Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 3/1 leq. 32
  • Lebitso la Molimo le Khutliselitsoe Malulong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Molimo le Khutliselitsoe Malulong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 3/1 leq. 32

Lebitso la Molimo le Khutliselitsoe Malulong

“KA MOR’A hore lebitso Jehova le ntšoe Libibeleng ka lilemo tse ngata, mohlomong ka makholo a lilemo, lipaki tsa hae tsa kajeno ke tsona feela tseo e leng bolumeli ba Bokreste bo ileng ba ema ka maoto ’me ba tsosolosa litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo.”a

Mantsoe a ka holimo a tsoa bukeng ea Jeová dentro do Judaísmo e do cristianismo (Jehova Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda le Bokresteng), e ngotsoeng ke mongoli oa Brazil, Assis Brasil. Empa ho ka ’na ha botsoa, Le hoja liphetolelo tsa Bibele tse fokolang li sebelisa lebitso la Molimo ka tsela ena kapa eane, ke hobane’ng ha malumeli a mang a le ntšitse Libibeleng tsa ’ona? Brasil o re: “Lebitso la Molimo le ile la tlosoa mohlomong ka lebaka la tumela-khoela . . . , merero e patiloeng kapa takatso ea ho phahamisa lebitso la Jesu le la ’m’ae, Maria.”

Leha ho le joalo, joalokaha Monghali Brasil a bontša ka nepo: “New World Translation of the Holy Scriptures e lokisitse ho tlosoa ha lebitso [la Molimo] ka ho feletseng Sepotoketsing.” Joang? Ka hore ebe lebitso Jehova le khutliselitsoe sebakeng sa lona se loketseng Bibeleng eo. Lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a fetang 7 200 ho New World Translation.

Ho tloha ha e ne e lokolloa, ho se ho abiloe likopi tse ka holimo ho limilione tse tšeletseng le halofo tsa phetolelo ena ea morao-rao e fetoletseng lentsoe ka lentsoe ka puo ea Sepotoketsi. Ka lebaka leo, moqolotsi e mong oa litaba ha a ngola koranteng ea Diário do Nordeste (Koranta ea Letsatsi le Letsatsi ea Leboea-bochabela) o ile a susumeletseha ho botsa, “Na u ne u tseba hore Molimo o na le lebitso?” Ka thuso ea phetolelo ena ea morao-rao ea Bibele, ba limilione hona joale ba ka arabela ka ho re, “E. Lebitso la Molimo ke Jehova.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Puong ea Seheberu, lebitso la Molimo le ngoloa e le יהוה. Litlhaku tsena tse ’nè (tse baloang ho tloha ho le letona ho ea ho le letšehali) hangata li bitsoa Tetragrammaton (Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela