Na Baruti Bohle ba Lumela Seo ba se Rutang?
MONNA oa mosali e mong o qeta ho hlokahala. Moprista oa hae o mo hlalosetsa hore monna oa hae o ne a sa loka hantle hore a ka ea ka ho toba leholimong kapa hona hore o ne a le mobe hoo a ka fetisetsoang mollong oa lihele. Kahoo, ho ea ka moprista, monna eo o ntse a hlokofatsoa ho fihlela a tšoaneleha bakeng sa leholimo. Mosali eo o lefa moprista hore a etse lithapelo e le hore monna oa hae a ka lokolloa kapele pelekatoring. Mohlolohali eo o khotsofaletse sena, o ikutloa hore lintho tseo a li lumelang ka tieo moprista le eena oa li lumela.
Na u nahana hore mohlolohali eo o ne a ka ikutloa a feletsoe ke tšepo ha a ne a ka tseba hore moprista oa hae o ne a hlile a sa lumele taba ea hore motho o utloa bohloko kamor’a lefu? Batho ba bangata baa ferekana ha ba hlokomela hore baruti ba bangata ha ba lumele boholo ba lintho tseo bona ka bobona ba li rutang. National Catholic Reporter, ha e bua ka seo e itseng ke “bothata bo tebileng haholoanyane ba baruti ho feta ba likamano tsa botona le botšehali,” e itse: “Har’a baruti ka kakaretso, ho na le ba bangata ba khaolitseng ho lumela boteng ba Molimo kapa thuto ea ho putsoa kapa ea ho otloa kapa ea tsoho . . . hoo mekhoa ea bophelo ea baruti e nang le ho se lumele hona e le karolo e aparetseng monahano oa bona, joaloka semoko.”
Likereke tse ling li talimane le bothata bo tšoanang. Canberra Times ea Australia e tlaleha hore, patlisiso e entsoeng ho baruti ba Kereke ea Chache e senotse hore ba bangata “ha ba lumele litšobotsing tsa motheo tsa tumelo e tloaelehileng ea Bokreste tse kang ho beleha ha moroetsana, mehlolo ea Jesu le ho tla ha mesia ka lekhetlo la bobeli.”
Mongoli oa litaba tsa bolumeli George R. Plagenz o ile a botsa mabapi le moruti hore na ke joang ka letsoalo le hloekileng, a ka phetang thuto ea motheo ea bolumeli eo eena ka boeena a sa e lumeleng. Moruti e mong o boletse hore eena sebakeng sa mantsoe a qalang a thuto ea motheo ea bolumeli o mpile feela a fetola mantsoe a reng, “Ke lumela.” O itse: “Ke qala thuto ea motheo ea bolumeli ka ho re, ‘BA lumela ho Molimo Ntate ea Matla ’Ohle . . . ’” Boikaketsi bo joalo Plagenz o bo bitsitse “ho qhekella ho hoholohali ka har’a naha.”
Ka masoabi, ho se lumele ho joalo ha baruti le boikaketsi ho etsa hore batho ba bangata ba felloe ke tšepo ka bolumeli ka kakaretso. Empa hoo hase hona feela ho ferekanyang ka bolumeli kajeno. Batho ba bangata ba kenang kereke ba ’nile ba rutoa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Na ba tla makala ha ba hlokomela hore lithuto tse ling tsa kereke tseo e leng khale ba li lumela ha li rutoe ke Bibele? Sehlooho se latelang se tla tšohla mohlala o le mong.