Meputso e Enneng ea Tšebeletso e Halalelang Joalokaha ho Boletse Harry Bloor
Lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng, Ntate-moholo e ne e le setho se matla sa Kereke ea Methodiste. E ne e boetse e le ’moleli ea sa koetlisoang ea hlomphuoang, ea neng a fana ka seatla se bulehileng ho tšehetsa matlo a thapelo a mangata Stoke-on-Trent, motse oa mesebetsi ea libōpi tsa letsopa Engelane. Eaba o ba le mathata a lichelete. Ho thusa Ntate-moholo, Ntate o ile a lokisetsa hore a bule lebenkele le lenyenyane la motsaneng. Lebenkele lena le ne le e-na le lakesense ea ho rekisa biri, ’me ha Mamethodiste a hlokomela sena, hang-hang a ile a khaola Ntate-moholo.
NTATE o ile a halefa haholo ’me a etsa kano ea hore ha a sa tla hlola a e-ba le kamano efe kapa efe le bolumeli—’me o ile a khomarela qeto ea hae. E ne e le lepolesa, empa hamorao o ile a ba le kantini. Ka hona ke ile ka hōlela ka har’a mosi oa koae oa sebaka seo. Ke ne ke sa re letho ka bolumeli, empa ke ile ka ithuta ho bapala lipapali tse ngata tsa mamatjana hantle! Leha ho le joalo, ka lebaka la tšusumetso ea Ntate-moholo ea qalong, ke ile ka lula ke hlompha Bibele haholo, le hoja ke ne ke tseba hanyenyane ka eona.
Ke Ithuta ’Nete ea Bibele
Ka 1923, ha ke le lilemo li 24, ke ile ka fallela bochabela, Nottingham ’me ka qala ho ratana le Mary, ea neng a lula motseng oa Whetstone, ka boroa-bophirimela ho Leicester, o bohōle ba lik’hilomithara tse 40. Ntate oa hae Arthur Rest, e ne e ’nile ea e-ba seletsi sa thōmō e khōlō ntlong ea thapelo ea moo, empa ka nako ena e ne e le Seithuti sa Bibele se mafolofolo, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Arthur o ne a bua le ’na kamehla ka tumelo ea hae e ncha—a sa atlehe hakaalo. Leha ho le joalo, ke ile ka ba le thahasello ka Sontaha motšehare oa mantsiboea, ka la 13 July, 1924, ha ke ne ke mo felehetsa ho ea ntlong ea thapelo ea Baptiste ea sebakeng seo ho ea mamela puo ea setho sa palamente seo e neng e le Mobaptiste ea hlaheletseng. Sehlooho sa hae, “Lithuto Tsa Moruti Russell li Hlahlojoa Leseling la Mangolo,” se ile sa nkhohela. Ke sa ntse ke e-na le lintlha tseo ke ileng ka li ngola ka nako eo.
Mabaptiste a ile a hana kōpo ea Liithuti tsa Bibele ea ho araba tlhaselo ea litumelo tsa tsona. Ke ile ka halefisoa ke sena ’me ka etsa qeto ea ho fumana sebaka se seng sa ho tšoarela seboka se joalo. Ho ile ha bonahala hore moliko o haufinyane ke sebaka se loketseng. Re ile ra o fiela, ra tlosa litepo, ra beha mechine ea ho pola lehlakoreng le le leng, joale kaofela re ne re loketse ho nka bohato. Re ile ra bokella litulo tse 70, ’me ra hatisa limemo.
Ha Frank Freer a fihla a tsoa Leicester ho tla beha puo, litulo tsohle li ne li lutsoe, ’me batho ba bang ba 70 ba ne ba eme! Ho beha mabaka ka Mangolo ho hlakileng ha Frank ho ile ha ipiletsa ho ’na, joalokaha ho ile ha ipiletsa ho ba bangata ba bang ba neng ba le teng. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, phutheho e nyenyane ea Liithuti tsa Bibele e Blaby pel’a Leicester e ile ea hōla ka potlako. Ho ile ha boela ha e-ba le phetoho e khōlō bophelong ba ka—esita le ho ba Mary. Ka 1925, ka bobeli re ile ra inehela ho Jehova, ra kolobetsoa, ’me ra nyalana.
Mahlohonolo a Moea
Selemong se latelang, ke ile ka khetheloa ho ba motsamaisi oa tšebeletso Phuthehong ea Blaby. ’Na le mosali oa ka re ne re batla ho hata moo barekisi ba libuka tsa bolumeli ba hatileng teng ’me re be baevangeli ba nako e tletseng, empa kapele ho ile ha totobala hore bophelo ba Mary bo ne bo ke ke ba mo lumella ho tsoela pele ka kemiso e boima hakaalo. Le hoja a ile a kula ho fihlela a e-shoa ka 1987, e ne e le molekane ea molemo le mosebeletsi ea babatsehang ea neng a e-na le phihlelo ea ho paka ka mokhoa o sa reroang le ea ho qalisa lithuto tsa Bibele. Boholo ba linako tsa mantsiboea re ne re e-ea libokeng kapa re abela baahisani ba rōna linnete tsa Bibele.
Ke ne ke le moenjiniere ’me ke sebetsa femeng e neng e etsa mechine ea ho sakha lifate. Mosebetsi oa ka o ne o ntsamaisa haholo ho pota Brithani, hammoho le Fora, ’me Mary o ne a atisa ho tsamaea le ’na. Maeto ana a ne a re fa monyetla oa ho paka ka ho pharaletseng.
Metheo ea Katoloso
Ka 1925 re ile ra haha mohaho o motle oa liboka Blaby, ’me ha re le moo re ile ra hlophisa lenaneo la bopaki le atlehileng. Hoseng ho hong le ho hong ha Sontaha, re ne re hira bese e neng e re isa metsaneng e qalikaneng le litoropong tse nyenyane. Ha re le tseleng bahoeletsi ba ne ba ntse ba theoloa hore ba bolele, ’me bese e ba nka ha e khutla. Likhoeling tsa lehlabula tse futhumetseng, re ne re e-ba le thuto ea Bibele mantsiboeeng a Sontaha, re sebelisa tokollo ea morao-rao ea Molula-Qhooa. Ka mor’a moo, ka hora ea borobeli, re ne re kopana ’marakeng oa Leicester bakeng sa puo ea phatlalatsa sebakeng se bulehileng. Bosiung bo bong batho ba 200 ba ile ba mamela. Mosebetsi ona o ile oa rala metheo bakeng sa liphutheho tse ngata tsa hona joale tsa Leicester le mathōko a eona.
Ka 1926 ho ile ha tšoaroa kopano e le ’ngoe e ikhethang Alexandra Palace ea London le Holong ea Royal Albert. Ketsahalong eo Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a lokolla buka ea Deliverance. Qeto e reng “Bopaki ho Babusi ba Lefatše” le puo ea phatlalatsa e matla ea Mor’abo rōna Rutherford e reng “Lebaka leo ka Lona Mebuso ea Lefatše e Thekeselang—Pheko” li ile tsa hatisoa ka ho feletseng koranteng e hlaheletseng letsatsing le hlahlamang leo li ileng tsa nehelanoa ka lona. Batho ba fetang 10 000 ba ile ba mamela puo ena ea phatlalatsa, ’me likopi tse 50 000 000 tsa qeto ena hamorao li ile tsa ajoa lefatšeng lohle. Kopano eo e ile ea sebeletsa ho potlakisa mosebetsi oa ho bolela Brithani.
Kopano e Khōlō Nakong ea Ntoa
Ntoa ea bobeli ea lefatše e ile ea qhōma ka September 1939, ’me ka 1941, ntoa ena e ne e befile ka ho fetisisa. Lifofane tsa Jeremane tse lihang libomo li ne li hlasela bosiu le motšehare, ’me e ne e le nako ea ho tima mabone esere a bonoa ke lifofane tsa sera. Lijo li ne li fokola, ’me tse neng li le teng li ne li ajoa ka ho li baballa. Lipalangoang li ne li fokola haholo, esita le literene. Ho sa tsotellehe litšitiso tsena tseo ho neng ho bonahala eka li ke ke tsa hlōloa, re ile ra tšoara kopano ea matsatsi a mahlano ka la 3-7 September, 1941.
Holo ea De Montfort ea Leicester e ile ea khethoa e le sebaka sa kopano hobane Leicester e bohareng ba Engelane. Kaha ke ne ke le khoebong ea mapolanka, ke ile ka khona ho thusa ha ho etsoa matšoao a phatlalatso. Ke ile ka boela ka lokisetsa lipalangoang tsa sebakeng seo bakeng sa ba tlileng kopanong. Ka ho reka litekete esale pele le ho lefa tefo e ka holimo ho e tloaelehileng, re ile ra etsa hore likokopane tsa Leicester li tsamaee esita le ka Sontaha.
Kaha ho ne ho e-na le lithibelo tabeng ea ho tsamaea, tšepo ea rōna e ne e le hore mohlomong ho tla tla Lipaki tse 3000. Inahanele hore na re ile ra thaba hakaakang ha ba fetang 10-000 ba re ba tla ba teng kopanong! Empa ba ne ba tla lula hokae? Baahi ba Leicester ka mosa ba ile ba memela ba bangata ho lula malapeng a bona. Ho phaella moo, ba ka bang sekete ba ne ba robala litenteng tse hlonngoeng tšimong e bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho tloha setšeng sa kopano. Kampo ea Gideone, e leng kamoo re neng re e bitsa kateng, e ile ea baka pherekano e khōlō sechabeng.
Ho ile ha hiroa litente tse tšoeu tse khōlō bakeng sa mafapha a kopano le hore letšoele le leholohali le robale ho tsona. Ha ho hlokomeloa hore khanyeng ea khoeli, litente tsena li ka ’na tsa hlaseloa ke lifofane tsa Manazi tse lihang libomo, ka potlako ho ile ha etsoa hore li patehe. Sechaba sohle se ne se amehile ka ntoa, haholo-holo ka ho se kopanele ha Lipaki ho eona. Ka nako eo Lipaki tse makholo li ne li le teronkong ka lebaka la boemo ba tsona bo thehiloeng Bibeleng bo mabapi le ho se jele paate.—Esaia 2:4; Johanne 17:16.
Sunday Pictorial, ea la 7 September, 1941, e ile ea tlaleha: “Ke ntho e hlollang ho bona batho ba 10 000, boholo ba bona e le bacha, ba qeta beke ba bua ka bolumeli ba sa bue ka ntoa, ntle leha e le taba e kenellang feela.
“Ke ile ka botsa hore na Lipaki li teng Jeremane. Ke ile ka bolelloa hore li teng, ’me hoo e ka bang kaofela ha tsona, tse ka bang 6000, li ne li le likampong tsa mahloriso.”
Motlalehi oa litaba o ile a eketsa: “E, ke ’nete hore Manazi ke lira, empa Lipaki ha li a loantše, li mpa li rekisa lipampitšana le ho mamela lipuo.”
Litlhaloso tsa likoranta ka rōna, ka kakaretso e ne e le tse hanyetsang, ’me bahanyetsi ba ne ba bile ba retelehela pefong ba leka ho sitisa kopano ea rōna, ba sa atlehe. Empa, Daily Mail ea London e ile ea lumela, hoo e batlang e le ka lekhonono: “Tlhophiso e ne e le ntle, e itekanetse ebile e sebetsa hantle.”
Re ile ra qosoa ka hore re ikarabella bakeng sa ho fokotseha ha lisakerete motseng. Empa The Daily Mail e ile ea hlalosa: “Leicester kapa Molaoli oa Koae e ke ke ea belaela ka hore Lipaki li qeta lisakerete tsa Leicester. Ha li tsube.” Hape, lipelaelo tsa hore Lipaki li ne li qetetse baahi ba sebakeng seo lijo li ile tsa tlosoa ha ho ne ho hlalosoa hore boholo ba lijo tsa bona ke tseo ba neng ba tlile le tsona. Ha e le hantle, ha kopano e fela, lilofo tsa bohobe tse 150 tse boima ba lik’hilograma tse 1,8 li ile tsa fuoa Leicester Royal Infirmary—monehelo o moholo linakong tseo tsa khaello ea lijo.
