Shuneme—E Ikhetha ka Lerato le Pefo
GALILEA e ka boroa, ntlheng e ka bochabela ea thota ea Jizreele, e ne e le motse oa Shuneme. Motseng ona o monyenyane ho bile le lintoa tse peli ho tse khōlō ka ho fetisisa historing ea Bibele, empa o ne o boetse o tumme ka ho ba sebaka sa tsoalo ea basali ba babeli ba bontšitseng lerato le tšepehang.
Ka mor’a Shuneme ho ne ho e-na le leralla leo ho neng ho nahanoa hore ke More, ha ka mose oane ho thota, hoo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse robeli, ho ne ho e-na le Thaba ea Gilboa. Lipakeng tsa maralla ao a mabeli, ho ne ho e-na le sebaka se nang le metsi a mangata, se nonneng—se seng sa libaka tsa Iseraele tse behang haholo.
Sebaka sa mahaeng se pota-potileng Shuneme seo ho sona lijalo li tlokomang ke sebaka sa pale e ’ngoe ea lerato e hapang thahasello ka ho fetisisa e kileng ea phetoa—Sefela sa Lifela. Thoko ena e bua ka ngoanana e motle oa sebakeng se ka thōko ea ileng a khetha ho nyaloa ke molekane oa hae oa molisa ho e-na le ho amohela memo ea Morena Solomone ea hore e be e mong oa basali ba hae. Solomone o ile a sebelisa bohlale bohle ba hae le leruo ho hapa pelo ea hae. O ne a mo rorisa khafetsa: “Eloa ke mang ea hlahang joalo ka mafube, e motle joalo ka khoeli, ea hloekileng joalo ka letsatsi?” ’Me o ile a tšepisa ho mo hlokomela haholo ka mabenyane ’ohle ao a neng a ka nahana ka ’ona.—Sefela sa Lifela 1:11; 6:10.
Ho mo latsoisa bophelo ba borena, Solomone o ile a re a mo felehetse ho ea Jerusalema e le karolo ea bahlokomeli ba hae, a felehelitsoe ke masole a hae a molemohali a 60. (Sefela sa Lifela 3:6-11) O ile a mo lulisa ntlong ea hae ea borena, ntlo e khahlehang hoo ha mofumahali oa Sheba a ne a e bona, a ileng “a shoa pelo.”—1 Marena 10:4, 5.
Empa ngoanana oa Moshuneme o ne a tšepahala ho moshanyana oa molisa. O ile a re: “Kamoo sefate sa apole se leng kateng har’a lifate tsa moru, moratuoa oa me o joalo.” (Sefela sa Lifela 2:3) Solomone a ke a thabe ka masimo a hae a morara a sekete. Tšimo e le ’ngoe ea morara—hammoho le moratuoa oa hae—e ne e mo lekane. Lerato la hae le ne le ke ke la sisinngoa.—Sefela sa Lifela 8:11, 12.
Ho ne ho e-na le mosali e mong e motle ea neng a lula Shuneme. Ha re tsebe letho ka chebahalo ea hae, empa ka sebele o ne a le pelo e ntle. Bibele e bolela hore o ile a ‘itima lintho’—kapa a ikitlaetsa—e le hore a fe moprofeta Elisha lijo tsa kamehla le bolulo.—2 Marena 4:8-13, NW.
Re ka inahanela Elisha a se a khutlela phaposing e ka holimo eo mosali enoa le monna oa hae ba neng ba mo lokiselitse eona, a thabile ka mor’a leeto le lelelele, le khathatsang. Mohlomong o ne a etela ha bona khafetsa, kaha tšebeletso ea hae e ile ea nka lilemo tse 60. Ke hobane’ng ha mosali enoa oa Moshuneme a ne a tsitlallela hore Elisha a lule ha bona kamehla ha a feta sebakeng seo? Hobane o ne a nka mosebetsi oa Elisha e le oa bohlokoa. Moprofeta enoa ea ikokobelitseng, ea se nang boithati o ne a sebeletsa e le letsoalo la sechaba, a hopotsa marena, baprista le batho feela ba tloaelehileng ka boikarabelo ba bona ba ho sebeletsa Jehova.
Ha ho pelaelo hore mosali oa Moshuneme e ne e le e mong oa batho bao Jesu a neng a nahanne ka bona ha a ne a re: “Ea amohelang moprofeta kahobane e le moprofeta o tla fumana moputso oa moprofeta.” (Matheu 10:41) Jehova o ile a fa mosali enoa ea tšabang Molimo moputso o khethehileng. Le hoja e ne e bile nyopa ka lilemo tse ngata, o ile a beleha mora. Lilemo tse ngata hamorao o ile a boela a fuoa thuso ea bomolimo ha tlala ea lilemo tse supileng e ne e aparetse naha eo. Tlaleho ena e susumetsang maikutlo e re hopotsa hore ha ho mohla Ntate oa rōna oa leholimo a ke keng a hlokomela mosa oo re o bontšang bahlanka ba Molimo.—2 Marena 4:13-37; 8:1-6; Baheberu 6:10.
