Matšoao a Tataisang Tseleng ea Bophelo
HAEBA u ne u tsamaea tseleng e sa tloaelehang, na u ne u tla nahana hore matšoao a tataisang ke tšitiso? Le hanyenyane! Ka sebele u ne u tla nahana hore a u thusa hore u se ke ua kheloha tseleng e eang sebakeng seo u eang ho sona.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho tsamaea tseleng ea bophelo? Na e ka tsamauoa ka katleho ntle ho matšoao a tataisang? Moprofeta oa boholo-holo oa Molimo o ile a lumela mefokolo eo moloko oa batho o nang le eona tabeng ena. O ile a re: “Oho MORENA, kea tseba hore litsela tsa motho ha lia khethoa ke eena; leha e le hore ho matleng a motho ho ikhethela tsela bophelong.”—Jeremia 10:23, The New English Bible.
Joale, tataiso e hlokahalang e ka fumanoa hokae? Mohloli o tšepahalang oa tataiso e joalo ke ’Mōpi oa batho, ’me matšoao a tataisang a tšoantšetso a fumanoa ka Bibeleng. Jehova, a sebelisa Lentsoe la hae, o re: ‘Litsebe tsa hao li tla utloa lentsoe ka mor’a hao le reng: Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona, e se re la ea ka ho le letona, kapa ka ho le letšehali.’—Esaia 30:21.
E, Lentsoe la Molimo le fana ka tataiso e tšepahalang tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. (Esaia 48:17; 2 Timothea 3:16, 17) Leha ho le joalo, ka masoabi, boholo ba moloko oa batho bo tsamaea tseleng ea bophelo ntle ho tataiso ea bomolimo. (Matheu 7:13) Ho ntse ho le joalo, matšoao a tataisang a hlonngoe ka mokhoa o tiileng! Na u tla a ela hloko ha u ntse u tsamaea tseleng ea bophelo?