Na U Susumelitsoe ke Bo-motšoaea-liphoso?
“MOTŠOAEA-LIPHOSO [cynic, ka Senyesemane] ke motho eo ho seng mohla a bonang litšobotsi tse ntle ho motho e mong, le ea bonang tse mpe ka linako tsohle. Ke motho-sephōkō, mahlo a hae a nchocho lefifing, empa ha a bone leseling, o tsamaea a tsoma bobe, ’me ha ho mohla a bonang botle.” Polelo ena ho ’nile ha boleloa hore ke ea Henry Ward Beecher, moruti oa Leamerika oa lekholong la bo19 la lilemo. Ba bangata ba ka ’na ba nahana hore e emela ka nepo moea oa motšoaea-liphoso oa mehleng ea kajeno. Empa lentsoe “cynic” le simolohile Greece ea boholo-holo, moo le neng le sa bolele feela motho ea bontšang boikutlo bo joalo. Ka makholo a lilemo, le ne le bolela mokhatlo o itseng oa bo-rafilosofi.
Filosofi ea Bo-motšoaea-liphoso e ile ea hōla joang? Ba ne ba ruta eng? Na litšobotsi tsa Motšoaea-liphoso li ka lakatseha ho Mokreste?
Bo-motšoaea-liphoso ba Boholo-holo—Tšimoloho ea Bona le Litumelo Tsa Bona
Greece ea boholo-holo e ne e le selao sa lipuisano le likhang. Ho theosa le makholo a lilemo a lebisang Mehleng e Tloaelehileng ea rōna, banna ba kang Socrates, Plato le Aristotle ba ile ba hlahisa lifilosofi tse ileng tsa ba tumisa. Lithuto tsa bona li bile le phello e matla bathong, ’me likhopolo tse joalo li sa ntsane li fumanoa setsong sa Bophirimela.
Socrates (oa 470-399 B.C.E.) o ile a bontša hore thabo e sa feleng e ke ke ea fumanoa ka ho lelekisa maruo kapa ho thabela menyaka ea nama. O ile a tiisa hore thabo ea ’nete e tlisoa ke bophelo ba ho inehela ho batleng bokhabane. Socrates o ne a nahana hore bokhabane ke molemo o fetisisang. Ho finyella pakane ena, o ne a hana maruo le boiteko bo sa hlokahaleng hobane o ne a ikutloa hore li ka mo sitisa. O ne a buella ho etsa lintho ka tekano le ho itima lintho, a phela bophelo bo bonolo le ba ho baballa.
Socrates o ile a qapa tsela ea ho ruta e tsejoang e le mokhoa oa Socrates. Ha bahlalefi ba bangata ba ne ba hlahisa maikutlo a itseng ebe ba fana ka mabaka a a tšehetsang, Socrates o ne a etsa se fapaneng le seo. O ne a mamela likhopolo tsa bo-rafilosofi ba bang ebe o batla ho pepesa liphoso likhopolong tsa bona. Mokhoa ona o ne o khothalletsa boikutlo ba ho tšoaea liphoso le ho nyatsa ba bang.
Har’a balateli ba Socrates ho ne ho e-na le rafilosofi ea bitsoang Antisthenes (oa hoo e ka bang 445-365 B.C.E.). Eena le ba bang ba ’maloa ba ile ba ntšetsa pele thuto ea Socrates ka ho bolela hore bokhabane ke eona feela ntho e molemo. Ho bona ho lelekisa menyaka e ne e se feela tšitiso empa e ne e le bobe ba mofuta o itseng. Ka ho hanyetsana haholo le lintho tse etsoang sechabeng, ba ne ba khesa batho ba bang haholo. Ba ile ba tsejoa e le Bo-motšoaea-liphoso. Lebitso Cynic (Motšoaea-liphoso) e ka ’na eaba le tsoa lentsoeng la Segerike (ky·ni·kosʹ) le neng le hlalosa boitšoaro ba bona ba ho hlonama le ho ikakasa. Le bolela “ea tšoanang le ntja.”a
Phello Tseleng ea Bona ea Bophelo
Leha litšobotsi tsa filosofi ea Bo-motšoaea-liphoso tse kang ho loantša maruo le ho ikhotsofatsa li ne li ka ’na tsa bonahala li babatseha, Bo-motšoaea-liphoso ba fetelelitse likhopolo tsa bona. Sena se totobala bophelong ba Motšoaea-liphoso ea tsebahalang haholo—rafilosofi Diogenes.
Diogenes o hlahile ka 412 B.C.E., a hlahela Sinope motse o Leoatleng le Letšo. O ile a fallela Athene le ntat’ae, moo a ileng a kopana le lithuto tsa Bo-motšoaea-liphoso. Diogenes o ile a rutoa ke Antisthenes eaba o nkeha ke filosofi ea Bo-motšoaea-liphoso. Socrates o ne a phela bophelo bo bonolo, ’me Antisthenes a phela ba ho itima thabo. Leha ho le joalo, Diogenes o ne a phela bophelo ba ho itšoara ka thata. E le ho hatisa hore ha a rate boiketlo bo tlisoang ke maruo, Diogenes hoa tsebisahala hore o ile a phela ka nakoana ka har’a faki!
Ha Diogenes a ntse a batla botle bo fetisisang, ho boleloa hore o ile a haola Athene har’a motšehare ka lebone le hotelitsoeng a batla motho ea khabane! Boitšoaro bo joalo bo ile ba mema tlhokomelo ’me e ne e le mokhoa oo Diogenes le Bo-motšoaea-liphoso ba bang ba neng ba ruta ka oona. Ho boleloa hore ka lekhetlo le leng Alexandere e Moholo o ile a botsa Diogenes hore na ntho e ka sehloohong eo a e batlang ke eng. Ho tlalehoa hore Diogenes o itse o ne a batla feela hore Alexandere a suthe tseleng hore a se ke a thiba khanya ea letsatsi!
Diogenes le Bo-motšoaea-liphoso ba bang ba ne ba phela ka ho kōpa. Ba ne ba se na nako ea likamano tse tloaelehileng tsa batho, ’me ba ne ba hana mesebetsi ea sechaba. Mohlomong e le ka lebaka la ho susumetsoa ke monahano oa Socrates, ba ile ba fetoha ba hlomphollang ba bang ka ho feletseng. Diogenes o ne a tsejoa ka ho phoqa ka mantsoe a hlabang. Bo-motšoaea-liphoso ba ne ba iphumanetse botumo ba hore ‘ba tšoana le lintja,’ empa Diogenes ka boeena o ne a bitsoa Ntja. O shoele hoo e ka bang ka 320 B.C.E. ha a le lilemo tse ka bang 90. Seemahale sa ’mabole se nang le sebōpeho sa ntja se ile sa emisoa holim’a lebitla la hae.
Litšobotsi tse ling tsa filosofi ea Bo-motšoaea-liphoso li ile tsa amoheloa ke mekhatlo e meng ea bahlalefi. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, mekhoa e tsoileng tseleng e amanang le Diogenes le balateli ba moraonyana e ile ea etsa hore mokhatlo oa Bo-motšoaea-liphoso o se ke oa rateha. Qetellong o ile oa nyamela ka ho feletseng.
Bo-motšoaea-liphoso ba Kajeno—Na U Lokela ho bonahatsa Litšobotsi Tsa Bona?
The Oxford English Dictionary e hlalosa motšoaea-liphoso oa kajeno e le “motho ea nyatsa-nyatsang kapa ea bonang liphoso. . . . Ea bontšang boikutlo ba ho latola botšepehi kapa botle lipakaneng le liketsong tsa batho, ’me o tloaetse ho bontša sena ka litšeho tse phoqang le ka ho soma; motšoaea-liphoso ea tšehang ba bang.” Litšobotsi tsena li bonahatsoa lefatšeng le re potolohileng, empa ’nete ke hore ha li lumellane le botho ba Bokreste. Nahana ka melao-motheo le lithuto tse latelang tsa Bibele.
“Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. A ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng, kapa a lule a halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 103:8, 9, NW) Bakreste ba bolelloa hore e be “baetsisi ba Molimo.” (Baefese 5:1) Haeba Molimo Ea Matla ’Ohle a khetha ho bontša mohau le mosa o lerato o mongata ho e-na le ‘ho nyatsa-nyatsa kapa ho tšoaea liphoso,’ ka sebele Bakreste ba lokela ho leka ho etsa joalo.
Jesu Kreste, setšoantšo se nepahetseng hantle sa Jehova ‘o re sietse mohlala hore re latele mehato ea hae haufi-ufi.’ (1 Petrose 2:21; Baheberu 1:3) Ka linako tse ling, Jesu o ne a pepesa mashano a bolumeli ’me a paka hore mesebetsi ea lefatše e khopo. (Johanne 7:7) Empa, o ne a babatsa batho ba tšepahalang. Ka mohlala, o ile a bua tjena mabapi le Nathanaele: “Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso ho eena.” (Johanne 1:47) Ha Jesu a ne a etsa mohlolo, ka makhetlo a mang o ne a lebisa tlhokomelo tumelong ea ea etsetsoang mohlolo. (Matheu 9:22) Ha ba bang ba ne ba nahana hore mpho ea mosali e mong ea bontšang kananelo e ne e le tšenyo, Jesu ha aa ka a tšoaea sepheo sa hae phoso empa o ile a re: “Kae kapa kae moo litaba tsena tse molemo li boleloang lefatšeng lohle, seo mosali enoa a se entseng le sona se tla boleloa e le seo a hopoloang ka sona.” (Matheu 26:6-13) Jesu e ne e le motsoalle ea tšepang balateli ba hae le ea ba ratang, “a ba rata ho isa bofelong.”—Johanne 13:1.
Kaha Jesu o ne a phethahetse, a ka be a ile a fumana liphoso habonolo ho batho ba sa phethahalang. Leha ho le joalo, ho e-na le ho bontša moea oa ho belaella batho le ho ba tšoaea liphoso, o ne a batla ho ba khatholla.—Matheu 11:29, 30.
“[Lerato] le lumela lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Polelo eo e hanyetsa ka ho feletseng boikutlo ba motšoaea-liphoso, ea belaellang lipakane le liketso tsa batho ba bang. Ha e le hantle, lefatše le tletse batho ba nang le lipakane tse belaetsang; kahoo ho hlokahala hore motho a hlokomele. (Liproverbia 14:15) Leha ho le joalo, kamehla lerato le loketse ho lumela hobane lea tšepa, ha le belaelle ntle ho lebaka.
Molimo o rata bahlanka ba hae ebile oa ba tšepa. O tseba bofokoli ba bona hamolemo le ho ba feta. Leha ho le joalo, ha ho mohla Jehova a tšoarang batho ba hae ka ho ba belaella, ’me ha aa ba lebella hore ba etse se fetang matla a bona. (Pesaleme ea 103:13, 14) Ho feta moo, Molimo o batla botle ho batho, ’me ka tsela e bontšang ho ba tšepa, o fana ka litokelo le bolaoli ho bahlanka ba hae ba tšepahalang, le hoja ba sa phethahala.—1 Marena 14:13; Pesaleme ea 82:6.
“Ke ’na Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokhoa oa hae le ka tholoana ea liketso tsa hae.” (Jeremia 17:10, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Jehova a ka bala ka nepo pelo ea motho. Rōna re ke ke. Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra neta batho ka maikutlo a itseng.
Ho lumella moea oa ho tšoaea liphoso hore o tiee ka ho rōna le hore qetellong o laole monahano oa rōna ho ka ’na ha baka likarohano pakeng tsa rōna le balumeli-’moho le rōna. Ho ka senya khotso ea phutheho ea Bokreste. Kahoo, a re lateleng mohlala oa Jesu ea neng a toba taba empa a e-na le maikutlo a matle litšebelisanong tsa hae le barutuoa ba hae. E bile motsoalle oa bona eo ba mo tšepang.—Johanne 15:11-15.
“Feela kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) Ho na le litsela tse ngata tsa ho sebelisa keletso ena ea Jesu Kreste. Ka mohlala, bohle re khetha ho buisoa ka mosa le ka tlhompho. Ka sebele, he, re lokela ho itlhalosa ka tsela e mosa le e nang le tlhompho ho ba bang. Esita leha Jesu ka matla a ne a pepesa lithuto tsa bohata tsa baeta-pele ba bolumeli, ha ho mohla a ileng a etsa sena ka mokhoa oa bo-motšoaea-liphoso.—Matheu 23:13-36.
Litsela Tsa ho Loantša Moea oa ho Tšoaea Liphoso
Haeba re ile ra soabisoa, ho ka ’na ha e-ba bonolo ho itumella ho susumetsoa ke moea oa ho tšoaea liphoso. Re ka hlōla tšekamelo ena ka ho ananela hore Jehova o sebetsana le batho ba hae ba sa phethahalang ka ho ba tšepa. Sena se ka re thusa ho amohela barapeli ba bang ba Molimo kamoo ba leng kateng—e le batho ba sa phethahalang ba lekang ho etsa se nepahetseng.
Liphihlelo tse bohloko li ka ’na tsa etsa hore ba bang ba se ke ba tšepa batho. Ke ’nete hore hase bohlale ho beha tšepo eohle ea rōna bathong ba sa phethahalang. (Pesaleme ea 146:3, 4) Leha ho le joalo, ka phuthehong ea Bokreste, ba bangata ba batla ho ba mohloli oa khothatso e le kannete. Nahana feela ka ba likete ba kang bo-’mè, bo-ntate, bara, barali le bana ba lahlehetsoeng ke malapa. (Mareka 10:30) Nahana kamoo ba bangata e bang metsoalle ea ’nete linakong tsa matšoenyeho.b—Liproverbia 18:24.
Hase moea oa ho tšoaea liphoso empa ke lerato la bara ba motho le khethollang balateli ba Jesu, hobane o itse: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Kahoo, a re bontšeng lerato ’me re tsepamise tlhokomelo litšobotsing tse ntle tsa Bakreste-’moho le rōna. Ho etsa joalo ho tla re thusa ho qoba litšobotsi tsa Bo-motšoaea-liphoso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hape ho ka etsahala hore ebe lebitso Cynic (Motšoaea-liphoso) le tsoa ho Ky·noʹsar·ges, sebaka se seng sa lipapali tsa ka tlung sa Athene moo ho neng ho ruta Antisthenes.
b Bona sehlooho se reng “Phutheho ea Bokreste—Mohloli oa Thuso e Matlafatsang” ho Molula-Qhooa oa May 15, 1999.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Motšoaea-liphoso ea tsebahalang ka ho fetisisa, Diogenes
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book Great Men and Famous Women