Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova
Motho e Moholo ka ho Fetisisa o Etsa Mosebetsi o Bontšang Boikokobetso
JESU o ne a tseba hore lihora tsa hae tsa ho qetela a e-na le baapostola ba hae e ne e tla ba tsa bohlokoa. E se khale, o ne a tla tšoaroa, ’me tumelo ea hae e ne e tla lekoa ka tsela eo e e-song ho ka e lekoa ka eona. Jesu o ne a boetse a hlokomela hore o letetsoe ke litlhohonolofatso tse khōlō. O ne a le haufi le ho phahamisetsoa letsohong le letona la Molimo le ho fuoa “lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lebitsong la Jesu lengole le leng le le leng le khumame la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu.”—Bafilippi 2:9, 10.
Leha ho le joalo, ho tšoenyeha ka lefu la hae le neng le atamela, kapa hona ho labalabela moputso oa hae oo a neng a o tšepisitsoe, ha lia ka tsa sitisa Jesu ho hlokomela litlhoko tsa baapostola ba hae. Hamorao Johanne o ile a tlaleha Kosepeleng ea hae: “A ba rata ho isa bofelong.” (Johanne 13:1) ’Me lihoreng tsena tsa ho qetela tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae e le motho ea phethahetseng oa nama, Jesu o ile a ruta baapostola ba hae thuto ea bohlokoa.
Thuto ea Boikokobetso
Baapostola ba ne ba e-na le Jesu ka kamoreng e ka holimo ho keteka Paseka Jerusalema. Nakong e fetileng, Jesu o ne a ile a ba utloa ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona. (Matheu 18:1; Mareka 9:33, 34) O ne a ile a bua le bona ka taba ena ’me a lekile ka matla ho lokisa pono ea bona. (Luka 9:46) Leha ho le joalo, lekhetlong lena Jesu o ile a hatella lithuto tseo a sebelisa mokhoa o fapaneng. Ho e-na le ho bua le bona feela ka boikokobetso, o ile a hla a khetha ho ba behela mohlala.
Johanne oa ngola: “[Jesu] a ema lijong tsa shoalane ’me a behella liaparo tsa hae tsa ka ntle ka thōko. . . . Ha a nka thaole, a itlama. Ka mor’a moo a tšela metsi ka sekotlolong ’me a qala ho hlatsoa maoto a barutuoa le ho a omisa ka thaole eo a neng a itlamile ka eona.”—Johanne 13:4, 5.
Mochesong oa Bochabela bo Hare ba boholo-holo, batho ba ne ba tloaetse ho roala meqathatso ha ba tsamaea litseleng tse lerōle. Ha ba kena ntlong ea motho feela ea tloaelehileng, ba ne ba lumelisoa ke mong’a ntlo, ea neng a ba fa likotlolo le metsi e le hore ba hlatsoe maoto a bona. Malapeng a barui, lekhoba le ne le etsa mosebetsi oa ho hlatsoa maoto.—Baahloli 19:21; 1 Samuele 25:40-42.
Kamoreng eo e ka holimo, Jesu le baapostola ba hae ba ne ba sa etela motho. Ho ne ho se mong’a ntlo ea ka ba fang likotlolo, ’me ho ne ho se na makhoba a ka ba hlatsoang maoto. Baapostola ba ile ba soaba ha Jesu a qala ho ba hlatsoa maoto. Motho ea neng a le moholo ka ho fetisisa har’a bona ke eena ea neng a etsa mosebetsi o bontšang boikokobetso bo boholo ka ho fetisisa!
Qalong, Petrose o ile a hana ha Jesu a mo hlatsoa maoto. Empa Jesu o ile a mo bolella: “Ntle le hore ke u hlatsoe, ha u na kabelo ho ’na.” Ha Jesu a qetile ho hlatsoa maoto a baapostola kaofela, o ile a re: “Na le tseba seo ke se entseng ho lōna? Le mpitsa, ‘Mosuoe,’ le, ‘Morena,’ ’me le bua ka nepo, etsoe ke eena. Ka hona, haeba ’na, le hoja ke le Morena le Mosuoe, ke hlatsoitse maoto a lōna, le lōna le tšoanela ho hlatsoana maoto. Etsoe ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.”—Johanne 13:6-15.
Jesu o ne a sa qalise moetlo oa hore ho hlatsoanoe maoto. Ho e-na le hoo, o ne a thusa balateli ba hae hore ba be le boikutlo bo bocha—ba boikokobetso le ba ho ikemisetsa ho etsa mesebetsi ea boemo bo tlaase molemong oa barab’abo bona. Ho hlakile hore ba ile ba utloisisa seo. Hlokomela se ileng sa etsahala hamorao ha ho hlaha khang ea lebollo. Le hoja ho ile ha e-ba le “ho phehisana ho hoholo,” ba neng ba le teng ba ile ba etsa hore ho lule ho e-na le taolo e ntle ’me ba mamela maikutlo a ba bang ka tlhompho. Ho feta moo, ho bonahala eka ea neng a tsamaisa seboka seo e ne e le morutuoa Jakobo—eseng e mong oa baapostola joalokaha re ne re ka lebella, kaha ba ne ba le teng. Boitsebiso bona bo tlalehong ea Liketso bo bontša hore baapostola ba ne ba entse tsoelo-pele e khōlō ho bontšeng boikokobetso.—Liketso 15:6-29.
Seo re ka Ithutang Sona
Ka ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae, Jesu o ile a fana ka thuto e matla ea boikokobetso. Ka sebele, Bakreste ha baa lokela ho inka e le ba bohlokoa hoo ba bang ba lokelang ho ba sebeletsa ka linako tsohle, kapa hona hore ba hahamalle maemo a phahameng le botumo. Ho e-na le hoo, ba lokela ho latela mohlala o behiloeng ke Jesu ea ileng “a tla, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) E, balateli ba Jesu ba lokela ho ikemisetsa ho etsetsana mesebetsi e bontšang boikokobetso bo boholo ka ho fetisisa.
Ka lebaka le utloahalang, Petrose o ngotse: “Itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Petrose 5:5) Lentsoe la Segerike bakeng sa ‘tlama’ le nkiloe lentsoeng le bolelang “foreskoto ea lekhoba,” eo ka tlas’a eona ho neng ho tlangoa seaparo se lokotsehang. Na ebe Petrose o ne a bua ka ketso ea Jesu ea ho itlama ka thaole le ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae? Sena se ke ke sa tiisoa. Leha ho le joalo, mosebetsi oa Jesu o bontšang boikokobetso o ile oa teba pelong ea Petrose, joalokaha o tlameha ho teba likelellong tsa bohle bao e tlang ho ba balateli ba Kreste.—Bakolose 3:12-14.