Tumelo ea Hao e Matla Hakae Tsohong?
“Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.”—JOHANNE 11:25.
1, 2. Ke hobane’ng ha morapeli oa Jehova a lokela ho kholiseha ka tšepo ea tsoho?
TUMELO ea hao e matla hakae tšepong ea tsoho? Na e u matlafalletsa hore u se ke ua tšaba lefu le ho u tšelisa ha u lahleheloa ke baratuoa ka lefu? (Matheu 10:28; 1 Bathesalonika 4:13) Na u tšoana le bahlanka ba bangata ba Molimo ba mehleng ea khale, ba ileng ba mamella ho shapuoa, ho songoa, ho hlokofatsoa le ho koalloa literonkong, ba matlafalitsoe ke tumelo tsohong?—Baheberu 11:35-38.
2 E, morapeli ea tšepahalang oa Jehova ha aa lokela ho belaella hore ho tla ba le tsoho ho hang, ’me ho kholiseha ha hae ho lokela ho ama tsela eo a phelang ka eona. Ke ho babatsehang ho hopola ’nete ea hore ka nako ea Molimo e tšoanelehang, leoatle, lefu le Hadese li tla ntša bafu ba ho tsona, ’me bana ba tsositsoeng ba tla ba le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Tšenolo 20:13; 21:4, 5.
Lipelaelo ka Bophelo ba Nako e Tlang
3, 4. Ba bangata ba ntse ba lumela eng ka bophelo ka mor’a lefu?
3 Ka nako e telele Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba ruta hore ho na le bophelo ka mor’a lefu. Sehlooho se seng makasineng ea U.S. Catholic se itse: “Ho theosa le lilemo, Bakreste ba lekile ho amohela le ho sebetsana ka katleho le mesarelo le mahlomola a bophelo bona ka ho lebella bophelo bo bong, ba khotso le khotsofalo, ba phetheho le thabo.” Le hoja linaheng tse ’maloa tsa Bokreste-’mōtoana, batho ba fetohile ba sebeletsang ho iphelisa ’me ka tsela e itseng ba nyatsa bolumeli, ba bang ba ntse ba lumela hore ho tlameha hore ho be le ho hong ka mor’a lefu. Empa ho na le ho hongata hoo ba sa kholisehang ka hona.
4 Sehlooho se seng makasineng ea Time se itse: “Batho ba ntse ba lumela hore [ho na le bophelo ka mor’a lefu]: empa ’nete ke hore ha e le hantle khopolo eo ea bona e ntse e e-ba lerootho, ’me ha ba sa atisa ho utloa baruti ba bona ba bua ka eona.” Ke hobane’ng ha baruti ba bolumeli ba se ba sa atise ho bua ka bophelo ka mor’a lefu joalokaha ba ne ba atisa ho bua ka bona? Setsebi sa bolumeli Jeffrey Burton Russell o re: “Ke nahana hore [baruti] ba batla ho qoba taba ena hobane baa hlokomela hore ba tla tlameha ho heletsa lerako la lipelaelo tse atileng.”
5. Ba bangata kajeno ba talima thuto ea mollo oa lihele joang?
5 Likerekeng tse ngata, bophelo ba ka mor’a lefu bo akarelletsa leholimo le lihele tsa mollo. ’Me haeba baruti ba leqe ho bua ka leholimo, ba leqe le ho feta ho bua ka lihele. Sehlooho sa koranta e ’ngoe se itse: “Matsatsing ana esita le likereke tse lumelang kotlong ea ka ho sa feleng ea lihele tsa mollo . . . li hlapolla khopolo ena.” Ka sebele, baruti ba bangata ba kajeno ba thuto ea bolumeli ha ba sa lumela hore lihele ke sebaka sa sebele sa tlhokofatso, joalokaha ho ne ho rutoa joalo Mehleng e Bohareng. Ho e-na le hoo, ba buella pono e ’ngoe e batlang “e e-na le botho” ka lihele. Ho ea ka matsoelo-pele a mangata, baetsalibe ha ba hlile ha ba hlokofatsoe ka tsela ea sebele liheleng, empa ba utloa bohloko ka lebaka la “karohano [ea bona] ea moea le Molimo.”
