“Bara ba Motho ba Poland”—Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Hlorisoa?
Ka 1638 paramente ea Poland e ile ea fatakanya sehlopha se senyenyane sa bolumeli se neng se tsejoa e le Bara ba Motho ba Poland. Kereke le mochine oa khatiso tsa sehlopha sena li ile tsa senngoa. Univesithi ea Raków e ile ea koaloa ’me liprofesa tse neng li ruta ho eona tsa lelekoa ka har’a naha.
Lilemo tse 20 hamorao, paramente e ile ea nka bohato bo bong hape. E ile ea laela hore litho tsa sehlopha sena, tseo e ka ’nang eaba li ne li le 10 000 kapa ho feta moo, li tsoe ka hare ho naha. Ho ile ha tla joang hore naha eo, eo nakong eo e neng e nkoa e le e ’ngoe ea linaha tsa Europe tse mamellang malumeli a mang ka ho fetisisa, e je boea joalo? Bara bao ba Motho ba Poland ba ne ba entse eng hore ba tšoaroe hampe hakaalo?
SENA sohle se qalile ha ho hlaha karohano e khōlō ka hare ho Kereke ea Macalvine ea Poland. Taba ea sehlooho eo ho neng ho sa lumellanoe ka eona e ne e le thuto ea Boraro-bo-bong. Baeta-pele ba mokha o batlang liphetoho ka hare ho kereke ba ne ba hana thuto ena ka hore hase ea Mangolo. Sena se ile sa halefisa baeta-pele ba kereke ’me sa etsa hore mokha o batlang liphetoho o ikarole.
Macalvine a ile a bitsa bakhelohi bana Maariase,a empa litho tsa sehlopha sena se secha li ne li khetha ho ipitsa Bakreste kapa Bara ba Motho ba Poland. Li boetse li tsejoa e le Masocinase, ka lebaka la ho rehelloa ka Laelius Socinus, eo e leng Motaliana ea neng a hemetsoe ke Servetus le eo mochana oa hae Faustus Socinus a ileng a ea Poland ’me ea e-ba ea hlahelletseng sehlopheng sena.
Ka nako eo mohlomphehi e mong oa Poland, Jan Sienieński, o ile a batla ho fa kereke ena e ncha seo a neng a se bitsa “sebaka se khutsitseng le se arohileng,” seo e ka hōlelang ho sona. Sienieński ha a sebelisa tokelo e khethehileng eo a neng a e filoe ke morena oa Poland, o ile a theha toropo ea Raków, eo hamorao e ileng ea fetoha setsi sa Bosocinase Poland. Sienieński o ile a neha baahi ba Raków litokelo tse ’maloa, ho akarelletsa tokelo ea ho rapela ka bolokolohi.
Litsebi tsa mesebetsi ea matsoho, lingaka, litsebi tsa meriana, baahi ba litoropo le batho ba maemo a phahameng a mefuta-futa, ba ile ba hoheloa ke toropo ena e ncha. Ho phaella moo, baruti ba ile ba khobokana moo ba e-tsoa Poland, Lithuania, Transylvania, Fora haesita le Engelane. Leha ho le joalo, bafihli bana e ne e se ba tumelo ea Bosocinase kaofela; ke kahoo ka lilemo tse tharo tse latelang, ho tloha ka 1569 ho ea ho 1572, Raków e ileng ea fetoha sebaka sa lipuisano tse sa feleng tsa thuto ea bolumeli. Ka phello efe?
Ntlo e Arohaneng
Mokha oa Bosocinase o ile oa khaohana e le oona, ba amohelang maikutlo a hore ho etsoe liphetoho tse eketsehileng ba ba ka lehlakoreng le leng ’me bao maikutlo a bona a neng a se matla haholo tabeng ena ba ba ka ho le leng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se lumellane ha bona ka maikutlo, litumelo tseo ba neng ba lumellana ho tsona li ne li ikhetha. Ba ne ba hana thuto ea Boraro-bo-bong; ba ne ba hana kolobetso ea masea; ka kakaretso ba ne ba sa nke lihlomo tsa ntoa ’me hangata ba hana ho ba bo-nkhetheng.b Ba ne ba boetse ba hana hore ho na le lihele tseo e leng sebaka sa tlhokofatso. Ho sena sohle, ba ne ba hlokomoloha maikutlo a ratoang a bolumeli.
Baruti ba Macalvine le ba Mak’hatholike ba ile ba qalisa khanyetso e matla khahlanong le sehlopha sena, empa baruti ba Masocinase ba ile ba sebelisa monyetla oa moea oa ho hloka leeme la bolumeli o neng o khothalletsoa ke marena a Poland a kang Sigismund II Augustus le Stephen Báthory hore ba rute likhopolo tsa bona.
