Lenyalo le Khethehileng Haholo
KA LEBOEA ho Mozambique ho na le phula e nonneng e pota-potiloeng ke lithaba—tse ling ke tse majoe, ’me tse ling ke tse nang le limela tse ngata. Mona ke moo ho fumanehang motsana oa Fíngoè. Bosiung bo hlakileng ba mariha, leholimo le phatsima linaleli, ’me khoeli e khanya hoo e khantšang matlo a ruletsoeng ka joang a baahi ba motse oo. Ke sebakeng sena se babatsehang moo ho ileng ha tšoareloa lenyalo leo le ikhethang.
Batho ba makholo ba ile ba tsamaea lihora tse ngata, esita le matsatsi, ho ea ba teng ketsahalong ena e khethehileng. Ba bang ba ile ba haola har’a hlathe le libakeng tse kotsi tse nang le mafiritšoane, litau le litlou. Ka ntle ho thoto ea bona, baeti ba bangata ba ne ba tlile le likhoho, lipōli le meroho. Hoba ba fihle motseng oo, ba ile ba nka tsela e lebang sebakeng se bulehileng se atisang ho sebelisetsoa likopano tsa Bokreste. Le hoja ba ne ba khathalitsoe ke leeto, ba ne ba thabile, ’me lifahleho tsa bona tse bososelang li ne li bontša tebello e nang le tabatabelo ea se neng se tla latela.
Ho ne ho nyalana bo-mang? Ba ne ba le bangata! E, banyalani ba bangata. Bana e ne e se karolo ea letšoele la banyalani ba nkehileng maikutlo. Ka ho fapaneng, e ne e le banyalani ba tšepahalang le ba nang le sepheo se setle bao pele ba neng ba sa khone ho ngolisa manyalo a bona kaha ba ne ba phela libakeng tse thōko tse hōle le liofisi tsa ngoliso. Banyalani bana bohle ba ile ba hlokomela litekanyetso tsa bomolimo ka lenyalo ha ba ntse ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba ithuta hore ba lokela ho nyalana ho ea ka melao ea naha e le hore ba khahlise ’Mōpi oa bona, Moqapi oa lenyalo, feela joalokaha Josefa le Maria ba ile ba latela se neng se hlokahala bakeng sa ngoliso hoo e ka bang nakong ea tsoalo ea Jesu.—Luka 2:1-5.
Ho Lokisetsa Ketsahalo Eo
Ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Mozambique e ile ea etsa qeto ea ho thusa. Pele, e ile ea kopana le Lekala la Toka le la Litaba tsa ka Hare ho Naha motse-moholo, Maputo, bakeng sa ho fumana hantle mehato e hlokoang ke molao. Eaba, baromuoa ba motse-moholong o profinseng ea Tete ba ikopanya le ba boholong moo ho hokahanya litokisetso. Ho ile ha behoa letsatsi leo baromuoa le liofisiri tse tsoang Lefapheng la Bohlapantši le Boitsebahatso ba Sechaba ba tlang ho ea motsaneng oa Fíngoè ka lona. Ka nako e tšoanang ofisi ea lekala e ile ea romella liphuthehong tsohle tse amehang lengolo le hlalosang tsela e lokelang ho lateloa. Lipaki hammoho le liofisiri tsa moo li ne li lebeletse ketsahalo eo e ikhethang ka tabatabelo.
Ka Sontaha sa la 18 May, 1997, baromuoa ba bararo hammoho le liofisiri tsa ’muso ba ile ba fihla Fíngoè. Ba boholong sebakeng seo ba ne ba lokiselitse liofisiri tseo bolulo bo mabothobotho haufi le mohaho oa tsamaiso. Leha ho le joalo, liofisiri tse etileng li ile tsa khahloa haholo ke kamohelo e mofuthu ea Lipaki tsa Jehova hoo li ileng tsa khetha ho robala le baromuoa matlong a ikahetsoeng ka thepa e fumanehang habobebe. Li ile tsa makala ha li utloa hore e mong oa ba neng ba pheha e ne e le moholo oa phutheho sebakeng seo le hore molebeli ea tsamaeang o ne a le har’a baithaopi ba etsang mesebetsi e eisehang ho lokisetsoeng ha lenyalo leo. Ka ho tšoanang li ile tsa hlokomela botho bo ratehang ba baromuoa, ba ileng ba robala ntlong ea boemo bo itekanetseng le ho hlapela ka basekomong ba sa belaele. Ho ne ho se mohla ba kileng ba bona tlamahano e matla joalo pakeng tsa batho ba nang le limelo tse fapaneng joalo. Leha ho le joalo, ntho e ileng ea ba khahla ka ho fetisisa ke tumelo e ileng ea bontšoa ka ho etsa boitelo bo boholo ba ho phela tumellanong le molao oa naha le ba ho latela tokisetso ea Molimo.
Ketsahalo e Thabisang
Ha banyalani ba fihla, hang-hang ba ile ba itokisetsa mothati oa pele oa lenyalo: ho fumana lengolo la bopaki ba tsoalo. Bohle ba ile ba ema ka mamello moleng ka pel’a sehlopha sa Bangolisi ba Sechaba bakeng sa ho fana ka boitsebiso ba bona ba botho. Eaba ba fetela moleng o mong ho ea nkoa lifoto, oo ka mor’a oona ba ileng ba ea ho oa sehlopha sa Lefapha la Boitsebahatso ba Sechaba ho ea fumana likarete tsa bona tsa boitsebahatso. Ka mor’a moo ba ile ba khutlela sehlopheng sa Bangolisi ba Sechaba ho ea lokisetsa ho fumana mangolo a bopaki ba lenyalo ao ba hlileng ba a labalabelang. Ka mor’a sena, ba ile ba ema ka mamello ba emetse hore mabitso a bona a bitsoe ka sebuela-hōle. Phano ea mangolo a bopaki ba lenyalo e bile ketsahalo e amang maikutlo. Banyalani ba bang le ba bang ba ile ba thabela ho amohela lengolo la lenyalo ka thabo e khaphatsehang joalokaha eka ke mohope oa bohlokoa oa tlhōlo.
Tsena tsohle li ne li etsahala letsatsing le bataolang. Leha ho le joalo, ho thabela ketsahalo eo ha hoa ka ha sitisoa ke mocheso le lerōle.
Banna ba ne ba apere ka makhethe, ba bangata ba apere libaki ’me ba fasitse lithae. Basali ba ne ba apere sehahabo bona, se akarelletsang lesela le lelelele le mebala-bala le bitsoang capulana leo ba ithatelang thekeng ka lona. Ba bang ba ne ba pepile bana ka lesela le tšoanang.
Lintho li ile tsa tsoela pele hantle, empa ba ne ba le bangata haholo hore ba ka qetoa ka letsatsi le le leng. Ha shoalane e tšoara, ka mosa liofisiri tsa ’muso li ile tsa etsa qeto ea hore li tla tsoela pele ho sebeletsa banyalani bana. Li ile tsa bolela hore li ke ke tsa tlohella “barab’abo rōna” ba letile ka mor’a ho etsa boitelo bo boholo hakana ba ho ba teng moo. Moea ona oa tšebelisano-’moho le oa boitelo o tla lula o hopoloa.
Ha bosiu bo ntse bo roalellana ho ile ha qala ho bata. Le hoja ba seng bakae ba ne ba e-na le marobalo, banyalani ba bang ba bangata ba ne ba le ka ntle, ba entse seqhoqho mollong. Sena ha sea ka sa fokotsa thabo ea ketsahalo eo. Ka holim’a molumo oa mollo o tloatloaretsang ho ne ho hlaheletse molumo oa ho tšeha le oa ho bina, ho binoa ka mantsoe a mane a tsamaisanang. Ba bangata ba ne ba pheta lipale tsa leeto la bona, ba ntse ba fupere litokomane tseo ba qetang ho li fumana.
Ha letsatsi le chaba ba bang ba ile ba kenella motseng ho ea rekisa likhoho, lipōli le meroho tsa bona e le hore ba kenye letsoho ho koaheleng litšenyehelo tsa ngoliso ea manyalo a bona. Ka sebele ba bangata ba “itetse” ka liphoofolo tseo, ba li rekisitse ka theko e tlaase haholo ho seo e hlileng e leng thekiso ea tsona. Ho mafutsana, pōli ke ntho ea bohlokoa le e theko e boima; leha ho le joalo ba ile ba ikemisetsa ho e tela molemong oa hore ba nyalane ka molao ’me ba khahlise ’Mōpi oa bona.
Mathata a Leeto
Banyalani ba bang ba ile ba tsamaea libaka tse telele ho ea ba teng moo. Sena e bile ’nete ka Chamboko le mosali oa hae, Nhakulira. Ba ile ba pheta pale ea bona bosiung ba bobeli ba ketsahalo eo ha ba ntse ba iphuthumalitse maoto mollong. Le hoja a le lilemo li 77, a sa bone ka leihlo le leng ’me a bile a sa bone hantle ka le leng, Chamboko o ile a tsamaea ka maoto matsatsi a mararo a felehelitsoe ke phutheho ea habo, kaha o ne a ikemiselitse ho ea ngolisa ka molao kopano ea bona e qetileng lilemo tse 52.
Anselmo Kembo, ea lilemo li 72, o ne a se a qetile lilemo tse ka bang 50 a phela le Neri. Matsatsinyana a seng makae pele ba nka leeto, o ile a hlajoa habohloko leotong ke moutloa o moholo ha a ntse a lema tšimong ea hae. O ile a potlakisetsoa sepetleleng se haufi ho ea fumantšoa phekolo. Leha ho le joalo, o ile a etsa qeto ea ho tsamaea ka maoto, a tsamaea habohloko a qhiletsa ho ea Fíngoè. O ile a nka matsatsi a mararo. Anselmo o ile a sitoa ho pata thabo ea hae ha a amohela lengolo la bopaki ba lenyalo la bona.
E mong ea neng a sa tsoa nyala ea hlokomelehang ke Evans Sinóia, ea neng a nyetse sethepu pele. Ha a ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo, o ile a etsa qeto ea ho ngolisa ka molao kopano ea hae le mosali oa hae oa pele, empa mosali eo a hana, a mo siea a ea ho monna e mong. Mosali oa hae oa bobeli, eo le eena a neng a ithuta Bibele, o ile a lumela ho nyalana le eena. Bobeli ba bona ba ile ba tsamaea har’a sebaka se kotsi se nang le litau le liphoofolo tse ling tse hlaha. Ka mor’a leeto la matsatsi a mararo, le bona ba ile ba atleha ho nyalana ka molao.
Mosebetsi o ile oa qetoa ka Labohlano, matsatsi a mahlano ka mor’a hore baromuoa le liofisiri ba fihle. Phello e bile hore ho ile ha fanoa ka likarete tsa boitsebahatso tse 468 le mangolo a bopaki ba tsoalo a 374. Mangolo a lenyalo a ileng a fanoa a bile 233! Thabo e ne e le e khaphatsehang. Le hoja ba ne ba khathetse, bohle ba ile ba lumela hore seo se ne se tšoaneloa ke boiteko boo ba bo entseng. Ntle ho pelaelo, ketsahalo eo e tla sala e le letšoao le ke keng la hlakoleha likelellong le lipelong tsa bohle ba bileng ho eona. Ka sebele e bile lenyalo le khethehileng haholo!