Na Lebitso le Lokela ho Sebelisoa
BATHO ba bangata ha ba ikutloe ba lokolohile ho sebelisa lebitso la Molimo le halalelang. Bajode ba ineetseng ba bona lebitso lena Libibeleng tsa bona, empa ba ikutloa hore ha lea lokela ho bitsoa. Batho ba bang ba bangata ba bolumeli ba tsila-tsila ho le sebelisa.
Leha ho le joalo, sechaba sohle sa Iseraele ka nako e ’ngoe se kile sa utloa Molimo o bolela lebitso la oona. Ba utloa le bitsoa ka mokhoa o nepahetseng. Thabeng ea Sinai ba le utloa ka makhetlo a robeli Mantsoeng a Leshome, kapa Melaong e Shome, eo ba e utloileng e buua ho tsoa leholimong.—Exoda 20:2-17.
Haeba mofetoleli oa Bibele ea hao a sebelisitse lebitso la Molimo moo le hlahang teng Seheberung sa pele, u tla bona hore melao eo e qala ka polelo ena: “Ke ’na Jehova, Molimo oa hao, o u ntšitseng lefatšeng la Egepeta, tlung ea bohlanka. U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka.” The Living Bible e bea tjena: “Ke ’na Jehova, Molimo oa hao . . . U se ke ua rapela molimo o mong ntle ho ’na.” (Exoda 20:2, 3) Haeba bafetoleli ba Bibele ea hao ha ba ka ba sebelisa lebitso la Molimo, e ka ’na eaba ba beile lentsoe “Morena” ka litlhaku tse khōlō ho bontša hore Lebitso le hlaha serapeng sa pele.
Ha ho letho ka Mangolong le reng lebitso lena ha lea lokela ho sebelisoa. Molimo o itse ho se ke hoa ‘tlaeloa’ ka lebitso la oona kapa la ‘nkuoa habobebe.’ Empa hoo ha ho bolele hore ha rea lokela ho sebelisa lebitso leo. Ho e-na le hoo, ho bolela hore bahlanka ba Jehova ha ba lokela ho etsa lintho tse nyenyefatsang lebitso la hae.—Exoda 20:7.
Moshe, ea ileng a sebelisoa ho tlaleha taelo ena ka Bibeleng, ha ka a utloisisa hore ho bolela hore lebitso la Molimo ha lea lokela ho sebelisoa, hobane o ngotse lebitso leo ka makhetlo a makholo a mangata libukeng tse hlano tse qalang Bibele. Ho e-na le ho se sebelise lebitso, Moshe o itse: “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši. Rata Jehova, Molimo oa hao, ke pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle.”—Deuteronoma 6:4, 5.
Bibele ha e bontše hore lebitso lena le lutse le patiloe kapa le sa sebelisoe. Ho e-na le hoo, e bontša hore ka makholo-kholo a lilemo le ne le sebelisoa ka ho tloaelehileng. Bibele e qotsa Eva a le sebelisa. (Genese 4:1) Moshe o bolela hore Abrahama ea lokileng o le sebelisitse, hore Abrahama o bitsitse “lebitso la Jehova, Molimo oa ka mehla eohle,” leha ’nete ena e patiloe liphetolelong tse ngata tsa Bibele tsa kajeno.—Genese 21:33.
Abrahama o sebelisitse lebitso la Jehova ha a bua le morena oa Sodoma. Sara a le sebelisa ha a qoqa le Abrahama. Mohlanka oa Abrahama a le sebelisa ka mehla. Jakobo, mosali oa hae Ragele le ntat’ae, Labane, kaofela ba sebelisitse lebitso la Molimo.—Genese 14:22; 16:2; 24:35, 42, 44; 28:16; 30:24, 27, 30.
Moshe o ile a laeloa hore a sebelise lebitso la Molimo. Moshe le Aarone ba ile ba le sebelisa ha ba bua le Faro ea sa lumeleng, le Faro a le sebelisa ha a arabela. A re: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae, ’me ke lokolle Iseraele?”—Exoda 5:1-3; 3:15.
