Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 3/15 maq. 26-28
  • Rashi Mohlalosi oa Bibele ea Nang le Tšusumetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rashi Mohlalosi oa Bibele ea Nang le Tšusumetso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rashi e ne e le Mang?
  • Ke Hobane’ng ha ho ne ho Hlokahala Tlhaloso?
  • Pakane ea Rashi le Mekhoa eo a Neng a e Sebelisa
  • O Susumelitsoe ke Maemo a Mehleng ea Hae
  • O Bile le Tšusumetso Efe Phetolelong ea Bibele?
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Jesu—Ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Mang ea Tšoaneloang ke ho Bitsoa Rabi?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Taba e Ngotsoeng ea Bo-Masorete ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 3/15 maq. 26-28

Rashi Mohlalosi oa Bibele ea Nang le Tšusumetso

E ’NGOE ea libuka tsa pele tse kileng tsa hatisoa ka Seheberu ke efe? Ke tlhaloso ea Pentateuch (libuka tse hlano tsa Moshe). E hatisitsoe Reggio, Italy ka 1475. Mongoli oa eona ke mang? Monna ea tsejoang ka lebitso la Rashi.

Ke hobane’ng ha tlhaloso eo e ne e ka hlomphuoa ka tsela e khethehileng hakaale? Bukeng ea hae Rashi—The Man and His World, Esra Shereshevsky o bolela hore tlhaloso ea Rashi “e ile ea fetoha taba e ngotsoeng ea bohlokoa malapeng a Bajuda le ntlong eo ho ithuteloang ho eona. Ha ho buka e ’ngoe ea Sejuda e kileng ea ananeloa hakaalo . . . Ho na le litlhaloso tsa tlatsetso tse fetang 200 tse tsebahalang tse sebetsanang ka ho toba le tlhaloso ea Rashi ea Pentateuch.”

Na ke Bajuda feela ba anngoeng ke tlhaloso ea Rashi? Le hoja ba bangata ba sa ka ba lemoha, tlhaloso ea Rashi ea Mangolo a Seheberu e susumelitse liphetolelo tsa Bibele ka makholo a mangata a lilemo. Empa Rashi e ne e le mang, hona ho tlile joang hore a be le tšusumetso e khōlō hakaale?

Rashi e ne e le Mang?

Rashi o hlahetse Troyes, Fora, ka selemo sa 1040.a Ha e ne e sa le mohlankana, o ile a ea likolong tsa thuto e phahameng tsa bolumeli ba Sejuda, Worms le Mainz tse Rhineland. Ha a le moo o ile a rutoa ke tse ling tsa litsebi tsa Bajuda tse tummeng ka ho fetisisa Europe. Ha a le lilemo tse ka bang 25, maemo a hae a botho a ile a mo qobella ho khutlela Troyes. Kaha Rashi o ne a se a talingoa e le setsebi se hlaheletseng, ka potlako e ile ea e-ba moeta-pele oa bolumeli oa sechaba sa Bajuda sa sebakeng seo ’me o ile a bula sekolo sa hae sa thuto e phahameng ea bolumeli. Ha nako e ntse e feta, setsi sena se secha sa thuto ea Bajuda se ile sa ba le tšusumetso e eketsehileng ho feta tsa mesuoe ea Rashi e Jeremane.

Ka nako eo Bajuda ba neng ba le Fora ba ne ba thabela khotso e lekanyelitsoeng le ho utloana le baahelani ba bona ba neng ba ipitsa Bakreste, ba lumella bolokolohi bo boholoanyane bakeng sa lipakane tsa Rashi tsa ho ba setsebi. Empa, e ne e se setsebi se itšehlileng thajana. Ho sa tsotellehe botumo ba hae e le mosuoe le mookameli oa sekolo sa thuto e phahameng, Rashi o ne a iphilisa ka ho etsa veine. Tsebo ena ea bohlokoa ea mesebetsi e tloaelehileng e ile ea mo nolofalletsa ho ba le kamano e haufi-ufi le Bajuda feela ba tloaelehileng, ea mo thusa ho utloisisa boemo boo ba leng ho bona le ho ba utloela bohloko. Sebaka seo Troyes e neng e le ho sona, le sona se ile sa tlatselletsa temohisisong ea Rashi. Kaha motse ona o ne o le haufi le litsela tse khōlo tsa khoebo, e ne e le moo ho lulang batho ba lichaba tse ngata, ’me sena se ile sa nolofalletsa Rashi hore a tloaelane hamolemo le mekhoa ea lichaba tse sa tšoaneng le litloaelo tsa tsona.

Ke Hobane’ng ha ho ne ho Hlokahala Tlhaloso?

Bajuda ba ne ba tsebahala ka ho ba batho ba khomarelang buka. Empa “buka eo”—Bibele—e ne e ngotsoe ka Seheberu, ’me joale “batho” ba ne ba bua Searabia, Sefora, Sejeremane, Sepanishe le lipuo tse ling tse ngata haholo. Le hoja Bajuda ba bangata ba ne ba ntse ba rutoa Seheberu ho tloha bongoaneng, ba ne ba sa utloisise mantsoe a mangata a Bibele hantle. Ho ekelletsa moo, ka makholo a lilemo tšekamelo e matla ka har’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ea bo-rabbi e ile ea nyahamisa batho ho hlahloba moelelo o tobileng oa taba e ngotsoeng ea Bibele. Ho ile ha ata lipapiso le litšōmo mabapi le mantsoe le litemana tsa Bibele. Litlhaloso le lipale tse joalo tse ngata li ile tsa tlalehoa meqolong e mengata, eo ha e kopana e bitsoang Midrash.b

Setloholo sa Rashi, Rabbi Samuel ben Meir (Rashbam), le sona e ne e le setsebi sa Bibele. Tlhalosong ea hae ea Genese 37:2, o ile a re “bahlalosi ba khale [pele ho Rashi] . . . ba ne ba tloaetse ho etsa lithero (derashot), tseo ba neng ba li nka e le pakane ea bohlokoa ka ho fetisisa, [empa] ba ne ba sa tloaela ho batlisisa ka ho teba moelelo o tobileng oa taba e ngotsoeng ea Bibele.” Ha a bua ka tloaelo ena, Dr. A. Cohen (mohlophisi ea ka sehloohong oa Soncino Books of the Bible) oa ngola: “Ke ’nete hore Bo-rabbi ba ile ba etsa molao oa hore ho se ke ha amoheloa tlhaloso efe kapa efe e neng e sa lumellane le peshat kapa moelelo o totobetseng oa taba e ngotsoeng; empa ba ne ba hlile ba sa hlomphe molao ona.” Boemong bo joalo ba bolumeli, Mojuda feela ea tloaelehileng o ne a ikutloa a sa tiisehe ha a bala taba e ngotsoeng ea Bibele ’me a ikutloa a batla kofuto e itseng e e hlalosang.

Pakane ea Rashi le Mekhoa eo a Neng a e Sebelisa

Pakane ea Rashi ea bophelo bohle e ne e le ho etsa hore Bajuda bohle ba utloisise taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu. Ho finyella sena, o ile a qala ho bokella libuka tsa litlhaloso tsa mantsoe le litemana tse itseng tseo a neng a lumela hore li ne li tla thatafalla ’mali. Lintlha tseo Rashi a li ngotseng li bua ka litlhaloso tsa mesuoe ea hae ’me li qotsa tsebong ea hae e pharaletseng ea lethathamo le feletseng la libuka tsa bo-rabbi. Phuputsong e mabapi le lipuo, Rashi o ile a leka mehloli eohle e fumanehang. O ile a lebisa tlhokomelo tabeng ea kamoo matšoao a khethollang le a hatisang a Bo-masorete a amang kutloisiso ea taba e ngotsoeng kateng. Ho hlakisa moelelo oa lentsoe le itseng, tlhaloso ea hae ea Pentateuch e atisa ho lebisa tlhokomelo phetolelong ea Searame (Targum ea Onkelos). Rashi o ile a bontša ho tenyetseha le masene ha a ntse a hlahloba menyetla eo pele e neng e sa hlahlojoa ha ho hlalosoa lihokelo, mantsoe a kopanyang, meelelo ea maetsi le litšobotsi tse ling tsa sebōpeho-puo le mokhoa oa ho hokahanya likarolo tse sa tšoaneng puong. Litlhaloso tse joalo li ile tsa tlatsetsa hamolemo kutloisisong ea ho hokahanya likarolo tse sa tšoaneng le ea sebōpeho-puo sa Seheberu.

Ho fapana le tšekamelo ea ho hatella ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, kamehla Rashi o ne a batla ho totobatsa moelelo o bonolo, o tobileng oa taba e ngotsoeng. Empa lingoliloeng tse ngata haholo tsa Midrash, tseo Bajuda ba li tsebang hantle, li ne li ke ke tsa hlokomolohuoa. Tšobotsi e tsotehang ea tlhaloso ea Rashi ke tsela eo ka eona a e amahanyang le lingoliloeng tsena tsa Midrash tseo hangata li ’nileng tsa pata moelelo o tobileng oa taba e ngotsoeng ea Bibele.

Tlhalosong ea hae ea Genese 3:8, Rashi o re: “Ho na le lingoliloeng tse ngata tsa aggadahc midrashim tseo Ba Bohlale ho rōna ba seng ba li lokisitse hamolemo ho Bereshit Rabbah le ho lingoliloeng tse ling tsa midrash. Leha ho le joalo, ’na ke amehile ka ho khethehileng ka moelelo o tobileng (peshat) oa temana ena, le ka aggadot e joalo eo ka eona a hlalosang tlaleho ea Mangolo ho latela taba e a potolohileng.” Ka ho khetha le ho hlophisa feela lingoliloeng tsa midrash tseo ho latela maikutlo a hae li thusitseng ho hlakisa moelelo kapa taba e potolohileng temana e itseng, Rashi o ne a tlosa kapa a tlohela lingoliloeng tsa midrash tse neng li baka khanyetsano kapa pherekano. Ka lebaka la ho li tlosa hona, meloko e latelang ea Bajuda e ile ea tloaelana haholo le likarolo tsa Midrash tseo Rashi a li khethileng.

Le hoja a ne a babatsa mesuoe ea hae haholo, Rashi o ne a sa qeaqee ho hanana le eona ha a ne a ikutloa hore litlhaloso tsa eona li ne li hanyetsana le mohopolo o hlakileng oa taba e ngotsoeng. Ha a ne a sa utloisise temana e itseng kapa a na le maikutlo a hore o ne a ile a e hlalosa ka tsela e sa nepahalang pele, o ne a ikemiselitse ho lumela seo, a bile a bolela maemo ao ho ’ona liithuti tsa hae li ileng tsa mo thusa ho lokisa tlhaloso ea hae.

O Susumelitsoe ke Maemo a Mehleng ea Hae

Rashi e ne e le motho ea khemang le linako. Mongoli e mong o ile a akaretsa taba ka tsela ena: “Tlatsetso e khōlō ea [Rashi] bophelong ba Bajuda e bile ho hlalosa bocha ha hae litemana tsohle tse amehang puong ea sebaka ka seng ea mehleng eo, ka puo e hlakileng, e bontšang bohlale, ka mofuthu le tšekamelo ea ho rata ho tšehetsa, ka tsebo le bohlale tse khethehileng hoo litlhaloso tsa hae li ileng tsa hlomphuoa e le mangolo a halalelang ’me li ileng tsa ratoa joaloka lingoliloeng tse ngotsoeng ka puo e tloaelehileng. Rashi o ne a ngola Seheberu joalokaha eka ke Sefora, ka bohlale le ka makhethe. Neng le neng ha a ne a hloka lentsoe la Seheberu le nepahetseng, o ne a sebelisa lentsoe la Sefora sebakeng sa lona, a le peleta ka litlhaku tsa Seheberu.” Rashi o ile a sebelisa mantsoe ana a Sefora a ngotsoeng ka litlhaku tsa puo e ’ngoe—a fetang 3 500—’me a fetohile mohloli oa bohlokoa oa boitsebiso bakeng sa liithuti tsa thuto ea lingoliloeng tsa Sefora sa Khale le tsela ea ho bitsa mantsoe a sona.

Le hoja bophelo ba Rashi bo qalehile tikolohong ea khutso, lilemong tsa hae tsa ho qetela o ile a bona ka mahlo khohlano e ntseng e eketseha lipakeng tsa Bajuda le ba ipolelang hore ke Bakreste. Ka 1096 Ntoa ea Pele ea Bolumeli e ile ea timetsa sechaba sa Bajuda sa Rhineland, moo Rashi a neng a ithutetse teng. Bajuda ba likete ba ile ba bolaoa ka sehlōhō. Ho bonahala hore litaba tsa polao ena e sehlōhō li bile le phello e itseng bophelong bo botle ba Rashi (bo ileng ba fokola bo sa khaotse ho fihlela a e-shoa ka 1105). Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ho ile ha e-ba le phetoho e khōlō litlhalosong tsa hae tsa Mangolo. Mohlala o mong o ikhethang ke Esaia khaolo ea 53, e buang ka mohlanka oa Jehova ea mahlomoleng. Pejana, Rashi o ile a sebelisa litemana tsena ho Mesia, joalokaha Talmud e etsa. Empa ho bonahala eka ka mor’a Lintoa tsa Bolumeli, o ile a nahana hore litemana tsena li ne li sebetsa ho Bajuda, ba neng ba ile ba talimana le mahlomola a bakoang ke leeme. Sena se ile sa ipaka ho ba phetoho e khōlō tlhalosong ea Sejuda ea litemana tsena.d Kahoo, boitšoaro boo e seng ba Bokreste ba Bokreste-’mōtoana bo ne bo furallisa ba bangata ’nete ka Jesu, ho akarelletsa le Bajuda.—Matheu 7:16-20; 2 Petrose 2:1, 2.

O Bile le Tšusumetso Efe Phetolelong ea Bibele?

Kapele, tšusumetso ea Rashi e ile ea utloahala ho feta ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Setho sa Sehlopha sa Bo-forere sa Mofora seo e leng mohlalosi oa Bibele Nicholas oa Lyra (1270-1349) se ile sa bua hangata haholo ka likhopolo tsa “Rabbi Solomon [Rashi]” hoo se ileng sa reoa lebitso le somang la hore ke “Nketsisane oa Solomon.” Bahlalosi ba bangata le bafetoleli, le bona ba ile ba susumetsoa ke Lyra, ho akarelletsa le bo-pula-maliboho ba bafetoleli ba King James Version ea Senyesemane le raliphetoho Martin Luther, ea ileng a fetola phetolelo ea Bibele ka ho feletseng Jeremane. Luther o ile a itšetleha ka matla ka Lyra hoo ho ileng ha e-ba le thothokiso e tloaelehileng e reng: “Hoja Lyra a se ke a letsa harepa, Luther a ka be a sa ka a tantša.”

Rashi o ile a susumetsoa ka ho teba ke mohopolo oa bo-rabbi o sa lumellaneng le ’nete ea Bokreste. Empa, ka lebaka la temohisiso ea hae e tebileng ea mantsoe a Seheberu a Bibele, ho hokahana ha likarolo tsa ’ona tse sa tšoaneng, le sebōpeho-puo le boiteko ba hae bo sa khaotseng ba ho lemoha moelelo o hlakileng le o tobileng oa taba e ngotsoeng, Rashi o fana ka mohloli oa boitsebiso o utloahalang bakeng sa hore bafuputsi le bafetoleli ba Bibele ba bapise.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Rashi” ke lebitso le khutsufalitsoeng la Seheberu le entsoeng ka litlhaku tse qalang tsa mantsoe “Rabbi Shlomo Yitzḥaqi [Rabbi Solomon ben Isaac].”

b Lentsoe “Midrash” le tsoa motsong oa Seheberu o bolelang “ho hlahloba, ho ithuta, ho batlisisa,” ’me ha le atolosoa le bolela “ho etsa boboleli.”

c Aggadah (aggadot ka bongateng) ka ho toba e bolela “tlhaloso” ’me e bua ka likarolo tseo e seng tsa molao ka har’a lingoliloeng tsa bo-rabbi, tseo hangata li akarelletsang lipale tseo e seng tsa Bibele tsa batho bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng kapa litšōmo tse buang ka bo-rabbi.

d Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le temana ena ea Mangolo, bona lebokose leo sehlooho sa lona se reng “Mohlanka oa Ka—Ke Mang?, leqepheng la 28 la bukana ea Will There Ever Be a World Without War?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Text: Per gentile concessione del Ministero dei Beni Culturali e Ambientali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela