Le se ke la Tela ho Etsa se Setle
“A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—BAGALATA 6:9.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala mamello e le hore motho a sebeletse Molimo? (b) Abrahama o ile a bontša mamello joang, ’me ke eng e ileng ea mo thusa ho etsa joalo?
JOALOKA Lipaki tsa Jehova, re thabela ho etsa thato ea Molimo. Re boetse re khatholloa ke ho jara “joko” ea ho ba barutuoa. (Matheu 11:29) Leha ho le joalo, ho sebeletsa Jehova le Kreste ha ho bonolo kamehla. Moapostola Pauluse o ile a hlakisa sena ha a phehella Bakreste-’moho le eena, a re: “Ho hlokahala hore le be le mamello, e le hore, ka mor’a hore le etse thato ea Molimo, le ka amohela phethahatso ea tšepiso.” (Baheberu 10:36) Ho hlokahala mamello hobane ho sebeletsa Molimo e ka ba phephetso.
2 Bophelo ba Abrahama bo hlile bo paka ntlha ena. Ka makhetlo a mangata o ne a tobana le ho khetha lintho tse thata le maemo a hatellang. Litaba li qalile ha a laeloa hore a tlohele bophelo ba boiketlo Ure. Kapele feela o ile a tobana le tlala ea boja-likata, ho tšoaroa hampe ke baahelani, ho batla a nkeloa mosali, bora ba batho ba bang ba habo le sehlōhō sa ntoa. Liteko tse khōlō e ne e le hona li tla tla. Empa Abrahama ha aa ka a tela ho etsa se setle. Hona hoa tsoteha ha u nahana hore, ho fapana le rōna kajeno, o ne a se na Lentsoe la Molimo le feletseng. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore o ne a tseba boprofeta ba pele, boo ho bona Molimo a neng a itse: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae.” (Genese 3:15) Kaha Peō e ne e tla tla ka Abrahama, hoa utloahala hore ke eena eo Satane, joaloka sera, a neng a tla mo korola ho feta bohle. Ha ho pelaelo hore Abrahama o ile a thusoa ke ho hlokomela ntlha ena hore a mamelle liteko tsa hae ka thabo.
3. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Jehova kajeno ba lokela ho lebella matšoenyeho? (b) Bagalata 6:9 e re fa khothatso efe?
3 Kajeno batho ba Jehova le bona ba lokela ho lebella matšoenyeho. (1 Petrose 1:6, 7) Ha e le hantle, Tšenolo 12:17 e re lemosa hore Satane o “loantša” masala a tlotsitsoeng. Kaha “linku tse ling” li na le kamano e haufi le batlotsuoa, Satane o li halefela ka tsela e tšoanang. (Johanne 10:16) Ho sa tsotellehe khanyetso eo Bakreste ba ka ’nang ba thulana le eona bosebeletsing ba bona ba phatlalatsa, le bona ba ka ’na ba ba le likhatello tse lekang bophelong ba bona. Pauluse oa re khothatsa: “A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.” (Bagalata 6:9) E, le hoja Satane a ikemiselitse ho senya tumelo ea rōna, re tlameha ho mo hanyetsa, re tiile tumelong. (1 Petrose 5:8, 9) Ho tsamaea ha rōna ka botšepehi ho ka fella ka eng? Jakobo 1:2, 3, ea hlalosa: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello.”
Tlhaselo e Tobileng
4. Satane o sebelisitse litlhaselo tse tobileng ka boiteko ba ho senya botšepehi ba batho ba Molimo joang?
4 Bophelo ba Abrahama bo hlile bo bontša “liteko tse sa tšoaneng” tseo Mokreste a ka talimanang le tsona kajeno. Ka mohlala, o ile a lokela ho nka khato ha bahlaseli ba tsoang Shinare ba futuha. (Genese 14:11-16) Ha ho makatse hore Satane o ntse a tsoela pele ho hlasela ka ho toba ka mahloriso. Ho tloha qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, linaha tse ngata li thibetse mosebetsi oa ho ruta oa Bokreste oa Lipaki tsa Jehova. Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001 e tlaleha pefo ea lira eo Bakreste ba ileng ba tlameha ho e mamella Angola. Kaha ba tšepile Jehova, barab’abo rōna ba linaheng tse joalo, ba hanne ka tieo ho tlohela! Ha baa nka khato ka ho ba mabifi kapa ka ho ba bafetoheli empa ba e nkile ka ho phehella ka masene mosebetsing oa boboleli.—Matheu 24:14.
5. Bacha ba Bakreste ba ka hlaseloa ka mahloriso joang sekolong?
5 Leha ho le joalo, hase kamehla mahloriso a akarelletsang pefo. Qetellong Abrahama o ile a hlohonolofatsoa ka bara ba babeli—Ishmaele le Isaka. Genese 21:8-12 e re bolella hore ketsahalong e ’ngoe Ishmaele o ne a “soma” Isaka. Lengolong la hae le eang ho Bagalata, Pauluse o bontša hore sena e ne e le ntho e tebileng ho feta papali feela ea bongoana, hobane o hlalosa hore Ishmaele o ne a hlorisa Isaka! (Bagalata 4:29) Ho nepahetse hore litšomo tse etsoang ke liithuti tse ling sekolong le mantsoe a hlabang a bahanyetsi li bitsoe mahloriso. Mokreste e mong e monyenyane ea bitsoang Ryan o hopola kamoo liithuti-’moho le eena sekolong li neng li mo hlorisa kateng: “Leeto la metsotso e 15 la ho ea le ho khutla sekolong ka bese le ne le bonahala eka le nka lihora kahobane ke ne ke hlapaoloa. Ba ne ba nchesa ka lipele tse qhoaelang lipampiri tseo ba neng ba li futhumalitse ka lintho tse hotetsang sakerete.” O ne a tšoaroa hampe tjee ka lebaka lefe? “Thuto eo ke neng ke e fumana ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo e ne e nketsa ea fapaneng le bacha ba bang sekolong.” Leha ho le joalo, Ryan o ile a mamella ka botšepehi ka lebaka la ho tšehetsoa ke batsoali ba hae. Bacha, na ho tšehoa ke lithaka ho etsa hore le ikutloe le nyahame? Le se ke la tela! Ha le mamella ka botšepehi, mantsoe ana a Jesu a reng: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka,” a tla phethahala ho lōna.—Matheu 5:11.
Matšoenyeho a Letsatsi le Letsatsi
6. Ke lintho life tse ka senyang likamano pakeng tsa Bakreste-’moho kajeno?
6 Boholo ba liteko tseo re talimanang le tsona kajeno li akarelletsa matšoenyeho a tloaelehileng a letsatsi le letsatsi. Abrahama o ne a tlameha ho mamella khohlano e neng e kene lipakeng tsa balisa ba hae le ba Lota, ngoan’a ngoan’abo. (Genese 13:5-7) Ka tsela e tšoanang kajeno, liqabang le poulelo e nyenyane li ka senya likamano esita le ho sokela khotso ea phutheho. “Moo poulelo le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng.” (Jakobo 3:16) Ke habohlokoa hakaakang hore joaloka Abrahama, re se ke ra tela empa re hanele boikhohomoso ho senya khotso, ’me re batle lithahasello tsa ba bang!—1 Bakorinthe 13:5; Jakobo 3:17.
7. (a) Motho o lokela ho etsa’ng haeba a khopisitsoe ke Mokreste-’moho le eena? (b) Abrahama o ile a beha mohlala o motle joang oa ho boloka likamano tse ntle le ba bang?
