Molao oa Khauta—Thuto e Akaretsang
“Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.
JESU KRESTE o buile mantsoe ana hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng Thutong ea hae e tummeng ea Thabeng. Ho pholletsa le makholo a lilemo ho tloha ka nako eo, ho builoe ha ba ha ngoloa ho hongata mabapi le mantsoe ana a bonolo. Har’a lintho tse ling, a hlalositsoe e le “oona motheo oa bohlokoa oa Mangolo,” “makolopetso a boikarabelo ba Mokreste ho moahelani oa hae,” le “thuto ea motheo ea litekanyetso tsa boitšoaro.” A tsebahala haholo hoo hangata a bitsoang Molao oa Khauta.
Leha ho le joalo, Molao oa Khauta ha oa amoheloa ke ba ipolelang e le Bakreste feela. Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, Bobuddha le filosofi ea Bagerike kaofela li ile tsa qaqisa ’nete ena ea litekanyetso tsa boitšoaro ka tsela e ’ngoe e itseng. Mantsoe a Confucius, ea hlomphuoang ka tsela ea borapeli Bochabela e le mohlalefi le tichere e khōlōhali, a tumme, haholo-holo ho batho ba Bochabela bo Hōle. Ho The Analects, e leng buka ea boraro har’a tse bitsoang Four Books tsa Confucius, re fumana mohopolo oo o boletsoe ka makhetlo a mararo. Ha a arabela lipotso tsa liithuti, ka makhetlo a mabeli Confucius o ile a re: “Seo le sa batleng ha se etsoa ho lōna, le se ke la se etsa ho ba bang.” Ka lekhetlo le leng, ha morutoana oa hae Zigong a ne a ikonka a re, “Seo ke sa batleng ha ba bang ba se etsa ho ’na, ka ho tšoanang ha ke batle ho ba etsa sona,” tichere e ile ea arabela ka mokhoa ona o bontšang ho nahana ka ho tebileng ea re, “E, empa sena ha u e-s’o khone ho se etsa.”
Ha motho a bala mantsoe ana, a ka elelloa hore polelo ea Confucius ke tsela e ’ngoe ea ho bua se tšoanang le seo Jesu a ileng a se bua hamorao. Phapang e totobetseng ke hore Molao oa Khauta oo Jesu a o boletseng o ne o hloka khato e nepahetseng ea ho etsa se molemo ho ba bang. Nka hore batho ba ne ba phela tumellanong le polelo ea Jesu e nang le boikutlo bo nepahetseng, ba tsotella ba bang ba bile ba etsa matsapa a ho ba thusa, ba phela ka litekanyetso tsena letsatsi le leng le le leng. Na u nahana hore seo se ne se tla etsa hore lefatše kajeno e be sebaka se molemo? Kantle ho pelaelo ho ne ho tla ba joalo.
Ebang molao ona o ngotsoe ka tsela e khothalletsang ho nka khato e nepahetseng kapa che, kapa ebang o ngotsoe ka tsela leha e le efe e ’ngoe, ntho ea bohlokoa ke hore batho ba phelang mehleng e fapaneng le libakeng tse fapaneng le ba limelo tse sa tšoaneng ba behile tšepo ea bona khopolong ea Molao oa Khauta. Ka ho hlakileng sena se bontša hore mantsoe ao Jesu a ileng a a bua Thutong ea Thabeng ke thuto e akaretsang e amang bophelo ba batho hohle ho sa tsotellehe hore na ba phela nakong efe.
Ak’u ipotse: ‘Na nka rata ho tšoaroa ka tsela e nang le tlhompho, e hlokang leeme, le e tšepahalang? Na nka lakatsa ho phela lefatšeng le se nang lehloeo la morabe, tlōlo ea molao le ntoa? Na nka rata ho ba karolo ea lelapa leo ho lona e mong le e mong a amehang ka maikutlo le boiketlo ba ba bang?’ Ha e le hantle, ke mang ea neng a ka hana menyetla e kang ee? Ntho e sehlōhō ke hore maemo ana a thabeloa ke batho ba seng bakae feela. Batho ba bangata ha ba na le tšepo feela ea ho fumana lintho tse kang tsena.
Molao oa Khauta oa Silafatsoa
Ho pholletsa le histori, ho bile le liketsahalo tsa tlōlo ea molao khahlanong le moloko oa batho tseo ho tsona litokelo tsa batho li ileng tsa hlokomolohuoa ka ho feletseng. Litlōlo tsena tsa molao li akarelletsa khoebo ea makhoba a tsoang Afrika, likampo tsa polao tsa Manazi, ho qobella bana ho sebetsa ka thata le ho timetsa morabe ka ho feletseng ka sehlōhō libakeng tse ngata. Lethathamo lena le tšosang le ka ba lelelele ho feta mona.
Kajeno, lefatše la rōna la theknoloji e phahameng le tletse boikhabi. Ke batho ba seng bakae ba nahanang ka batho ba bang ha boiketlo ba bona kapa litokelo tsa bona li sokeloa. (2 Timothea 3:1-5) Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale e e-ba baithati, ba sehlōhō, ba hlokang kutloelo-bohloko ebile e e-ba baikhabi? Na hase hobane Molao oa Khauta, le hoja o ntse o tsejoa ka ho pharaletseng, o qheleloa thōko joalokaha eka ke setšoantšo sa boitšoaro sa bophelo boo e seng ba sebele? Ka masoabi, le ba bang ba ipolelang hore ba lumela ho Molimo ba nahana joalo. Ha u sheba tsela eo lintho li etsahalang ka eona, batho ba tla ’ne ba tlale boikhabi ka ho eketsehileng.
Ka lebaka leo, lipotso tsa bohlokoa tseo re lokelang ho ipotsa tsona ke tsena: Ho phela tumellanong le Molao oa Khauta ho akarelletsa’ng? Na ho na le motho leha e le ofe ea phelang tumellanong le oona? ’Me na ho tla ke ho be le nako eo ka eona moloko oohle oa batho o tla phela tumellanong le Molao oa Khauta? Bakeng sa likarabo tsa ’nete lipotsong tsena, ka kōpo bala sehlooho se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Confucius le ba bang ba ne ba ruta Molao oa Khauta ka libōpeho tse fapa-fapaneng