Makholo-kholo a lilemo hamorao batho ha ba ka ba nahana hore lebitso Jehova ha le buehe. Ba le sebelisa ha ba bua le Samuele, ’me le eena a le sebelisa ha a ba arabela. (1 Samuele 12:19, 20) Morena Davida ea lokileng a le bina phatlalatsa, a re: “Ke tla bolela lebitso la hao ho banab’eso, ke u rorise har’a phutheho. Lōna ba tšabang Jehova, le mo roke.”—Pesaleme ea 22:22, 23.
Moprofeta e moholo Esaia ha a ka a nahana hore lebitso lena le lokela ho hlokomolohuoa. O le sebelisitse ka makhetlo a fetang 400 bukeng ea Bibele e nang le lebitso la hae.
Esaia ha a ka a bolella babali ba hae ba Bajode hore ba se ke ba sebelisa lebitso la Molimo. Ho e-na le hoo, a re: “Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise lichaba liketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng. Binelang Jehova, hobane o entse taba tse kholo; li ke li tsejoe lefatšeng lohle.”—Esaia 12:4, 5.
Na mona ho utloahala e ka lebitso lee le leholo le ne le tlameha ho patoa? le nkeloe sebaka ke lentsoe le leng? Bafetoleli ba tlositseng lebitso la Molimo bukeng ea oona ka ho hlakileng ha ba ananele lebitso lena ho tšoana le Abrahama, Sara, Jakobo, Moshe, Aarone, Samuele, Davida le Esaia ba tšabang Molimo.
Le baprofeta ba morao ha ba ka ba pata lebitso lena, ba le nka le halalela haholo hore le ka sebelisoa kapa ba ikutloa hore bangoli ba Bibele ba pele ba ne ba fositse le ho nahana hore lebitso lena le lokela ho nkeloa sebaka ke lentsoe le leng. Melaetsa ea bona e ne e tletse ka lipolelo tse kang tsena: “Utloang lentsoe la Jehova.” “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele.” ‘Ho itsoe ke Morena ’Musi Jehova.’—Jeremia 2:4; 19:15; Ezekiele 21:28, NW.
Kapa hona hore tšebeliso ea lebitso lena e ne e tlamelletsoe litabeng tsa bolumeli. Le ne le sa sebelisoe ke baruti feela empa le batho feela ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo moqoqong o tloaelehileng. Bibele e re Boaze o ile a re ho basebetsi ba hae masimong: “Jehova a be le lōna!” Ba mo arabela: “E, Jehova a u hlohonolofatse!”—Ruthe 2:4.
Baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ba fumane tiiso ea lipolelo tsa Bibele tsa hore batho ba ne ba sebelisa lebitso lena. Ka bo-1930 ba fihlela Mangolo a Lakishe, maqhetsoana a lijana tsa letsopa tseo ho lumeloang hore ke tsa ho tloha matleng a tlhōlo a Babylona ka lekholo la bosupa la lilemo B.C.E. Tsena khafetsa li sebelisa lipolelo tse kang ena: “E se e ka YHWH [Yahweh, kapa Jehova] a ka etsa hore morena oa ka a utloe kajeno litaba tsena tse molemo!”
Le bao e neng e se Baiseraele ba ne ba tseba ba bile ba sebelisa lebitso la Molimo. Bagibeone ba bolella Joshua hore: “Bahlanka ba hao ba tsoa naheng e hole-hole, ka baka la lebitso la Jehova, Molimo oa hao: etsoe re utloile botumo ba hae, le tsohle tsee a li entseng Egepeta.” (Joshua 9:9) Lekholong la leshome la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, sera sa Iseraele Mesha, Morena oa Moabe, a etsa hore lebitso le ngoloe Lejoeng la Moabe, le ileng la fumanoa hape ka 1868 ’me hona joale le behiloe polokelong ea lintho tsa bohlokoa Louvre, Paris.
Litaba tsena ha li ea lokela ho makatsa. Ho e-na le ho hlahisa hore lebitso lena ke sephiri, ke lekunutu hoo le sa lokelang ho sebelisoa, Moshe o ne a boleletse batho hore: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla bona hoba u bitsoa ka lebitso la Jehova.” (Deuteronoma 28:10) Hoo ho ne ho ka etsahala joang haeba le barapeli ba ne ba sa sebelise lebitso la hae?
Ho e-na le hore le se ke la buuoa, lebitso le ne le hlompheha, le ratuoa, le hlomphuoa. Le ne le sebelisoa ho rea libaka, leha ho reoa batho mabitso. Abrahama o ile a rea sebaka seo a ileng a etsa Isaaka sehlabelo ho sona “Jehova-Jire.” (Genese 22:14) ’Me mabitso a latelang a har’a mabitso a tsebahalang haholo a Bibele ao tlhaloso ea oona e amanang le Jehova, kapa Jah, mokhoa o khutsufalitsoeng oa bothothokisi oa lebitso la Jehova: Ezekiase, Esaia, Josiase, Nehemia, Obadia, Zakaria le Sofonia. Batho ba bile ba sebelisa lebitso la Molimo ho rea bana mabitso kajeno. Ha e le hantle, lebitso le babatsehang la Molimo mohlomong le kenyellelitsoe lebitsong la hao! Na u tseba motho ea bitsoang Joele? Lebitso la hae le bolela hore, “Jehova ke Molimo.” Jonathane eena? le bolela hore, “Jehova o fane.” Joshua le bolela, “Jehova ke poloko.” Mang le mang ea nang le lebitso le tloaelehileng la Johanne le eena o na le lebitso le bolelang hore, “Jehova o bile mohau.”
Ka hona ho sa tsotellehe tumelo ea batho ba bang ea hore lebitso la Molimo le halalela haholo hoo le ke keng la bitsoa, le ea ba bang ea hore le lokela ho hlokomolohuoa, ha ho tsela ea ho le tlohela Bibeleng. Le ea kopanyelletsoa mabitsong ana oohle a Bibele ao a sebelisitsoeng nakong tsa makholo-kholo a mangata a lilemo ao batho ba sa kang ba tseba feela lebitso le halalelang la Molimo JEHOVA empa ba le sebelisa thapelong, borapeling le moqoqong o tloaelehileng.
Empa ho thoe’ng ka Mangolo a Bakreste, ao hangata a bitsoang Testamente e Ncha? Lebitso la Jehova le kenyellelitsoe mabitsong a Jesu le Johanne, le lentsoeng “Alleluya,” empa ke hobane’ng ha le sa hlahe hangata? Joale ho latela puisano ka potso eo ea bohlokoa.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Lebitso le Bitsoa Joang?
Mokhoa oa pele oa ho bitsa lentsoe la Seheberu יהוה o lahlehile ka lebaka la ho se le sebelise ha bolumeli. Liithuti tse ling li rata ho re “Yahweh,” empa ha ho mokhoa oa ho tseba hore na ho bitsoa ho nepahetseng ke hofe.
Leha ho le joalo, mabitso hangata a bitsoa ka mokhoa o fapaneng lipuong tse fapa-fapaneng. Ka Sesotho Mokreste oa pele oa ho shoela tumelo ea hae re mo bitsa Setefane, empa Mafora a mo bitsa Étienne. Jesu o ne a bitsoa Ye·shuʹa‘, kapa Yehohshuʹa‘, ka Seheberu, I·e·sousʹ ka Segerike.
Taba ea hore ha re bitse lebitso la Jesu—kapa lebitso la motho ofe le ofe—ka nepo joalokaha le ne le bitsoa puong e qalang ha e etse hore re tlohele lebitso leo. Re le bitsa feela ka tsela eo le bitsoang ka eona puong ea habo rōna.
Ke ka baka leo, buka “Aid to Bible Understanding” e reng: “Ka ha bonnete ba ho bitsoa ha mantsoe ha bo fumanehe hona joale, ha ho bonahale ho e-na le lebaka la ho lahla mokhoa o tsebahalang haholo ao Senyesemane ‘Jehovah’ ka lebaka la ho rata ho bitsoa ho hong ho hlahisitsoeng. . . . Ka Senyesemane lebitso ‘Jehovah’ le khetholla Molimo oa ’nete, le fetisa monahano ona ka ho khotsofatsang haholoanyane kajeno ho feta tlhahiso efe kapa efe e emeng sebakeng.”—Leqephe 885.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
BA NE BA BITSA MOLIMO KA LEBITSO
Abrahama
Sara
Ragele
Davida
Samuele