6. Ke joang ba bang ba fumanang hore tumelo ea bona ea fokola ha ba talimane le tlokotsi?
6 Ho hlapolla thuto ena ea motheo ea kereke e le hore ho se khopisoe maikutlo a batho ba kajeno ho ka ’na ha thusa ba bang ho qoba ho khesoa, empa ho siea batho ba limilione ba kenang kereke ka botšepehi ba ipotsa hore na ba lumele eng. Kahoo, ha ba tobane le lefu, hangata bana ba fumana hore ba haelloa ke tumelo. Boikutlo ba bona bo tšoana le ba mosali e mong ea ileng a shoeloa ke litho tse ’maloa tsa lelapa kotsing ea tšohanyetso. Ha a ne a botsoa hore na tumelo ea bolumeli ba hae e mo tšelisitse, o ile a araba ka monyebe, “Ke nahana joalo.” Empa esita le haeba a ne a arabetse ka kholiseho ka hore tumelo ea bolumeli ba hae e mo thusitse, e ne e tla ba ha molemo ofe haeba tumelo ea hae e se na motheo o motle? Ke habohlokoa ho nahana ka sena hobane, bonneteng, seo likereke tse ngata li se rutang mabapi le bophelo ba nako e tlang se fapane haholo le seo Bibele e se rutang.
Pono ea Bokreste-’mōtoana ka Bophelo ka Mor’a Lefu
7. (a) Ke eng seo likereke tse ngata li se lumelang ka ho tšoana? (b) Moruti e mong oa thuto ea bolumeli o hlalositse thuto ea ho se shoe ha moea joang?
7 Ho sa tsotellehe liphapang tseo li nang le tsona, hoo e batlang e le lihlopha tsohle tsa Bokreste-’mōtoana lia lumellana hore batho ba na le meea e sa shoeng e tsoelang pele ho phela ha ’mele e e-shoa. Ba bangata ba lumela hore ha motho a e-shoa, moea oa hae o ka ’na oa ea leholimong. Ba bang ba tšaba hore meea ea bona e ka ’na ea ea liheleng tsa mollo kapa pelekatoring. Empa khopolo ea ho se shoe ha moea ke pono ea bona e ka sehloohong ka bophelo ba nako e tlang. Moruti oa thuto ea bolumeli Oscar Cullmann, sehloohong se hatisitsoeng bukeng e reng Immortality and Resurrection, o ile a bua ka sena. O ile a ngola: “Kajeno haeba re ne re ka botsa Mokreste feela tjee . . . hore na o nahana hore ke thuto efe e rutoang ke Testamente e Ncha mabapi le qetello ea motho ka mor’a lefu, ka ntle ho ba seng bakae re ne re tla fumana karabo e reng: ‘Moea ha o shoe.’” Leha ho le joalo, Cullmann o tsoela pele: “Khopolo ena e amoheloang hohle ke e ’ngoe ea lintho tse sa utloisisoeng ka ho fetisisa Bokresteng.” Cullmann o boletse hore ha a ne a qala ho bua ka sena, o ile a tsosa moferefere. Empa, o ne a nepile.
8. Jehova o ile a tšepisa monna le mosali oa pele eng?
8 Jehova Molimo ha aa ka a bōpela batho hore ba ee leholimong ha ba e-shoa. Ho hang e ne e se morero oa hae oa qalong hore ba shoe. Adama le Eva ba ile ba bōptjoa ba phethahetse ’me ba ne ba filoe monyetla oa hore ba tlatse lefatše ka bana ba lokileng. (Genese 1:28; Deuteronoma 32:4) Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba bolelloa hore ba ne ba tla shoa haeba feela ba ne ba sa mamele Molimo. (Genese 2:17) Haeba ba ne ba ile ba lula ba mamela Ntate oa bona oa leholimo, ba ka be ba ile ba tsoela pele ba phela ka ho sa feleng lefatšeng.
9. (a) ’Nete ke efe ka moea oa motho? (b) Ho etsahala eng ka moea ha o e-shoa?
9 Leha ho le joalo, ka masoabi Adama le Eva ba ile ba hlōleha ho mamela Molimo. (Genese 3:6, 7) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa liphello tse bohloko: “Ke ka lebaka leo, feela joalokaha ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Ho e-na le hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng, Adama le Eva ba ile ba shoa. Joale ho ile ha etsahala eng? Na ba ne ba e-na le meea e sa shoeng eo joale e neng e ka fetela liheleng tsa mollo ka lebaka la sebe sa bona? Ho fapana le hoo, Bibele e bolela hore pejana, ha a ne a bōptjoa, Adama e ile “ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Motho o ne a sa fuoa moea; e ile ea e-ba moea, motho ea phelang. (1 Bakorinthe 15:45) Hase feela hore Adama e ne e le “moea o phelang” empa joalokaha ho bontšitsoe puong ea Seheberu eo Genese e ileng ea ngoloa ka eona, liphoofolo tse tlaasana le tsona e ne e le “meea e phelang”! (Genese 1:24, NW) Ha Adama le Eva ba e-shoa, e ile ea e-ba meea e shoeleng. Qetellong, ba ile ba etsahalloa ke seo Jehova a ileng a se bolella Adama: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19.
10, 11. Ke eng seo New Catholic Encyclopedia e se lumelang mabapi le seo Bibele e se rutang ka moea, ’me see se bapisoa joang le seo Bibele e se bolelang?
10 Habohlokoa ke hore New Catholic Encyclopedia e lumellana le sena. Sehloohong sa eona se reng “Moea (ka Bibeleng),” e re: “Ha ho karohano [ea likarolo tse peli] e leng ’mele le moea ka [“Testamenteng ea Khale,” kapa ka Mangolong a Seheberu].” E phaella ka hore ka Bibeleng, lentsoe “moea” “ha ho mohla le bolelang ho re moea o arohile ho ’mele kapa ho motho ka boeena.” Ha e le hantle, hangata moea “o bolela ntho e phelang ka boeona ebang ke liphoofolo kapa batho.” ’Nete e joalo ea khatholla, empa motho a ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba kenang kereke ka kakaretso ba sa ka ba hlokomelisoa ’nete ena.
11 Batho ba kenang kereke ba ka be ba thusitsoe hakaakang ho qoba matšoenyeho le tšabo haeba ba ne ba boleletsoe ’nete ee e bonolo ea Bibele: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa,” eseng o utloe bohloko mollong oa lihele! (Ezekiele 18:4) Le hoja sena se fapane haholo le seo Bokreste-’mōtoana bo se rutang, se lumellana ka ho feletseng le seo monna ea bohlale Solomone a se buileng a le tlas’a pululelo: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe. Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 10.
12. Bokreste-’mōtoana bo nkile thuto ea bona ea ho se shoe ha moea hokae?
12 Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo ruta se fapaneng hakaale le seo Bibele e se buang? New Catholic Encyclopedia, sehloohong sa eona se reng “Moea, Motho, ho se Shoe Ha,” e bolela hore Bathehi ba Kereke ba ile ba fumana tšehetso ea thuto ea ho se shoe ha moea, eseng ka Bibeleng, empa “ho liroki le bo-rafilosofi le neanong e akaretsang ea Bagerike . . . Hamorao, litsebi li ile tsa khetha ho sebelisa Plato kapa melao-motheo e tsoang ho Aristotle.” E bolela hore “tšusumetso ea likhopolo tsa Plato le tse tšehetsang Plato”—ho akarelletsa le tumelo ea ho se shoe ha moea—li qeteletse li keneletse “hona motsong oa thuto ea Bokreste.”
13, 14. Ke hobane’ng ha e le ho sa utloahaleng ho tšepa bo-rafilosofi ba Bagerike ba bohetene ho fana ka leseli?
13 Na ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba lokela ho retelehela ho bo-rafilosofi ba bohetene ba Bagerike bakeng sa ho ithuta thuto ea motheo e joaloka ea tšepo ea bophelo ka mor’a lefu? Ka sebele ho ne ho sa hlokahale. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba phelang Korinthe, Greece, o ile a re: “Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo; kaha ho ngoliloe: ‘O tšoasa ba bohlale manong a bona.’ ’Me hape: ‘Jehova o tseba hore menahano ea batho ba bohlale ke lefeela.’” (1 Bakorinthe 3:19, 20) Bagerike ba boholo-holo e ne e le barapeli ba litšoantšo. Joale, ke joang e neng e ka ba mohloli oa ’nete? Pauluse o ile a botsa Bakorinthe: “Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? Etsoe re tempele ea Molimo ea phelang; feela joalokaha Molimo a ile a re: ‘Ke tla lula har’a bona ’me ke tsamaee har’a bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba batho ba ka.’”—2 Bakorinthe 6:16.
14 Ho senoloa ha linnete tse halalelang ho ile ha qala ho senoloa ka sechaba sa Iseraele. (Baroma 3:1, 2) Ka mor’a 33 C.E., ho ile ha senoloa ka phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo. Ha Pauluse a bua ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, o ile a re: “Ke ho rōna Molimo a li senotseng [lintho tse lokiselitsoeng ba mo ratang] ka moea oa hae.” (1 Bakorinthe 2:10; bona hape Tšenolo 1:1, 2.) Thuto ea Bokreste-’mōtoana ea ho se shoe ha moea e nkiloe filosofing ea Bagerike. Ha ea senoloa ka litšenolo tsa Molimo ho Iseraele kapa ho phutheho ea lekholong la pele la lilemo ea Bakreste ba tlotsitsoeng.
Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bafu
15. Ho ea ka Jesu, tšepo ea sebele bakeng sa bafu ke eng?
15 Haeba meea eohle ea shoa, tšepo ea sebele bakeng sa bafu ke efe? Ho hlakile hore ke tsoho, e leng thuto ea Bibele e ka sehloohong le tšepiso ea bomolimo e babatsehang ka sebele. Jesu o ile a fana ka tšepo ea tsoho ha a ne a re ho motsoalle oa hae Maretha: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Johanne 11:25) Ho lumela ho Jesu ho bolela ho lumela tsohong, eseng ho se shoeng ha moea.
16. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lumela tsoho?
16 Jesu o ne a ile a bua ka tsoho ha a ne a re ho Bajuda ba bang: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Seo Jesu a se hlalosang mona se fapane hōle le moea o sa shoeng o phonyohang lefu la ’mele ’me o ee leholimong ka ho toba. Ke ‘ho tsoa’ ha ka moso ha batho ba bileng mabitleng, ba bangata e le ka lilemo tse makholo kapa mohlomong le ka lilemo tse likete. Ke meea e shoeleng e khutlelang bophelong. Na ke ntho e ke keng ea etsahala? Eseng ho Molimo “ea phelisang bafu le ea bitsang lintho tse sieo joalokaha eka li teng.” (Baroma 4:17) Ba nang le lipelaelo ba ka ’na ba soma khopolo ea hore batho ba khutla bafung, empa e lumellana ka ho feletseng le ’nete ea hore “Molimo ke lerato” le hore ke eena “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—1 Johanne 4:16; Baheberu 11:6.
17. Ke eng seo Molimo a tlang ho se finyella ka tsoho?
17 Ho feta moo, Molimo o ne a ka putsa ba ipakileng ba “tšepahala esita le ho isa lefung” joang haeba a ne a sa ba khutlisetse bophelong? (Tšenolo 2:10) Tsoho e boetse e etsa hore Molimo a phethahatse seo moapostola Johanne a ileng a se ngola: “Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa ka morero ona, e leng, ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Morao koana serapeng sa Edene, Satane o ile a fetoha ’molai oa moloko oohle oa batho ha a ne a lebisa batsoali ba rōna ba pele sebeng le lefung. (Genese 3:1-6; Johanne 8:44) Jesu o ile a qala ho qhaqha mesebetsi ea Satane ha a ne a nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ho ba thekollo e loketseng, ho bulela moloko oa batho tsela ea ho lokolloa bokhobeng ba sebe se futsitsoeng se bileng teng ka lebaka la ho se mamele ha Adama ka boomo. (Baroma 5:18) Tsoho ea ba shoeleng ka lebaka la sebe sena sa Adama e tla ba ho qhaqhoa ho tsoelang pele ha mesebetsi ea Diabolose.
’Mele le Moea
18. Bo-rafilosofi ba bang ba Bagerike ba ile ba arabela joang polelong ea Pauluse ea hore Jesu o tsositsoe, hona hobane’ng?
18 Ha moapostola Pauluse a ne a le Athene, o ile a bolela litaba tse molemo letšoeleng le neng le akarelletsa bo-rafilosofi ba Bagerike. Ba ile ba mamela puisano ena e buang ka Molimo a le mong oa ’nete le ho ipiletsa ha hae hore ba bake. Empa ho ile ha latela eng? Pauluse o ile a phetha puisano ea hae ka ho re: “[Molimo] o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse bafung.” Mantsoe ao a ile a tsosa moferefere. “Ha ba utloa ka tsoho ea bafu, ba bang ba qala ho soma.” (Liketso 17:22-32) Moruti oa thuto ea bolumeli Oscar Cullmann oa hlokomela: “Ho Bagerike ba neng ba lumela tabeng ea ho se shoe ha moea e ka ’na eaba ba ile ba thatafalloa le ho feta hore ba amohele thuto ea Bokreste mabapi le tsoho ho feta ba bang. . . . Thuto ea bo-rafilosofi ba baholo e leng Socrates le Plato ha ho kamoo e ka kopanngoang [ea lumellanang] le ea Testamente e Ncha kateng.”
19. Baruti ba thuto ea bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba lekile ho lumellanya thuto ea tsoho le ea ho se shoe ha moea joang?
19 Leha ho le joalo, ka mor’a bokoenehi bo boholo ka mor’a lefu la baapostola, baruti ba thuto ea bolumeli ba ile ba loanela ho tsoaka thuto ea Bokreste ea tsoho le tumelo ea Plato ea ho se shoe ha moea. Ka mor’a nako e itseng, ba bang ba ile ba lumellana ka hore tharollo e be khopolo e iqapetsoeng: Lefung, moea o arohana (“oa lokolloa,” kamoo ba bang ba bolelang kateng) le ’mele. Joale, ho ea ka Outlines of the Doctrine of the Resurrection, ka R. J. Cooke, Letsatsing la Kahlolo “’mele o mong le o mong o tla kopanngoa hape le moea oa oona, le moea o mong le o mong le ’mele oa oona.” Ho kopana hape ha ’mele le moea oa oona o sa shoeng ka nako e tlang ke hona ho bitsoang tsoho.
20, 21. Ke bo-mang ba ’nileng ba ruta ’nete ka tsoho ba sa feto-fetohe, ’me see se ba tsoetse molemo joang?
20 Khopolo ena e ntse e le eona thuto ea sehlooho likerekeng tse ngata. Le hoja khopolo e joalo e ka ’na ea bonahala e utloahala ho moruti oa thuto ea bolumeli, batho ba bangata ba kenang kereke ha ba e tsebe. Ba lumela feela hore ba tla ea leholimong ka ho toba ha ba shoa. Ke ka lebaka lena, tokollo ea Commonweal ea la 5 May, 1995, e ngotsoeng ke John Garvey e itseng: “Seo Bakreste ba bangata ba se lumelang [tabeng ea bophelo ka mor’a lefu] ho bonahala se batla se tšoana le thuto ea Plato ho e-na le eng kapa eng ea Bokreste ba ’nete, ’me ha sea thehoa Bibeleng.” Ka sebele, ka ho nkela Bibele sebaka ka Plato, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba felisa tšepo ea Bibele ea tsoho mehlapeng ea bona.
21 Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova li hana filosofi ea bohetene ’me li khomarela thuto ea Bibele ea tsoho. Li fumana hore thuto e joalo ea haha, ea tšelisa, ’me ea khotsofatsa. Lihloohong tse latelang, re tla bona kamoo thuto ea Bibele ea tsoho e nang le motheo o tiileng ’me e utloahalang kateng, ka bobeli ho ba nang le tšepo ea lefatšeng le ba nang le tebello ea ho tsohela bophelong ba leholimo. E le ho itokisetsa ho hlahloba lihlooho tsena, re u khothalletsa hore u bale ka hloko khaolo ea 15 lengolong la pele le eang ho Bakorinthe.
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela tumelo e tiileng tsohong?
◻ Jehova o ile a beha tebello efe ka pel’a Adama le Eva?
◻ Ke hobane’ng ha e le ho sa utloahaleng ho batla ’nete filosofing ea Bagerike?
◻ Ke hobane’ng ha tsoho e le tšepo e utloahalang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ha ba etsa sebe, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lahleheloa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Litsebi tsa kereke li ile tsa susumetsoa ke tumelo ea Plato ea hore moea ha o shoe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musei Capitolini, Roma