Batsoali—Khotsofatsang Litlhoko Tsa Bana ba Lōna!
BANA ba hloka ho tataisoa le ho lauoa ka lerato, haholo-holo ke batsoali ba bona. Ha e bua ka taba ena, tichere e ’ngoe ea Brazil, Tania Zagury, o re: “Tšekamelo ea ngoana e mong le e mong ke ho batla boithabiso. Ho hlokahala hore ho behoe meeli. Batsoali ke bona ba lokelang ho etsa sena. Haeba ba sa etse joalo, bana ba tsoa tseleng.”
Leha ho le joalo, linaheng tse ngata tšusumetso ea sechaba se lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe seo ho sona bolokolohi ba motho ka mong bo nkeloang holimo e ka etsa hore ho be thata ho latela keletso e ka holimo. Ha ho le joalo, ke hokae moo batsoali ba ka retelehelang teng bakeng sa thuso? Batsoali ba tšabang Molimo baa hlokomela hore bana ba bona “ke lefa le tsoang ho Jehova.” (Pesaleme ea 127:3) Ka lebaka leo, ba talima Lentsoeng la Molimo, Bibele, hore le ba tataise ha ba ba hōlisa. Ka mohlala, Liproverbia 13:24 e re: “Ea sa sebeliseng thupa o hloile mora oa hae, empa ea mo ratang o mo batla ka taeo.”
Ha Bibele e sebelisa lentsoe “thupa,” ha rea lokela ho utloisisa hoo e le ho bolelang feela ho otla ka tsela ea sebele; le emela mofuta o itseng oa khalemelo, ho sa tsotellehe hore na ke ea mofuta ofe. Ha e le hantle, hangata ho ka ’na ha hlokahala mantsoe feela bakeng sa ho khalemela ngoana ea tsoang tseleng. Liproverbia 29:17 e re: “Shapa mora oa hao ’me o tla u tlisetsa phomolo ’me a fe moea oa hao nyakallo e khōlō.”
Bana ba hloka taeo e fanoang ka lerato e le hore ba ka lahla mekhoa e mebe. Khalemelo e tiileng le e mosa joalo e bontša hore motsoali o tsotella ngoana. (Liproverbia 22:6) Kahoo, batsoali, khothalang! Ka ho latela keletso e utloahalang le e sebetsang ea Bibele, le tla thabisa Jehova Molimo ’me le ikhapele tlhompho ea bana ba lōna.