Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 10/1 maq. 3-4
  • Na U Ka Lumela Ho Molimo Ea Nang Le Litšoaneleho Tsa Motho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ka Lumela Ho Molimo Ea Nang Le Litšoaneleho Tsa Motho?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mahlomola le Molimo ea Nang le Litšoaneleho Tsa Motho
  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?
    Bacha Baa Botsa
  • Na Motho a ka Hlaolela Hore a be le Tumelo ho ’Mōpi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ke Lokela ho ba le Karete ea ho Reka ka Mokitlane?
    Tsoha!—2000
  • Tseba Jehova—Molimo ea Nang le Litšoaneleho Tsa Motho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 10/1 maq. 3-4

Na U Ka Lumela Ho Molimo Ea Nang Le Litšoaneleho Tsa Motho?

MORUTI ea ka sehloohong univesithing ea Brithani o ile a hlalosa: “Ho ba Mokreste ha ho hloke hore u lumele ho Molimo . . . Hona joale re karolo ea monahano o fetohileng ka ho feletseng, empa lekholong la bo21 la lilemo, ho tla be ho tloaelehile hore kereke ha e na Molimo.” O ne a buella mokhatlo oa Sea of Faith o tšehetsoang bonyane ke baprista ba lekholo ba Mabrithani. “Bakreste [bana] ba latolang boteng ba Molimo” ba tsitlella hore bolumeli bo iqapetsoe ke batho, ’me ho latela kamoo setho se seng se buileng kateng, Molimo e mpa feela e le “ea inahaneloang.” Molimo ea phahametseng matla a tlhaho ha a sa na sebaka tseleng eo ba nahanang ka eona.

Lilemong tsa bo-1960, ho ne ho atile lepetjo le reng “Molimo o shoele.” Lepetjo leo le ne le bonahatsa maikutlo ao rafilosofi oa Lejeremane oa lekholong la bo19 la lilemo, Friedrich Nietzsche a neng a e-na le ’ona, ’me le ile la fa bacha ba bangata lebaka leo ba neng ba le batla la ho iketsetsa borata, ho inehela likamanong tsa botona le botšehali ntle ho tlamo ea lenyalo le ho sebelisa lithethefatsi hampe ntle le thibelo ea boitšoaro. Empa na tokoloho e joalo e ile ea lebisa batho bao ba ileng ba tsebahala e le mahipi a buellang lerato, botle le khotso bophelong bo khotsofatsang haholoanyane ba thabo?

Leshomeng lona leo la lilemo, mobishopo oa Chache, John A. T. Robinson o ile a hatisa buka ea hae e tsosang khang e reng Honest to God. Baruti ba bangata ba habo ba ile ba mo nyatsa ka hore a nahane Molimo “e se letho haese feela tšobotsi ea boikutlo bo tebileng phihlelong ea motho.” Moprofesa oa thuto ea bolumeli, Keith Ward, o ile a botsa: “Na ho lumela ho Molimo ke tumela-khoela e batlang e fetiloe ke nako, eo hona joale bahlalefi ba e lahlileng?” Ha a araba potso eo ea hae, o ile a re: “Ha ho ntho ea bohlokoa kajeno bolumeling ho feta ho tsosolosa tsebo ea khopolo e neng e ntse e le teng ka Molimo.”

Mahlomola le Molimo ea Nang le Litšoaneleho Tsa Motho

Batho ba bangata ba lumelang ho Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho ba thatafalloa ke ho amahanya tumelo ea bona le litlokotsi le mahlomola ao ba a bonang. Ka mohlala, ka March 1996, ho ile ha thunngoa bana ba banyenyane ba 16 hammoho le tichere ea bona Dunblane, Scotland, ’me ba ile ba shoa. Mosali e mong ea neng a ferekane o ile a re: “Ho hang ha ke utloisise thato ea Molimo.” Bohloko bo neng bo bakiloe ke tlokotsi eo bo ile ba bonahatsoa kareteng e ileng ea siuoa le lipalesa ka ntle ho sekolo sa bana bao. E ne e ngotsoe lentsoe le le leng, “HOBANE’NG?” Ha a araba, moruti oa Dunblane Cathedral o ile a re: “Ha ho tlhaloso. Re ke ke ra hlalosa hore na ke hobane’ng ha sena se etsahetse.”

Hamorao selemong sona seo, moruti e monyenyane oa Chache ea neng a tumme o ile a bolaoa ka sehlōhō. Koranta ea Church Times e ile ea tlaleha hore phutheho e neng e tsielehile e ile ea utloa ha moruti oa Liverpool, eo e leng motlatsi oa mobishopo, a bua ka “ho tulaka lemati la Molimo ka lipotso tse reng hobane’ng? hobane’ng?” Moruti enoa le eena ha aa ka a fana ka matšeliso a letho a tsoang ho Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho.

Joale, ke eng seo re lokelang ho se lumela? Ke ntho e utloahalang ho lumela ho Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho. Ke sona senotlolo sa ho araba lipotso tse phahamisitsoeng ka holimo tse hlokang likarabo. Re u khothalletsa hore u hlahlobe bopaki bo fanoeng sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Karete e ne e botsa hore na “Hobane’ng?”

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

NEWSTEAM No. 278468/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela