Pale ea Bophelo
Ke Motlotlo ka Lintho Tsa Bohlokoa Tseo ke li Hopolang!
JOALOKAHA HO BOLETSE DRUSILLA CAINE
E ne e le ka 1933, ’me ke ne ke sa tsoa nyalana le Zanoah Caine eo joaloka ’na, e neng e le morekisi oa libuka tsa bolumeli—moevangeli oa nako e tletseng. Ke ne ke thabile haholo, ’me ke ne ke ikemiselitse ho sebetsa le monna oa ka kabelong ea hae e ncha, empa pele nka etsa joalo, ke ne ke hloka baesekele—ntho e neng e le theko e boima eo ke neng nke ke ka e khona, kaha ho ne ho le thata nakong ea ho putlama ha moruo ka bo-1920. Ke ne ke tla etsa eng?
HA BA utloa ka bothata ba ka, baena ba monna oa ka ba ile ba ea thotobolong e haufi ba leka ho fumana likarolo tsa khale tsa libaesekele e le hore ba ka nketsetsa baesekele. Ba ile ba li fumana ba li kopanya, ’me baesekele eo e ile ea sebetsa! Kapele ka mor’a hore ke ithute ho e soaela, ’na le Zanoah re ile ra kena tseleng, ka thabo ra palama ho pholletsa le litereke tsa Manyesemane tsa Worcester le Hereford, re fana ka bopaki ho bohle bao re neng re kopana le bona.
Ke ne ke sa elelloe ho hang hore bohato bona bo bonolo ba tumelo bo ne bo tla fella ka litlhohonolofatso tse tletseng mehopolo e enneng. Leha ho le joalo, motheo oa moea oa bophelo ba ka o raliloe ke batsoali ba ka ba ratehang.
Lilemo Tse Thata Tsa Ntoa e Khōlō
Ke hlahile ka December 1909. Nakoana ka mor’a moo ’Mè o ile a fumana buka e reng The Divine Plan of the Ages, ’me ka 1914 batsoali ba ka ba ile ba nkisa Oldham, Lancashire hore ke il’o bona “Photo-Drama of Creation.” (Ka bobeli li ne li hlahisitsoe ke batho ba tsejoang ka hore ke Lipaki tsa Jehova kajeno.) Le hoja ke ne ke sa le monyenyane, ke hopola ka ho hlaka ha ke ne ke tlōlaka ke thabo ka lebaka la seo ke neng ke se bone! Ka mor’a moo, Frank Heeley o ile a qala sehlopha sa thuto ea Bibele Rochdale, moo re neng re lula teng. Re le lelapa, ho ba teng moo ho ile ha re thusa ho utloisisa Mangolo.
Khotso ea rōna e ile ea senngoa selemong sona seo ha ho qhoma Ntoa e Khōlō—eo hona joale re e bitsang Ntoa ea I ea Lefatše. Ntate o ile a thaotheloa sesole empa ha aa ka a nka lehlakore. O ile a hlalosoa e le “monna ea hlomphehang haholo” ka lekhotleng, ’me koranta ea sebakeng seo e ile ea phatlalatsa mangolo a ’maloa a tsoang ho “bahlomphehi ba neng ba bolela hore ba lumela hore o bua a tiile ha a re ha a batle ho ea ntoeng.”
Leha ho le joalo, ho e-na le hore a lokolloe liqosong ka ho feletseng, Ntate o ile a ngolisoa e le ea ke keng a kopanela “Tšebeletsong ea Ntoa feela.” Kapele-pele o ile a songoa, ’me ho bile joalo le ka ’na le ’Mè. Qetellong, ho behoa ka tlas’a sehlopha se itseng ha Ntate ho ile ha hlahlobisisoa, ’me o ile a abeloa ho ea etsa mosebetsi oa temo, empa lihoai tse ling li ile tsa nka monyetla ka sena ba mo lefa hanyenyane kapa ba sa mo lefe ho hang. E le hore a ka phelisa lelapa, ’Mè o ile a sebetsa—a sebeletsa moputso o monyenyane—a etsa mosebetsi o boima sebakeng sa motho e mong seo ho hlatsuoang liaparo ho sona. Leha ho le joalo, hona joale ke elelloa kamoo ho ’matlafalitseng kateng ho qeta lilemo tsa bocha ba ka ke mamelletse maemo a boima hakaalo; ho ile ha nthusa ho ananela lintho tseo e leng tsa bohlokoa haholoanyane tsa moea.
Tšimoloho e Nyenyane
Daniel Hughes, seithuti se chesehang sa Bibele, e ile ea e-ba karolo ea bophelo ba rōna. O ne a sebetsa ’maeneng oa mashala Ruabon, motsaneng o bohōle ba lik’hilomithara tse 20 ho tloha Oswestry, moo re neng re falletse teng. Malome Dan, kamoo ke neng ke ’mitsa kateng, o ne a tloaetse ho tla lapeng heso, ’me neng le neng ha a ne a re etela, moqoqo oa hae kamehla o ne o le litabeng tsa Mangolo. Le ka mohla o ne a sa sebe batho. Ka 1920 ho ile ha qaloa sehlopha sa thuto ea Bibele Oswestry, ’me ka 1921 Malome Dan o ile a mpha buka ea The Harp of God. Ke ile ka e hlokomela joaloka letlotlo hobane e ne e etsa hore ke utloisise lithuto tsa Bibele haholoanyane.
Ka mor’a moo, ha latela Pryce Hughes,a eo hamorao e ileng ea e-ba molebeli ea okamelang ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova ea London. O ne a lula le lelapa la hae haufinyane Bronygarth, moeling oa Wales, ’me Cissie khaitseli ea hae, e ile ea e-ba motsoalle oa ’Mè ea haufi.
Ke sa hopola thabo ea 1922 ha ho ne ho etsoa tsebiso ea ho ‘phatlalatsa Morena le ’muso oa hae.’ Lilemong tse latelang ka mor’a moo, le hoja ke ne ke sa le sekolong, ke ile ka kopanela ka cheseho ho ajoeng ha lipampitšana tse khethehileng, haholo-holo e bitsoang Ecclesiastics Indicted ka 1924. Ha ke hetla morao lilemong tseo tse leshome, e ne e le tokelo e kaakang ho tloaelana le bara le barali babo rōna ba bangata hakaalo ba tšepahalang—bao har’a bona ho neng ho e-na le Maud Clarkb le molekane oa hae Mary Grant,c Edgar Clay,d Robert Hadlington, Katy Roberts, Edwin Skinnere hammoho le Percy Chapman le Jack Nathan,f bao qetellong ba ileng ba ea thusa ka mosebetsi Canada.
Puo ea Bibele e reng “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa” e ile ea ipaka e le bopaki bo nakong tšimong ea rōna e pharaletseng. Ka la 14 May 1922, Stanley Rogers, mong ka Pryce Hughes, o ile a tloha Liverpool ho tla fana ka puo ena Chirk, motsaneng o ka leboea feela ho toropo ea rōna, ’me hamorao phirimaneng eona eo, puo eo e ile ea fanoa ka Theatereng ea Libaesekopo Oswestry. Ke sa ntse ke e-na le se seng sa limemo tse neng li hatisitsoe bakeng sa ketsahalo ena. Ho pholletsa le nako ena eohle, sehlopha sa rōna se ne se ntse se tsoela pele ho matlafatsoa ke ho eteloa ke balebeli ba tsamaeang ba bararo—bao re neng re tloaetse ho ba bitsa ba etelang libaka—Herbert Senior, Albert Lloyd le John Blaney.
