Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 2/15 maq. 23-27
  • Ho Hohela—Na ho Rorisa Motho Kapa ho Tlotlisa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hohela—Na ho Rorisa Motho Kapa ho Tlotlisa Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo sa Feleng
  • Litokelo Tsa Tšebeletso
  • Limpho Tsa Moea Tse Lokelang ho Ajoa
  • Ho Bonahatsa Khanya ea Molimo ka ho Feletseng
  • Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Ananela “Limpho Tseo e Leng Banna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Mpho e Khotsofatsang ke e Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 2/15 maq. 23-27

Ho Hohela—Na ho Rorisa Motho Kapa ho Tlotlisa Molimo?

XENOPHON, molaoli oa mabotho oa Mogerike ea tummeng o ile a ngola: “’Musi o lokela ho phahamela bafo ba hae, eseng feela tabeng ea ho ba molemo ho ba feta, empa o lokela ho ba reba ka tsela e itseng.” Kajeno, ba bangata ba ne ba ka re ho “reba” ho joalo ke ho hohela, (charisma ka Senyesemane).

Ho hlakile hore hase babusi bohle ba batho ba hohelang. Empa ba ho etsang ba sebelisa matla a bona a ho susumetsa boinehelo le ho thetsa bongata ho finyella lipakane tsa bona. Mohlomong mohlala o tummeng hampe ka ho fetisisa oa morao haholo ke oa Adolf Hitler. William L. Shirer oa ngola bukeng ea hae The Rise and Fall of the Third Reich: “[Ka 1933] ho Majeremane a mangata Hitler o bile—kapa o ne a tla tloha a e-ba—boemong ba moeta-pele eo ka sebele a susumelletsang batho hore ba utloe ka eena. Lilemong tse latelang tse leshome le metso e ’meli tse morusu, ba ne ba lokela ho mo latela ka bofofu, joalokaha eka o na le kahlolo ea bomolimo.”

Histori ea bolumeli e boetse e tletse ka babusi ba hohelang ba neng ba susumelletsa batho ho inehela ho bona empa ba neng ba tlisetsa balateli ba bona tlokotsi. Jesu o ile a lemosa: “E-bang hlokolosi hore ho se be le ea le khelosang, hobane batho ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re ‘Ke ’na Kreste’, ’me ba tla khelosa ba bangata.” (Matheu 24:4, 5, Phillips) Bo-Kreste ba bohata ba hohelang ha baa ka ba hlaha lekholong la pele la lilemo feela. Ka bo-1970, Jim Jones o ile a ipolela e le “mesia oa People’s Temple.” O ne a hlalosoa e le “setho sa kereke se hohelang” se nang le “matla a sa tloaelehang holim’a batho,” ’me ka 1978 o ile a susumelletsa ho ipolaea ha matšoele ho hoholo ka ho fetisisa historing.a

Ho totobetse hore ho hohela e ka ba mpho e kotsi. Leha ho le joalo, Bibele e bua ka mofuta o fapaneng oa mpho, kapa limpho, tse tsoang ho Molimo tse ka fumanoang ke batho bohle molemong oa batho bohle. Lentsoe la Segerike bakeng sa mpho ena ke khaʹri·sma, ’me le hlaha ka makhetlo a 17 ka Bibeleng. Setsebi se seng sa Mogerike se le hlalosa e le ‘mpho ea mahala le e sa tšoaneleng, ntho e ’ngoe e fuoang motho a sa e sebeletsa ’me a sa tšoanelehe bakeng sa eona, ntho e tlang ka mosa oa Molimo o sa tšoanelang le e neng e ke ke ea finyelloa le ka mohla kapa eo motho a neng a ke ke a ba le eona ka boiteko ba hae.’

Ka hona, ho latela pono ea Mangolo, khaʹri·sma ke mpho e amoheloang ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Tse ling tsa limpho tsee tseo ka mosa Molimo a re fileng tsona ke life? Hona re ka li sebelisa joang ho tlisa thoriso ho eena? A re hlahlobeng tse tharo limphong tsena tse bontšang mosa o sa tšoanelang.

