Na Ebe oo e ka ba Oona Mosebetsi o Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Hao?
HAEBA u Mokreste ea kolobelitsoeng, ntle ho pelaelo lerato ho Molimo le u susumelletsa ho etsa thato ea hae. Ho feta moo, e tlameha ebe tšebeletso ke oona mosebetsi oa mantlha bophelong ba hao. Etsoe Jesu Kreste o ile a laela balateli ba hae bohle hore ba etse barutuoa. (Matheu 28:19, 20) E, ho ka ’na ha etsahala hore ebe hona joale ua sebetsa e le hore u ka iphelisa. Empa joaloka molateli oa Jesu le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ntho ea pele e ka sehloohong ke hore u mosebeletsi oa Mokreste—ea nkang mosebetsi oa boboleli ba ’Muso e le ntho e tlang pele bophelong.—Matheu 24:14.
Mohlomong u se u habile lilemong tse 20 kapa u ka holimonyana ho tsona. Ho ka etsahala hore ebe u se u ’nile ua nahanisisa ka tsela eo u batlang ho e phehella bophelong. Ha u ntse u sekaseka menyetla e u bulehetseng, ho ikhotsofatsa e ka ’na ea e-ba eona ntho ea bohlokoa ho uena.
Kahoo, ak’u nahane ka seo Jørgen oa Denmark a se buang ka khetho eo a ileng a e etsa. Jørgen o e hlalosa e le “tsela ea bophelo e loketseng eo ho eona u ka tsepamisang mohopolo oa hao mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa o fumanehang.” Mosali e mong oa Greece ea lilemo li 31, Eva, o re: “Ha ke bapisa bophelo ba ka le ba lithaka tsa ka, kamehla ke phetha ka hore bo atlehile haholoanyane, bo khotsofatsa haholoanyane, ebile bo thabisa haholoanyane.” Ke mofuta ofe oa mosebetsi o khotsofatsang joalo? U ka finyella tsela e joalo ea bophelo joang?
Na Molimo o Bontša Motho Tsela?
Ho khetha mosebetsi e ka ba ntho e boima. Ha e le hantle, ba bang ba ka lakatsa eka Molimo a ka ba bontša hantle seo a batlang hore ba se etse.
Ha Moshe a ne a le Midiane, Jehova o ile a mo laela hore a khutlele Egepeta ’me a etelle Baiseraele pele ho tsoa bokhobeng. (Exoda 3:1-10) Lengeloi la Molimo le ile la iponahatsa ho Gideone, ea neng a khethetsoe ho lopolla Iseraele khatellong. (Baahloli 6:11-14) Davida o ne a lisitse linku ha Molimo a laela Samuele hore a mo tlotse hore e be morena ea hlahlamang oa Iseraele. (1 Samuele 16:1-13) Kajeno ha re tataisoe ka litsela tse joalo. Ho e-na le hoo, re lokela ho sekaseka litaba le ho etsa qeto hore na re ka sebelisa bokhoni boo Molimo a re fileng bona joang.
Kajeno Jehova o buletse bacha ba Bakreste “monyako o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakorinthe 16:9) O entse seo joang? Lilemong tse leshome tse fetileng, palo ea baboleli ba ’Muso e ile ea eketseha ka ba ka holimo ho 2 125 000 ho ea ho ba fetang 6 000 000 lefatšeng ka bophara. Ke mang ea thusang ho fana ka limilione tsa Libibele, libuka, libukana, limakasine, le lipampitšana tse hlokahalang bakeng sa ho matlafatsa bomoea le mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo lefatšeng ka bophara? Tokelo ena e babatsehang e thabeloa ke litho tsa lelapa la Bethele lefatšeng ka bophara.
Bophelo bo Putsang
Bethele e bolela “Ntlo ea Molimo,” ’me mahae a Bethele ke libaka tsa bolulo tsa baithaopi ba Bakreste ba sebeletsang ntlo-khōlō le liofising tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower. (Genese 28:19, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Malapa a Bethele a mehleng ena a ka tšoantšoa le ‘matlo a hahuoeng ka bohlale’ a hlophisehileng ao motheo oa ’ona e leng lerato ho Jehova.—Liproverbia 24:3.
Ho thoe’ng ka moea o tšoanang le oa litho tsa lelapa o renang Bethele? Setho se lilemo li 25 sa lelapa la Bethele, Estonia, se re: “Ke thabela boikutlo ba ho ba har’a metsoalle ea Jehova ka linako tsohle. Ena e sa ntse e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho ’na mona Bethele.”—Pesaleme ea 15:1, 2.
Lefatšeng ka bophara, ke batho ba ka bang 19500 ba thabelang tokelo ea ho sebeletsa Bethele. (Pesaleme ea 110:3) Karolo ea 46 lekholong ea ba sebeletsang Bethele, United States, ba lipakeng tsa lilemo tse 19 le 29. Joaloka Esaia ba ile ba re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 6:8) Le hoja Esaia a ne a se a ntse a inehetse ho Jehova—o ne a ithaopa bakeng sa tokelo e eketsehileng ea tšebeletso. Ka ho totobetseng sena se ne se bolela ho tela lintho tse itseng tsa botho. Ba leng tšebeletsong ea Bethele ba siea mahae a bona le tikoloho eo ba neng ba e tloaetse, haesita le bo-’mè, bo-ntate, barab’abo bona, baralib’abo bona le metsoalle ea bona. Ho itela hona ho etsoa ka ho ithatela “ka lebaka la litaba tse molemo.”—Mareka 10:29, 30.
Ka lehlakoreng le leng, ho na le khapukhapu e kaakang ea litlhohonolofatso tsa moea Bethele! Setho se seng se senyenyane sa lelapa la Bethele Russia sea hlalosa: “Ka ho ba ba itelang, re khona ho ithuta lintho tse ngata tse tla re thusa ho phela lefatšeng le lecha. Nka hla ka re ho ’na litlhohonolofatso tsa Jehova li ngata haholo ha ke li bapisa le boitelo ba ka.”—Malakia 3:10.
Bophelo ba Bethele
Bophelo Bethele bo joang? Litho tsa lelapa la Bethele lia lumela hore bo molemo, boa khotsofatsa, ebile boa thabisa. Jens, ea lilemo li 43, o thabela tšebeletso ea Bethele. Hobane’ng? O re: “Ka lebaka la boikutlo ba hore re karolo ea boiteko bo boholo ba ho phetha mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa. Ke khona ho elelloa ho pharalla le boholo ba mosebetsi oa Jehova.”
Ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Moqebelo, lelapa la Bethele le simolla letsatsi ka borapeli ba hoseng. Ena ke puisano ea Bibele, e okameloang ke moholo ea nang le phihlelo. Mantaha o mong le o mong mantsiboea ka nako e etsang hora ho ee ho be le thuto ea lelapa ea Bibele ka thuso ea Molula-Qhooa, ka linako tse ling e lateloa ke puo e thehiloeng sehloohong sa Mangolo e etselitsoeng lelapa la Bethele ka ho khetheha.
Ho etsahala’ng ha motho a tla Bethele ka lekhetlo la pele? E le ho tloaetsa litho tse ncha bophelo ba Bethele, barab’abo rōna ba ka hare ho lelapa ba hōlileng tsebong ba fana ka lipuo tse tšohlang litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea Bethele. Ka libeke tse ’maloa selemong sa pele, setho se secha sa lelapa la Bethele se kopanela sekolong se babatsehang sa beke le beke se reretsoeng ho atolosa kutloisiso ea sona ea Mangolo. Litho tse ncha li boetse li thabela lenaneo le khethehileng la ’malo oa Bibele. Selemong sa tsona sa pele sa tšebeletso ea Bethele, litho tse ncha tsa lelapa li bala Bibele eohle.
Koetliso ee e na le phello efe? Setho se lilemo li 33 sa lelapa la Bethele Hong Kong, Joshua, sea arabela: “Ka sebele Bethele e ile ea tebisa kananelo ea ka bakeng sa Jehova. Ke khona ho tloaelana le barab’abo rōna ba bangata ba nang le phihlelo ba qetileng nako e ngata ea bophelo ba bona ba sebeletsa Jehova. Ntho eo ke e thabelang ka ho khetheha ke mananeo a moea, a kang borapeli ba hoseng le Thuto ea lelapa ea Molula-Qhooa. Ho feta moo, ke thabela tsela e hlophisehileng le e bonolo ea bophelo. Sena se ntokolla matšoenyehong a sa hlokahaleng. Ke boetse ke ithuta kamoo nka sebetsang litaba ka katleho kateng ka tsela ea Bokreste, ’me kamehla sena se ipakile e le ntho e molemo.”
Bao e leng litho tsa lelapa la Bethele ba sebelisa boholo ba nako ea bona le boiteko ba bona ba etsa seo ba ithaopetseng ho se etsa. Ka mantsoe a mang, tabeng ea pele ba sebelisa matla a bona a ’mele le a kelello ho hlokomela likabelo tseo ba li fuoeng Bethele. Ho na le mefuta e mengata ea lintho tse lokelang ho etsoa. Ba bang ba tsamaisa mechine e hatisang kapa ba sebeletsa sebakeng seo ho kopanngoang libuka ho sona, ba etsa libuka tse romelloang liphuthehong tse ngata. Ba bang ba sebetsa ka kichineng, phaposing ea ho jela, kapa moo ho hlatsoetsoang liaparo teng. Likabelo tse teng li akarelletsa ho hloekisa, ho sebetsa polasing, mosebetsi oa kaho, le mesebetsi e meng. Ba bang ba na le boikarabelo ba ho hlokomela lisebelisoa tse mafapheng ana. Ba bang ba fana ka tlhokomelo e etsang hore lelapa lohle le lule le phela hantle ’meleng kapa ba sebetsa liofising. Likabelo tsohle tsa mosebetsi oa Bethele li na le liphephetso tse thabisang ’me ke tse putsang ka mokhoa o hlollang. Mosebetsi o etsoang Bethele o khotsofatsa ka ho khethehileng hobane o ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele hape o etsoa ka lebaka la lerato ho Molimo.
Ba bang ba litho tsa lelapa la Bethele ba abeloa ho kopanela liphuthehong tse itseng, moo ba thabelang ho bona ka ho toba melemo ea mosebetsi oa bona. Ba thabela ho ba teng libokeng tsa phutheho le ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Ka lebaka leo, litho tsa lelapa la Bethele li na le maqhama a matla le bara le barali babo tsona ba liphuthehong tseo li abetsoeng ho sebeletsa ho tsona.—Mareka 10:29, 30.
Setho se seng sa lelapa la Bethele Brithani, Rita, se re: “Ke motlotlo haholo ka phutheho! Ha ke le libokeng le tšebeletsong, tumelo ea ka e matlafatsoa ke ho bona barab’abo rōna ba ratehang, baralib’abo rōna, bana, le ba hōlileng ba le teng moo! Ho sa tsotellehe se ka etsahalang, ba lula ba le teng. Seo se nthusa hore ke chesehe haholoanyane tšebeletsong ea ka ea Bethele.”
Bophelo ba Bethele hase mosebetsi, liboka, tšebeletso ea tšimo, le ho ithuta feela. Lelapa le thabela linako tsa boikhathollo ka ho tšoanang. Nako le nako, ho ee ho be le mananeo a thabisang le a putsang moeeng a “Mantsiboea a Lelapa,” a fanang ka monyetla oa ho thabela litalenta tsa ba bangata le ho ithuta lintho tse khothatsang ka bophelo ba ba bang ba tšebeletsong ea Bethele. Ntho e ’ngoe hape e thabisang ke linako tse monate le tse hahang tsa ho etelana. Ho ka ’na ha boela ha e-ba le libaka tse itseng tsa boikhathollo hammoho le lilaebrari tse sebelisoang ke batho ka bomong ho bala le ho etsa lipatlisiso. ’Me ntho e sa lokelang ho lebaloa ke meqoqo e mofuthu e bang teng litafoleng ka nako ea lijo.
Setho sa lelapa la Bethele Estonia, Tom, se re: “Haufi le Bethele ho na le leoatle, ’me ho boetse ho na le moru o motle haufinyane moo ’na le mosali oa ka re thabelang ho otlollela maoto teng. Ka linako tse ling ke bapala golf, hockey, le tenese hammoho le metsoalle phuthehong le Bethele. Haeba boemo ba leholimo bo lumela, re ee re tsamaee re palame libaesekele.”
Ke Eng Seo U Lokelang ho se Etsa e le Hore U Tšoanelehe?
Ka ho hlakileng, Bethele ke sebaka seo ho sona Bakreste ba hōlileng tsebong ba etsetsang Jehova tšebeletso e halalelang le ho sebeletsa balumeli-’moho le bona ba lefatšeng ka bophara. Bao e bang litho tsa lelapa la Bethele ba lokela ho finyella litšoaneleho tse itseng. Ke eng seo u ka se etsang hore u tšoanelehele tšebeletso ea Bethele?
Joaloka Timothea, ea ileng a sebetsa mahetla a bapile le moapostola Pauluse, ba amoheloang bakeng sa tšebeletso ea Bethele ba lokela ho ba boemong bo botle ka phuthehong. (1 Timothea 1:1) Timothea “o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna Lystra le Ikoniamo.” (Liketso 16:2) Le hoja a ne a le monyenyane, Timothea o ne a tseba Mangolo ’me o ne a e-na le motheo o tiileng ’neteng. (2 Timothea 3:14, 15) Ka mokhoa o tšoanang, bohle ba amoheloang bakeng sa tšebeletso ea Bethele ba lebeletsoe hore ba be le tsebo ea Bibele.
Litho tsa lelapa la Bethele li lokela ho ba le moea oa boitelo. Moea oa boitelo oa Timothea le boikemisetso ba hae ba ho beha lithahasello tsa ’Muso ka pele ho tsa hae li ne li totobetse haholo hoo Pauluse a neng a ka bua tjena ka eena: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang. Etsoe ba bang kaofela ba batla lithahasello tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu. Empa le tseba bopaki boo a ileng a ipaka ka bona, hore joaloka ngoana le ntat’ae e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.”—Bafilipi 2:20-22.
Tšebeletso ea Bethele e hloka banna le basali ba moea. Litokisetso tse etselitsoeng litho tsa lelapa la Bethele li li nolofalletsa ho hōla moeeng ka ho ithuta Bibele, ho kopanela kamehla libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong ea tšimo, le ho thabela botsoalle le Bakreste ba hōlileng tsebong. Ka lebaka leo bohle ba leng Bethele ba thusoa ho latela keletso ea Pauluse e reng: “Le tsoele pele le tsamaea bonngoeng le [Kreste Jesu], le metse ka metso ’me le ntse le hahuoa ho eena ’me le ntse le tsitsisoa tumelong, feela joalokaha le ile la rutoa, le khaphatseha tumelo litebohong.”—Bakolose 2:6, 7.
Ka lebaka la sebōpeho sa mosebetsi oa Bethele, ba amoheloang bakeng sa tokelo ena ea tšebeletso ba lokela ho ba matla ’meleng le ho ba le bophelo bo botle ba ’mele. Haeba u tšoaneleha bakeng sa maemo ao re seng re a hlalositse, u le lilemo li 19 kapa ho feta, ’me u kolobelitsoe bonyane selemo se le seng, re u khothalletsa ho nahanisisa ka tšebeletso ea Bethele.
Kaofela re na le Seabo
Joaloka Bakreste, kannete kaofela ha rōna re lakatsa ho beha lithahasello tsa ’Muso pele bophelong le ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. (Matheu 6:33; Bakolose 3:23) Re ka boela ra khothalletsa ba sebeletsang Bethele ho tsoela pele ba ntse ba nehelana ka tšebeletso e halalelang moo. ’Me haholo-holo re lokela ho khothalletsa barab’abo rōna ba banyenyane ba tšoanelehang bakeng sa Bethele hore ba hahamalle tokelo ena e hlohonolofalitsoeng.
Tšebeletso ea Bethele ke tsela ea bophelo e khotsofatsang moeeng—eo ha e le hantle e ka bang mosebetsi o molemo ka ho fetisisa bakeng sa hao. Ke oona mosebetsi o molemo ka ho fetisisa ho Nick, ea sebelelitseng Bethele ho tloha ha a le lilemo li 20. Ka mor’a lilemo tse leshome tsa tšebeletso ea Bethele, o re: “Ka makhetlo a mangata ke rapela Jehova ho mo leboha bakeng sa mosa oa hae o sa tšoanelang. Ke’ng hape seo ke neng nka se kōpa? Mona, re lika-likelitsoe ke Bakreste ba tšepahalang, ba etsang sohle seo ba ka se khonang ho sebeletsa Jehova.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
KE ENG SEO BAHOLO LE BATSOALI BA KA SE ETSANG?
Baholo le balebeli ba tsamaeang ka ho khetheha ba lokela ho phehella bahlankana hore ba etse kōpo ea ho tla Bethele. Moraonyana tjena, ho ile ha etsoa lipatlisiso tse sa reroang har’a ba bacha lilemong bao e leng litho tsa lelapa la Bethele ’me ho ile ha fumanoa hore karolo ea 34 lekholong ea bona ka ho khetheha ba ile ba phehelloa ke balebeli ba Bakreste hore ba etse tšebeletso ea Bethele pakane ea bona. E, liphutheho tsa habo bona li ka ’na tsa ba hloloheloa. Empa ho hotle ho hopola hore le hoja Timothea a ne a ikitlaetsa ho phela bophelo bo neng bo e-na le tšusumetso e molemo ho bacha ba bang ba Lystra le Ikoniamo, baholo ha baa ka ba mo thibela hore a e’o sebeletsa hammoho le Pauluse. Ha baa ka ba etsa qeto ea hore phutheho ea bona e tla be e lahlehetsoe ha Timothea a ka tsamaea le moapostola.—1 Timothea 4:14.
Ka ho khethehileng batsoali ba Bakreste e lokela ho ba tšusumetso e ntle ho bana ba bona tabeng ena. Phuputsong eo ho builoeng ka eona pejana, ba etsang karolo ea 40 lekholong ea ba ileng ba botsoa ba boletse hore batsoali ba bona ke bona haholo-holo ba ileng ba ba khothalletsa ho kenela tšebeletso ea Bethele. Morali’abo rōna e mong ea sebelelitseng Bethele ka lilemo tse ’maloa o ile a re: “Bophelo boo batsoali ba ka ba neng ba bo phela tšebeletsong ea Jehova ke bona bo ntšusumelelitseng ho kenela tšebeletso ea Bethele. Ha ke bona mohlala oa bona tšebeletsong ea nako e tletseng, ke ile ka hla ka tseba hore ena e tla ba eona tsela e molemo le e khotsofatsang ka ho fetisisa ea bophelo eo nka e khethang.”
[Lebokose le leqepheng la 24]
BA ANANELA TŠEBELETSO EA BETHELE
“Ke nka tšebeletso ea ka ea Bethele e le ntho ea bohlokoa. Hoa khotsofatsa ho tseba hore ke sebelelitse Jehova letsatsi lohle le hore ke tla etsa se tšoanang hosasane, letsatsing le hlahlamang la hosasane, le matsatsing a mang joalo-joalo. Sena se etsa hore ke be le letsoalo le letle ’me se tlatsa kelello ea ka mehopolo e nepahetseng.”
“Bethele ke sebaka seo ho sona u ka nehelanang ka nako eohle ea hao le matla ’ohle a hao tšebeletsong ea Jehova ntle le tšitiso ea letho. Sena se tlatsa motho thabo ka pelong. Empa u ka boela ua bona mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka pono e fapaneng. U ikutloa u le haufi haholoanyane le setsi sa tšebetso sa mokhatlo oo o hlophisitsoeng, ’me sena se thabisa haholo.”
“Ho tla Bethele ke ntho e molemo ka ho fetisisa e kileng ea nketsahalla. Mona thuto ha e fele. Hape thuto ea mona ha e molemong oa katleho ea ka, empa e molemong oa Jehova. Le ka mohla mosebetsi oa ka e ke ke ea e-ba oa lefeela mona.”
“Ho sebelisa bokhoni boo ke nang le bona mona Bethele ho etsa hore ke ikutloe ke khotsofetse hape ke e-na le khotso hobane ke bo sebelisa molemong oa Jehova le barab’eso.”
“Mosebetsing oa ka oa pele ke ne ke sa fumane khotsofalo ea sebele le thabo. Ka lilemo tse ngata ke ’nile ka lakatsa ho sebetsa le bara le barali beso hammoho le ho ba sebeletsa. Ke ka hoo ke ileng ka tla Bethele. Ke khotsofala e le kannete ka ho tseba hore boiteko ba ka bo tla ruisa ba bang molemo moeeng le ho tlisetsa Jehova thoriso.”