7 Ho ba ba nang le khotso e ka ba phephetso haeba re nahana hore molumeli-’moho le rōna o re tšoere ka leeme. Liproverbia 12:18 e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” Mantsoe a buuoang ho sa nahanoa, le haeba a buuoa ka ho hloka tsebo, a ka hlaba. Bohloko bo ba boholo haholo haeba re nahana hore re etselelitsoe kapa re sebuoe ka sehlōhō. (Pesaleme ea 6:6, 7) Empa Mokreste a ke ke a tela ka lebaka la ho khena! Haeba u boemong bo joalo, qala ka ho nka bohato ba ho lokisa litaba ka ho bua ka mosa le ea u khopisitseng. (Matheu 5:23, 24; Baefese 4:26) U sekamele ho tšoareleng motho eo. (Bakolose 3:13) Ka ho tlohela ho hlonama, re etsa hore ho be bonolo ho kokobetsa maikutlo a rōna le ho ntlafatsa kamano ea rōna le mor’abo rōna. Abrahama ha aa ka a lula a hlonametse Lota. Ha e le hantle, Abrahama o ile a potlakela ho ea sireletsa Lota le lelapa la hae!—Genese 14:12-16.
Liteko Tseo re Itlisetsang Tsona
8. (a) Bakreste ba ka ‘itlhaba hohle ka bohloko bo boholo’ joang? (b) Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a khona ho ba le pono e leka-lekaneng ka lintho tse bonahalang?
8 Ke ’nete hore liteko tse ling ke tseo re itlisetsang tsona. Ka mohlala, Jesu o ile a laela balateli ba hae: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe.” (Matheu 6:19) Empa bara ba bang babo rōna ‘ba itlhaba hohle ka bohloko bo boholo’ ka ho etelletsa lintho tse bonahalang ka pele ho litaba tse amanang le ’Muso. (1 Timothea 6:9, 10) Abrahama o ne a ikemiselitse ho tela boiketlo ba lintho tse bonahalang e le hore a thabise Molimo. “Ka tumelo o ile a lula e le mojaki naheng ea tšepiso joaloka naheng esele, ’me a lula litenteng le Isaka le Jakobo, majalefa le eena a tšepiso e tšoanang. Etsoe o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheberu 11:9, 10) Tumelo ea Abrahama ‘motseng’ oa nakong e tlang, kapa pusong ea Molimo, e ile ea mo thusa hore a se ke a tšepa maruo. Na hase bohlale hore re etse se tšoanang?
9, 10. (a) Takatso ea botumo e ka baka teko joang? (b) Mor’abo rōna a ka itšoara joaloka “e monyenyane” joang kajeno?
9 Nahana ka ntlha e ’ngoe. Bibele e fana ka tataiso ena e matla: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.” (Bagalata 6:3) Ho feta moo, re phehelloa hore re se ke ra etsa “letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong.” (Bafilipi 2:3) Ba bang ba itlisetsa liteko ka ho sitoa ho sebelisa keletso ena. Ka lebaka la ho khannoa ke takatso ea botumo ho e-na le takatso ea ho etsa “mosebetsi o motle,” baa nyahama ’me ha ba khotsofale ha ba sa fumane litokelo ka phuthehong.—1 Timothea 3:1.
10 Abrahama o ile a beha mohlala o motle tabeng ea “hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang.” (Baroma 12:3) Ha Abrahama a kopana le Melkizedeke, ha aa ka a etsa eka o phahame ka lebaka la boemo ba hae bo khethehileng ho Molimo. Ho fapana le moo, o ile a amohela boemo bo phahameng ba Melkizedeke e le moprista ka ho mo lefa karolo ea leshome. (Baheberu 7:4-7) Ka mokhoa o tšoanang, kajeno Bakreste ba lokela ho ikemisetsa ho itšoara joaloka ‘ba banyenyane’ le hore ba se ke ba batla ho hlahella. (Luka 9:48) Haeba ho bonahala ba etellang pele ka phuthehong ba sa u fe litokelo tse itseng, itlhahlobe ka hloko ho bona hore na ho hlokahala hore u ntlafatse hokae bothong ba hao kapa tseleng eo u etsang lintho ka eona. Ho e-na le ho hlonama ka lebaka la litokelo tseo u se nang tsona, sebelisa ka botlalo tokelo eo u nang le eona—tokelo ea ho thusa ba bang hore ba tsebe Jehova. E, “ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka [u] phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:6.
