Lebitso la Molimo le Boleloa Iseraele
KA LILEMO tse makholo, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e tloaelehileng e ’nile ea lomahanya meno ho haneleng balateli ba eona hore ba bitse lebitso la Molimo, Jehova. Ho latela Mishnah, mang kapa mang ea bitsang lebitso la Molimo a “ke ke a ba le kabelo lefatšeng le tlang.”—Sanhedrin 10:1.a
Ka la 30 January, 1995, eo e kileng ea e-ba rabi ea ka sehloohong oa Sephardic oa Iseraele o ile a bitsa lebitso la Molimo ka boomo. O ile a etsa sena ha a ne a bala tikkun phatlalatsa, thapelo ea tokiso ea balateli ba mafolo-folo ba Cabala. Thapelo ena e etsoa molemong oa hore Molimo a tle a khutlisetse tekanyo e itseng ea kutloano bokahohleng boo ho ea ka barapeli bao, bo ferekantsoeng ke matla a khopo. Koranta ea la 6 February, 1995, ea Yedioth Aharonoth e itse: “Ena ke tšebeletso ea matla a hlollang hoo mantsoe a eona a hlahang feela bukaneng e khethehileng e sa rekisetsoeng sechaba.” Ho bitsa lebitso la Molimo ka tsela ena boemong bona ho nkoa ho hloka matla a khethehileng bakeng sa ho etsa kōpo.
Ke ntho e hlokomelehang hore Bibele e laela bahlanka ba Molimo hore ba sebelise lebitso la Molimo, Jehova. (Exoda 3:15; Liproverbia 18:10; Esaia 12:4; Sofonia 3:9) Bibeleng ea pele ea Seheberu, lebitso leo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000. Leha ho le joalo, Bibele e lemosa khahlanong le ho sebelisa hampe lebitso la Molimo. Molao oa boraro ho Melao e Leshome o re: “U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato oa ea tlaelang ka lebitso la hae.” (Exoda 20:7) Ho ka tlaeloa ka lebitso la Molimo ka tsela efe? Tlhaloso e entsoeng ke Mokhatlo oa Khatiso oa Bajuda e bolela hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tlaela” ha le kenyelletse feela “tšebeliso e se nang thuso” ea lebitso la Molimo, empa le kenyelletsa le “ho pheta-pheta thapelo e sa hlokahaleng.”
Joale, re lokela ho talima thapelo ea tokiso ea tikkun ea balateli ba mafolofolo ba Cabala joang? E simolohile hokae? Lekholong la bo12 le la bo13 la lilemo C.E., mokhoa o sa utloisiseheng habonolo oa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda o bitsoang Cabala, o ile oa qala ho ata. Lekholong la bo16 la lilemo, Isaac Luria eo e neng e le rabi, o ile a kenya “tikkunim” tšebeletsong ea balateli ba mafolofolo ba Cabala. Lebitso la Molimo le ile la sebelisoa e le thatho ea mohlolo e nang le matla a khethehileng ’me e ile ea e-ba karolo ea neano ea balateli ba mafolofolo ba Cabala. Na u utloa eka ee ke tšebeliso e nepahetseng ea lebitso la Molimo?—Deuteronoma 18:10-12.
Ho sa tsotellehe hore na u arabela potso eo joang, u tla lumela hore ho bitsa lebitso la Molimo phatlalatsa Iseraele ea kajeno e bile ntho e sa tloaelehang haholo. Empa Molimo ka boeena o ile a re: “Ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise lichaba liketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng. Binelang Jehova, hobane o entse taba tse kholo; li ke li tsejoe lefatšeng lohle.”—Esaia 12:4, 5.
Ho thabisang ke hore joalokaha ho etsoa linaheng tse fetang 230 lefatšeng ka bophara, le Iseraele Lipaki tsa Jehova li etsa boiteko bohle bo matleng a tsona ho thusa baahisani ba tsona hore ba fumane tsebo e nepahetseng ka Jehova. Tšepo ea tsona ke hore ba bangata ba tla utloisisa se boleloang ke mangolo a kang Pesaleme ea 91:14: “Ereka ha a beile lerato la hae ho ’na [Jehova], ke tla ’moloka, ke ’mee qhobosheaneng e phahameng, kahobane a tsebile lebitso la ka.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mishnah ke pokello ea litlhaloso tse tlatsetsang molao oa Mangolo, o thehiloeng litlhalosong tsa bo-rabi ba bitsoang Tannaim (mesuoe). E ile ea ngoloa qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo le mathoasong a lekholo la boraro la lilemo C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Mona Negeb, batho ba Jehova ba tsebahatsa lebitso la hae le Lentsoe la hae
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Setšoantšo se seholo se bontšang lebitso la Molimo