Lintoa Tse Peli Tsa Makhaola-khang
Le hoja Shuneme e hopoloa ka ho ba lehae la basali bana ba babeli ba tšepahalang, hape, lintoa tse peli tse fetotseng histori ea Baiseraele li loanetsoe teng. Ho ne ho e-na le lebala la ntoa la sebele haufinyane—thota e lipakeng tsa leralla la More le la Gilboa. Balaoli ba ntoa mehleng ea Bibele kamehla ba ne ba etsa liahelo pel’a moo metsi a leng mangata, moo ho phahameng bakeng sa tšireletseho, ’me, haeba ho khoneha, sebakeng se hlaheletseng se okametseng thota e phuleng e ommeng e nang le sebaka se lekaneng sa ho laola makhotla a hlometseng, lipere le likoloi. Shuneme le Gilboa li ne li e-na le menyetla e joalo.
Nakong ea baahloli, lebotho la ba 135 000 la Bamidiane, Baamaleke le ba bang le ne le entse liahelo thoteng e ka pel’a More. Likamele tsa bona ‘li se na palo, li le ka ka lehlabathe le lebopong la leoatle.’ (Baahloli 7:12) Masole a Baiseraele a 32 000 feela tlas’a Moahloli Gideone a ne a talimane le bona a le ka mose oane ho thota, pel’a seliba sa Harode se mosikong oa Thaba ea Gilboa.
Matsatsing a pele ho ntoa, lehlakore ka leng le ne le ee le leke ho nyahamisa le leng. Makhotla a hlometseng a somang, likamele tsa ntoa, likoloi le lipere li ne li ka tšosa masole a tsamaeang ka maoto. Ha ho pelaelo hore Bamidiane—ba neng ba se ba itokisitse ha Baiseraele ba ntse ba hlophisa lintho—e ile ea hla ea e-ba pono e tšosang. Ha Gideone a ne a botsa, “Ke mang ea tšohileng le ea thothomelang?” likarolo tse peli ho tse tharo tsa lebotho la hae li ile tsa arabela ka ho tloha lebaleng la ntoa.—Baahloli 7:1-3.
Ke masole a Baiseraele a 10 000 feela ao joale a neng a shebane le masole a sera a 135 000 ka mose oane ho thota, ’me kapele Jehova o ile a fokotsa palo ea masole a Baiseraele hore e be 300 feela. Ho latela tloaelo ea Baiseraele, sehlopha sena se senyenyane se ile sa aroha likarolo tse tharo. Ka har’a lefifi, li ile tsa qhalana ’me tsa ema libakeng tsa tsona ka mahlakoreng a mararo a liahelo tsa sera. Joale ka taelo ea Gideone, bana ba 300 ba ile ba pshatla linkho tse neng li patile lirumula tsa bona, ba phahamisa lirumula tseo, ’me ba hooa ba re, “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Ba ile ba letsa literompeta tsa bona ba sa khaotse. Ka har’a lefifi letšoele le kopakaneng la masole a tšohileng le ile la nahana hore le hlaseloa ke lihlopha tse 300. Jehova o ile a etsa hore e mong a fetohele e mong, ’me “bohle ba liahelong ba ba ba baleha.”—Baahloli 7:15-22; 8:10.
Ntoa ea bobeli e ile ea loaneloa pel’a Shuneme nakong ea Morena Saule. Bibele e tlaleha hore “ba-Filesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema ba-Iseraele bohle, ’me ba tla, ba emisa Gilboa,” feela joalokaha lekhotla la Gideone le ne le entse lilemo pele. Empa Saule, ho fapana le Gideone, o ne a sa tšepe Jehova hakaalo, a ikhethela ho botsa senohe Ene-Dore. Ha a bona ba neng ba le liahelong tsa Bafilista, “a tšaba, le pelo ea hae ea thothomela haholo.” Ntoeng e ileng ea latela, Baiseraele ba ile ba baleha ’me ba hlōloa habohloko. Saule le Jonathane ka bobeli ba e-shoa.—1 Samuele 28:4-7; 31:1-6.
Ke ka tsela eo histori ea Shuneme e ileng ea ikhetha ka lerato le pefo, ho tšepa Jehova le ho tšepa bademona. Thoteng ena e phuleng, basali ba babeli ba ile ba bontša ho tiea leratong le ho amoheleng baeti ka mofuthu, le baeta-pele ba babeli ba Iseraele ba ile ba loana lintoa tsa makhaola-khang. Mehlala ena e mene kaofela e bontša bohlokoa ba ho tšepa Jehova, eo le ka mohla a sa hlōleheng ho putsa ba mo sebeletsang.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Motsana oa kajeno oa Sulam setšeng sa Shuneme ea boholo-holo, More e le ka mor’a oona
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.