Na U Amohetse “Moea oa ’Nete”?
“Ntate . . . o tla le fa mothusi e mong hore a be le lōna ka ho sa feleng, moea oa ’nete.”—JOHANNE 14:16, 17.
1. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae boitsebiso bofe ba bohlokoa lihoreng tsa ho qetela tseo a neng a e-na le bona ka tsona kamoreng e ka holimo?
“MORENA, u ea hokae?” Ena ke e ’ngoe ea lipotso tseo baapostola ba Jesu ba ileng ba mo botsa tsona lihoreng tsa ho qetela tseo a neng a e-na le bona ka tsona kamoreng e ka holimo Jerusalema. (Johanne 13:36) Ha seboka se ntse se tsoela pele, Jesu o ile a ba tsebisa hore joale o tla tloha a ba siea ’me a khutlela ho Ntat’ae. (Johanne 14:28; 16:28) O ne a ke ke a hlola a e-ba teng ka boeena ho ba ruta le ho araba lipotso tsa bona. Leha ho le joalo, o ile a ba tiisetsa, a re: “Ke tla kōpa Ntate ’me o tla le fa mothusi [kapa, motšelisi] e mong hore a be le lōna ka ho sa feleng.”—Johanne 14:16, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
2. Jesu o ile a tšepisa hore o tla romella barutuoa eng ka mor’a hore a tsamaee?
2 Jesu o ile a bolela mothusi enoa ka lebitso ’me a hlalosa kamoo a tla thusa barutuoa ba hae kateng. O ile a re ho bona: “Leha ho le joalo, lintho tsena ha kea ka ka le bolella tsona pele, hobane ke ne ke e-na le lōna. Empa joale ke ea ho ea nthomileng . . . Ke tsamaea molemong oa lōna. Etsoe haeba ke sa tsamaee, ho hang mothusi a ke ke a tla ho lōna; empa haeba ke fela ke tsamaea, ke tla mo romela ho lōna. . . . Ha eo a fihla, moea oa ’nete, o tla le tataisetsa ’neteng eohle.”—Johanne 16:4, 5, 7, 13.
3. (a) “Moea oa ’nete” o ile oa romeloa neng ho Bakreste ba pele? (b) Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo moea e neng e le “mothusi” ho bona ka eona ke efe?
3 Tšepiso ena e ile ea phethahala ka Pentekonta ea 33 C.E., joalokaha moapostola Petrose a ile a paka a re: “Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa, e leng ’nete eo kaofela re leng lipaki tsa eona. Ka hona ka lebaka la hore o ile a phahamisetsoa ka letsohong le letona la Molimo ’me a amohela moea o halalelang o tšepisitsoeng o tsoang ho Ntate, o tšolotse sena seo le se bonang le ho se utloa.” (Liketso 2:32, 33) Joalokaha re tla bona hamorao, moea o halalelang o ileng oa tšolloa ka Pentekonta o ile oa finyella lintho tse ngata bakeng sa Bakreste ba pele. Empa Jesu o ile a tšepisa hore “moea oa ’nete” o ne o tla ‘ba hopotsa lintho tsohle tseo a neng a ba boleletse tsona.’ (Johanne 14:26) O ne o tla ba hopotsa tšebeletso ea Jesu le lithuto tsa hae, esita le mantsoe a hae a tobileng, ebe baa li ngola. Qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. moapostola Johanne ea seng a hōlile, o ne a tla thusoa haholo ke sena ha a ngola Kosepele ea hae. Tlaleho eo e akarelletsa keletso ea bohlokoa eo Jesu a ileng a fana ka eona ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae.—Johanne, khaolo ea 13 ho ea ho 17.
4. Moea oa ’nete” o ile oa thusa Bakreste ba pele ba tlotsitsoeng joang?
4 Jesu o ile a boela a tšepisa barutuoa bao ba pele hore moea o ne “o tla [ba] ruta lintho tsohle” le ho “ba tataisetsa ’neteng eohle.” Moea o ne o tla ba thusa ho utloisisa lintho tse tebileng tsa Mangolo le ho ba boloka bonngoeng monahanong, kutloisisong le morerong. (1 Bakorinthe 2:10; Baefese 4:3) Moea o halalelang o ile oa matlafatsa Bakreste bao ba pele hore ba sebetse e le sehlopha sa “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fepang Bakreste ka bomong ba tlotsitsoeng ka “lijo tsa [moea] ka nako e tšoanetseng.”—Matheu 24:45.
Moea oa Paka
5. (a) Bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a bulela barutuoa ba hae tšepo efe e ncha? (b) Moea o halalelang o ne o tla phetha karolo efe ho phethahatseng tšepiso ea Jesu?
5 Bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a loma barutuoa ba hae tsebe hore hamorao o ne a tla ba amohela le hore ba ne ba tla lula le eena le Ntat’ae leholimong. O ile a re ho bona: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo. Ho seng joalo, nka be ke le boleletse, hobane ke il’o le lokisetsa sebaka. Hape, haeba ke il’o le lokisetsa sebaka, ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.” (Johanne 13:36; 14:2, 3) Ba ne ba tla busa le eena ’Musong oa hae. (Luka 22:28-30) E le hore ba be le tšepo ena ea ho phela leholimong, ba ne ba tla lokela ho “tsoaloa ka moea” e le bara ba Molimo ba moea ’me ba tlotsetsoe ho sebeletsa e le marena le baprista le Kreste leholimong.—Johanne 3:5-8; 2 Bakorinthe 1:21, 22; Tite 3:5-7; 1 Petrose 1:3, 4; Tšenolo 20:6.
6. (a) Pitso ea leholimo e qalile neng, ’me ke ba bakae ba bitsoang ka tsela ee? (b) Ba bitsitsoeng ba kolobellelitsoe ho kena ho eng?
6 ‘Pitso ena ea leholimo’ e qalile ka Pentekonta ea 33 C.E. ’me ho bonahala karolo e khōlō e felelletse bohareng ba bo-1930. (Baheberu 3:1) Palo ea ba tšoailoeng ke moea o halalelang hore e be karolo ea Iseraele ea moea ke 144 000, e leng ‘ba rekiloeng har’a moloko oa batho.’ (Tšenolo 7:4; 14:1-4) Bana ba ile ba kolobelletsoa ho kena ’meleng oa moea oa Kreste, phuthehong ea hae, le lefung la hae. (Baroma 6:3; 1 Bakorinthe 12:12, 13, 27; Baefese 1:22, 23) Ka mor’a kolobetso ea metsing le ho tlotsoa ka moea o halalelang, ba ile ba kena tseleng ea sehlabelo, e leng bophelo ba ho tšepahala ho fihlela lefung.—Baroma 6:4, 5.
7. Ke hobane’ng ha e le Bakreste ba tlotsitsoeng feela bao ho nepahetseng hore ba je litšoantšetso Sehopotsong?
7 Kaha Bakreste bana ba tlotsitsoeng ke Baiseraele ba moea, ba ne ba le selekaneng se secha se entsoeng pakeng tsa Jehova le “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16; Jeremia 31:31-34) Selekane sena se secha se ile sa tiisoa ka mali a tšolotsoeng a Kreste. Jesu o ile a bolela sena ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae. Luka o tlaleha sena: “A nka bohobe, a leboha, a bo qhetsola, ’me a ba fa bona, a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’ A etsa ka tsela e tšoanang ka senoelo ka mor’a hore ba je lijo tsa shoalane, a re: ‘Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.’” (Luka 22:19, 20) Masala, kapa litho tse saletseng tsa ba 144 000, a sa ntsaneng a le lefatšeng, ke ’ona ao ho nepahetseng hore a je litšoantšetso tsa bohobe le veine Sehopotsong sa lefu la Kreste.