Nako ea ho Etsa Qeto
Ke ile ka etsa qeto ea ho kolobetsoa ka 1929. Ke ne ke le lilemo li 19, ’me ka nako e tšoanang ke ile ka tobana le teko ea ka ea pele ea sebele. Ke ile ka kopana le mohlankana e mong eo ntat’ae e neng e le ralipolotiki. Re ne re hapane maikutlo ’me o ile a kōpa hore re nyalane. Selemong se ka pele ho seo, ho ne ho ile ha lokolloa buka ea Government, ’me ke ile ka mo fa kopi. Empa ka potlako ho ile ha hlaka hore o ne a sa thahaselle ’muso oa leholimo, e leng sehlooho sa buka ena. Ho ithuta ho ile ha etsa hore ke tsebe hore Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba laetsoe hore ba se be le likamano leha e le life tsa lenyalo le ba sa lumelang le hore molao-motheo ona o ne o sebetsa le ho Bakreste. Ka lebaka leo, le hoja ho ne ho le boima ho etsa joalo, ke ile ka hana ho amohela kōpo ea hae.—Deuteronoma 7:3; 2 Bakorinthe 6:14.
Mantsoe ana a moapostola Pauluse a ile a ’matlafatsa: “A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.” (Bagalata 6:9) Malome Dan ea ratehang le eena o ile a nkhothatsa ha a ne a ngola: “Har’a liteko tse nyenyane le tse khōlō, u nahane ka lengolo la Baroma 8 temana ea 28,” e reng: “Joale rea tseba hore Molimo o etsa hore mesebetsi ea hae eohle e sebelisane hammoho molemong oa ba ratang Molimo, ba bitsitsoeng ho ea ka morero oa hae.” Ho ne ho se bonolo, empa ke ne ke tseba hore ke entse qeto e nepahetseng. Selemong sona seo ke ile ka ngolisa ke le morekisi oa libuka tsa bolumeli.
Ho Tobana le Phepetso
Ka 1931 re ile ra amohela lebitso la rōna le lecha, Lipaki tsa Jehova, ’me selemong sona seo re ile ra futuha ka mahlahahlaha re sebelisa bukana e reng The Kingdom, the Hope of the World. Ralipolotiki, moruti le rakhoebo e mong le e mong ba ile ba fuoa kopi ea eona. Tšimo ea ka e ile ea atoloha ho tloha Oswestry ho ea fihla Wrexham, bohōle ba lik’hilomithara tse 25 ho ea ka leboea. Ho ne ho le boima ho e akaretsa kaofela.
Selemong se latelang kopanong Birmingham, ho ile ha etsoa khoeletso ea baithaopi ba 24. Re ile ra fana ka mabitso a rōna re le 24, ’me re chesehela ho qala ho etsa tšobotsi e ncha ea tšebeletso, eo re neng re sa e tsebe. Ak’u nahane kamoo re ileng ka makala kateng ha re aroloa ka lihlopha hore re fane ka bukana eona eane, The Kingdom, the Hope of the World, ha ka nako e tšoanang re ntse re jere liplakate tse boima tse phatlalatsang ’Muso.
Re ne re sebetsa sebakeng se tlas’a taolo ea mobishopo, ke ne ke hlajoa ke lihlong haholo hobane ke ne ke shebiloe ke batho, empa ke ile ka ikhothatsa ka hore ha ho motho ea ntsebang motseng oo. Leha ho le joalo, motho oa pele ea ileng a tla ho ’na e ne e le eo nkileng ka kena sekolo le eena, o ile a ncheba eaba o re: “U kenoe ke’ng ha u apere ka tsela ee?” Phihlelo ena e ile ea tlosa ho tšaba batho leha e le hofe hoo mohlomong ke neng nka ba le hona!
Ho Fallela Sebakeng se Hōle
Ka 1933, ke ile ka nyaloa ke Zanoah, monna ea shoetsoeng ke mosali ea neng a le moholo ho ’na ka lilemo tse 25. Mosali oa hae oa pele e ne e le Seithuti se chesehang sa Bibele, ’me Zanoah o ne a lutse a tšepahetse kabelong ea hae le ka mor’a lefu la hae. Ka mor’a moo, re ile ra tloha Engelane ’me ra ea tšimong ea rōna e ncha Wales Leboea, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 140. Mabokose, lisutuk’heisi le lintho tse ling tsa bohlokoa li ne li pakellane ka mokhoa o kotsi holim’a linaka tsa libaesekele tsa rōna, li kentsoe le pakeng tsa linaka tsa baesekele ebile li leketla le mahlakoreng lebiling le ka morao, empa re ile ra fihla moo re neng re e-ea teng re bolokehile! Kabelong eo, libaesekele tsa rōna e ne e le tsa bohlokoa haholo—li ne li re isa hohle, esita le haufi le tlhōrō ea Cader Idris, thaba ea Wales e bophahamo ba limithara tse ka bang 900. Ho ne ho thabisa haholo ho fumana batho ba neng ba lapetse ho utloa “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.”—Matheu 24:14.
E ne e se nako e telele re le moo ha batho ba re bolella hore monna e mong ea bitsoang Tom Pryce o ne a ntse a ba pakela joaloka rōna. Qetellong re ile ra ea moo Tom a lulang teng Long Mountain, haufi le Welshpool—’me re ile ra makala hakaakang! Nakong eo ke neng ke qala ho fana ka bopaki, ke ne ke ile ka mo siela buka ea Reconciliation e leng thuso ea ho ithuta Bibele. O ile a ithuta eona ka boeena, a ngolla London bakeng sa lingoliloeng tse eketsehileng, ’me ho tloha ka nako eo o ’nile a tsoela pele ka cheseho a arolela ba bang tumelo ea hae e ncha. Re ile ra thabela lihora tse ngata tsa botsoalle bo thabisang, ka linako tse ling re ne re ithuta hammoho re le bararo e le hore re ka khothatsana.
Koluoa e Lebisa Litlhohonolofatsong
Ka 1934 barekisi bohle ba libuka tsa bolumeli ba haufi le Wales Leboea ba ile ba memeloa toropong ea Wrexham e le hore ba ka thusa ho aba bukana e reng Righteous Ruler. Letsatsi pele re qala ka phutuho ena ea bohlokoa, ho ne ho bile le koluoa ea sechaba. Ho phatloha ha ’maene oa mashala oa Gresford, o bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ka leboea ho Wrexham, ho ne ho bolaile basebetsi ba ’maene ba 266. Bana ba fetang 200 ba ne ba setse ba se na bo-ntate, ’me basali ba 160 e le bahlolohali.
Re ne re lokela ho ngola lenane la ba shoetsoeng, re ba etele ka borōna le ho ba siela bukana. Har’a mabitso ao ke ileng ka a fuoa e ne e le la Mofumahali Chadwick ea neng a lahlehetsoe ke mora ea lilemo li 19. Ha ke fihla, Jack, mora oa hae e moholo o ne a le teng ho tla tšelisa ’m’ae. Mohlankana enoa o ne a ntseba empa ha aa ka a bua. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a bala bukana ena eaba o phenyekolla bukana e ’ngoe e reng The Final War, eo ke neng ke mo sietse eona lilemong tse seng kae pejana.
Jack le mosali oa hae May, ba ile ba tseba moo ke neng ke lula teng ’me ba tla bakeng sa lingoliloeng tse eketsehileng. Ka 1936, ba ile ba lumela ha liboka li tšoareloa ntlong ea bona Wrexham. Ka mor’a hore re eteloe ke Albert Lloyd likhoeli tse tšeletseng hamorao, ho ile ha thehoa phutheho ’me Jack Chadwick ea e-ba eena molebeli ea okamelang. Hona joale ho se ho e-na le liphutheho tse tharo Wrexham.
Bophelo K’haraveneng ea Magypsy
Ho tla fihlela nakong ena, re ne re lula kae kapa kae kaha re ne re tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, empa Zanoah o ile a etsa qeto ea hore nako e fihlile ea hore re be le ntlo ea rōna, eo re neng re ka tsamaea le eona ho tloha sebakeng se itseng ho ea ho se seng. Monna oa ka e ne e le ’metli ea nang le phihlelo oa lintho tsa boholo-holo tsa Magypsy, kahoo o ile a re hahela k’haravene ea Magypsy. Re ne re e bitsa Elizabeth, lebitso la Bibele le bolelang “Molimo oa Nala.”
Ka ho khetheha ke sa hopola sebaka se seng seo re ileng ra lula ho sona—e ne e le serapeng sa lifate tsa litholoana haufi le molapo. Ho ’na e ne eka ke Paradeise! Ha ho letho le ileng la senya thabo ea lilemo tseo re ileng ra li qeta hammoho ka har’a k’haravene eo, le hoja ho ne ho totobetse hore e haelloa ke ho hongata. Boemong ba leholimo bo batang, hangata likobo li ne li hoama le ho khomarela maboteng a k’haravene, ’me rothe e ne e le bothata ba kamehla. Re ne re tlameha ho kha metsi, ka linako tse ling libakeng tse hōle, empa re ile ra feta har’a maemo ao a thata hammoho.
Mariheng a mang ke ne ke kula ’me re e-na le lijo tse nyenyane le chelete e le sieo. Zanoah o ile a lula holim’a bethe, a tšoara letsoho la ka ’me a mpalla Pesaleme ea 37:25 e reng: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” A ncheba ’me a re: “Haeba ho sa etsahale letho kapele, re tla ba bakōpi, ’me Molimo a ke ke a lumela hore ntho e joalo e etsahale!” Eaba o il’o pakela baahelani ba rōna.
Ha Zanoah a khutla har’a motšehare e le hore a ka tla nketsetsa se nooang, o ne a emetsoe ke enfelopo. E ne e e-na le £50 (R500) e tsoang ho ntate oa hae. Lilemong tse ’maloa pejana Zanoah o ne a ile a qosoa ka ho qhekella, empa e ne e le hona ho neng ho sa tsoa fumanoa hore o hloka molato. Ena e ne e le puseletso. E ile ea fihla ka nako e tšoanelehang hakaakang!
Thuto e Molemo Qetellong
Ka linako tse ling re hlokomela lintho tse itseng ha ho se ho fetile lilemo tse ngata. Ka mohlala: Pele ke tlohela sekolo ka 1927, ke ile ka pakela liithuti-’moho le ’na le matichere ’ohle—ntle ho e le ’ngoe, Lavinia Fairclough. Erekaha ho ne ho se ea nang le thahasello ho seo ke batlang ho se etsa ka bophelo ba ka, ebile re sa utloane hantle le Mofumahatsana Fairclough, ke ile ka etsa qeto ea ho se mo bolelle letho. Ak’u nahane tsela eo ke ileng ka makala ka eona—le ho nyakalla—ha ka mor’a lilemo tse 20 ’Mè a mpolella hore tichere ena e ikhatile mehlala ea etela metsoalle ea eona ea khale le barutoana ho ba bolella hore e ne e se e le e mong oa Lipaki tsa Jehova!
Ha re teana, ke ile ka mo hlalosetsa lebaka leo ke sa kang ka mo bolella ka tumelo ea ka ka lona le mosebetsi oo ke neng ke batla ho o etsa pejana. O ile a mamela ka khutso eaba o re: “Haesale ke ntse ke batla ’nete. Esale ke e nyoretsoe bophelo bohle!” Phihlelo ena e bile thuto e molemo ho ’na qetellong—hore le ka mohla ke se tlohele ho pakela bohle bao ke kopanang le bona le hore ke se ahlole mang kapa mang.
Ntoa e ’Ngoe Hape—Le ka Mor’a Eona
Bofelong ba bo-1930 ho ne ho e-na le tšokelo e ’ngoe hape ea ntoa. Dennis, khaitseli ea ka eo ke mo sieang ka lilemo tse 10, o ile a lokolloa hore a se ee sesoleng hafeela a lula mosebetsing oa hae oa boipheliso. O ne a se na thahasello e kaalo ’neteng, kahoo ’na le molekane oa ka re ile ra kōpa pula-maliboho ea haufi Rupert Bradbury le moen’ae David ho mo etela. Ba ile ba etsa joalo ’me ba ithuta Bibele le eena. Dennis o ile a kolobetsoa ka 1942, hamorao a kenela tšebetso ea bopula-maliboho, ’me ka 1957 a khethoa hore e be molebeli ea tsamaeang.
Morali oa rōna Elizabeth, o hlahile ka 1938, ’me e le hore re ka ba malala-a-laotsoe bakeng sa lelapa, Zanoah o ile a atolosa k’haravene ea rōna. Ha Eunice, morali oa rōna oa bobeli a hlaha ka 1942, e ile ea bonahala e le ntho e utloahalang ho batla ntlo e tsitsitseng. Ka lebaka lena, Zanoah o ile a emisa ka bopula-maliboho ka lilemo tse ’maloa, eaba re fallela ntlong e nyenyane haufi le Wrexham. Hamorao re ile ra lula Middlewich seterekeng se bapileng le sa Cheshire. Ha re le moo, monna oa ka ea ratehang o ile a shoa ka 1956.
Barali ba rōna ba babeli e ile ea e-ba baevangeli ba nako e tletseng, ’me ka bobeli ba thabile manyalong a bona. Eunice le molekane oa hae, eo e leng moholo, ba sa ntse ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng London. Monna oa Elizabeth le eena ke moholo phuthehong, ’me ke thabela ho ba le bona, bana ba bona, le litloho-tloholoana tsa ka tse ’nè tse lulang haufi le ’na Preston, Lancashire.
Ke motlotlo hore ebe ke khona ho tsamaea ho tloha monyakong oa folete ea ka ha ke e-ea Holong ea ’Muso e ka mose ho tsela. Lilemong tsa morao tjena, ke kopanela le sehlopha se buang Segujarati, seo le sona se kopanelang moo. Ho ithuta puo hase ntho e bonolo hobane ke se ke batla ke sa utloe litsebeng. Ka linako tse ling ho ba thata ho utloa melumo e ipatileng, joalokaha batho ba bacha ba khona ho e utloa. Empa ke phephetso e thahasellisang.
Ke sa ntse ke khona ho etsa mosebetsi oa boboleli ba ntlo le ntlo le ho khanna lithuto tsa Bibele ntlong ea ka. Ha metsoalle e nketela, kamehla hoa thabisa ho pheta liphihlelo tsa nako e fetileng. Ke motlotlo ka mehopolo eohle ea litlhohonolofatso tseo ke bileng le tsona ha ke ntse ke sebetsa hammoho le batho ba Jehova ka lilemo tse ka bang 90.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ea Pryce Hughes, “Ho Tsamaisana le Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Tšepahalang” e ile ea hlaha ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 1, 1963.
b Lipale tsa bophelo ba bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova li hlahile litokollong tsa pejana tsa Molula-Qhooa.
c Lipale tsa bophelo ba bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova li hlahile litokollong tsa pejana tsa Molula-Qhooa.
d Lipale tsa bophelo ba bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova li hlahile litokollong tsa pejana tsa Molula-Qhooa.
e Lipale tsa bophelo ba bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova li hlahile litokollong tsa pejana tsa Molula-Qhooa.
f Lipale tsa bophelo ba bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova li hlahile litokollong tsa pejana tsa Molula-Qhooa.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Sememo se phatlalatsang sehlooho sa puo ea Bibele e reng “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa,” eo ke e utloileng ka la 14 May, 1922
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le Zanoah ka mor’a lenyalo la rōna ka 1933
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke eme haufi le “Elizabeth,” k’haravene ea rōna e hahiloeng ke monna oa ka