Ho Etsahala’ng ka Bacha?
LITABA tse monate kapa litaba tse mpe—ke life tseo u batlang ho li utloa pele? Ha batho ba botsoa potso ena, ba bangata ba khetha ho utloa litaba tse mpe pele, ka tšepo ea hore ho tla sala litaba tse monate ka likelellong tsa bona.
Ha re hlahloba se etsahallang bacha kajeno, nahana ka boemo ba hona joale pele. Ka kakaretso, batho ba baholo ba bolela hore bacha ba kajeno ba fapane le ba mehleng ea khale. Ka lehlakoreng le leng, bacha ba halefisoa ke polelo leha e le efe e bontšang hore ha ba finyelle litekanyetso tsa nakong e fetileng. Leha ho le joalo, litsebi tse hlokolosi tsa batho li lumela hore bacha ba kajeno ba fapane.
Ba Fapane Hakae?
Le hoja ka kakaretso batho ba lumela hore bacha ba lokela ho ba le mekhoa e metle, boikarabelo le ho hlompha ba bang, hangata sena hase se etsahalang. Ho latela phuputso e ileng ea tlalehoa koranteng ea London ea The Independent, bacha ba “qapa ‘moea o mocha oa borabele’ khahlanong le lefatše leo ba bonang le ba soetsitse haholo.” “Moea [ona] o mocha oa borabele” o senotsoe ke liphello tsa patlisiso e bontšitseng hore ke bacha ba seng bakae ba mehleng ena ba batlang ho inka e le “ba nang le kelello le boikarabelo.” Ba ka mpa ba nkuoa “e le ba hlaha le bao ho ke keng ha tsejoa seo ba hlileng ba leng sona.”
Ka mohlala, tlōlo ea molao e tlalehiloeng Brithani—eo boholo ba eona e entsoeng ke bacha—e phahame ka makhetlo a imenneng haleshome ho tloha ka 1950 ho ea ho 1993. Ho joalo le ka keketseho ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala. Leha ho le joalo, The Times ea London e hlokomela hore hoo e batlang e le linaha tsohle tse tsoetseng pele moruong li ’nile tsa bona “keketseho e khōlō ea mafu a kelello bacheng haesale ho tloha ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše.” Ho ea ka David J. Smith, moprofesa litabeng tse amanang le tlōlo ea molao, mafu ana “ha a amane le ho futsaneha kapa ho rua ka tsela leha e le efe.” Patlisiso e bontša hore hona joale ho bonahala phapang e khōlō lipakeng tsa bacha le batho ba baholo.
Kajeno, bana le ba kenang bohlankaneng kapa boroetsaneng ba tobana le khatello e eketsehang ea kelello. Taba ea ho ipolaea, ebang e lekiloe feela kapa e atlehile, e se e tloaelehile. The Herald ea Glasgow, Scotland, e tlaleha hore boiteko ba ho ipolaea ha bana ba ka tlaase ho lilemo tse 12 bo imenne habeli lilemong tse ka tlaase ho leshome. Bana ba baholoanyane ba lumella ho nyahama hore ho ba lebise ho ipolaeeng. Koranta eo e bolela hore boiteko ba ho ipolaea “ke liphello tse feteletseng tsa ho phahama ha mafu a kelello a ntseng a eketseha bacheng, tse sokelang lithuso tse lokisetsoang ho ba thusa.”
Ke Mang ea Molato?
Batho ba baholo ba nolofalloa ke ho beha bacha molato bakeng sa maikutlo “a khelohileng” a bona. Empa ha re bua ’nete feela, na batho ba baholo ha baa jara molato o moholo bakeng sa se etsahallang bacha hona joale? Bompoli, ho hlokomolohuoa ke batsoali le ho hlokahala ha batho ba behang mohlala o motle bao bacha ba ka ba tšepang, hangata li fanoa e le mabaka a susumetsang boitšoaro ba bacha. Moprofesa Sir Michael Rutter, mookameli oa Medical Research Council Child Psychiatry Unit ea Brithani, oa bolela: “Ho tepella maikutlo ha batho ka kakaretso ho ntse ho tšoana le lilemong tse 30 tse fetileng.” Oa phaella: “Empa, ho bacha le ho batho ba baholo ba itekanetseng, ho eketsehile haholo. . . . Ha ho pelaelo hore ho senyeha ha malapa ho nka karolo; eseng feela ka tlhalo, empa le ka boemo bo tloaelehileng ba ho qhoebeshana le ho se utloane ha batho ba baholo.”
Mofuputsi e mong o bolela hore bacha ba “qhela litloaelo tsa nakong e fetileng.” Hobane’ng? “Hobane litloaelo tseo ha li sa sebetsa ho bona.” Nka mohlala ka maikutlo a fetohang malebana le boitšoaro ba ba batona kapa ba batšehali. Baroetsana ba bangata ba itšoara ka tsela e sekametseng bonneng haholoanyane ea ho ba leqhoko le ho ba mabifi, ha bahlankana ba itšoara joaloka ba batšehali. Ke phapang e kaakang ho se neng se tloaelehile nakong e fetileng!
Empa, ke hobane’ng ha hona joale re bona phetoho e kaale? ’Me ke litaba life tse monate ka bacha mehleng ee? Ke joang ba ka bang le bokamoso bo sireletsehileng? Sehlooho sa rōna se latelang se tšohla likarabo tsa lipotso tsena.