Mosebetsi o Tšoaeang Phetoho oa Budny
Phetolelo ea Bibele ea Macalvine, e neng e sebelisoa haholo ka nako eo, e ne e sa khotsofatse babali ba bangata. Phetolelo ena e ne e sa nkoa lipuong tsa pele, empa e ne e nkiloe ho Vulgate ea Selatine le phetolelong ea Sefora ea nakong eo. Setsebi se seng se re: “Ho ile ha lahloa botšepehi le monahano o nepahetseng ka lebaka la ho phehella monate oa puo.” Ho ile ha kenngoa liphoso tse ngata. Ka lebaka leo, setsebi se tummeng se bitsoang Szymon Budny se ile sa kōptjoa hore se lokise phetolelo ena. Budny o ile a etsa qeto ea hore ho ne ho tla ba bonolo hore ho etsoe phetolelo e ncha ka ho feletseng ho e-na le ho lokisa ea khale. O ile a kena mosebetsing ona hoo e ka bang ka 1567.
Ha Budny a ntse a fetolela, o ne a sekaseka ka botlalo lentsoe le leng le le leng le a mang a tšoanang le lona ka tsela eo ho seng e mong ea neng a kile a etsa ka eona Poland. Moo ho neng ho le thata ho fetolela taba e ngotsoeng ka Seheberu, o ne a bontša phetolelo ea lentsoe ka lentsoe boitsebisong bo ka thōko leqepheng. Ha ho hlokahala, o ne a qapa mantsoe a macha ’me a leka ho sebelisa Sepolishe se bonolo, le se tloaelehileng sa mehleng ea hae. Pakane ea hae e ne e le ho fa ’mali phetolelo e tšepahalang le e nepahetseng ea Bibele.
Phetolelo e feletseng ea Bibele ea Budny e ile ea hatisoa ka 1572. Leha ho le joalo, bahatisi ba buka ena ba ile ba fetola phetolelo ea hae ea Mangolo a Segerike. Ho e-na le ho nyahama, Budny o ile a kena mosebetsing oa phetolelo e ntlafalitsoeng, e ileng ea phethoa lilemo tse peli hamorao. Phetolelo ea Budny e ikhethileng ea Mangolo a Segerike e ne e phahametse liphetolelo tsa Sepolishe tsa pele ho eona. Ho phaella moo, libakeng tse ngata o ile a khutlisetsa lebitso la Molimo, Jehova.
Qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo le lilemong tsa pele tse mashome a mararo tsa lekholo la bo17 la lilemo, Raków, motse-moholo oa mokha ona, e ile ea fetoha setsi sa bolumeli le sa thuto. Ke hona teng moo baeta-pele le lingoli tsa Bara ba Motho ba Poland ba neng ba hatisa lipampitšana le libuka tsa bona.
Ba ne ba Buella Thuto
Mosebetsi oa ho hatisa oa Bara ba Motho ba Poland o ile oa qala ho hōla ka matla hoo e ka bang ka 1600 ha ho kenngoa mochine oa khatiso Raków. Mochine ona o ne o khona ho hatisa libukana le libuka ka lipuo tse ngata. Joaloka setsi sa khatiso, Raków kapele e ile ea hlōlisana le litsi tse tsoetseng pele ka ho fetisisa tsa Europe. Ho na le tumelo ea hore ka lilemo tse latelang tse 40, lingoliloeng tse ngata hoo li ka fihlang ho 200 li ile tsa hatisoa khatisong eo. Feme e haufinyane le moo ea pampiri, eo e neng e le ea Bara ba Motho ba Poland, e ne e fepela pampiri ea boleng bo botle bakeng sa lingoliloeng tsena.
Kapele Bara ba Motho ba Poland ba ile ba bona hore hoa hlokahala hore ho rutoe balumeli-’moho le bona, hammoho le batho ba bang. Hore ho finyelloe sena, ho ile ha thehoa Univesithi ea Raków ka 1602. Bara ba litho tsa Bara ba Motho ba Poland, hammoho le bashemane ba Mak’hatholike le ba Maprostanta, ba ne ba kena sekolo teng. Le hoja univesithi ena e ne e le seminari ea thuto ea bolumeli, ho ne ho sa rutoe lithuto tsa bolumeli feela. Lipuo lisele, melao ea boitšoaro, saense ea lihlahisoa le tšebeliso ea tsona, histori, molao, logic, physics, chemistry, biology, lipalo, bongaka, le lipapali tsa boikoetliso ba ’mele le tsona e ne e le karolo ea lenaneo la thuto. Univesithi ena e ne e e-na le laebrari e khōlō, e ’nileng ea hōla ho ea pele, ka thuso ea khatiso ea sebakeng seo.
Ha lekholo la bo17 la lilemo le ntse le tsoela pele, ho ne ho bonahala eka Bara ba Motho ba Poland ba tla tsoela pele ho atleha. Leha ho le joalo, ha hoa ka ha e-ba joalo.
Kereke le Naha Lia Hanyetsa
Zbigniew Ogonowski oa Sekolo sa Poland sa Thuto e Phahameng sa Saense oa hlalosa: “Qetellong ea lilemo tse mashome a mararo tsa pele tsa lekholo la bo17 la lilemo, boemo ba Maariase a Poland bo ile ba qala ho theoha ka potlako.” Sena se ne se bakoa ke tšebetso e sebete e ntseng e ipha matla ea baruti ba K’hatholike. Baruti ba ne ba sebelisa mekhoa eohle e khonehang, ho akarelletsa ketselletso le lingoliloeng tsa tšenyo ea lebitso, ho nyelisa Bara ba Motho ba Poland. Tlhaselo ena e ile ea nolofatsoa haholo ke boemo bo fetohileng ba lipolotiki Poland. Morena e mocha oa Poland, Sigismund III Vasa, e ne e le sera sa Bara ba Motho ba Poland. Bahlahlami ba hae, haholo-holo John II Casimir Vasa, ka mokhoa o tšoanang le eena o ile a tšehetsa boiteko ba Kereke e K’hatholike ba ho senya merero ea Bara ba Motho ba Poland.
Boemo bo ile ba senyehela ruri ha ho hlaha taba e se nang bopaki ea hore liithuti tse seng kae tsa Raków li hlompholotse sefapano se seng se itseng. Ketsahalo ena e ile ea fetoha lebaka la boikaketsi la ho senngoa ha motse-moholo oa Bara ba Motho ba Poland. Mong’a Raków o ile a qosoa ka pel’a lekhotla la paramente ka hore o ‘jala bokhopo’ ka ho tšehetsa Univesithi ea Raków le mochine oa eona oa khatiso. Bara ba Motho ba Poland ba ile ba qosoa ka ho khelosa, boloi le ho phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng. Paramente e ile ea etsa qeto ea hore Univesithi ea Raków e lokela ho koaloa le hore mochine oa khatiso le kereke tsa Bara ba Motho ba Poland li lokela ho senngoa. Balumeli ba ile ba laeloa hore ba tlohe toropong eo. Liprofesa tsa univesithi tsona li ile tsa lelekoa ka hare ho naha, tsa bolelloa hore kahlolo e tla ba lefu haeba li sa tsamaee. Ba bang ba Bara ba Motho ba Poland ba ile ba ea libakeng tse sireletsehileng haholoanyane, tse kang Silesia le Slovakia.
Ka 1658 paramente e ile ea laela hore pele ho fela lilemo tse tharo, Bara ba Motho ba Poland ba be ba rekisitse thepa ea bona ba bile ba tsoile ka hare ho naha. Hamorao, nako eo e ile ea khutsufatsoa hore e be lilemo tse peli. Ka mor’a moo, e mong le e mong ea lumellanang le litumelo tsa bona o ne a tla bolaoa.
Masocinase a mang a ile a aha Netherlands, moo a ileng a tsoela pele ka mosebetsi oa ’ona oa khatiso. Transylvania phutheho e ile ea e-ba teng ho fihlela qalong ea lekholo la bo18 le lilemo. Libokeng tsa ’ona, tse neng li tšoaroa hoo e ka bang ka makhetlo a mararo ka beke, a ne a bina lipesaleme, a mamela lipuo, le ho bala katekisima e neng e etselitsoe ho hlalosa lithuto tsa ’ona. E le hore ho bolokoe phutheho e hloekile, balumeli-’moho le ’ona ba ne ba khalemeloa, ba khothatsoa ’me ba lelekoa ha ho hlokahala.
Bara ba Motho ba Poland e ne e le liithuti tsa Lentsoe la Molimo. Ba ile ba sibolla linnete tsa bohlokoa, ’me ba ne ba buisana le ba bang ka tsona ntle ho tikatiko. Leha ho le joalo, hamorao ba ile ba hasana le Europe ’me ba fumana hore ho boloka bonngoe ba bona ho ntse ho ba thatafalla ho ea pele. Ka mor’a nako, Bara ba Motho ba Poland ba ile ba fela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Arius (250-336 C.E.) e ne e le moprista oa Alexandria ea ileng a bontša ka mabaka hore Jesu o monyenyane ho Ntate. Seboka sa Nicaea se ile sa hana pono ea hae ka 325 C.E.—Bona Tsoha! ea July 8, 1989, leqepheng la 25.
b Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 22, 1988, leqepheng la 19, “The Socinians—Why Did They Reject the Trinity?”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ntlo eo e neng e le ea moruti oa Masocinase
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ka holimo: Raków kajeno; ka ho le letona ke sebaka sa baitlami se thehiloeng ka 1650 hore ho felisoe mesaletsa eohle ea “Boariase”; ka tlaase: Setšeng sena baruti ba K’hatholike ba ile ba hloma sefapano e le ho qholotsa Bara ba Motho ba Poland
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
Title card of Biblia nieświeska by Szymon Budny, 1572