Bophelo bo sa Feleng

Ha ho pelaelo hore mpho e khōlō ho feta tsohle ke ea bophelo bo sa feleng. Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Roma: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho [khaʹri·sma] eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Ke habohlokoa hore re hlokomele hore “moputso” (lefu) ke se re tšoanelang, le hoja e se ka ho ikemisetsa, e le ka lebaka la sebōpeho sa rōna sa boetsalibe. Ka lehlakoreng le leng, bophelo bo sa feleng boo Molimo a etsang hore bo fumanehe ke ntho eo ho hang e sa re lokelang eo le ka mohla re neng re ke ke ra e tšoanelehela ka borōna.

Mpho ea bophelo bo sa feleng e lokela ho baballoa le ho abelanoa. Re ka thusa batho ho tseba Jehova, ho mo sebeletsa ’me ka tsela eo ba fuoe mpho ea bophelo bo sa feleng. Tšenolo 22:17 e re: “Moea le monyaluoa ba ntse ba tsoela pele ho re: ‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea utloang a a re: ‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”

Re ka lebisa ba bang metsing aa a fanang ka bophelo joang? Haholo-holo ka ho sebelisa Bibele hamolemo tšebeletsong ea rōna. Ke ’nete hore likarolong tse ling tsa lefatše, ke ka seoelo batho ba balang lintho tsa moea kapa ba nahanang ka tsona; leha ho le joalo, kamehla ho na le menyetla ea ho ‘bula litsebe’ tsa e mong. (Esaia 50:4) Tabeng ena, re ka kholiseha hore Bibele e na le matla a susumetsang, “etsoe lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Ebang ke bohlale bo sebetsang ba Bibele, matšeliso le tšepo tseo e fanang ka tsona kapa tlhaloso ea eona mabapi le morero oa bophelo, Lentsoe la Molimo le ka ama pelo ’me la etsa hore batho ba qalise tseleng e isang bophelong.—2 Timothea 3:16, 17.

Ho phaella moo, lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng li ka re thusa ho re “Tloo!” Moprofeta Esaia o boletse esale pele hore nakong ena ea lefifi la moea, ‘Jehova o ne a tla chabela’ batho ba hae. (Esaia 60:2) Lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower li bontša tlhohonolofatso ena e tsoang ho Jehova, ’me selemo le selemo li lebisa batho ba likete ho Jehova, Mohloli oa thuto ea moea. Ho pholletsa le maqephe a tsona ha li phahamise batho. Joalokaha kenyelletso ea Molula-Qhooa e hlalosa, “morero oa Molula-Qhooa ke ho phahamisa Jehova Molimo e le Morena ’Musi oa bokahohle. . . . O khothalletsa ho lumela ho Morena ea busang hona joale ea behiloeng ke Molimo, Jesu Kreste, eo mali a hae a tšolotsoeng a buletseng batho tsela ea ho fumana bophelo bo sa feleng.”

Mosebeletsi oa Mokreste oa nako e tletseng, eo ka lilemo tse ngata a bileng le katleho e bonahalang tšebeletsong ea hae, o bua ka molemo oa Molula-Qhooa le Tsoha! tabeng ea ho thusa batho ho atamela haufi le Molimo, o re: “Ha liithuti tsa ka tsa Bibele li qala ho bala le ho thabela Molula-Qhooa le Tsoha!, li tsoela pele ka potlako. Kea bona hore limakasine tsena ke thuso ea bohlokoahali tabeng ea ho thusa batho ho tseba Jehova.”

Litokelo Tsa Tšebeletso

Timothea e ne e le morutuoa oa Mokreste ea ileng a fuoa mpho e ’ngoe e neng e hloka tlhokomelo e khethehileng. Moapostola Pauluse o ile a mo bolella: “U se ke ua hlokomoloha mpho [khaʹri·sma] e ho uena eo u ileng ua e fuoa ka polelo e boletsoeng esale pele le ha sehlopha sa banna ba baholo se beha matsoho holim’a hao.” (1 Timothea 4:14) Mpho ee e ne e le eng? E ne e akarelletsa ho khethoa ha Timothea e le molebeli ea tsamaeang, e leng tokelo ea tšebeletso eo a neng a tlameha ho e hlokomela ka tsela e bonahatsang boikarabelo. Karolong eona eo, Pauluse o ile a khothatsa Timothea: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. Ikele hloko ka mehla le thuto ea hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa hammoho le ba u mamelang.”—1 Timothea 4:13, 16.

Kajeno ho hlokahala hore baholo le bona ba nke litokelo tsa bona tsa tšebeletso e le tsa bohlokoa. Joalokaha Pauluse a bontša, tsela e ’ngoe eo ba ka etsang sena ka eona ke ka ho ‘ela hloko thuto ea bona.’ Ho e-na le ho etsisa baeta-pele ba lefatše ba hohelang batho, ba lebisa tlhokomelo ho Molimo, eseng ho bona ka bobona. Jesu, ’Mehi-mohlala oa bona, e ne e le mosuoe ea ikhethang eo ntle ho pelaelo a neng a e-na le botho bo hohelang, empa ka boikokobetso o ile a tlotlisa Ntate oa hae. O ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.”—Johanne 5:41; 7:16.

Jesu o ile a tlotlisa Ntate oa hae oa leholimo ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo e le mohloli oa boitsebiso o tšehetsang thuto ea hae. (Matheu 19:4-6; 22:31, 32, 37-40) Ka ho tšoanang Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba hore balebeli ba ‘tšoarelle ka ho tiea lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea bona ea ho ruta.’ (Tite 1:9) Ka ho theha lipuo tsa bona ka tieo Mangolong, ha e le hantle baholo ba tla be ba bua joalokaha Jesu a buile: “Lintho tseo ke li buang ho lōna ha ke li bue ka ho iqalla.”—Johanne 14:10.

Ke joang baholo ba ka “tšoarellang ka ho tiea lentsoeng le tšepahalang”? Ka ho etsa hore lipuo tsa bona le likabelo tsa bona tsa liboka li likolohe Lentsoeng la Molimo, ba hlalosa le ho hatisa litemana tseo ba li sebelisang. Lipapiso tse hapang tlhokomelo tseo ba li sebelisang kapa lipolelo tse qabolang, haholo-holo haeba li etsoa ho tlōlisa, li ka ’na tsa khelosa tlhokomelo ea bamameli Lentsoeng la Molimo ’me tsa hulela tlhokomelo bokhoning ba sebui. Ka lehlakoreng le leng, litemana tsa Bibele ke tsona tse tla finyella lipelo tsa bamameli le ho ba susumetsa. (Pesaleme ea 19:7-9; 119:40; bapisa le Luka 24:32.) Lipuo tse joalo li hulela tlhokomelo e fokolang ho batho ’me li tlotlisa Molimo ka ho eketsehileng.

Tsela e ’ngoe eo ka eona baholo e ka bang mesuoe e atlehang haholoanyane ke ka hore ba ithute e mong ho e mong. Joalokaha Pauluse a ile a thusa Timothea, ka tsela e tšoanang moholo a ka thusa e mong. “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17; Bafilippi 2:3) Baholo ba rua molemo ka ho arolelana maikutlo le litlhahiso. Moholo e mong ea sa tsoa khethoa o ile a hlalosa: “Moholo e mong ea nang le phihlelo o ile a nka nako ho mpontša kamoo a lokisetsang puo ea phatlalatsa kateng. Ha a lokisetsa, o ne a kenyelletsa lipotso tse sa hlokeng likarabo, lipapiso, mehlala kapa liphihlelo tse khutšoanyane, hammoho le likarolo tsa Mangolo tseo a li hlahlobileng ka hloko. Ho eena ke ithutile kamoo nka feto-fetolang lipuo tsa ka e le hore ke qobe puo e sa thahaselliseng, e tenang.”

Kaofela ha rōna ba thabelang litokelo tsa tšebeletso, ebang re baholo, bahlanka ba sebeletsang kapa bo-pula-maliboho, ho hlokahala hore re baballe mpho eo ea rōna. Pejana ho lefu la hae, Pauluse o ile a hopotsa Timothea ‘ho fehla joaloka mollo mpho [khaʹri·sma] ea Molimo e leng ho eena,’ eo ho Timothea e neng e akarelletsa mpho e ’ngoe ea moea e khethehileng. (2 Timothea 1:6) Mahaeng a Baiseraele, mollo e ne e atisa ho ba mashala a hlenneng feela. Ho ne ho khoneha hore ‘a fehloe’ ho hlahisa malakabe le mocheso o eketsehileng. Kahoo re khothalletsoa ho tšoareha ka ho feletseng likabelong tsa rōna, re fehle joaloka mollo mpho efe kapa efe ea moea e behiloeng tlhokomelong ea rōna.

Limpho Tsa Moea Tse Lokelang ho Ajoa

Lerato la Pauluse bakeng sa barab’abo ba Roma le ile la mo susumelletsa ho ngola: “Ke hlolohetsoe ho le bona, e le hore nka le fa mpho [khaʹri·sma] e ’ngoe ea moea e le hore le tiisoe; kapa, ho e-na le hoo, e le hore ho ka ba le phapanyetsano ea khothatso har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ka bobeli ea lōna le ea ka.” (Baroma 1:11, 12) Pauluse o ne a talima matla a rōna a ho tiisa tumelo ea ba bang ka hore re bue le bona e le mpho ea moea. Phapanyetsano ea limpho tse joalo tsa moea e ne e tla fella ka ho tiea tumelong le ho khothatsana.

’Me, ka sebele sena sea hlokahala. Tsamaisong ena e khopo eo re phelang ho eona, kaofela ha rōna re talimana le khatello ka tsela ena kapa eane. Leha ho le joalo, phapanyetsano ea khothatso e etsoang joalo-joalo e ka re thusa ho tiisetsa. Khopolo ea phapanyetsano—ho fana le ho amohela—ke ea bohlokoa tabeng ea ho lula re le matla moeeng. Ke ’nete hore kaofela ha rōna re hloka ho matlafatsoa nako le nako, empa hape, kaofela re ka hahana.

Haeba re falimehetse ho lemoha balumeli-’moho le rōna ba nyahameng, re ka ’na ra “khona ho tšelisa ba mofuteng leha e le ofe oa matšoenyeho ka matšeliso ao rōna ka borōna re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.” (2 Bakorinthe 1:3-5) Lentsoe la Segerike bakeng sa ho tšelisa (pa·raʹkle·sis) ka ho toba le bolela “memo ea ho ba lehlakoreng la motho.” Haeba ha ho hlokahala re ba haufinyane bakeng sa ho thusa mora kapa morali oabo rōna, ha ho pelaelo hore ka borōna re tla amohela tšehetso e tšoanang e lerato ha re e hloka.—Moeklesia 4:9, 10; bapisa le Liketso 9:36-41.

Maeto a bolisa a baholo a bontšang lerato le ’ona a molemo haholo. Le hoja ho e-na le maemo ao ho ’ona maeto ana a etsoang ka morero oa ho fana ka keletso ea Mangolo tabeng e hlokang tlhokomelo, boholo ba maeto a bolisa ke a khothatso, ‘ho tšelisoa ha lipelo.’ (Bakolose 2:2) Ha balebeli ba etsa maeto a joalo a matlafatsang tumelo, ka sebele ba fana ka mpho ea moea. Joaloka Pauluse, ba tla fumana hore mofuta ona o ikhethang oa ho fana oa putsa, ’me ba tla ‘hloloheloa’ barab’abo bona.—Baroma 1:11.

Sena e bile ’nete tabeng ea moholo e mong oa Spain, ea phetang phihlelo e latelang: “Ho ne ho bonahala eka Ricardo, moshanyana ea lilemo li 11, ka kakaretso ha a thahaselle liboka le phutheho. Ka hona ke ile ka kōpa hore batsoali ba Ricardo ba ntumelle ho mo etela, ’me ba ile ba lumela ntle ho tikatiko. Ba ne ba lula sebakeng se lithabeng hoo e ka bang leeto la hora e le ’ngoe ka koloi ho tloha ha ka. Ka sebele Ricardo o ne a thabetse ho bona hore kea mo thahasella, ’me o ile a arabela hang-hang. Ka potlako e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang le setho sa phutheho se mahlahahlaha. Lihlong tsa hae li ile tsa nkeloa sebaka ke ho ba ea thabileng haholoanyane le ea botsoalle haholoanyane. Ba bangata ka har’a phutheho ba ile ba botsa: ‘Ho etsahetse’ng ka Ricardo?’ Ba ne ba bona eka ba qala ho mo bona. Ha ke hopola leeto leo la bolisa la bohlokoahali, ke ikutloa eka ke ruile molemo o fetang oa Ricardo. Ha a kena ka Holong ea ’Muso, sefahleho sa hae sea khanya, ’me o tla a potlakile ho tla ntumelisa. E bile ho thabisang ho bona tsoelo-pele ea hae moeeng.”

Ha ho pelaelo hore maeto a bolisa, a kang lena, a hlohonolofatsoa ka ho enneng. Maeto a joalo a tumellanong le boipiletso bo tiileng ba Jesu: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” (Johanne 21:16) Ka sebele, baholo hase bona feela ba ka fanang ka limpho tse joalo tsa moea. E mong le e mong ka har’a phutheho a ka susumelletsa ba bang leratong le mesebetsing e metle. (Baheberu 10:23, 24) Joalokaha batho ba hloang thaba ba tlamelloa hammoho, le rōna re tlameletsoe hammoho ka tlamo ea moea. Re ke ke ra qoba hore seo re se etsang le seo re se buang se ame ba bang. Polelo e phoqang kapa ho tšoaea liphoso ka bohale ho ka fokolisa tlamo e re kopanyang. (Baefese 4:29; Jakobo 3:8) Ka lehlakoreng le leng, mantsoe a khothatso a khethiloeng hantle le thuso e lerato a ka thusa barab’abo rōna ho hlōla mathata a bona. Ka tsela ena re tla be re aba limpho tsa moea tsa bohlokoa bo sa feleng.—Liproverbia 12:25.

Ho Bonahatsa Khanya ea Molimo ka ho Feletseng

Ho hlakile hore Mokreste e mong le e mong o hohela ka tekanyo e itseng. Re filoe tšepo ea bohlokoahali ea bophelo bo sa feleng. Re boetse re na le limpho tsa moea tseo re ka li abelanang. ’Me re ka leka ka matla ho khannela kapa ho susumelletsa ba bang lipakaneng tse nepahetseng. Ba bang ba na le limpho tse eketsehileng ka sebōpeho sa litokelo tsa tšebeletso. Limpho tsena kaofela ke bopaki ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo. ’Me kaha mpho efe kapa efe eo e ka ’nang eaba re na le eona re e fumane ho Molimo, ka sebele ha re na lebaka la ho ithorisa.—1 Bakorinthe 4:7.

Joaloka Bakreste, ke hantle ha re ipotsa, ‘Na ke tla sebelisa tekanyo leha e le efe ea ho hohela eo ho ka etsahalang hore ebe ke na le eona bakeng sa ho tlisa khanya ho Jehova, Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng”? (Jakobo 1:17) Na ke tla etsisa Jesu ’me ke sebeletse ba bang ho ea ka matla a ka le maemo?’

Moapostola Petrose o akaretsa boikarabelo ba rōna tabeng ena ha a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho [khaʹri·sma] ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng. Haeba leha e le mang a bua, a a bue joalokaha eka ke liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo; haeba leha e le mang a sebeletsa, a a sebeletse joaloka ea itšetlehileng ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona; e le hore linthong tsohle Molimo a ka tlotlisoa ka Jesu Kreste.”—1 Petrose 4:10, 11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Batho ba 913 ka kakaretso ba ile ba shoa, ho akarelletsa le Jim Jones ka boeena.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

UPI/Corbis-Bettmann

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]

Corbis-Bettmann

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela