeletsa Iseraele hang-hang. (Deuteronoma 3:28; 34:5-7, 9) Ka moea o tšoanang o ikokobelitseng, batlotsuoa ba se ba ’nile ba fana ka litokelo tse eketsehileng ho banna ba tšoanelehang har’a linku tse ling.
14. Ke boprofeta bofe bo supang karolong e eketsehang e phethoang ke linku tse ling tlhophisong?
14 Karolo e eketsehang e phethoang ke linku tse ling tlhophisong le eona ke taba ea boprofeta. Zakaria o ile a bolela esale pele hore Mofilista eo e seng Moiseraele o ne a tla ba “joalo ka khosana har’a Juda.” (Zakaria 9:6, 7) Mahosana e ne e le marena a meloko, ka hona Zakaria o ne a bolela hore eo pele e neng e le sera sa Iseraele o ne a tla amohela borapeli ba ’nete ’me a be joaloka morena oa moloko Naheng e Tšepisitsoeng. Ho feta moo, ha a bua le Iseraele ea Molimo, Jehova o itse: “Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea lōna; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara. Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna.” (Esaia 61:5, 6) “Balichaba” le “basele” ke linku tse ling. Li abetsoe boikarabelo e le hore li ka jara mosebetsi o eketsehileng ha masala a tlotsitsoeng a ntseng a tsofala a phetha tsela ea ’ona ea lefatšeng ’me a il’o sebeletsa ka tsela e feletseng e le “baprista ba Jehova” ba leholimong, ba pota-potileng terone ea Jehova ea borena e le “bahlanka ba Molimo oa rōna.”—1 Bakorinthe 15:50-57; Tšenolo 4:4, 9-11; 5:9, 10.
“Moloko o Tlang”
15. Nakong ena ea bofelo, ke sehlopha sefe sa Bakreste se fihlileng ‘lilemong tsa botsofali,’ ’me ke sehlopha sefe se emelang “moloko o tlang”?
15 Masala a tlotsitsoeng a ’nile a chesehela ho koetlisa linku tse ling bakeng sa boikarabelo bo eketsehileng. Pesaleme ea 71:18 e re: “Molimo, u se ke ua ntlohela ho fihlela botsofaling bo boputsoa; ke tle ke bolele liketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tsoaloa.” Ha e hlalosa temana ena, tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ea December 15, 1948, e ile ea bolela hore litho tsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka sebele li ne li se li fihlile lilemong tsa botsofali. E ile ea tsoela pele ho bolela hore ka thabo batlotsuoa, “ho latela leseli la boprofeta ba Bibele, ba lebeletse ba bile ba bona moloko o mocha.” See se bolela bo-mang ka ho toba? Molula-Qhooa ona o itse: “Jesu o ile a bua ka bona e le ‘linku tse ling’ tsa hae.” “Moloko o tlang” o bolela batho ba tla phela tlas’a tsamaiso e ncha ea lefatše e laoloang ke ’Muso oa maholimo.
16. Litho tsa “moloko o tlang” li lebeletse mahlohonolo afe ka tabatabelo?
16 Bibele ha e bolele ka ho toba nako eo ka eona Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba tla siea barab’abo bona ba ‘moloko ona o tlang’ ’me ba tsoele pele ho tlotlisoa hammoho le Jesu Kreste. Empa batlotsuoa bana ba kholisehile hore nako ea sena ea atamela. Liketsahalo tse boletsoeng esale pele boprofeteng bo boholo ba Jesu ka ‘nako ea bofelo’ li ’nile tsa phethahala ho tloha ka 1914, e leng se bontšang hore timetso ea lefatše lena e haufi. (Daniele 12:4; Matheu 24:3-14; Mareka 13:4-20; Luka 21:7-24) Haufinyane, Jehova o tla tlisa lefatše le lecha leo ho lona ‘moloko o tlang’ o tla ‘rua ’muso [sebaka sa lefatšeng] oo o o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.’ (Matheu 25:34) Baa thaba hore ebe ba lebeletse tsosoloso ea Paradeise le ho tsosoa ha ba shoeleng ba limilione Hadese. (Tšenolo 20:13) Na batlotsuoa ba tla ba teng ho amohela baa ba tsositsoeng? Morao koana ka 1925, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa May 1 o ile oa re: “Ha rea lokela hore ka ho latela maikutlo a rōna re bolele seo Molimo a tla se etsa kapa seo a sa tl’o se etsa. . . . [Empa] re lebisoa qetong ea hore litho tsa Kereke [Bakreste ba tlotsitsoeng] li tla tlotlisoa pele ho tsoho ea batho ba boholo-holo ba tummeng [lipaki tse tšepahalang tsa pele ho Bokreste].” Ka ho tšoanang ha o bua ka hore na batlotsuoa ba bang ba ne ba tla ba teng ho amohela ba tsositsoeng, Molula-Qhooa oa September 1, 1989, o itse: “Hase tlamo hore ho be joalo.”d
17. Batlotsuoa e le sehlopha ba tla kopanela litokelong life tse tsotehang le Morena ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste?
17 Ke ’nete hore ha re tsebe se tla etsahala tabeng ea Mokreste ka mong ea tlotsitsoeng. Empa ho ba ha Moshe le Elija le Jesu ponong ea ha a fetoha sebōpeho ho bontša hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsohileng bafung ba lebeletsoe ho ba le Jesu ha a tla ka khanya ho “buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro ba hae” ha a liha kahlolo le ho e phethahatsa. Ho feta moo, re hopola tšepiso ea Jesu ea hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba “hlōlang” ba tla kopanela le eena ho ‘liseng lichaba ka molamu oa tšepe’ ka Armagedone. Ha Jesu a tla ka khanya, ba tla lula le eena ho “ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” Hammoho le Jesu, ba tla ‘silakanya Satane ka tlas’a maoto a bona.’—Matheu 16:27–17:9; 19:28; Tšenolo 2:26, 27; 16:14, 16; Baroma 16:20; Genese 3:15; Pesaleme ea 2:9; 2 Bathesalonika 1:9, 10.
18. (a) Boemo ke bofe mabapi le ‘ho bokelloa ha lintho tse maholimong hammoho ho Kreste’? (b) Re ka re’ng ka ‘ho bokelloa ha lintho tse lefatšeng hammoho ho Kreste’?
18 Ka ho lumellana le tsamaiso ea hae ea lintho, Jehova o tsoela pele mohato ka mohato “ho bokella lintho tsohle hammoho hape ho Kreste.” Tabeng ea “lintho tse maholimong,” morero oa hae o haufi le ho phethahala. Ho kopana ha Jesu le bohle ba 144 000 leholimong bakeng sa “lenyalo la Konyana” ho haufi. Kahoo, barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba eketsehileng ba linku tse ling, ba emelang “lintho tse lefatšeng,” ba abetsoe boikarabelo bo boima haholoanyane e le hore ba ka tšehetsa barab’abo bona ba tlotsitsoeng. Re phela linakong tse thabisang hakaakang! Ho thabisa hakaakang ho bona morero oa Jehova o tsoela pele o lebile ho phethahaleng ha oona! (Baefese 1:9, 10; 3:10-12; Tšenolo 14:1; 19:7, 9) ’Me linku tse ling li thaba hakaakang ha li tšehetsa barab’abo tsona ba tlotsitsoeng ha lihlopha tsena ka bobeli li sebetsa hammoho e le “mohlape o le mong” tlas’a “molisa a le mong” li ipehile tlas’a Morena, Jesu Kreste, ’me e le tlotlisong ea ’Musi oa Bokahohleng e moholo, Jehova Molimo!—Johanne 10:16; Bafilippi 2:9-11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona tokollo ea Molula-Qhooa ea January 15, 1982, leqepheng la 17-27.
b Ka mohlala, ho tloha ka 1914, “The Photo-Drama of Creation”—nehelano e likarolo li ’nè ea litšoantšo le e rekotiloeng—e ile ea bontšoa bamameli ba ka har’a liholo tse pepetehang ho pholletsa le karolo ea lefatše e ka Bophirimela.
c Bakeng sa mabaka ao ka ’ona ho ka etsahalang hore ebe Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba chesehela Molao, bona Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Moqolo oa 2, leqepheng la 1163-4.
Na U ka Hlalosa?
◻ Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o ’nile oa tsoela pele joang lekholong la pele la lilemo?
◻ Sehlopha se Busang se ’nile sa tsoela pele joang historing ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova?
◻ Ke Mangolo afe a lumellang ho fa linku tse ling matla a ho laela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova?
◻ “Lintho tse maholimong” le “lintho tse lefatšeng” li ’nile tsa bokelloa hammoho ho Kreste joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Esita leha litho tsa sona tsa pele li ne li se li se Jerusalema, sehlopha se busang se ile sa tsoela pele ho sebetsa sebakeng seo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bakreste ba tlotsitsoeng ba hōlileng tsebong e ’nile ea e-ba tlhohonolofatso ho batho ba Jehova
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
C. T. Russell 1884-1916
J. F. Rutherford 1916-42
N. H. Knorr 1942-77
F. W. Franz 1977-92
M. G. Henschel 1992-