Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mosali oa Mokreste a ka leka-lekanya botšepehi ba hae ho Molimo le ho ikokobeletsa monna oa hae ea sa lumelang joang haeba monna a kopanela liketsong tsa bolumeli tsa matsatsi a phomolo a bolumeli?
Ho tla hlokahala bohlale le masene hore a etse joalo. Empa o etsa ntho e nepahetseng ha a loanela ho leka-lekanya litšoanelo tsena tse peli. Jesu o ile a eletsa ka boemo bo tšoanang a re: “Ka hona, le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Matheu 22:21) Ha ho pelaelo hore o ne a bua ka litšoanelo tsa motho mebusong, eo hamorao Bakreste ba ileng ba bolelloa hore ba ipehe tlas’a eona. (Baroma 13:1) Leha ho le joalo, keletso ea hae e ka sebelisoa hape tabeng ea hore mosali a leka-lekanye litšoanelo tsa hae ho Molimo le boikokobetso ba Mangolo ho monna oa hae, le haeba monna e se molumeli.
Ha ho na motho ea tsebang Bibele ea ka latolang hore e hatisa hore Mokreste o ikarabella pele ho Molimo ea Matla ’Ohle, ho tšepahala ho eena ka linako tsohle. (Liketso 5:29) Ho ntse ho le joalo, maemong a mangata morapeli oa ’nete a ka nahanela likōpo kapa litaelo tsa motho ea sa lumelang ea nang le matla a ho laela empa eena a sa tlōle melao e phahameng ea Molimo.
Re fumana mohlala o rutang ho Baheberu ba bararo, joalokaha o phetoa ho Daniele khaolo ea 3. Nebukadnezare, hlooho ea ’muso oa bona, o ile a laela hore bona le ba bang ba itlhahise thoteng ea Dura. Ha Baheberu bana ba bararo ba hlokomela hore ho ne ho lokiselitsoe borapeli ba bohata, ho ka etsahala hore ebe ba ne ba lakalitse ho qoba ho ba teng moo. Mohlomong Daniele o ile a khona ho kōpa hore a se ke a ba teng, empa bana ba bararo ba ile ba sitoa ho kōpa.a Kahoo, tlhompho ea bona e ile ea fella feela ka hore ba be teng, empa ba ne ba ke ke ba kopanela ketsong efe kapa efe e fosahetseng, ebile ha baa ka ba kopanela ho eona.—Daniele 3:1-18.
Ka ho tšoanang, nakong ea matsatsi a phomolo monna ea sa lumelang a ka ’na a kōpa kapa a laela mosali oa hae oa Mokreste hore a etse ntho eo mosali a ka lakatsang ho e qoba. Nahana ka mehlala e meng: O bolella mosali hore a phehe lijo tse itseng ka letsatsi leo eena le ba bang ba ketekang letsatsi la phomolo. Kapa o laela hore lelapa (ho akarelletsa le mosali oa hae) ba etele beng ka eena ka letsatsi leo ho ea ja le bona kapa ho ba etela feela tjee. Kapa esita le pele ho letsatsi leo la phomolo, a ka ’na a re ha mosali oa hae a il’o reka, a mo rekele lintho tse itseng—lijo tse khethehileng tsa letsatsi leo la phomolo, lintho tseo a tla li etsa limpho, kapa pampiri e phuthelang le likarete tseo a tla li sebelisetsa limpho tsa hae.
Le hona mona, mosali oa Mokreste o lokela ho ikemisetsa hore a se ke a kopanela liketsong tsa bolumeli ba bohata, empa ho thoe’ng ka likōpo tse tjee? Ke hlooho ea lelapa, ’me Lentsoe la Molimo le re: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, kaha hoa tšoaneleha Moreneng.” (Bakolose 3:18) Maemong ana, na a ka bontša boikokobetso ba mosali empa a ’na a tšepahala ho Molimo? O lokela ho etsa qeto ea kamoo a ka leka-lekanyang ho mamela monna oa hae le ho mamela ha hae Jehova hoo e leng hona habohlokoa .
Ka linako tse ling, monna oa hae a ka ’na a mo kōpa hore a phehe lijo tse itseng, ebang ke lijo tseo a li ratang haholo kapa hobane a tloaetse ho ja lijo tse joalo ka nako e itseng. Mosali o tla rata ho bontša lerato la hae ho eena le hore o ela hloko bohlooho ba hae. Na o tla li pheha esita le haeba monna a kōpa nakong ea letsatsi leo la phomolo? Basali ba bang ba Bakreste ba ka ’na ba etsa joalo ka letsoalo le khutsitseng, ba nka feela hore ke mosebetsi o tloaelehileng oa ho pheha ha kamehla. Ka sebele, ha ho na Mokreste le ea mong ea tšepahalang ea ka amahanyang seo le letsatsi la phomolo, le haeba monna oa hae a ka etsa joalo. Ka ho tšoanang, monna a ka ’na a batla hore a be le eena ha a etela beng ka eena ka linako tse fapa-fapaneng ka khoeli e ’ngoe le e ’ngoe kapa ka selemo se seng le se seng. Na a ka etsa joalo le haeba e le ka letsatsi la phomolo? Kapa, na ka tloaelo a ka utloisisa ho reka lintho tse itseng ha monna a mo kōpa, a sa natse hore na monna o rera ho etsa’ng ka lintho tseo mosali a mo rekelang tsona ha a ntse a reka?
Ha e le hantle, mosali oa Mokreste o lokela ho nahana ka ba bang—phello ho bona. (Bafilipi 2:4) O tla qoba ho fana ka maikutlo a hore ho na le moo a amanang teng le letsatsi leo la phomolo, feela joalokaha e ka ’na eaba Baheberu ba bararo ba ile ba khetha hore ba se ke ba bonoa ke ba bang ha ba e-ea thoteng ea Dura. Kahoo, mohlomong ka masene a ka leka ho buisana le monna oa hae hore na a ka mo nahanela ’me a iketsetsa lintho tse itseng tse amanang le matsatsi a phomolo, a qenehela mosali ea mo ratang le ea mo hlomphang. A ka ’na a bona ho le bohlale hore a se ke a ipeha eena le mosali oa hae boemong bo tlotlollang haeba mosali a hana ho kopanela liketsong tsa bolumeli ba bohata. Ha ho pelaelo hore puisano e etsoang ka khutso pele ho nako e ka ’na ea hlahisa pheko e etsoang ka khotso.—Liproverbia 22:3.
Qetellong, Mokreste ea tšepahalang o lokela ho lekanya linnete ebe o etsa qeto hore na o tla etsa’ng. Ho mamela Molimo ho tlameha ho tla pele, joalokaha ho ile ha tla pele ho Baheberu ba bararo. (1 Bakorinthe 10:31) Re ntse re hopotse sena, Mokreste ka mong o lokela ho etsa qeto hore na ke lintho life tse bontšang ho se sekisetse tse ka etsoang ha li kōptjoa ke ea nang le matla a ho laela ka lapeng kapa sechabeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa August 1, 2001.