Ho Lumela Lintho Tse sa Bonoeng
11, 12. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ka phuthehong e ka ’na eaba ba hlokomolohile taba ea hore boemo bo potlakile? (b) Abrahama o ile a beha mohlala o motle joang ka ho theha bophelo ba hae litšepisong tsa Molimo?
11 Teko e ’ngoe e ka ’na ea akarelletsa ho bonahalang eka ke ho lieha ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Ho ea ka 2 Petrose 3:12, Bakreste ba lokela ho ‘leta ’me ba lule ba hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’ Leha ho le joalo, ba bangata ba letetse “letsatsi” lena ka lilemo, ba bang ka mashome a lilemo. Ka lebaka leo, ba bang ba ka ’na ba nyahama ’me ba hlokomoloha taba ea hore boemo bo potlakile.
12 Ak’u nahane hape ka mohlala oa Abrahama. O ile a theha bophelo bohle ba hae litšepisong tsa Molimo, le hoja ho ne ho se na monyetla oa hore li tla phethahala kaofela bophelong ba hae. Ke ’nete hore o ile a phela nako e lekaneng hore a bone ha mora oa hae Isaka a hōla. Empa ho ne ho tla nka makholo a lilemo pele lesika la Abrahama le ka bapisoa le “linaleli tsa maholimo” kapa “lehlabathe le lebōpong la leoatle.” (Genese 22:17) Leha ho le joalo, Abrahama ha aa ka a hlonama kapa a nyahama. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a bua tjena ka Abrahama le bapatriareka ba bang: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela ’me ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.”—Baheberu 11:13.
13. (a) Bakreste kajeno ba tšoana le “baahi ba nakoana” joang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a tla felisa tsamaiso ee ea lintho?
13 Haeba Abrahama a ne a ka theha bophelo ba hae litšepisong tse “hōle” le ho phethahala, re ka mo etsisa haholoanyane hakaakang kajeno kaha lintho tsee li haufi haholo le ho phethahala! Joaloka Abrahama, re lokela ho nka hore re “baahi ba nakoana” tsamaisong ea Satane, re hane ho tsitsa bophelong ba boikhotsofatso. Ha ho pelaelo hore re ka lakatsa hore “bofelo ba lintho tsohle” bo fihle hona joale, eseng bo be haufi feela. (1 Petrose 4:7) Mohlomong re tšoeroe ke maloetse a tebileng. Kapa mohlomong re imetsoe ke mathata a lichelete. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore Jehova ha a tlise bofelo feela hore a re lopolle maemong a bohloko empa o bo tlisetsa ho halaletsa lebitso la hae. (Ezekiele 36:23; Matheu 6:9, 10) Bofelo bo tla tla ka nako e molemo ka ho fetisisa bakeng sa merero ea Jehova eseng hakaalo ka nako e loketseng rōna.
14. Ho se fele pelo ha Molimo ho tsoela Bakreste molemo joang kajeno?
14 Hape, u hopole hore “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Hlokomela, Molimo “ha a le felle pelo”—lōna litho tsa phutheho ea Bokreste. Ho hlakile hore ba bang ba rōna ba hloka nako e eketsehileng ea ho etsa liphetoho e le hore ‘qetellong a re fumane re se na letheba ebile re se na sekoli ’me re le khotsong.’ (2 Petrose 3:14) Joale, na ha rea lokela ho leboha hore ebe Molimo o bontšitse ho se fele pelo ho joalo?
Fumana Thabo ho sa Tsotellehe Litšitiso
15. Jesu o ile a khona joang ho lula a thabile har’a liteko, ’me ho mo etsisa ho ruisa Bakreste molemo joang kajeno?
15 Bophelo ba Abrahama bo ruta Bakreste lintho tse ngata kajeno. Ha aa ka a bontša tumelo feela empa o bontšitse le ho se fele pelo, masene, sebete le lerato le se nang boithati. Bophelong ba hae o ne a etelletsa borapeli ba Jehova pele. Leha ho le joalo, re tlameha ho hopola hore mohlala o moholo ka ho fetisisa oo re ka o etsisang ke o ileng oa behoa ke Jesu Kreste. Le eena o ile a tobana le liteko tse ngata, empa har’a tsona kaofela, ha aa ka a felloa ke thabo. Hobane’ng? Hobane kelello ea hae e ne e lutse tšepong ea nako e tlang. (Baheberu 12:2, 3) Pauluse o ile a rapela ka tsela ena: “Joale e se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka etsa hore har’a lōna le be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.” (Baroma 15:5) Ha boikutlo ba rōna ba kelello bo nepahetse, re ka thaba ho sa tsotellehe litšitiso tseo Satane a ka ’nang a li beha tseleng ea rōna.
16. Re ka etsa’ng ha ho bonahala mathata a hloele manolo holimo?
16 Ha ho bonahala mathata a hloele manolo holimo, ikhopotse hore Jehova o u rata joalokaha a ne a rata Abrahama. O batla hore u atlehe. (Bafilipi 1:6) Tšepa Jehova ka ho feletseng, u kholisehile hore ‘a ke ke a u tlohela hore u lekoe ho feta seo u ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a u bulele tsela ea ho tsoa e le hore u khone ho o mamella.’ (1 Bakorinthe 10:13) Itloaetse ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. (Pesaleme ea 1:2) Tiisetsa thapelong, u ntse u kōpa Jehova hore a u thuse ho mamella. (Bafilipi 4:6) O tla “fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.” (Luka 11:13) Sebelisa litokisetso tseo Jehova a li etselitseng ho u matlafatsa moeeng, tse kang lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Hape, u batle tšehetso ea mokhatlo oa bara ba motho. (1 Petrose 2:17) U be teng ka botšepehi libokeng tsa Bokreste, hobane ke hona moo u tla fumana khothatso eo u e hlokang e le hore u mamelle. (Baheberu 10:24, 25) Thabela kholiseho ea hore mamello ea hao e isa boemong bo amohelehang mahlong a Molimo le hore botšepehi ba hao bo thabisa pelo ea hae!—Liproverbia 27:11; Baroma 5:3-5.
17. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa inehelle ho nyahama?
17 Molimo o ne a rata Abrahama joaloka “motsoalle” oa hae. (Jakobo 2:23) Leha ho le joalo, Abrahama o ne a phela har’a liteko tse boima le matšoenyeho. Kahoo, Bakreste ba ka lebella se tšoanang ‘matsatsing ana a ho qetela’ a khopo. Ha e le hantle, Bibele e re lemosa hore “batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Timothea 3:1, 13) Ho e-na le ho inehella ho nyahama, hlokomela hore likhatello tseo re thulanang le tsona ke bopaki ba hore bofelo ba tsamaiso e khopo ea Satane bo haufi. Empa Jesu o re hopotsa hore “ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:13) Kahoo, ‘u se ke ua tela ho etsa se setle!’ Etsisa Abrahama, ’me u be har’a bao “ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.”—Baheberu 6:12.
Na U Hlokometse?
•Ke hobane’ng ha kajeno batho ba Jehova ba lokela ho lebella liteko le matšoenyeho?
•Satane a ka sebelisa litlhaselo tse tobileng ka litsela life?
•Liqabang li ka rarolloa joang lipakeng tsa Bakreste?
•Boikhohomoso le ho ipolelisa li ka baka liteko joang?
•Abrahama o ile a beha mohlala o motle joang ka ho letela phethahatso ea litšepiso tsa Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Bacha ba bangata ba Bakreste baa hlorisoa, ba songoa ke lithaka
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Mehleng ea Abrahama litšepiso tsa Molimo li ne li le “hōle” le ho phethahala, empa o ile a theha bophelo ba hae ho tsona