Pono ea Bokreste ka Meetlo ea Lepato
LEFU la tšohanyetso, le neng le sa lebelloa la motho eo u mo ratang le bohloko haholo. Lea sithabetsa ’me ka mor’a moo maikutlo a ameha habohloko. Ho bona ha motho eo u mo ratang a robala lefung ka mor’a ho kula habohloko ka nako e telele ho fapane, empa ho siea mesarelo le boikutlo bo tebileng ba ho lahleheloa.
Ho sa tsotellehe hore na ea ratoang o shoele joang, ba shoetsoeng ba hloka tšehetso le matšeliso. Mokreste ea shoetsoeng a ka boela a tobana le mahloriso a tsoang ho ba hatellang hore a phethe meetlo ea lepato e seng tumellanong le mangolo. Sena se tloaelehile linaheng tse ngata tsa Afrika le likarolong tse ling tsa lefatše.
Ke eng e tla thusa Mokreste ea shoetsoeng hore a qobe meetlo ea lepato e seng tumellanong le mangolo? Bakreste-’moho le eena ba ka mo tšehetsa joang maemong a joalo a teko? Bohle ba batlang ho thabisa Jehova ba amehile ka likarabo tsa lipotso tsena, hobane “mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatšeng.”—Jakobo 1:27.
E Kopane le Seo Batho ba se Lumelang
Lebaka le tloaelehileng le kopanyang meetlo e mengata ea lepato ke tumelo ea hore ba shoeleng ba phela sebakeng se sa bonoeng sa balimo. Ba bangata ba bofifing ba ikutloa ba tlameha ho etsa meetlo e itseng hore ba ba khutsise. Kapa ba tšaba hore ba tla halefisa baahisani ba bona ba lumelang hore motse o tla hlaheloa ke kotsi haeba meetlo eo e sa etsoe.
Mokreste oa ’nete ha aa lokela ho inehela tšabong ea motho ebe o kopanela meetlong e sa thabiseng Molimo. (Liproverbia 29:25; Matheu 10:28) Bibele e bontša hore bafu ha ba ikutloe hobane e re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . ’nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:5, 10) Ka lebaka leo, Jehova Molimo o ile a lemosa batho ba hae ba mehleng ea boholo-holo hore ba se ke ba leka ho khutsisa bafu kapa ho bua le bona. (Deuteronoma 14:1; 18:10-12; Esaia 8:19, 20) Linnete tsena tsa Bibele li hohlana le meetlo e mengata e tloaelehileng ea lepato.
Ho Thoe’ng ka “Tlhoekiso ea Litho Tsa Botona Kapa Botšehali”?
Linaheng tse ling tsa Afrika bohareng, molekane ea shoetsoeng o lebeletsoe hore a be le likamano tsa botona le botšehali le motho e mong ea amanang haufi-ufi le molekane oa hae ea shoeleng. Ho lumeloa hore ha sena se sa etsoe, mofu o tla lematsa litho tse setseng tsa lelapa. Moetlo ona o bitsoa “tlhoekiso ea litho tsa botona kapa botšehali.” Empa Bibele e hlalosa kamano leha e le efe ea botona le botšehali kantle ho lenyalo e le “bohlola.” Kaha Bakreste ba lokela ho ‘balehela bohlola,’ ba hanyetsa ka sebete moetlo ona o seng tumellanong le mangolo.—1 Bakorinthe 6:18.
Nahana ka mohlolohali ea bitsoang Mercy.a Ha monna oa hae a hlokahala ka 1989, beng ka eena ba ile ba batla hore a kopanele tlhoekisong ea litho tsa botšehali le mong ka eena e motona. O ile a hana, a hlalosa hore moetlo ona o khahlanong le molao oa Molimo. Beng ka eena ba ferekaneng, ba ile ba tsamaea ka mor’a hore ba mo khobole ka mantsoe. Ka mor’a khoeli, ba ile ba phenyekolla ntlo ea hae, ba nka marulelo a hae a masenke. Ba re: “U se u tla hlokomeloa ke bolumeli ba hao.”
Phutheho e ile ea tšelisa Mercy ea ba ea mo hahela ntlo e ncha. Baahisani ba ile ba khahloa hoo ba bang ba ileng ba etsa qeto ea ho kenya letsoho mosebetsing oo ’me mosali oa morena, oa Mok’hatholike, e bile eena oa pele oa ho tlisa joang bakeng sa marulelo. Boitšoaro bo tšepahalang ba Mercy bo ile ba khothatsa bana ba hae. Ho tloha ka nako eo, ka bone ba bona ba ile ba inehela ho Jehova Molimo ’me haufinyane tjena e mong o ile a ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.
Ka lebaka la moetlo oa tlhoekiso ea litho tsa botona kapa botšehali, Bakreste ba bang ba itumelletse hore ba qobelloe ho nyalana le batho ba sa lumelang. Ka mohlala, monna e mong ea ileng a shoeloa ke mosali lilemong tsa hae tsa bo-70 o ile a potlakela ho nyala moroetsana ea neng a amana le mosali oa hae ea hlokahetseng. Ka ho etsa sena, o ne a ka re o itlhoekisitse lithong tsa botona. Leha ho le joalo, mokhoa o joalo o hohlana le keletso ea Bibele ea hore Bakreste ba lokela ho nyala “feela moreneng.”—1 Bakorinthe 7:39.
Mekete ea Tebelo
Linaheng tse ngata, ba siameng ba khobokana hammoho lapeng la ea shoeleng ’me ba lule ba shebile bosiu bohle. Hangata litebelo tsena li kopanyelletsa mokete le ’mino o lerata. Ho lumeloa hore sena se khutsisa ea shoeleng ’me se sireletsa lelapa le setseng boloing. Ho ka ’na ha fanoa ka thoriso e feteletseng bakeng sa ho fumana kamohelo ea ea shoeleng. Ka mor’a hore e mong a bue, ba bofifing ba ka ’na ba bina sefela pele motho e mong hape a ema ho tla bua. Sena se ka ’na sa pheta-phetoa ho fihlela ka meso.b
Mokreste oa ’nete ha a kopanele meketeng e joalo ea tebelo hobane Bibele e bontša hore bafu ha ba tsebe ho thusa kapa ho lematsa ba phelang. (Genese 3:19; Pesaleme ea 146:3, 4; Johanne 11:11-14) Mangolo a nyatsa ho sebelisana le meea. (Tšenolo 9:21; 22:15) Leha ho le joalo, mohlolohali oa Mokreste a ka ’na a ho fumana ho le thata ho thiba ba bang hore ba se kenyelletse mekhoa e sebelisanang le meea. Ba ka ’na ba tsitlella ho etsa tebelo ha hae. Balumeli-’moho ba ka etsa eng ho thusa Mokreste ea shoetsoeng ea tobanang le matšoenyeho aa a eketsehileng?
Hangata baholo ba phutheho ba ’nile ba khona ho tšehetsa lelapa la Mokreste ea shoetsoeng ka ho buisana le beng ka eena le baahisani ba hae. Ka mor’a puisano e joalo, batho bana ba ka ’na ba lumela ho tloha lapeng leo ka khotso ’me ba kopana hape ka letsatsi le leng bakeng sa tšebeletso ea lepato. Empa ho thoe’ng haeba ba bang ba le mabifi? Boiteko bo tsoetseng pele ba ho buisana le bona bo ka ’na ba fella ka pefo. ‘Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa le lokela ho lula le ithibile bobeng.’ (2 Timothea 2:24) Kahoo, haeba beng ka lelapa ba hlaha ba nka taolo ka mabifi, mohlolohali oa Mokreste le bana ba hae ba ka ’na ba sitoa ho thibela sena. Empa ha ba kopanele moketeng oa bolumeli ba bohata o etsoang ka tlung ea bona, hobane ba mamela taelo ea Bibele: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.”—2 Bakorinthe 6:14.
Molao-motheo ona o boetse o sebetsa le lepatong. Lipaki tsa Jehova ha li kopanele ho bineng, ho rapeleng kapa meetlong e meng e tsamaisoang ke mosebeletsi oa bolumeli ba bohata. Haeba Bakreste bao e leng litho tse haufi tsa lelapa ba bona ho hlokahala hore ba be teng tšebeletsong e joalo, ha ba nke karolo.—2 Bakorinthe 6:17; Tšenolo 18:4.
