Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 9/15 leq. 32
  • U ka Itšetleha ka Litšepiso Tsa Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Itšetleha ka Litšepiso Tsa Mang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 9/15 leq. 32

U ka Itšetleha ka Litšepiso Tsa Mang?

KA 1893, sehlopha sa bahlalosi ba maemo a bophelo ba 74 se ile sa kopana Chicago World’s Fair bakeng sa ho buisana ka bokamoso. (Sebaka seo se bontšitsoe ka holimo.) Ha se nahana ka lilemo tse 100 tse larileng ka pele ho fihlela ka 1993, har’a lintho tse ling, se ile sa bolela tse latelang: “Batho ba bangata ba tla phela ho fihlela ba e-ba lilemo li 150.” “Lichankana li tla fokotseha ’me tlhalo e tla ba ntho e sa hlokahaleng.” “Tsamaiso ea puso e tla be e nolofetse haholoanyane, kaha kamehla sechaba se seholo se sekamela ho nolofatseng lintho.”

Ka tsela e tšoanang, ka 1967 buka e nang le sehlooho se reng The Year 2000 e ile ea re: “Ka selemo sa 2000, mohlomong lik’homputha li tla be li lekana, li etsisa kapa li phahametse tse ling tsa lintho tseo kelello ea motho e ka li etsang, tse sebetsang ka ‘bohlale bo kang ba motho,’ mohlomong ho kopanyelletsa le a mang a matla a motho a ho etsa lintho ka bokhabane le ho iqapela.” “Khopolo ea liroboto tse rekoang ka chelete e itekanetseng tse tla etsa boholo ba mosebetsi oa ka tlung . . . e bonahala e tla fela e sebetse ka selemo sa 2000.”

Ho hlōleha ha batho ho bona liketsahalo tsa bokamoso esale pele ho fapane hōle le tsebo ea Molimo. Ka mohlala, bapisa lintho tse ka holimo tse ileng tsa boleloa esale pele le seo Bibele e ileng ea se bolela makholong a ka bang 20 a lilemo a fetileng mabapi le mehla ea rōna: “Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.”—2 Timothea 3:1-5.

Boprofeta bona ba Bibele bo mabapi le ‘matsatsi a ho qetela’ e mpa e le bo bong ba boprofeta bo bongata bo phethahetseng mehleng ena ea rōna. Lentsoe la Molimo le ile la hla la bolela hore “pontšo” ea ho ba teng ha Jesu e ne e tla kopanyelletsa ntoa ea lefatše, khaello ea lijo, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše le mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle.—Matheu 24:3-14; Luka 21:11.

Ho nepahala ho sa hlōleheng ha litšepiso tsa Molimo ho ile ha susumelletsa mongoli e mong oa Bibele hore a bue tjena lilemong tse makholo tse fetileng: “Ha ho ntho le e ’ngoe ea lintho tsohle tse molemo, tseo Morena Molimo oa lōna, a le tšepisitseng tsona, e sa kang ea phethahala. Tsohle li phethahetse, ha ho le e ’ngoe e sa kang ea phethahala.”—Joshua 23:14, BPN.

Ka sebele, re ka kholiseha hore litšepiso tsohle tsa Molimo li tla tloha li phethahala. ’Muso oa Molimo o tla felisa ho kula, bokebekoa, bokhoba ba lithethefatsi, tlala le ntoa—lefatše lohle e tla ba paradeise. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Tšenolo 21:3, 4) U ka beha tšepo ea hao ho phethahaleng ha boprofeta bona! Bo fanoe ke ’Mōpi oa rōna, “ea ke keng a bua leshano.”—Tite 1:2; bapisa le Baheberu 6:13-19.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Cleveland State University Archive

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela