Linako Tse Thata Bakeng sa ba Hōlileng
’MÈ ONIYAN ea lilemo li 68, o lula motseng o moholo oa Afrika Bophirimela. Ha a sa le monyenyane, o ne a ipona ha a se a thabela lilemo tsa hae tsa boqheku, a tlohetse mosebetsi, a iketlile ’me a pota-potiloe ke bana ba hae le litloholo. Ho e-na le hoo, o qeta boholo ba nako ea hae a rekisa metsi a batang tlas’a letsatsi le bataolang. Chelete e fokolang eo a e fumanang e mo thusa hore a phele. Bara ba hae ba babeli ba lula naheng e ’ngoe hōle le eena. E se e le nako e telele ba sa mo romelle chelete.
Nakong e fetileng, batho ba hōlileng ba ne ba hlomphuoa haholo Afrika. Ba ne ba hlomphuoa ka lebaka la phihlelo ea bona le tsebo ea bona, hammoho le maphomela a tsona, e leng bohlale le kahlolo e molemo. Ba ne ba thusa ho hōlisa litloholo. Ba banyenyane ba ne ba batla keletso le tumello ho bona. Batho ba ne ba phela tumellanong le keletso ea Bibele: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng.”—Levitike 19:32.
Mehla e fetohile. Bohloki, ho phahama ha theko ea lintho, ho hlokahala ha mesebetsi hammoho le ho fallela ha batho ba bangata metseng e meholo ho entse hore batho ba bangata ba hōlileng ba sale ba ikhoantlella. Camillus Were, mookameli oa HelpAge Kenya, o re: “Tloaelo ea ho tšehetsa le ho hlokomela batho ba hōlileng e ntse e qepha butle-butle.”
Ke ’nete hore ho se momahane ha malapa ha ho etsahale linaheng tsa Afrika feela. Ha re bua ka Japane, Guardian Weekly ea tlaleha: “Ho inehela ho hlokomeleng batsoali ho ne ho tloaelehile e le motheo oa tsamaiso ea boitšoaro ea Majapane, o neng o fetiselitsoe ho ’ona ke Boconfucius, empa ho felile ka lebaka la ho phela bophelo ba metseng ea litoropo le ka lebaka la ho fokola ha ho momahana ha litho tsa lelapa: kajeno, karolo ea 85 lekholong ea Majapane e shoella lipetlele kapa mahaeng a maqheku.”
Ho sa tsotellehe boemo bo teng, batho bao ka sebele ba batlang ho thabisa Molimo ba leka ka matla ho hlompha batsoali ba bona. Ba mamela keletso ea Bibele: “Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao . . . e le hore u ka tsoella hantle le hore u ka tsoela pele ka nako e telele lefatšeng.” (Baefese 6:2, 3) Le hoja e se kamehla ho leng bonolo ho hlompha le ho hlokomela batsoali ba hōlileng, ho etsa joalo ho ka tlisa meputso e enneng.