Litšebeletso Tsa Lepato Tse Hlomphehang
Litšebeletso tsa lepato tse tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova ha li kopanyelletse meetlo e reretsoeng ho khutsisa mofu. Ho fanoa ka puo e theiloeng Bibeleng, ebang ke Holong ea ’Muso, sebakeng seo ho lokisoang litopo bakeng sa lepato, lapeng labo mofu kapa mabitleng. Morero oa puo ke ho tšelisa ba shoetsoeng ka ho hlalosa se boleloang ke Bibele ka lefu le tšepo ea tsoho ea bafu. (Johanne 11:25; Baroma 5:12; 2 Petrose 3:13) Ho ka ’na ha binoa pina e thehiloeng Mangolong, ’me tšebeletso e koaloa ka thapelo e tšelisang.
Haufinyane tjena, ho ile ha e-ba le tšebeletso ea lepato e kang ena bakeng sa e mong oa Lipaki tsa Jehova eo e neng e le khaitseli ea ho fela ea Nelson Mandela, mopresidente oa Afrika Boroa. Ka mor’a tšebeletso, mopresidente o ile a leboha sebui ho tsoa botebong ba pelo. Batho ba bangata ba boholong le liofisiri tse phahameng ba ne ba le teng. Letona le leng la ’muso le ile la re: “Ena ke tšebeletso ea lepato e hlomphehang ka ho fetisisa eo nkileng ka ba ho eona.”
Na Thapo ea Amoheleha?
Lipaki tsa Jehova lia siama ha li shoetsoe ke bao li ba ratang. Joaloka Jesu, li ka ’na tsa lla. (Johanne 11:35, 36) Empa ha li bone ho hlokahala hore li bontše mesarelo ea tsona phatlalatsa ka letšoao le itseng le bonahalang. (Bapisa le Matheu 6:16-18.) Linaheng tse ngata, bahlolohali ba lebelloa hore ba apare liaparo tse khethehileng tsa ho sareloa bakeng sa ho khutsisa mofu. Liaparo tsena li lokela ho aparoa likhoeli tse ’maloa kapa esita le selemo ka mor’a lefu, ’me ho li hlobola ke mokete o mong hape.
Ho se bontše matšoao a ho sareloa ho nkoa e le ho siteloa motho ea shoeleng. Ka lebaka lena, likarolong tse ling tsa Swaziland, marena a sechaba a ’nile a leleka Lipaki tsa Jehova mahaeng a tsona le ho li amoha masimo a tsona. Leha ho le joalo, kamehla Bakreste bao ba tšepahalang ba ’nile ba hlokomeloa ke barab’abo bona ba moea ba lulang libakeng tse ling.
Lekhotla le Phahameng la Swaziland le ile la emela Lipaki tsa Jehova, la bontša hore li lokela ho boelloa ke malapa a tsona le masimo a tsona. Ketsahalong e ’ngoe, mohlolohali oa Mokreste o ile a lumelloa hore a lule lehaeng la hae ka mor’a hore a hlahise lengolo le theipi e rekotiloeng tseo ho tsona monna oa hae ea hlokahetseng a neng a boletse ka ho hlaka hore mosali oa hae ha aa lokela ho apara thapo. Kahoo, o ile a khona ho bontša hore o ne a fela a hlompha monna oa hae.
Ho bohlokoa haholo ho ba le litaelo tsa lepato tse boletsoeng ka ho hlaka pele motho a e-shoa, haholo-holo libakeng tseo mekhoa ena eo e seng ea Mangolo e atileng ho tsona. Nahana ka mohlala oa Victor, moahi oa Cameroon. O ile a ngola lenaneo le neng le lokela ho lateloa lepatong la hae. Lapeng labo ho ne ho e-na le ba bangata ba nang le tšusumetso ba itšoarelletseng ka thata-thata setsong se nang le meetlo e matla malebana le bafu, ho kopanyelletsa le ho rapela mahata a lihlooho tsa batho. Kaha Victor e ne e le setho se neng se hlomphuoa sa lelapa, o ile a tseba hore lehata la hlooho ea hae le ne le ka ’na la sebelisoa ka mokhoa ona. Kahoo, o ile a fana ka litaelo tse hlakileng tsa hore na Lipaki tsa Jehova li lokela ho tšoara lepato la hae joang. Sena se ile sa nolofalletsa mohlolohali oa hae le bana maemo, ’me ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle motseng.
Qoba ho Etsa Meetlo eo e Seng ea Mangolo
Ba bang ba nang le tsebo ea Bibele ba ’nile ba tšaba ho ema e le mekhelo. E le ho qoba tlhoriso, ba ’nile ba leka ho thabisa baahelani ba bona ka ho etsa eka ba entse tebelo. Le hoja ho babatseha ho etela ba shoetsoeng ho ea ba tšelisa, sena ha se hloke hore bosiu bo bong le bo bong pele ho lepato, ho be le tšebeletso e nyenyane ea lefu lapeng la ba shoetsoeng. Ho etsa sena ho ka ’na ha khopisa ba shebelletseng hobane ho ka ’na ha ba fa maikutlo a hore ba nkang karolo moo ha ba hlile ha ba lumele seo Bibele e se bolelang ka boemo ba bafu.—1 Bakorinthe 10:32.
Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba behe borapeli ba Molimo pele bophelong le hore ba sebelise nako ea bona ka bohlale. (Matheu 6:33; Baefese 5:15, 16) Leha ho le joalo, libakeng tse ling mesebetsi ea phutheho e ’nile ea emisoa beke kapa tse peli ka lebaka la lepato. Bothata bona ha bo Afrika feela. Malebana le lepato le leng, tlaleho e tsoang Amerika Boroa e re: “Libokeng tse tharo tsa Bokreste ho ile e-ba teng lenane le fokolang haholo. Ka matsatsi a ka bang leshome ha hoa ka ha tšehetsoa tšebeletso ea tšimo. Esita le batho ba seng ka phuthehong le liithuti tsa Bibele ba ile ba makala ’me ba nyahamisoa ke ho bona ba bang ba bara le barali babo rōna ba kopanela.”
Lichabeng tse ling, lelapa le shoetsoeng le ka ’na la memela metsoalle e haufi lapeng la bona bakeng sa lijonyana tse bobebe ka mor’a lepato. Empa likarolong tse ngata tsa Afrika, ba makholo-kholo ba bang teng lepatong ba ea lapeng la ba shoetsoeng ’me ba lebelle mokete, moo hangata ho etsoang sehlabelo sa liphoofolo. Ba bang ba kopanelang le phutheho ea Bokreste ba etsisa moetlo ona, ba fana ka maikutlo a hore ba entse mokete o tloaelehileng oa ho khutsisa ea shoeleng.
Litšebeletso tsa lepato tse tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova ha li behe mojaro o boima ho ba shoetsoeng. Kahoo, ha ho hlokahale hore ho be le tokisetso e khethehileng ea hore ba teng ba fane ka chelete ea ho koahela litšenyehelo tse khōlō tsa lepato. Haeba bahlolohali ba futsanehileng ba sitoa ho koahela litšenyehelo tse hlokahalang, ha ho pelaelo hore ba bang ka phuthehong ba tla thabela ho thusa. Haeba thuso e joalo e sa lekana, baholo ba ka lokisetsa ho fana ka thuso ea lintho tse bonahalang bakeng sa ba lokelang ho thusoa.—1 Timothea 5:3, 4.
Hase kamehla meetlo ea lepato e hohlanang le melao-motheo ea Bibele. Ha e hohlana le eona, Bakreste ba ikemisetsa ho etsa lintho tumellanong le Mangolo.c (Liketso 5:29) Le hoja sena se ka ’na sa tlisa matšoenyeho a eketsehileng, bahlanka ba bangata ba Molimo ba ka fana ka bopaki ba hore ba ile ba tobana le liteko tse joalo ka katleho. Ba entse joalo ka matla a tsoang ho Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” le ka thuso e lerato ea balumeli-’moho le bona ba ba tšelisitseng matšoenyehong a bona.—2 Bakorinthe 1:3, 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fetotsoe mabitso sehloohong sena.
b Lihlopheng tsa lipuo tse ling le litsong tse ling, lentsoe “tebelo” le bolela feela ketelo e khutšoanyane ea ho khothatsa ea shoetsoeng. Ho ka ’na ha se ke ha kopanyelletsa letho le khahlanong le Mangolo. Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea May 22, 1979, leqepheng la 27-8.
c Moo meetlo ea lepato e ka ’nang ea hlahisetsa Mokreste liteko tse matla teng, baholo ba ka lokisetsa liithuti tse eang kolobetsong boemo bo ka ’nang ba hlaha nakong e tlang. Ha ba kopana le bana ba bacha ho tla tšohla lipotso tse tsoang bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, likarolo tse buang ka “Moea, Sebe le Lefu” le “Tumelo e Kopanetsoeng” li lokela ho eloa hloko ka ho fetisisa. Likarolo tsena ka bobeli li na le lipotso tse ka ’nang tsa tlōloa puisanong. Mona ke moo baholo ba ka fanang ka boitsebiso bo mabapi le meetlo ea lepato eo e seng ea Mangolo e le hore seithuti se eang kolobetsong se ka tseba seo Lentsoe la Molimo le se hlokang ho sona haeba se ka talimana le maemo a joalo.
[Lebokose le leqepheng la 23]
BA HLOHONOLOFALELITSOE HO EMA BA TIILE
Sibongile ke mohlolohali ea sebete oa Mokreste ea lulang Swaziland. Ka mor’a lefu le sa tsoa etsahala la monna oa hae, o ile a hana ho latela meetlo eo ba bangata ba nahanang hore e khahlisa bafu. Ka mohlala, ha aa ka a kuta. (Deuteronoma 14:1) Litho tse robeli tsa lelapa li ne li halefile ka lebaka la sena ’me tsa mo kuta ka likhoka. Li ile tsa boela tsa thibela Lipaki tsa Jehova ho etela lapeng la Sibongile ho tla mo tšelisa. Leha ho le joalo, batho ba bang ba thahasellang molaetsa oa ’Muso ba ile ba thabela ho mo etela ba nkile mangolo a khothatso a neng a ngotsoe ke baholo. Letsatsing leo ka lona Sibongile a neng a lebelletsoe hore a apare thapo, ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Setho sa lelapa se nang le tšusumetso e matla se ile sa etsa seboka hore ho tšohloe taba ea ho hana ha hae ho etsa lintho tumellanong le meetlo e tloaetsoeng e bontšang ho sareloa.
Sibongile oa tlaleha: “Ba ile ba mpotsa hore na tumelo ea bolumeli ba ka e ne e ntumella ho bontša ho sareloa ka ho apara thapo e ntšo. Ka mor’a hore ke hlalose boemo ba ka, ba ile ba mpolella hore ha ba na ho nqobella. Ke ile ka makala ha kaofela ba ikōpela tšoarelo bakeng sa hore ebe ba ile ba ntšoara hampe le ho nkuta khahlanong le thato ea ka. Bohle ba ile ba kōpa hore ke ba tšoarele.” Hamorao, ngoan’abo Sibongile oa ngoanana o ile a bolela hore o kholisehile hore Lipaki tsa Jehova li na le bolumeli ba ’nete, ’me o ile a kōpa ho ba le thuto ea Bibele.
Nahana ka mohlala o mong: Monna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Benjamin o ne a le lilemo li 29 ha a utloa ka lefu la tšohanyetso la ntate oa hae. Ka nako eo, Benjamin e ne e le eena feela Paki lapeng labo. Phupung, e mong le e mong o ne a lebelletsoe hore a kene mokolokong ’me a tšele mobu.d Ka mor’a lepato, litho tsohle tse haufi tsa lelapa li ile tsa kuta. Kaha Benjamin ha aa ka a kopanela moetlong ona, baahisani le litho tsa lelapa ba ile ba bolela hore balimo ba tla mo tsamaela.
Benjamin o re: “Ha ho letho le ileng la nketsahalla hobane ke ne ke behile tšepo ea ka ho Jehova.” Litho tsa lelapa li ile tsa hlokomela kamoo lintho li neng li mo tsamaela hantle kateng. Ka mor’a nako, tse ngata tsa tsona li ile tsa ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me tsa kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba tsona ho Molimo. ’Me Benjamin eena? O ile a kenela mosebetsi oa nako e tletseng oa ho bolela evangeli. Lilemong tse seng kae tsa morao tjena, o ’nile a ba le tokelo ea ho sebeletsa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova e le molebeli ea tsamaeang
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Ba bang ba ka ’na ba bona ho se phoso ea letho ho akhela lipalesa kapa mobu o seng mokae ka lebitleng. Leha ho le joalo, Bakreste ba tla qoba mokhoa ona haeba sechaba se ho talima e le tsela ea ho khutsisa mofu kapa haeba e le karolo ea tšebeletso e tsamaisoang ke mosebeletsi oa bolumeli ba bohata.—Bona Tsoha! ea October 8, 1977, leqepheng la 19, 20.