Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 8/15 maq. 17-22
  • “Ho Hlaphoheloa Kelellong” ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Hlaphoheloa Kelellong” ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Hlaphoheloa Kelellong” Likamanong Tsa Rōna
  • “Ho Hlaphoheloa Kelellong” le Boikarabelo ba Lelapa
  • “Ho Hlaphoheloa Kelellong” Mabapi le Pono ea Rōna ka Thuto
  • ‘U se ke Ua Batla Lintho Tse Khōlō’
  • Tšebeliso e Molemohali ea Nako e Setseng
  • Tsoela Pele ho Phela ka “ho Hlaphoheloa Kelellong”
  • O Ile a Ithuta Bohlokoa ba ho Bontša Mohau
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Thuto Mabapi le Mohau
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 8/15 maq. 17-22

“Ho Hlaphoheloa Kelellong” ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

“Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphoheloe likelellong.”—1 PETROSE 4:7.

1. Ke’ng se akarelletsoang tabeng ea “ho hlaphoheloa kelellong”?

MANTSOE a ka holimo a moapostola Petrose a lokela ho ba le phello e matla tseleng eo Bakreste ba phelang bophelo ba bona ka eona. Leha ho le joalo, Petrose ha aa ka a bolella babali ba hae hore ba balehele boikarabelo ba bona bo tloaelehileng le litlhoko tsa bophelo; leha e le hona hore o ile a khothalletsa boikutlo ba tšabo e feteletseng ea timetso e atamelang. Ho e-na le hoo, o ile a phehella: “Le hlaphoheloe likelellong.” Ho ‘hlaphoheloa likelellong’ ho akarelletsa ho bontša kahlolo e molemo, ho ba le kelello, ho ba masene, ho bontša kutloisiso lipuong le liketsong tsa rōna. Ho bolela ho lumella Lentsoe la Molimo ho busa menahano le liketso tsa rōna. (Baroma 12:2) Kaha re phela “har’a moloko o khopameng le o sothehileng,” kelello e hlaphohetsoeng ea hlokahala ho qoba mathata le litšitiso.—Bafilippi 2:15.

2. Mamello ea Jehova e tsoela Bakreste molemo joang kajeno?

2 “Ho hlaphoheloa kelellong” ho boetse ho re thusa ho italima ka mokhoa o bontšang hore re hlaphohetsoe le ka mokhoa oa sebele. (Tite 2:12; Baroma 12:3) Sena sea hlokahala ha re talima mantsoe a tlalehiloeng ho 2 Petrose 3:9: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” Hlokomela hore Jehova ha a mamelle batho ba sa lumelang feela, empa o mamella le ‘lōna’—litho tsa phutheho ea Bokreste. Hobane’ng? Hobane “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe.” Mohlomong ho ntse ho hlokahala hore ba bang ba etse liphetoho le litokiso e le hore ba tšoanelehele mpho ea bophelo bo sa feleng. Ka lebaka leo a re shebeng libaka tseo ho tsona e ka ’nang eaba ho hlokahala litokiso tse itseng.

“Ho Hlaphoheloa Kelellong” Likamanong Tsa Rōna

3. Batsoali ba ka ipotsa lipotso life mabapi le bana ba bona?

3 Lelapa e lokela ho ba sebaka se sireletsehileng sa khotso. Empa a mang ke ‘matlo a tletseng likomang.’ (Liproverbia 17:1) Ho thoe’ng ka lelapa la hao? Na lapeng ha hao ha ho na “khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang”? (Baefese 4:31) Ho thoe’ng ka bana ba hao? Na ba ikutloa hore baa ratoa le ho ananeloa? (Bapisa le Luka 3:22.) Na u ipha nako ea ho ba ruta le ho ba koetlisa? Na u ba “laea ka ho loka” ho e-na le ho ba laea ka bohale le khalefo? (2 Timothea 3:16) Kaha bana ke “lefa la Jehova,” o thahasella haholo tsela eo ba tšoaroang ka eona.—Pesaleme ea 127:3.

4. (a) Ho ka ba le phello efe haeba monna a tšoara mosali oa hae hampe? (b) Basali ba tlatsetsa khotsong le Molimo le thabong ea lelapa kaofela joang?

4 Ho thoe’ng ka balekane ba rōna ba lenyalo? “Banna ba tšoanela ho ba ba ratang basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.” (Baefese 5:28, 29) Monna ea hlekefetsang, ea hatellang kapa ea sa nahaneleng maemo ha a senye khutso ea lelapa la hae feela empa o khella kamano ea hae le Molimo fatše. (1 Petrose 3:7) Ho thoe’ng ka basali? Ka ho tšoanang ba lokela hore ba “ipehe tlas’a banna ba bona joaloka ho Morena.” (Baefese 5:22) Ho nahana ka ho khahlisa Molimo ho ka thusa mosali ho hlokomoloha mefokolo ea monna oa hae ’me a ipehe tlas’a hae ntle ho tlhonamo. Ka linako tse ling, mosali a ka ’na a ikutloa a tlamehile ho ntša maikutlo a hae. Liproverbia 31:26 (NW) e re ka mosali ea khabane: “Molomo oa hae o o ahlamisa ka bohlale, ’me molao oa mosa o lerato o lelemeng la hae.” Ka ho tšoara monna oa hae ka tsela e mosa, e bontšang tlhompho, o boloka khotso le Molimo, ’me o tlatsetsa thabong ea lelapa lohle.—Liproverbia 14:1.

5. Ke hobane’ng ha bacha ba lokela ho latela keletso ea Bibele mabapi le tšoaro ea batsoali ba bona?

5 Bacha, le tšoara batsoali ba lōna joang? Na le sebelisa puo e phoqang, e bontšang ho hloka tlhompho eo hangata e mamelloang ke lefatše? Kapa na le mamela taelo ea Bibele: “Bana, le mamele batsoali ba lōna kopanong le Morena, kaha sena se lokile: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso: ‘E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka tsoela pele ka nako e telele lefatšeng’”?—Baefese 6:1-3.

6. Ke joang re ka batlang ho ba khotsong le barapeli-’moho le rōna?

6 Re boetse re bontša “ho hlaphoheloa kelellong” ha re ‘batla khotso ’me re e phehella’ le barapeli-’moho le rōna. (1 Petrose 3:11) Ho se lumellane le ho se utloisisane ho hlaha nako le nako. (Jakobo 3:2) Haeba tlhonamo e lumelloa ho eketseha, khotso ea phutheho eohle e ka behoa kotsing. (Bagalata 5:15) Ka hona lokisang liqabang kapele; batlang litharollo tse lebisang khotsong.—Matheu 5:23-25; Baefese 4:26; Bakolose 3:13, 14.

“Ho Hlaphoheloa Kelellong” le Boikarabelo ba Lelapa

7. (a) Pauluse o ile a khothalletsa ho bontša “ho hlaphoheloa kelellong” litabeng tse tloaelehileng joang? (b) Banna le basali ba Bakreste ba lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le boikarabelo ba lelapa?

7 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste “ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong.” (Tite 2:12) Ke ho thahasellisang hore ebe litemaneng tse potolohileng ena, Pauluse o khothalletsa basali ‘ho rata banna ba bona, ho rata bana ba bona, ho ba ba hlaphohetsoeng kelellong, ba hloekileng, basebetsi malapeng.’ (Tite 2:4, 5) Pauluse o ile a ngola sena selemong sa 61-64 C.E., e leng lilemo tse seng kae pele ho bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejuda. Empa, litaba tse tloaelehileng, tse kang mosebetsi oa ntlo, e ne e ntse e le tsa bohlokoa. Ka lebaka leo, banna le basali ba lokela ho boloka pono e molemo, e nepahetseng mabapi le boikarabelo ba bona ba lelapa e le hore “ho se ke ha buuoa ka ho nyefola ka lentsoe la Molimo.” Hlooho e ’ngoe ea lelapa e ile ea kōpa tšoarelo ho moeti ka lebaka la chebahalo ea lehae la eona e hlabisang lihlong. E ile ea hlalosa hore le ne le sa lokisoa “hobane e ne e bula maliboho.” Hoa babatseha ha re itela ka lebaka la ’Muso, empa re lokela ho hlokomela hore re se behe boiketlo ba lelapa la rōna kotsing.

8. Lihlooho tsa malapa li ka hlokomela litlhoko tsa malapa a tsona ka tsela e leka-lekaneng joang?

8 Bibele e phehella bo-ntate hore ba etelletse malapa a bona pele ha e bolela hore ea hlōlehang ho hlokomela lelapa la hae “o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Litekanyetso tsa bophelo lia fapana lefatšeng lohle, ’me ho molemo ho etsa hore litebello tsa lintho tse bonahalang e be tse lekanyelitsoeng. Mongoli oa Liproverbia 30:8 o ile a rapela: “U se ke ua mpha bofuma, leha e le maruo.” Leha ho le joalo, batsoali ba lokela hore ba se hlokomolohe litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa bana ba bona. Ka mohlala, na e ne e tla ba bohlale hore motho a tlohele lelapa la hae le hloka lintho tseo le ke keng la phela kantle ho tsona e le hore a hahamalle litokelo tsa puso ea Molimo? Na see se ne se ke ke sa halefisa bana ba hae? Ka lehlakoreng le leng, Liproverbia 24:27 e re: “Hleka mosebetsi oa hao kantle, u lokise le tšimo ea hao; hamorao u tla tseba ho haha ntlo ea hao.” E, le hoja ho ameha ka lintho tse bonahalang ho e-na le sebaka sa hona, ke habohlokoa ‘hore motho a hahe ntlo ea hae’—moeeng le maikutlong.

9. Ke hobane’ng ha e le bohlale hore lihlooho tsa malapa li nahane ka lefu le ka ’nang la li tlela kapa ho kula?

9 Na u entse litokisetso tsa ho hlokomela lelapa la hao haeba u ka shoa pele ho nako? Liproverbia 13:22 e re: “Motho e motle o siela litloholo tsa hae lefa.” Ho phaella lefeng la tsebo ea Jehova le la kamano le eena, batsoali ba thahasella ho lokisetsa bana ba bona lintho tse bonahalang. Linaheng tse ngata lihlooho tsa malapa tse nang le boikarabelo li tla leka ho boloka chelete e itseng, ho ba le lengolo la molao la kabo ea lefa le inshorense. Etsoe batho ba Molimo le bona ba ntse ba angoa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11, NW) Chelete ke “tširelo” ’me ho lokisetsa ka hloko hangata ho ka qobisa motho bothata. (Moeklesia 7:12) Linaheng tseo ho tsona litšenyehelo tsa phekolo li sa lefelloeng ke ’muso, ba bang ba ka ’na ba khetha ho behella chelete ka thōko bakeng sa litlhoko tsa phekolo kapa ba lokisetsa mofuta o itseng oa ho koahela litšenyehelo tsa phekolo.a

10. Batsoali ba Bakreste ba ka “bolokela” bana ba bona joang?

10 Mangolo le ’ona a re: “Bana ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona, empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona.” (2 Bakorinthe 12:14) Lefatšeng ho tloaelehile hore batsoali ba boloke chelete bakeng sa thuto ea bana ba bona ea ka moso le lenyalo e le ho ba betlela tsela bophelong. Na u kile ua nahana ka ho bolokela bokamoso ba moea ba ngoana oa hao? Ka mohlala, nka hore ngoana ea seng a le moholo o phehella tšebeletso ea nako e tletseng. Le hoja basebeletsi ba nako e tletseng ba sa lokela ho batla kapa hona ho lebella thuso ea lichelete e tsoang ho batho ba bang, batsoali ba lerato ba ka ’na ba khetha ho ‘arolelana le eena ho ea ka tseo a li hlokang’ e le hore ba ka mo thusa ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng.—Baroma 12:13; 1 Samuele 2:18, 19; Bafilippi 4:14-18.

11. Na ho ba le pono ea sebele ka chelete ho bontša ho hloka tumelo? Hlalosa.

11 Ho ba le pono ea sebele mabapi le chelete ha ho bontše ho se lumele hore tsamaiso e khopo ea Satane e haufi le ho fela. E mpa feela e le taba ea ho bontša “bohlale bo sebetsang” le kahlolo e molemo. (Liproverbia 2:7; 3:21, NW) Jesu o kile a re “bara ba tsamaiso ena ea lintho ba bohlale haholoanyane ka tsela e sebetsang . . . ho feta kamoo bara ba leseli ba leng kateng” tšebelisong ea bona ea chelete. (Luka 16:8) Ha ho makatse he, hore ebe ba bang ba bone tlhokahalo ea ho etsa litokiso tseleng eo ka eona ba sebelisang thepa ea bona, e le hore ba ka khona ho hlokomela litlhoko tsa malapa a bona hamolemonyana.

“Ho Hlaphoheloa Kelellong” Mabapi le Pono ea Rōna ka Thuto

12. Ke joang Jesu a ileng a ruta barutuoa ba hae ho ikamahanya le maemo a macha?

12 “Pono ea lefatše lena ea fetoha,” ’me liphetoho tse khōlō tsa moruo le tsoelo-pele ea theknoloji li etsahala ka potlako. (1 Bakorinthe 7:31) Leha ho le joalo, Jesu o rutile barutuoa ba hae hore ba ikamahanye le maemo. Ha a ne a ba romela phutuhong ea bona ea pele ea ho bolela o ile a ba bolella: “Le se ke la fumana khauta kapa silevera kapa koporo bakeng sa lipache tsa lōna tsa senyepa, kapa mokotla oa lijo bakeng sa leeto, kapa liaparo tsa ka tlaase tse peli, kapa meqathatso kapa lere; kaha mosebetsi o tšoaneloa ke lijo tsa hae.” (Matheu 10:9, 10) Leha ho le joalo, hamorao Jesu o ile a re: “Ea nang le sepache a a se nke, le mokotla oa lijo ka ho tšoanang.” (Luka 22:36) Ho ne ho fetohile eng? Maemo. Tikoloho ea bolumeli e ne e se e le e se nang botsoalle haholoanyane, ’me joale ba ne ba tlameha ho iketsetsa mefaho.

13. Morero o ka sehloohong oa thuto ke ofe, ’me batsoali ba ka tšehetsa bana ba bona joang tabeng ee?

13 Ka ho tšoanang kajeno, ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ba nahanele linnete tsa moruo tsa kajeno. Ka mohlala, na u etsa litokisetso e le hore u ka tiisa hore bana ba hao ba fumana thuto e lekaneng? Morero o ka sehloohong oa thuto e lokela ho ba ho hlomella mocha hore e be mosebeletsi oa Jehova ea atlehang. ’Me thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ea moea. (Esaia 54:13) Batsoali ba boetse ba amehile ka matla a bana ba bona a ho iphelisa. Ka hona tataisa bana ba hao, ba thuse ho khetha lithuto tsa sekolo tse loketseng, ’me u buisane le bona ka hore na ho bohlale ho phehella thuto leha e le efe e tlatselletsang kapa che. Liqeto tse joalo ke boikarabelo ba lelapa, ’me ba bang ha baa lokela ho nyatsa se etsoang. (Liproverbia 22:6) Ho thoe’ng ka ba ikhethelang ho rutela bana ba bona lapeng?b Le hoja ba bangata ba entse mosebetsi o babatsehang, ba bang ba fumane hore mosebetsi ona o thata haholoanyane ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng, ’me bana ba bona ha baa fumana thuto e lekaneng. Ka hona, haeba u nahana ka thuto ea lapeng, tiisa hore u bala litšenyehelo, u lekanyetsa lintho ka tsela ea sebele ho bona hore na u na le tsebo le boikhalemelo tse hlokahalang bakeng sa ho phetha mosebetsi ona.—Luka 14:28.

‘U se ke Ua Batla Lintho Tse Khōlō’

14, 15. (a) Baruke o ile a lahleheloa ke ho leka-lekana ha hae moeeng joang? (b) Ke hobane’ng ha e ne e le bothoto hore a ‘ipatlele lintho tse khōlō’?

14 Kaha bofelo ba tsamaiso ena ha bo e-s’o tle, ba bang ba ka ’na ba sekamela ho batleng seo lefatše le fanang ka sona—tsebo ea mesebetsi e etsang hore motho a tume, mesebetsi e lefang chelete e ngata le leruo. Nahana ka mongoli oa Jeremia, Baruke. O ile a tletleba: “Ho malimabe ’na, hobane Jehova o ekelelitse bohloko ba ka ka hlomoho; ke khathetse ke ho feheloa, ha ke bone khatholoho.” (Jeremia 45:3) Baruke o ne a khathetse. Ho sebeletsa joaloka mongoli oa Jeremia e ne e le mosebetsi o boima, o bakang khatello kelellong. (Jeremia 36:14-26) ’Me ho ne ho sa bonahale eka khatello ena e tla fela. Ho ne ho tla feta lilemo tse 18 pele Jerusalema e timetsoa.

15 Jehova o ile a bolella Baruke: ‘Bona, seo ke se hahileng ke ea se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba joalo le lefatše lena kaofela. ’Me uena, na u ka ipatlela [lintho tse khōlō, NW] na? U se ke ua ipatlela tsona.’ Baruke o ne a lahlehetsoe ke ho leka-lekana ha hae. O ne a qalile ho “ipatlela lintho tse khōlō,” mohlomong leruo, botumo kapa tšireletso ea lintho tse bonahalang. Kaha Jehova o ne a ‘epolla le lefatše kaofela,’ ho batla lintho tse joalo e ne e le ha bohlokoa bofe? Ka lebaka leo, Jehova o ile a fa Baruke khopotso ena e bontšang ho hlaphoheloa: “Hobane bona, ke ea tlisa bobe holim’a batho bohle . . . , empa ke tla u nea bophelo ba hao, e be khapo ea hao nģalong tsohle moo u ka eang teng.” Matlotlo a bonahalang a ne a ke ke a pholoha timetso ea Jerusalema! Jehova o ile a tiisa feela poloko ea ‘bophelo ba hae, e le khapo ea hae.’—Jeremia 45:4, 5.

16. Kajeno batho ba Jehova ba ka ithuta thuto efe phihlelong ea Baruke?

16 Baruke o ile a ela hloko khalemelo ea Jehova, ’me tumellanong le tšepiso ea Jehova, bophelo ba hae bo ile ba pholoha. (Jeremia 43:6, 7) Ke thuto e matla hakaakang ho batho ba Jehova kajeno! Ena hase nako ea ho “ipatlela lintho tse khōlō.” Hobane’ng? Hobane “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.”—1 Johanne 2:17.

Tšebeliso e Molemohali ea Nako e Setseng

17, 18. (a) Jonase o ile a itšoara joang ha Baninive ba baka? (b) Jehova o ile a ruta Jonase thuto efe?

17 Joale he, re ka sebelisa nako e setseng hamolemohali joang? Ithute ka phihlelo ea moprofeta Jonase. O ile a ‘ea Ninive, a ’na a hooa, a re: Ka mora, matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetsoa.’ Jonase o ile a makala ha Baninive ba arabela molaetseng oa hae ’me ba baka! Jehova o ile a lesa ho timetsa motse ona. Jonase o ile a itšoara joang? “Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho ’na ke ho shoa, e seng ho phela.”—Jonase 3:3, 4; 4:3.

18 Eaba Jehova o ruta Jonase thuto ea bohlokoa. O ile a “melisa monyaku, oa hola, oa okamela Jonase, hore o etsetse hlooho ea hae moriti . . . ’Me Jonase a thaba haholo ka baka la monyaku oo.” Leha ho le joalo, thabo ea Jonase e bile ea nakoana kaha semela sena se ile sa omella kapele. Jonase o ile a ‘hlonamela’ ho hloka boiketlo ha hae. Jehova o ile a hatisa ntlha ea Hae, a re: “Uena, u qenehetse monyaku . . . Ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekholo le nang le mashome a mabeli a likete, ba sa tsebeng ho khetha letsoho le letona la bona ho le letšehali, hape o nang le likhomo tse ngata!”—Jonase 4:6, 7, 9-11.

19. Re batla ho qoba monahano ofe oa boithati?

19 Monahano oa Jonase e ne e le oa boithati bo bokaakang! O ne a ka qenehela semela, empa a sa qenehele batho ba Ninive le hanyenyane—batho bao, ka puo ea moea ‘ba neng ba sa tsebe ho khetha letsoho le letona la bona ho le letšehali.’ Ka ho tšoanang, re ka ’na ra labalabela timetso ea lefatše lena le khopo ’me e le ka nepo! (2 Bathesalonika 1:8) Leha ho le joalo, ha re ntse re letile, re na le boikarabelo ba ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang bao, ka puo ea moea, ba sa “tsebeng ho khetha letsoho le letona la bona ho le letšehali.” (Matheu 9:36; Baroma 10:13-15) Na u tla sebelisa nako e khutšoanyane e setseng ho thusa ba bangata kamoo ho ka khonehang ho fumana tsebo ea bohlokoa ka Jehova? Ke mosebetsi ofe oo le ka mohla o tla ke o lekane le thabo ea ho thusa motho e mong ho fumana bophelo?

Tsoela Pele ho Phela ka “ho Hlaphoheloa Kelellong”

20, 21. (a) Litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang “ho hlaphoheloa kelellong” matsatsing a tlang ke life? (b) Ke litlhohonolofatso life tse tla tlisoa ke ho phela ka “ho hlaphoheloa kelellong”?

20 Ha tsamaiso ea Satane e ntse e tsoela pele ho ea timelong ea eona, ha ho pelaelo hore ho tla hlaha liphephetso tse ncha. Timothea oa Bobeli 3:13 e bolela esale pele: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” Empa le se ke la “khathala eaba le felloa ke matla lisouleng tsa lōna.” (Baheberu 12:3) Itšetlehe ka Jehova bakeng sa matla. (Bafilippi 4:13) Ithute ho tenyetseha, ho itloaetsa maemo ana a mpefalang, ho e-na le ho lula u nahana ka nako e fetileng. (Moeklesia 7:10) Sebelisa bohlale bo sebetsang, iphaphathe ka tataiso eo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fanang ka eona.—Matheu 24:45-47.

21 Ha re tsebe hore na ho setse nako e kae. Empa, ka kholiseho re ka re “bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” Ho fihlela bofelo boo bo e-tla, a re pheleng ka “ho hlaphoheloa kelellong” litšebelisanong tsa rōna, tseleng eo re hlokomelang malapa a rōna ka eona le boikarabelong ba rōna litabeng tsa boipheliso. Ka ho etsa joalo, kaofela re ka kholiseha hore qetellong re tla fumanoa ‘re se na letheba ebile re se na sekoli ’me re le khotsong’!—2 Petrose 3:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mohlala, United States, ba bangata ba na le inshorense ea litšenyehelo tsa phekolo, le hoja e batla e bitsa chelete e ngata. Malapa a mang a Lipaki a fumane hore lingaka tse itseng li ikemisetsa haholoanyane ho nahana ka mekhoa e meng ea ho phekola li sa sebelise mali ha malapa a e-na le inshorense ea litšenyehelo tsa phekolo. Lingaka tse ngata li ka amohela tefo e behiloeng e lumeletsoeng tlas’a litokisetso tsa inshorense e sa lefelleng litšenyehelo tsohle kapa tsa amohela chelete e lefshoang ke ’muso bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa phekolo.

b Hore na motho o hahamalla thuto ea lapeng, ke qeto ea hae. Bona sehlooho “Thuto ea Lapeng—Na e U Loketse?,” se hlahang tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 8, 1993.

Lintlha Tsa Tlhahlobo

◻ Re ka bontša “ho hlaphoheloa kelellong” joang likamanong tsa rōna?

◻ Re ka bontša ho leka-lekana joang ha re hlokomela boikarabelo ba rōna ba lelapa?

◻ Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho thahasella thuto ea lefatše ea bana ba bona?

◻ Re ithuta eng ho Baruke le Jonase?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ha monna le mosali ba tšoarana hampe, ba khella kamano ea bona le Jehova fatše

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Batsoali ba lokela ho thahasella thuto ea bana ba bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela