Ho Ithuta Ka Liphoso Tsa Nakong E Fetileng
MELAO ea boitšoaro ea ’Mōpi oa rōna ke ea ka ho sa feleng ebile ha e fetohe. Ka lebaka lena molao-motheo o fumanoang ho Bagalata 6:7 oa sebetsa kajeno: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula.” Ke ’nete hore motho a ka ’na a latola hore o ikarabella ho Molimo, empa molao oa Molimo o lula o sa fetohe. Qetellong ha ho motho ea lokolohileng liphellong tsa liketso tsa hae.
Ho thoe’ng ka motho ea phelang bophelo bo tsoileng tseleng ebe oa fetoha, e ba mohlanka oa Molimo? Ho ka etsahala hore a ’ne a tlamehe ho mamella liphello tsa mokhoa oa hae oa bophelo oa nakong e fetileng. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Molimo ha aa mo tšoarela. Kamano ea bofebe ea Morena Davida le Bathe-sheba e ile ea mo tlisetsa tlokotsi e khōlō bophelong ba hae. O ne a sitoa ho e phema. Empa o ile a baka, ’me Molimo a mo tšoarela.—2 Samuele 12:13-19; 13:1-31.
Na u kile ua ikutloa u nyahame ha u latsoa liphello tsa liphoso tseo u li entseng? Haeba ho talingoa ka tsela e nepahetseng, ho ikoahlaea ho ka sebeletsa e le khopotso ho rōna hore re ‘itise, re se ke ra sekamela bobeng.’ (Jobo 36:21) E, ho ikoahlaea ho ka re thusa ho qoba ho pheta phoso e itseng. Ho molemo le ho feta, Davida ha aa ka a sebelisa phihlelo eo a e fumaneng sebeng seo a neng a se entse ho ithuisa molemo a le mong empa o ile a e sebelisa ho ruisa le ba bang molemo. O ile a re: “Ebe moo ke rutang batlōli Iitsela tsa hao, ’me baetsalibe ba tla khutlela ho uena.”—Pesaleme ea 51:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Davida o ile a ithuta ho hong sebeng sa hae le Bathe-sheba