Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 3/1 leq. 19
  • ‘Lerato la Rōna le Matlafalitsoe’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Lerato la Rōna le Matlafalitsoe’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 3/1 leq. 19

‘Lerato la Rōna le Matlafalitsoe’

KA Labohlano la la 31 March, 2000, Thaba ea Usu e Hokkaido, Japane, e ile a foqoha seretse se chesang ka mor’a lilemo tse 23 e khaolitse ho foqoha seretse. Baahi ba likete ba ile ba tlameha ho baleha sebakeng sena se kotsi. Batho ba bangata ba ile ba lahleheloa ke matlo le mesebetsi, empa ka lehlohonolo ha ho le ea mong ea ileng a lahleheloa ke bophelo. Har’a batho ba ileng ba tlameha ho baleha ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 46, empa ha lia ka tsa tloheloa lepalapaleng.

Letsatsing leo seretse se chesang se foqohileng ka lona, ka thuso ea mosebeletsi oa Mokreste ea tsamaeang ea neng a sebetsa sebakeng seo, ho ile ha hlophisoa lenaneo la liphallelo. Kapele feela ho ile ha fihla thepa ea liphallelo e tsoang liphuthehong tse haufi. Ka tlas’a bookameli ba lekala la Japane, ka potlako ho ile ha thehoa komiti ea liphallelo, ’me menehelo e tsoang ho Lipaki tsa Jehova hohle Japane e ile ea kena ka bongata letlōleng la liphallelo. Bakeng sa ho tšehetsa moeeng phutheho e neng e anngoe ka ho fetisisa, ho ile ha romelloa basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova, ’me molebeli oa potoloho o ile a etela sebaka seo khafetsa e le hore a ka e tšehetsa maikutlong le moeeng.

Ka ho kopanela matlong a sebakeng se sireletsehileng, Lipaki tsa sebakeng seo se amehileng li ile tsa tsoela pele ho ba le liboka tsa Bokreste nakong eo e mahlonoko. Ka mor’a hore boemo bo laolehe sebakeng seo Holo ea ’Muso e neng e le ho sona, barab’abo rōna ba ile ba khutla ’me ba fumana mohaho o sekame, o peperane ebile o senyehile. Haufi le Holo ea ’Muso, molomo o mocha oa thaba e thunyang mollo o ne o sa ntse o foqoha mosi o teteaneng. Lipaki li ile tsa ipotsa, ‘Na ho sa ntse ho loketse ho tšoarela liboka sebakeng see? Na Holo ee ea ’Muso e ka lokisoa?’

Ho ile ha etsoa qeto ea ho haha Holo e ncha ea ’Muso sebakeng se sireletsehileng haholoanyane. Komiti ea Kaho ea Libaka e ile ea fana ka thuso e hlokahalang. Chelete eo Lipaki naheng ka bophara li neng li nehelane ka eona e ile ea sebelisetsoa ho haha. Setša se ile sa fumanoa ka potlako, ’me ka thuso ea baithaopi ba likete, Holo e ncha ea ’Muso e ile ea phethoa ka nako e khutšoaane. Ka Sontaha sa la 23 July, 2000, batho ba 75 ba ile ba ba teng sebokeng sa pele se ileng sa tšoareloa Holong ena ea ’Muso e hahuoeng bocha. Ba bangata ba neng ba le teng ba ile ba lla ke thabo. Ka mor’a hore Holo ea ’Muso e neheloe ka October selemong sona seo, e mong oa baholo phuthehong ea sebakeng seo o ile a susumelletseha ho re: “Ho foqoha ha seretse se chesang ho re baketse mathata le ho re utloisa bohloko. Leha ho le joalo, mohaho ona o fetotse tšabo ea rōna thabo. Lerato la rōna bakeng sa Jehova le barab’abo rōna ba ratehang ba Bakreste le matlafalitsoe!”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

Eruption of Mount Usu: AP Photo/Koji Sasahara

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela