Pale ea Bophelo
Ho Amohela Memo ea Jehova Hoa Putsa
JOALOKAHA HO BOLETSE MARIA DO CÉU ZANARDI
“Jehova o tseba seo a se etsang. Ha a u mema, u lokela ho amohela memo eo ka boikokobetso.” Mantsoe ana, ao Ntate a ileng a a bua lilemong tse ka bang 45 tse fetileng, a ile a nthusa ho amohela memo ea pele e tsoang ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ea ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng. Kajeno, ke sa ntsane ke leboha keletso ea Ntate hobane ho amohela ha ke mengoa ka tsela ena ho mputsitse haholo.
KA 1928, Ntate o ile a beheletsa makasine ea Molula-Qhooa ’me a qala ho thahasella Bibele. Kaha o ne a lula Portugal e bohareng, mokhoa feela oa ho kopana le phutheho ea Molimo e ne e le ka lingoliloeng tseo a neng a li amohela ka poso le Bibele eo e neng e le ea batsoali ba hae. Ka 1949, ha ke le lilemo li 13, lelapa leso le ile la fallela Brazil, ha habo ’Mè, ’me la lula mathōkong a Rio de Janeiro.
Baahelani ba rōna ba bacha ba ile ba re memela kerekeng ea bona, ’me re ile ra ea ka makhetlo a seng makae. Ntate o ne a rata ho ba nonya maikutlo ka taba ea mollo oa lihele, ea moea le ea bokamoso ba lefatše—empa ba ne ba se na likarabo. Ntate o ne a ee a re: “Re tla tlameha ho emela liithuti tsa ’nete tsa Bibele.”
Ka letsatsi le leng, monna e mong oa sefofu o ile a fihla lapeng a fana ka Molula-Qhooa le Tsoha! Ntate o ile a mo botsa lipotso tse tšoanang, ’me o ile a fana ka likarabo tse utloahalang tse thehiloeng Bibeleng. Bekeng e hlahlamang, re ile ra eteloa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho araba lipotso tse eketsehileng, o ile a kōpa tsela ’me a bolela hore o lokela ho ea ‘tšimong.’ Ha Ntate a makala hore na tšimo ke eng, o ile a mo balla Matheu 13:38, e reng: “Tšimo ke lefatše.” Ntate a botsa: “Na le ’na nka ea?” A mo araba: “Hantle haholo.” Re ne re thabile haholo hore ebe re boetse re fumane ’nete ea Bibele! Ntate o ile a kolobetsoa kopanong e latelang, ’me ke ile ka kolobetsoa nakoana ka mor’a moo, ka November 1955.
Ke Amohela Memo ea Pele
Selemo le likhoeli tse tšeletseng hamorao, ke ile ka amohela enfelopo e khōlō e sootho e tsoang ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova ea Rio de Janeiro e kentse memo ea hore ke kenele mosebetsi oa ho bolela oa nako e tletseng. ’Mè o ne a kula haholo ka nako eo, eaba ke kōpa keletso ea Ntate. O ile a araba a sa tsilatsile a re: “Jehova o tseba seo a se etsang. Ha a u mema, u lokela ho amohela memo eo ka boikokobetso.” Ke khothalitsoe ka mantsoe ana, ke ile ka tlatsa foromo ena ea kōpo eaba ke kenela tšebeletso ea nako e tletseng ka la 1 July, 1957. Sebaka sa pele seo ke ileng ka abeloa ho sona ke Três Rios, toropo e ’ngoe ea Profinse ea Rio de Janeiro.
Qalong, baahi ba Três Rios ba ne ba le leqe ho mamela molaetsa oa rōna kahobane phetolelo ea Bibele eo re neng re e sebelisa e ne e se ea K’hatholike. Re ile ra fumana thuso ha re qala thuto ea Bibele le Geraldo Ramalho eo e neng e le Mok’hatholike ea chesehang. O ile a nthusa ho fumana Bibele e saennoeng ke moprista oa moo. Ho tloha ka nako eo, neng le neng ha motho a ne a hanyetsa, ke ne ke mo bontša mosaeno oa moprista ’me khang e ne e fella hona moo. Geraldo o ile a kolobetsoa hamorao.
Ke ile ka thaba haholo ha kopano ea potoloho e tšoareloa setsing sa Três Rios ka 1959. Mookameli oa sepolesa, ea neng a ithuta Bibele ka nako eo, o bile a lokisetsa ho hloma limemo tse phatlalatsang lenaneo ho pholletsa le toropo eo eohle. Ka mor’a ho sebetsa ka lilemo tse tharo Três Rios, ke ile ka memeloa kabelong e ncha Itu e ka bophirimela ho São Paulo ka lik’hilomithara tse ka bang 110.
Libuka Tse Khubelu, Tse Putsoa le Tse Tšehla
Ka mor’a ho batla, ’na le mphato oa ka oa pula-maliboho re ile ra fumana bolulo bo loketseng bohareng ba toropo ha mohlolohali e mong ea mosa ea bitsoang Maria. Maria o ne a re tšoere joaloka barali ba hae. Leha ho le joalo, kapele feela mobishopo oa Roma e K’hatholike oa Itu o ile a mo etela ’me a mo bolella hore a re leleke, empa a ema a tiile, a re: “Ha monna oa ka a e-shoa, ha lea ka la ntšelisa ka letho. Lipaki tsena tsa Jehova li nthusitse le hoja ke se setho sa bolumeli ba tsona.”
Nakong eo, mosali e mong o ile a re tsebisa hore baprista ba K’hatholike ba Itu ba hanetse batho ba pharishe ea bona ho amohela “libuka tse khubelu tse buang ka Diabolose.” Ba ne ba bua ka “’Nete e be ea Molimo,” e leng buka ea Bibele eo re neng re ntse re e fa batho bekeng eo. Kaha baprista ba ne ba “thibetse” buka e khubelu, re ile ra lokisetsa taba e buellang buka e putsoa (“New Heavens and a New Earth”). Hamorao, ha baruti ba utloa ka phetoho ena, re ile ra sebelisa buka e tšehla (What Has Religion Done for Mankind?), joalo joalo. E ne e le ntho e ntle hore ebe re na le libuka tse fapa-fapaneng tse nang le likoahelo tsa mebala e sa tšoaneng!
Ha ho ne ho lokisetsoa kopano ea sechaba ka mor’a selemo ke le Itu, ke ile ka fumana thelekramo e ’memelang ho ea sebetsa ka nakoana Bethele, e leng lehae la lekala la Lipaki tsa Jehova Rio de Janeiro. Ke ile ka amohela memo eo ka thabo.
Likabelo Tse Eketsehileng le Mathata a Eketsehileng
Mosebetsi o ne o le mongata Bethele, ’me ke ne ke thabela ho thusa ka hohle kamoo ho khonehang. Ho ne ho thabisa hakaakang ho ba teng puisanong ea temana ea letsatsi hoseng ho hong le ho hong le Thutong ea Molula-Qhooa ea mantsiboea a mang le a mang ka Mantaha! Lithapelo tse tsoang pelong tsa Otto Estelmann le litho tse ling tse butsoitseng tsa lelapa la Bethele li ne li nkama ka botebo.
Ka mor’a kopano ea sechaba ke ile ka phutha thōtō ea ka hore ke khutlele Itu, empa ke ile ka makala ha mohlanka oa lekala, Grant Miller, a mpha lengolo le ’memelang ho ba setho sa kamehla sa lelapa la Bethele. Ke ne ke lula kamoreng e le ’ngoe le Morali’abo rōna Hosa Yazedjian, ea ntseng a sebetsa Bethele ea Brazil le hona joale. Mehleng eo, lelapa la Bethele le ne le le lenyenyane—re ne re le 28 feela—’me re ne re le metsoalle e atamelaneng kaofela.
Ka 1964, mocha e mong eo e leng mosebeletsi oa nako e tletseng ea bitsoang João Zanardi, o ile a tla likoetlisong Bethele. Ka nako eo o ne a abetsoe ho ba mohlanka oa potoloho, kapa molebeli ea tsamaeang, haufi le Bethele. Ka linako tse ling re ne re kopana ha a tlisitse litlaleho tsa hae Bethele. Mohlanka oa lekala o ne a lumella João ho ba teng thutong ea lelapa la Bethele mantsiboea ka Mantaha, kahoo re ne re khona ho ba hammoho ka nako e eketsehileng. ’Na le João re ile ra nyalana ka August 1965. Ka thabo ke ile ka amohela memo ea ho sebetsa le monna oa ka mosebetsing oa potoloho.
Matsatsing ao, mosebetsi oa potoloho libakeng tse hare-hare tsa Brazil o ne o e-na le mathata a mangata. Nke ke ke ka lebala ha re ne re etela sehlopha sa bahoeletsi ba Aranha Profinseng ea Minas Gerais. Re ne re lokela ho tsamaea ka terene ebe karolo e setseng ea tsela re e tsamaea ka maoto—re nkile lisutuk’heise, mochine oa ho thaepa, mochine o bapalang li-slide, mekotlana ea tšimo le libuka. Ka linako tsohle re ne re thaba haholo ha re fumana mor’abo rōna ea seng a hōlile ea bitsoang Lourival Chantal a re emetse seteisheneng sa terene ho tla re nkisa thōtō.
Liboka tsa Aranha li ne li tšoareloa ntlong e hiriloeng. Re ne re robala ka kamoreng e nyenyane e ka morao. Ka kamoreng e ’ngoe re ne re besa mollo oa patsi oo re neng re pheha ka oona le ho futhumatsa metsi ao barab’abo rōna ba neng ba re tlisetsa ’ona ka linkho. Ntloana e ne e le mokoti o chekiloeng mohlakeng o haufi. Bosiu re ne re tlohela lebone la khase le tuka ho leleka likokoanyana tse ka tšoaetsang boloetse ba Chagas. Kamehla hoseng re ne re tsoha linko tsa rōna li le ntšo ke mosi. E ne e le phihlelo e sa tloaelehang!
Ha re ntse re sebeletsa potolohong ea Profinse ea Paraná, re ile ra boela ra amohela enfelopo e ’ngoe e khōlō e sootho e tsoang ofising ea lekala. E ne e le memo e ’ngoe e tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova—ka lekhetlo lena e ne e le ea ho ea sebeletsa Portugal! Lengolo le ne le re eletsa hore pele re amohela kabelo ena re nahane ka molao-motheo oa Luka 14:28 le ho hlahloba hore na re tla khona kaha mosebetsi oa rōna oa Bokreste o ne o thibetsoe moo, ’me ’muso oa Portugal o ne o se o tšoere barab’abo rōna ba bangata.
Na re ne re tla ea naheng eo re tla thulana le mahloriso a joalo? João o ile a re: “Haeba barab’abo rōna ba Portugal ba khona ho lula moo ’me ba sebeletsa Jehova ka botšepehi, rōna re tla hlōloa ke eng?” Ha ke hopola mantsoe a Ntate a khothatso, ke ile ka lumela ka ho re: “Haeba ke Jehova ea re memang, re lokela ho amohela memo ena ’me re tšepe eena.” Nakoana ka mor’a moo, re ne re le Bethele São Paulo re fuoa litaelo tse eketsehileng le ho lokisa litokomane tsa leeto.
João Maria le Maria João
Sekepe sa rōna se bitsoang Eugênio C, se ile sa tloha boema-kepe ba Santos, Profinseng ea São Paulo, ka la 6 September, 1969. Re ile ra fihla Portugal ka mor’a matsatsi a robong re le leoatleng. Qalong re ile ra qeta likhoeli tse ’maloa re sebetsa le barab’abo rōna ba nang le phihlelo literateng tse moqotetsane tsa Alfama le Mouraria seterekeng sa khale sa Lisbon. Ba ile ba re koetlisetsa hore re be hlokolosi e le hore mapolesa a se ke a re tšoara habonolo.
Liboka tsa phutheho li ne li tšoareloa malapeng a Lipaki. Ha re ne re hlokomela hore baahelani ba belaella ho hong, ka potlako liboka li ne li tšoareloa sebakeng se seng e le hore ntlo eo e se ke ea phenya-phenngoa kapa barab’abo rōna ba tšoaroa. Re ne re bitsa likopano tsa rōna lipikiniki ’me re li tšoarela Serapeng sa Boikhathollo sa Monsanto, mathōkong a Lisbon, le sebakeng se nang le lifate sa Costa da Caparica se lebōpong la leoatle. Re ne re apara ka mokhoa o tloaelehileng feela bakeng sa liketsahalo tsena, ’me sehlopha sa balebeli ba seli se ne se ema libakeng tseo se bonang hantle ho tsona. Ha motho e mong a ne a atamela ka mokhoa o belaetsang, re ne re e-na le nako ea ho qapa papali, ho lokisetsa pikiniki, kapa ho qala ho bina pina ea setso.
E le hore re thatafaletse mapolesa a tšireletso ho re tseba, re ne re qoba ho sebelisa mabitso a rōna a sebele. Barab’abo rōna ba ne ba re tseba re le João Maria le Maria João. Ho ne ho se na mangolo kapa litlaleho tseo mabitso a rōna a neng a sebelisoa ho tsona. Ho e-na le hoo, re ne re filoe linomoro. Ke ile ka ikemisetsa hore ke se ke ka tseba ka hlooho liaterese tsa barab’eso. Ka tsela eo, haeba ke ne nka tšoaroa, ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore ke ba eke.
Ho sa tsotellehe lithibelo, ’na le João re ne re ikemiselitse hore monyetla o mong le o mong o hlahang oa ho paka, re tla o sebelisa hamolemo hobane re ne re tseba hore re ka ’na ra felloa ke bolokolohi neng kapa neng. Re ile ra ithuta ho itšetleha ka Jehova, Ntat’a rōna oa leholimo. Joaloka Mosireletsi oa rōna, o ne a sebelisa mangeloi a hae ka tsela eo ka eona re neng re ikutloa hore re “bona Ea sa bonahaleng.”—Baheberu 11:27.
Ka lekhetlo le leng, ha re ntse re bolela ka ntlo le ntlo Porto, re ile ra kopana le monna ea ileng a phehella hore re kene ka tlung. Morali’abo rōna eo ke neng ke sebetsa le eena o ile a lumela a sa tsilatsile, eaba ke tlameha ho mo latela ntle ho boikhethelo. Ke ile ka tšoha ha ke bona foto ea motho ea apereng seaparo sa sesole phasejeng. Ebe re tla etsa joang? Mong’a ntlo o ile a re re lule, eaba oa mpotsa: “Na u ne u tla lumella mora oa hao ho kenela sesole haeba a thaothoa?” E ne e le potso e hlokang ho arabeloa ka bohlale. Ke khobile matšoafo empa e le ka mor’a ho rapella ka pelong, ke ile ka araba: “Ha ke na bana, ’me kea tiisa hore haeba ke ne nka u botsa potso e lothang joalo, u ne u tla mpha karabo e tšoanang.” O ile a koaleha molomo. Eaba ke tsoela pele: “Haeba u ka mpotsa hore na ho joang ho shoelloa ke khaitseli kapa ntate, nka u arabela hobane khaitseli ea ka e nyenyane le Ntate ba hlokahetse.” Ke ile ka seka meokho ha ke ntse ke bua, ’me ka hlokomela hore le eena o tloha a lla. O ile a hlalosa hore mosali oa hae o sa tsoa hlokahala. O ile a mamela ka hloko ha ke ntse ke hlalosa tšepo ea tsoho. Ka mor’a moo re ile ra mo salisa hantle ka tlhompho eaba re tsamaea ntle ho khathatso, ra tlohella taba matsohong a Jehova.
Ho sa tsotellehe ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna, batho ba tšepahalang ba ne ba thusoa ho tseba ’nete. Porto ke moo monna oa ka a ileng a qala thuto le monna e mong oa mohoebi ea bitsoang Horácio, ea ileng a tsoela pele ka potlako. Hamorao mora oa hae Emílio, eo e neng e le ngaka e hloahloa, le eena o ile a emela Jehova ’me a kolobetsoa. Ka sebele, ha ho letho le ka thibelang moea o halalelang oa Jehova.
“Ha le Tsebe Hore na Jehova o Tla Lumella Eng”
Ka 1973, ’na le João re ile ra memeloa Kopanong ea Machaba ea “Tlholo ea Molimo” Brussels, Belgium. Ho ne ho le teng barab’abo rōna ba likete ba Spain le Belgium, hammoho le baemeli ba tsoang Mozambique, Angola, Cape Verde, Madeira, le Azores. Litlhalosong tsa hae tse koalang, Mor’abo rōna Knorr, oa ntlo-khōlō New York, o ile a fana ka khothatso e reng: “Tsoelang pele le sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ha le tsebe hore na Jehova o tla lumella eng. Ho tseba mang, le ka ’na la ea kopanong ea lōna e latelang ea machaba Portugal!”
Ka selemo se latelang mosebetsi oa boboleli o ile oa ngolisoa ka molao Portugal. Mantsoe a Mor’abo rōna Knorr a ile a phethahala ka 1978 ha re tšoara kopano ea rōna ea pele ea machaba Lisbon. E bile tokelo e kaakang ho tsamaea literateng tsa Lisbon, re pakela batho ka liplakate, limakasine le limeno tse memelang batho puong ea phatlalatsa! E ne eka rea lora.
Re ne re rata barab’abo rōna ba Portugal, ba bangata ba bona ba ne ba ile ba tšoaroa le ho shapuoa hobane e ne e le Bakreste ba sa jeleng paate. Re ne re lakatsa ho tsoela pele re sebeletsa Portugal. Leha ho le joalo, ho ne ho sa tl’o etsahala. Ka 1982, João o ile a tšoaroa ke lefu la pelo ka matla, ’me ofisi ea lekala e ile ea etsa tlhahiso ea hore re khutlele Brazil.
Nako ea Liteko
Barab’abo rōna ba ofisi ea lekala ea Brazil ba ne ba re tšehelitse haholo ’me ba ile ba re abela ho sebetsa le Phutheho ea Quiririm Taubaté, Profinseng ea São Paulo. João o ile a tsoela pele a kula, ’me kapele feela o ne a se a sa tsoe ka tlung. Batho ba thahasellang ba ne ba tla lapeng ha rōna ho tla ithuta Bibele, ’me ho ne ho e-na le liboka tsa tšebeletso ea tšimo letsatsi le leng le le leng, hammoho le thuto ea buka ea sehlopha ea beke le beke. Litokisetso tsena li ile tsa re thusa hore re lule re le batho ba moea.
João o ile a tsoela pele ho etsa seo a neng a ka se khona tšebeletsong ea Jehova ho fihlela a hlokahala ka la 1 October, 1985. Ke ile ka utloa bohloko ’me hape ke ile ka imeloa kelellong, empa ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele kabelong ea ka. Tšitiso e ’ngoe e ile ea tla ka April 1986 ha ke keneloa ke masholu ’me a phahla ntlo ea ka. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke ile ka ikutloa ke hlorile ke bile ke tšaba. Banyalani ba bang ba ile ba ’mema hore ke e’o lula le bona ka nakoana, e leng seo ke ileng ka se leboha haholo.
Lefu la João le ho utsoetsoa li ile tsa ama tšebeletso ea ka ho Jehova. Ke ne ke se ke sa ikutloe ke le sebete tšebeletsong. Ka mor’a ho ngolla ofisi ea lekala ka bothata bona, ke ile ka memeloa ho ea lula nakoana Bethele e le hore ke boele ke tsitse maikutlong. Nako eo e ne e le e matlafatsang hakaakang!
Eitse hang feela ha ke hlaphoheloa, ka amohela kabelo ea ho ea sebetsa toropong ea Ipuã profinseng ea São Paulo. Ke ne ke lula ke tšoarehile mosebetsing oa boboleli, empa ka linako tse ling ke ne ke nyahama. Ka linako tse joalo, ke ne ke founela barab’abo rōna ba Quiririm ’me ho ne ho e-ba le lelapa le nketelang ka matsatsi a seng makae. Ho eteloa hoo ho ne ho nkhothatsa e le kannete! Selemong sa pele ke le Ipuã, bara le barali beso ba fapa-fapaneng ba 38 ba ne ba nka leeto le lelelele la ho tla mpona.
Ka 1992, lilemo tse tšeletseng ka mor’a lefu la João, ke ile ka amohela memo e ’ngoe e tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, nakong ena e ne e le ea hore ke fallele Franca, Profinseng ea São Paulo, moo ke ntseng ke le mosebeletsi oa nako e tletseng teng. Tšimo ea mona e beha haholo. Ka 1994 ke ile ka qalisa thuto ea Bibele le ramotse oa mona. Ka nako eo, o ne a iketela setulo lekhotleng la sechaba la Brazil, empa ho sa tsotellehe ho phathahana ha hae, re ne re ithuta ka Mantaha o mong le o mong thapama. O ne a koala founo ea hae e le hore ho se ke ha e-ba le tšitiso. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona a ikhula butle-butle lipolotiking ’me ’nete e mo thusa ho tsosolosa lenyalo la hae! Eena le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa ka 1998.
Ha ke nahana lietsahala nka re bophelo ba ka ke le mosebeletsi oa nako e tletseng bo bile le melemo e mengata le litokelo tsa bohlokoa tsa ho sebeletsa Jehova. Hore ebe ke ile ka lumela ha Jehova a ntse a ’mema ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, ka sebele ho mputsitse haholo. Leha a ka ’memela eng kapa eng ka moso, boikemisetso ba ka ba ho amohela memo bo ntse bo le matla joaloka pele.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Ka 1957, ha ke kenela tšebeletso ea nako e tletseng, le kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke na le lelapa la Bethele la Brazil ka 1963
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Lechato la rōna ka August 1965
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Kopano e ’ngoe Portugal ha mosebetsi o ntse o thibetsoe
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Bopaki ba seterateng Lisbon nakong ea Kopano ea Machaba ea 1978 ea “Tumelo e Hlōlang”