8. Batlotsuoa ba tseba joang hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong?
8 Batlotsuoa ba tseba joang hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong? Ba fumana bopaki bo sa belaetseng ba moea o halalelang. Moapostola Pauluse o ile a ngolla ba joalo a re: “Bohle ba tataisoang ke moea oa Molimo, bana ke bara ba Molimo. . . . Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo. Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.” (Baroma 8:14-17) Bopaki bona ba moea bo matla hoo ho utloahalang hore ba nang le pelaelo e nyenyane ea hore na ba bitselitsoe ho ea phela leholimong kapa che, ba ka fihlelang qeto ea hore ha baa bitsoa, ’me ka lebaka leo ba ke ke ba ja litšoantšetso Sehopotsong.
Moea le Linku Tse Ling
9. Likosepeleng le bukeng ea Tšenolo ho boleloa lihlopha life tse peli tse khethehileng?
9 Jesu o ne a hopotse ka palo e lekanyelitsoeng ea Bakreste ba bitselitsoeng ho ba Iseraele ea moea ha a ba bitsa “mohlatsoana.” Ba amoheloa hore ba kene ka ‘lesakeng’ la selekane se secha, ho fapana le “linku tse ling” tse se nang palo tseo Jesu a itseng le tsona o lokela ho li bokella. (Luka 12:32; Johanne 10:16) Linku tse ling tse bokelloang nakong ea bofelo e tla ba litho tsa “bongata bo boholo” bo reretsoeng ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo,’ bo lebeletseng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Seo re se hlokomelang ke hore pono eo Johanne a ileng a e amohela qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. e khetholla pakeng tsa bongata bona bo boholo le litho tse 144 000 tsa Iseraele ea moea. (Tšenolo 7:4, 9, 14) Na linku tse ling le tsona li amohela moea o halalelang, ’me haeba ho joalo, o ama bophelo ba tsona joang?
10. “Linku tse ling” li kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang” joang?
10 Moea o halalelang o hlile o phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba linku tse ling. Li tšoantšetsa boinehelo ba tsona ho Jehova ka ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Matheu 28:19) Li amohela bobusi ba Jehova, li ikokobelletsa Kreste joaloka Morena le Molopolli oa tsona, ’me li lumella hore moea oa Molimo o halalelang, kapa matla a sebetsang, o sebetse bophelong ba tsona. Letsatsi le letsatsi bophelong ba tsona li hlaolela “litholoana tsa moea,” e leng “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Bagalata 5:22, 23.
11, 12. (a) Batlotsuoa ba halaletsoa joang ka tsela e khethehileng haholo? (b) Linku tse ling li halaletsoa ka tsela efe?
11 Ho phaella moo, linku tse ling li tlameha ho lumela ho hloekisoa kapa ho halaletsoa ke Lentsoe la Molimo le moea oa hae o halalelang. Batlotsuoa ba se ba ntse ba halalelitsoe ka tsela e khethehileng haholo, ho boletsoe hore ba lokile ebile baa halalela joaloka monyaluoa oa Kreste. (Johanne 17:17; 1 Bakorinthe 6:11; Baefese 5:23-27) Moprofeta Daniele o ba bitsa “bahalaleli ba Ea Holimo-limo,” ba amohelang ’Muso tlas’a “mor’a motho,” e leng Kreste Jesu. (Daniele 7:13, 14, 18, 27) Pejana, Jehova o ile a bolella sechaba sa Iseraele ka Moshe le Arone a re: “Ke ’na Jehova Molimo oa lōna; le ikhalaletse ’me le halalele, hobane kea halalela.”—Levitike 11:44.
12 Lentsoe “khalaletso,” ka ho toba le bolela “ketso kapa mokhoa oa ho halaletsa, ho behella ka thōko, ho khethela tšebeletso ea Jehova Molimo kapa tšebeliso ea hae; boemo ba ho ba e halalelang, e halalelitsoeng, kapa e hloekisitsoeng.” Khale koana ka 1938, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa bolela hore Majonadabe, kapa linku tse ling, “a tlameha ho tseba hore e mong le e mong eo e tla ba karolo ea letšoele le leholo ’me a phele lefatšeng, ho hlokahala hore a inehele a be a halalele.” Ponong ea bongata bo boholo, e tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo, ho boleloa hore “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana” le hore ba etsetsa Jehova “tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae.” (Tšenolo 7:9, 14, 15) Ka thuso ea moea o halalelang, linku tse ling li ikitlaetsa ka hohle kamoo ho khonehang ho finyella seo Jehova a se hlokang bakeng sa khalalelo.—2 Bakorinthe 7:1.
Ho Etsetsa Barab’abo Kreste Molemo
13, 14. (a) Ho latela papiso ea Jesu ea linku le lipōli, poloko ea linku e itšetlehile ka’ng? (b) Mehleng ee ea qetello, linku tse ling li etselitse barab’abo Kreste molemo joang?
13 Jesu o ile a hlakisa setlamo se matla pakeng tsa linku tse ling le mohlatsoana papisong ea hae ea linku le lipōli, e akarelelitsoeng boprofeteng ba hae ba ‘qetello ea tsamaiso ea lintho.’ Papisong eo, Kreste o bontšitse ka ho hlaka hore poloko ea linku tse ling e itšetlehile ka boitšoaro ba tsona mabapi le batlotsuoa, bao a ileng a ba bitsa “barab’eso.” O ile a re: “Morena o tla re ho ba ka ho la hae le letona, ‘Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše. . . . Kannete ke re ho lōna, Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.’”—Matheu 24:3; 25:31-34, 40.
14 Polelo e reng “ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa,” e bolela liketso tse bontšang tšehetso e lerato e fuoang barab’abo Kreste ba moea, bao lefatše la Satane le ba tšoereng joaloka basele, le bile le lahlela ba bang ba bona lichankaneng. Ba ’nile ba hloka lijo, liaparo tse lekaneng le tlhokomelo ho tsa bongaka. (Matheu 25:35, 36, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Mehleng ena ea qetello, ho tloha ka 1914, ba bangata ba batlotsuoa ba iphumane ba le maemong a joalo. Histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e tiisa hore ba tšehelitsoe ke metsoalle ea bona e tšepahalang, e leng linku tse ling, ha li ntse li susumetsoa ke moea.
15, 16. (a) Linku tse ling li thusitse barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng mosebetsing ofe ka ho khetheha? (b) Batlotsuoa ba bontšitse kananelo ea bona ho linku tse ling joang?
15 Barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng mehleng ena ea qetello ka mafolofolo ba tšehelitsoe ka ho khethehileng ke linku tse ling ha ba phetha mosebetsi oo ba o filoeng ke Molimo oa ho ‘bolela litaba tsena tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona [hore] e be bopaki ho lichaba tsohle.’ (Matheu 24:14; Johanne 14:12) Ha palo ea batlotsuoa ba lefatšeng e ntse e qepha ka lilemo tsena tsohle, palo ea linku tse ling eona e eketseha hoo e seng e akarelletsa ba limilione. Ba likete ba linku tse ling ba sebelelitse e le baboleli ba evangeli ba nako e tletseng—bo-pula-maliboho le baromuoa—ba jala litaba tse molemo tsa ’Muso “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ba bang ba kopanela mosebetsing ona oa bopaki haholo kamoo ho khonehang ’me ka thabo ba tšehetsa mosebetsi ona oa bohlokoa ka chelete.
16 Barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba ananela hakaakang hore ebe metsoalle ea bona ea linku tse ling e ba tšehelitse ka botšepehi! Boikutlo ba bona bo ile ba hlalosoa hantle bukeng ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso,” e lokiselitsoeng ke sehlopha sa lekhoba ka 1986. E re: “Ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, phethahatso ea boprofeta ba Jesu bakeng sa ‘ho fela ha mehla ea kajeno’ e tsoaloa haholo-holo ke karolo eo ‘bongata bo boholo’ ba ‘linku tse ling’ bo e phethang. . . . Ka baka leo, liteboho tse khōlō, li ea ho ‘bongata bo boholo’ ba machaba le ba lipuo-puo bakeng sa karolo e khōlōhali eo bo e phethileng phethahatsong ea boprofeta ba [Jesu] bo ho Mattheu 24:14!”
“Ba se ke ba Etsoa ba Phethahetseng Kantle le Rōna”
17. Batho ba tšepahalang ba boholo-holo ba tlang ho tsosetsoa lefatšeng ha ba na ho ‘etsoa ba phethahetseng kantle le’ batlotsuoa ka tsela efe?
17 Moapostola Pauluse ha a bua joaloka e mong oa batlotsuoa ’me a lebisa taba ho banna le basali ba tšepahalang ba phetseng pele ho Kreste, o ile a ngola a re: “Bana bohle, le hoja ba ile ba pakoa ka tumelo ea bona, ha baa ka ba fumana phethahatso ea tšepiso, kaha Molimo o ile a bona esale pele ho hong ho molemo bakeng sa rōna [batlotsuoa], e le hore ba se ke ba etsoa ba phethahetseng kantle le rōna.” (Baheberu 11:35, 39, 40) Nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete, Kreste le barab’abo ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba leholimong ba tla sebetsa e le marena le baprista ’me ba tla aba melemo ea sehlabelo sa thekollo sa Kreste lefatšeng. Ka tsela eo, linku tse ling ‘li tla etsoa tse phethahetseng’ ’meleng le kelellong.—Tšenolo 22:1, 2.
18. (a) Linnete tsa Bibele li lokela ho thusa linku tse ling ho ananela eng? (b) Linku tse ling li letetse “ho senoloa ha bara ba Molimo” ka tšepo efe?
18 Sena sohle se lokela ho hatisa likelellong tsa linku tse ling hore na ke hobane’ng ha Mangolo a Segerike a Bakreste a bua haholo hakana ka Kreste le barab’abo ba tlotsitsoeng le karolo ea bona ea bohlokoahali phethahatsong ea merero ea Jehova. Kahoo, linku tse ling li nka hore ke tokelo hore ha li ntse li letetse “ho senoloa ha bara ba Molimo” ka Armagedone le nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete, li tšehetse sehlopha se tlotsitsoeng sa lekhoba ka hohle kamoo ho khonehang. Li ka lebella ho “lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me li be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:19-21.
Ho ba Bonngoeng Moeeng Sehopotsong
19. “Moea oa ’nete” o etselitse batlotsuoa le metsoalle ea bona eng, ’me ke joang ba tlang ho ba bonngoeng ka mokhoa o khethehileng shoalaneng ea la 28 March?
19 Thapelong ea hae e koalang bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a re: “Ke etsa kōpo . . . e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena, e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna, e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile.” (Johanne 17:20, 21) Ka lebaka la lerato, Molimo o ile a romela Mora oa hae hore a tele bophelo ba hae bakeng sa poloko ea batlotsuoa le moloko o mamelang oa batho. (1 Johanne 2:2) “Moea oa ’nete” o etsa hore barab’abo Kreste le metsoalle ea bona ba be bonngoeng. Shoalaneng ea la 28 March, ka mor’a hore letsatsi le likele, lihlopha tsena ka bobeli li tla kopana hammoho ho ikhopotsa lefu la Kreste le ho hopola sohle seo Jehova a li etselitseng sona ka sehlabelo sa Mora oa hae ea ratoang, Kreste Jesu. E se eka boteng ba tsona ketsahalong eo ea bohlokoa bo ka matlafatsa bonngoe ba tsona le ho nchafatsa boikemisetso ba tsona ba ho tsoela pele li etsa thato ea Molimo, kahoo li fana ka bopaki ba hore li thabela ho ba ba bang ba ba ratoang ke Jehova.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
• “Moea oa ’nete” o ile oa romeloa neng ho Bakreste ba pele, ’me o bontšitse joang hore ke “mothusi”?
• Batlotsuoa ba tseba joang hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong?
• Moea oa Molimo o sebetsa ho linku tse ling ka litsela life?
• Linku tse ling li etselitse barab’abo Kreste molemo joang, ’me ke hobane’ng ha ‘li ke ke tsa etsoa tse phethahetseng kantle le’ batlotsuoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
“Moea oa ’nete” o ile oa tšolleloa ho barutuoa ka Pentekonta ea 33 C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Linku tse ling li etselitse barab’abo Kreste molemo ka ho ba tšehetsa ha ba phethahatsa thōmo ea bomolimo ea ho bolela