Kopano e ile ea matlafatsa Lipaki tsa Brithani tse ka bang 11 000 haholo moeeng. Li ne li thabetse hore ebe ba 12 000 ba ile ba ba teng! Ka thabo baemeli ba ile ba kopanela bopaking ba seterateng boo ho seng mohla bo kileng ba etsoa Leicester, ’me ba ile ba etela metse e ka thōko ka linehelano tsa keramafono.
Lipuo tsa sehlooho tsa kopano e ne e le lipuo tse rekotiloeng tse ileng tsa nehelanoa khoeling e ka pele kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea matsatsi a mahlano ea St. Louis, Missouri, U.S.A. Puo e rekotiloeng ea Mor’abo rōna Rutherford e reng “Bana ba Morena” e ne e le ntlha ea sehlooho ea kopano. Kaha ho ne ho sa khonehe hore likopi tsa buka ea Children e ileng ea lokolloa St. Louis li kenngoe ka har’a naha, hamorao ho ile ha etsoa khatiso e khethehileng e sekoahelo se bonolo Brithani. Kopi ea eona e ile ea romeloa ho bana bohle ba neng ba le teng kopanong eo.
Seboka sa Selemo le Selemo se Ikhethang sa Leicester
Ka mor’a ntoa keketseho ea baboleli ba ’Muso e ne e le e babatsehang Brithani! Mathoasong a bo-1980, palo ea liphutheho tsa Leicester e ne e eketsehile ho fihla ho leshome. Joale re ile ra tsebisoa hore Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ne se entse qeto ea ho tšoarela seboka sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society Leicester ka 1983. Ke le molebeli oa motse oa Leicester, kapele ke ile ka ameha litokisetsong, ho akarelletsa le ho hira Holo ea De Montfort hape.
Litho tsa Sehlopha se Busang tse 13 li ile tsa tla ketsahalong ena li tsoa ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn. Baemeli ba 3671—lekhetlong lena ba tsoa lefatšeng lohle, boholo e le ba bileng linneteng ka nako e telele—ba ne ba tletse holo. Ba bang ba 1500 ba ile ba mamela lenaneo ba le Holong ea Kopano e haufi.
Albert D. Schroeder, eo e neng e le molebeli oa ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e London nakong ea kopano ea rōna ea Leicester ea nakong ea ntoa, o ne a okametse seboka sena sa selemo le selemo. Ha a hopola morao kopanong ea 1941, Mor’abo rōna Schroeder o ile a botsa: “Ke ba bakae ho lōna ba leng mona kajeno ba neng ba le teng ka nako eo?” Bamameli ba ka holimo ho halofo ba ile ba phahamisa matsoho. O ile a khotsa: “Khele! Ke poelano e hlollang hakaakang ea lōna bohle ba tšepahalang, ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!” Ka sebele e bile phihlelo e sa lebaleheng.
Ke le lilemo li 98, ke sa ntse ke sebeletsa ke le mongoli phuthehong ea rōna ’me ke tsoela pele ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa, le hoja hona joale ke fana ka tsona ke lutse fatše. Ka mor’a lefu la Mary ka 1987, ke ile ka nyala Bettina, mohlolohali eo ’na le Mary re mo tsebileng ka lilemo tse ngata. Ke leboha hore ebe ke hlokometsoe hantle hakana, nameng le moeeng. Ho sa tsotellehe lithibelo tse neng li tlisoa ke ho kula ha Mary le tseo hona joale li tlisoang ke ho hōla ha ka, ke fumane hore ho ba le ho hongata hoo ke ho etsang tšebeletsong e halalelang kamehla e ’nile ea e-ba ho putsang ka ho enneng.—1 Bakorinthe 15:58.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Re loketse ho kopanela tšebeletsong ka bo-1920
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Litšoantšo tsa kopano ea Leicester