Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 9/1 leq. 29
  • “Tšoarellang ka Tieo ho Seo le Nang le Sona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tšoarellang ka Tieo ho Seo le Nang le Sona”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba Tla u Loantša, Empa ba ke ke ba u Hlōla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mamello e Tsoala Katleho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Kamoo U ka Tsebang eo U Lokelang ho mo Mamela
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Ho Sebeletsa Tlas’a Letsoho la Jehova le Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 9/1 leq. 29

“Tšoarellang ka Tieo ho Seo le Nang le Sona”

S ehlopha sa Lipaki se ne se bolela ho se seng sa lihlekehleke tse 30 tse etsang Lihlekehleke tsa Cyclades, Greece. Ha tse peli ho tsona li ntse li theosa le seterata, li ile tsa kopana le lepolesa le ileng la li bolella hore li le sale morao ho ea sepoleseng. Nakoana ka mor’a hore li fihle sepoleseng, thelefono e ile ea lla. E ne e le moprista oa motse. O ile a re: “Ke utloile ho thoe ho na le Lipaki tsa Jehova motseng mona.” Lepolesa ha le araba la re: “E, ke na le tse peli ho ’na mona.” Moprista a re, “Kea tla hona joale.” Ho latela tsela eo ba neng ba buisana ka eona, barab’abo rōna ba ile ba qala ho tšoha.

Leha ho le joalo, ha moprista a fihla o ile a bososela, a ba tšoara ka matsoho, a ntan’o lula fatše setulong se haufi le lepolesa. Ha puisano e ntse e tsoela pele, lepolesa le ile la qala ho pheha khang ha moprista eena a lutse a bontša ho leka-lekana ’me a bontša mekhoa e metle. O ile a bolella lepolesa hore le se ke la khella Lipaki fatše, ’me a phaella: “Li ka araba potso leha e le efe kaha li koetlisoa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho ka ba bonolo haholoanyane ho sisinya lefatše motheong oa lona ho e-na le ho fetola tumelo ea e mong oa Lipaki tsa Jehova.”

Ha ba ntse ba bolela hoseng ha letsatsi le hlahlamang, barab’abo rōna ba ile ba teana le moprista hape ’me ba botsa: “Ke hobane’ng ha u ile ua re bontša botsoalle hakaale nakong ea puisano ha re le sepoleseng?” Moprista o ile a ba bolella hore o ne a tloaelane le Lipaki tse ngata Syros le hore o ’nile a bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka lilemo tse ngata. Ha e le hantle, ka makhetlo a ’maloa o ile a nka makasine ea Molula-Qhooa, a e patile ka har’a faele, ’me a e sebelisa ha a ruta ka kerekeng. O ile a hlalosa: “Ha ke nahane hore ho ne ho tla ba le thuso e kaalo ea ho phela haeba ke ne ke se na lingoliloeng tsa lōna. Ke tsona tse mphang tšepo.”

Hamorao, moprista o ile a bolella Lipaki: “Ke tlameha ho le bolella ntho e le ’ngoe feela. Tšoarellang ka tieo ho seo le nang le sona. Le se ke la etsa phoso ’me la se tlohela. Seo ke le bolellang sona hona joale ke thuto e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka fana ka eona, ’me ha ke e bue feela tjee ka molomo; ke hlile ke e bua ka pelo ea ka eohle.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela