’Nete ke ea Bohlokoa Hakae ho Uena?
“Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—JOHANNE 8:32.
1. Tsela eo Pilato a ileng a sebelisa lentsoe “’nete” ka eona ho bonahala e fapana le tsela eo Jesu a le sebelisitseng ka eona joang?
“’NETE ke eng?” Kamoo ho bonahalang kateng, ha Pilato a botsa potso ena, o ne a thahasella ho tseba ’nete ka kakaretso. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ne a qeta ho re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37, 38) Ho fapana le Pilato, Jesu o ne a bua ka ’nete ea bomolimo eo e leng ea bohlokoa.
Boikutlo ba Lefatše ka ’Nete
2. Ke polelo efe ea Jesu e bontšang bohlokoa ba ’nete?
2 Pauluse o ile a re: “Hase batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathesalonika 3:2) Ho ka boleloa se tšoanang ka ’nete. Esita leha batho ba bangata ba fuoa monyetla oa ho tseba ’nete e thehiloeng Bibeleng, ba e hlokomoloha ka boomo. Leha ho le joalo, ke ea bohlokoa hakaakang! Jesu o ile a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.
3. Re lokela ho ela hloko temoso efe mabapi le lithuto tse thetsang?
3 Moapostola Pauluse o ile a re ’nete e ke ke ea fumanoa lifilosofing le lineanong tsa batho. (Bakolose 2:8) Ka sebele lithuto tse joalo lia thetsa. Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba Efese hore haeba ba li lumela, moeeng ba ne ba tla tšoana le bana “ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu . . . ke moea o mong le o mong oa thuto ka ho qhekella ha batho, ka mano a ho qapa phoso.” (Baefese 4:14) Kajeno, “ho qhekella ha batho” ho hōlisoa ke mashano a ba khahlanong le ’nete ea Molimo. Mashano a joalo ka mano a sotha ’nete ho e fetola bohata le ho buella mashano e le ’ona ao e leng ’nete. Hore re fumane ’nete ho sa tsotellehe khatello e joalo ea bolotsana, re lokela ho khothalla ho bala Mangolo.
Bakreste le Lefatše
4. Nete e ka fumanoa ke bo-mang, hona ba e fumaneng ba na le boikarabelo bofe?
4 Ha a bua ka ba neng ba fetohile barutuoa ba hae, Jesu Kreste o ile a rapela Jehova: “Ba halaletse ka ’nete; lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Ba joalo ba ne ba tla halaletsoa, kapa ba khetheloe morero oa ho sebeletsa Jehova le ho tsebahatsa lebitso la hae le ’Muso oa hae. (Matheu 6:9, 10; 24:14) Le hoja e se batho bohle ba nang le eona, bohle ba batlang ’nete ea Jehova ba e fumana e le mpho e sa lefelloeng, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba, morabe kapa semelo sefe. Moapostola Petrose o ile a re: “Kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
5. Hangata ke hobane’ng ha Bakreste ba hlorisoa?
5 Bakreste ba bolella ba bang ’nete ea Bibele, empa hase hohle moo ba amoheloang. Jesu o ile a lemosa: “Batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Matheu 24:9) Ha moruti oa Leaerishe, John R. Cotter, a bua ka temana ena, o ile a ngola ka 1817, a re: “Boiteko [ba Bakreste] ba ho fetola bophelo ba batho ka boboleli ba bona, ho e-na le hore bo thabise batho, ha e le hantle bo ne bo tla etsa hore ba hloee barutuoa le ho ba hlorisa kahobane ba pepesa bokhopo ba bona.” Bahlorisi ba joalo “ha baa ka ba amohela lerato la ’nete e le hore ba ka pholoha.” Ke ka lebaka leo “Molimo a tlohelang tšebetso ea ho fosahetseng hore e ee ho bona, e le hore ba ka lumela leshano, e le hore kaofela ba ka ahloloa hobane ha baa ka ba lumela ’nete empa ba ile ba khahlisoa ke ho se loke.”—2 Bathesalonika 2:10-12.
6. Mokreste ha aa lokela ho hlaolela litakatso life?
6 Moapostola Johanne o lemosa Bakreste ba phelang lefatšeng lena le mabifi: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” (1 Johanne 2:15, 16) Ha Johanne a re “ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” ha ho na eo a e behellang ka thōko. Ka lebaka lena, ha rea lokela ho hlaolela takatso ea ntho leha e le efe ea lefatše lena e ka re khelosang ’neteng. Ho ela keletso ea Johanne hloko ho tla ba le tšusumetso e matla bophelong ba rōna. Joang?
7. Ke joang ho tseba ’nete ho susumetsang ba lipelo li lokileng?
7 Selemong sa 2001, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang limilione tse ’nè le halofo khoeli ka ’ngoe, li ruta batho ka bomong le lihlopha hore na Molimo o batlang eng hore ba tle ba phele. Ka lebaka la sena, ho ile ha kolobetsoa batho ba 263 431. Leseli la ’nete le ile la fetoha la bohlokoa ho barutuoa bana ba bacha, ’me ba ile ba lahla botsoalle bo bobe le mekhoa ea boitšoaro bo bobe bo hlomphollang Molimo bo atileng lefatšeng lena. Ho tloha ha ba kolobetsoa, ba tsoetse pele ho phela ka litekanyetso tseo Jehova a li behelang Bakreste bohle. (Baefese 5:5) Na ’nete ke ea bohlokoa joalo ho uena?
Jehova oa re Hlokomela
8. Jehova o arabela joang boinehelong ba rōna, hona ke hobane’ng ha ho le bohlale ho ‘batla ’muso pele’?
8 Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna, ka mohau Jehova o amohela boinehelo ba rōna, joalokaha eka o ipeha boemong bo tlaase, hore a re hulele ho eena. Ka mokhoa oo, o re ruta hore re phahamise lipakane le litakatso tsa rōna. (Pesaleme ea 113:6-8) Ka nako e tšoanang, Jehova o re lumella hore re be le kamano ea botho le eena, ’me o tšepisa hore o tla re hlokomela haeba ‘re ntse re batla ’muso pele le ho loka ha hae.’ Haeba re etsa sena ’me re itebela moeeng, oa tšepisa: “Lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:33.
9. Lekhoba le tšepahalang le le masene” ke mang, hona Jehova o re hlokomela joang a sebelisa “lekhoba” lee?
9 Jesu Kreste o ile a khetha baapostola ba hae ba 12 ’me a rala motheo oa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ileng ea bitsoa “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16; Tšenolo 21:9, 14) Hamorao e ile ea hlalosoa e le “phutheho ea Molimo ea phelang, tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Jesu o ile a re litho tsa phutheho ena ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” le “motsamaisi ea tšepahalang, ea masene.” Jesu o itse mohlanka eo ea tšepahalang o tla ikarabella bakeng sa ho fa Bakreste “lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng.” (Matheu 24:3, 45-47; Luka 12:42) Ha re sa je re bolaoa ke tlala. Ka ho tšoanang, ha re sa je lijo tsa moea, re tla fokola ebe rea shoa moeeng. Ka lebaka leo, boteng ba “lekhoba le tšepahalang le le masene” ke bopaki bo bong ba hore Jehova oa re hlokomela. E se eka ka linako tsohle re ka ananela litokisetso tsa bohlokoa tsa moea tseo re li fuoang ke “lekhoba” leo.—Matheu 5:3.
10. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be teng libokeng kamehla?
10 Ho ja lijo tsa moea ho ama ho ithuta. Ho boetse ho ama ho kopana le Bakreste ba bang le ho ba teng libokeng tsa phutheho. Na u sa hopola hantle hore na u jele eng likhoeling tse fetileng tse tšeletseng, kapa esita le libekeng tse fetileng tse tšeletseng? Mohlomong ha u sa hopola. Leha ho le joalo, seo u se jeleng se ile sa u fa phepo e hlokahalang bakeng sa hore u phele. ’Me ho ka etsahala hore ebe u ’nile ua ja lijo tse tšoanang ho fihlela joale. Hoa tšoana le ka lijo tsa moea tse fanoang libokeng tsa rōna tsa Bokreste. Mohlomong ha re hopole sohle seo re se utloileng libokeng. ’Me ho ka etsahala hore ebe boitsebiso bo tšoanang le boo bo se bo kile ba fanoa hangata. Ho sa tsotellehe seo, ke lijo tsa moea tseo e leng tsa bohlokoa bakeng sa ho atleha ha rōna. Kamehla liboka tsa rōna li fana ka lijo tse molemo tsa moea, tse fanoang ka nako e loketseng.
11. Re na le boikarabelo bofe ha re e-ba teng libokeng tsa Bokreste?
11 Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho boetse ho re fa boikarabelo. Bakreste ba eletsoa hore ba ‘khothatsane,’ ba susumeletse litho tse ling tsa phutheho “leratong le mesebetsing e metle.” Ho lokisetsa ha rōna liboka tsohle tsa Bokreste, ho ba teng ho tsona le ho ba le karolo ho matlafatsa tumelo ea rōna ka borōna le ho khothatsa ba bang. (Baheberu 10:23-25) Joaloka bana ba banyenyane ba ka khethang hore na ba batla ho ja eng, ba bang ba ka hloka ho khothatsoa nako le nako hore ba je lijo tsa moea. (Baefese 4:13) Ke ho bontša lerato ho fana ka khothatso eo ha e hlokahala, e le hore ba joalo ba ka hōla, ea e-ba Bakreste ba hōlileng tsebong, bao moapostola Pauluse a ngotseng tjena ka bona: “Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.
Ho Itlhokomela Moeeng
12. Ke mang ea nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho etsa hore re lule ’neteng? Hlalosa.
12 Balekane ba rōna kapa batsoali ba rōna ba ka re khothatsa tseleng ea ’nete. Ka ho tšoanang, baholo ba phutheho ba ka re alosa re le karolo ea mohlape o tlhokomelong ea bona. (Liketso 20:28) Empa ke mang ea nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho etsa hore re mamelle tseleng ea rōna ea bophelo e thehiloeng ’neteng? Ka sebele ke boikarabelo ba e mong le e mong oa rōna. Sena ke ’nete maemong a tloaelehileng le linakong tse thata. Nahana ka ketsahalo e latelang.
13, 14. Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea konyana, re ka fumana thuso e hlokahalang ea moea joang?
13 Scotland, likonyana tse ling li ne li fula naheng ha e ’ngoe ea tsona e hlahlathela, e sika le lerallana ’me e thetehela tlaase letsatseng. Ha ea ka ea tsoa kotsi, empa e ne e tšohile ’me e hlōleha ho hloa hape. Kahoo e ile ea qala ho lla habohloko. ’M’a eona o ile a e utloa, ’me le eena a qala ho lla ho fihlela molisa a tla ’me a pholosa konyana eo.
14 Ela hloko kamoo lintho li etsahetseng kateng. Konyana e ile ea llela thuso, ’m’a eona a e tlatsa, eaba molisa ea falimehileng o nka khato ho e pholosa. Haeba phoofolo e nyenyane haholo le ’m’a eona li ka lemoha kotsi eaba li batla thuso hang-hang, na le rōna ha rea lokela ho etsa se tšoanang ha re khoptjoa moeeng kapa re tobana le likotsi tse sa lebelloang lefatšeng la Satane? (Jakobo 5:14, 15; 1 Petrose 5:8) Re lokela ho etsa joalo, haholo haeba re se na phihlelo ka lebaka la bonyenyane kapa ka lebaka la hore re sa le bacha ’neteng.
Ho Latela Tataiso ea Molimo Hoa Thabisa
15. Mosali e mong o ile a ikutloa joang ha a qala ho kopanela le phutheho ea Bokreste?
15 Nahana ka bohlokoa ba kutloisiso ea Bibele le khotso ea kelello eo e e tlisetsang ba sebeletsang Molimo oa ’nete. Mosali ea lilemo li 70 ea ’nileng a kena Kereke ea Chache bophelo bohle ba hae o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka potlako o ile a ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova ’me a kopanela ho re “Amen” lithapelong tse etsoang phatlalatsa le ka botšepehi Holong ea ’Muso e sebakeng sa habo. A tebisitse maikutlo, o ile a re: “Ho e-na le ho hlahisa Molimo a le hōle haholo le rōna batho ba shoang, ho bonahala le khona ho mo tlisa ka har’a rōna joaloka motsoalle ea ratoang. Ke qala ho utloa ntho e tjena.” Ho ka etsahala hore motho enoa ea ratehang ea thahasellang le ka mohla a se lebale tsela eo a ileng a ikutloa ka eona ha a qala ho utloa ’nete. E se eka le rōna ka ho tšoanang re ke ke ra lebala kamoo ’nete e neng e le ea bohlokoa kateng ho rōna ha re qala ho e amohela.
16. (a) Ho ka etsahala’ng haeba re etsa hore ho fumana chelete e be pakane ea rōna e ka sehloohong? (b) Re ka fumana thabo ea ’nete joang?
16 Ba bangata ba lumela hore haeba ba ne ba e-na le chelete e eketsehileng ba ne ba tla thaba haholoanyane. Leha ho le joalo, haeba re etsa hore ho fumana chelete e be pakane e ka sehloohong bophelong, ho ka etsahala hore “likelello tsa rōna li hlokofatsoe ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa.” (1 Timothea 6:10, Phillips) Ak’u nahane hore na ke batho ba bangata hakae bao ka lebaka la khopolo ea ho rua ba rekang litekete tsa lotto, ba senyang chelete lik’hasinong, kapa ba rekang matsete ’marakeng oa matsete ba se hlokolosi. Ke ba fokolang haholo ba fumanang leruo leo ba le lebeletseng. ’Me le bona ba le fumanang hangata ba fumana hore ho rua ha bona ka potlako ha ho ba thabise. Ho e-na le hoo, thabo e tšoarellang e tlisoa ke ho etsa thato ea Jehova, ho sebetsa le phutheho ea Bokreste ka tataiso ea moea o halalelang oa Jehova le ka thuso ea mangeloi a hae. (Pesaleme ea 1:1-3; 84:4, 5; 89:15) Ha re etsa sena, re ka fumana litlhohonolofatso tseo re sa li lebellang. Na ’nete ke ea bohlokoa ka ho lekaneng ho uena hoo e ka tlisang litlhohonolofatso tse joalo bophelong ba hao?
17. Ho lula ha Petrose le Simone, mosuhi oa matlalo, ho senola eng ka boikutlo ba moapostola eo?
17 Nahana ka phihlelo ea moapostola Petrose. Ka selemo sa 36 C.E., o ile a etela Thoteng ea Sharone e le moromuoa. O ile a ema Lyda, moo a ileng a folisa Aenease ea neng a shoele litho eaba o fetela koung ea Jopa. Ha a le moo o ile a tsosa Dorkase bafung. Liketso 9:43 ea re bolella: “Ka matsatsi a mangata a lula Jopa a e-na le Simone ea itseng, mosuhi oa matlalo.” Lintho tsena tse khutšoanyane tseo ho buuoang ka tsona li senola ho hloka leeme ha Petrose ha a sebeletsa batho ba motse oo. Joang? Setsebi sa Bibele Frederic W. Farrar, sea ngola: “Molateli oa popota oa Molao o sa Ngoloang [oa Moshe] a ka be a sa nolofalloa ke ho lula ha mosuhi oa matlalo. Ho sebetsana le matlalo letsatsi le letsatsi le litopo tsa liphoofolo tse sa tšoaneng mosebetsing ona, le thepa eo o e hlokang, ho ne ho etsa hore e be mosebetsi o sa hloekang le o nyonyehang ho bohle ba khomaretseng molao ka thata.” Farrar o re esita le haeba Simone o ne a e-na le “ntlo pel’a leoatle” hōle le moo ho suheloang matlalo teng, o ne a etsa ‘khoebo eo ba bangata ba neng ba e nyonya ’me ka tsela eo e le e theolang seriti sa bohle ba e etsang.’—Liketso 10:6.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha Petrose a ne a makalitsoe ke pono eo a e boneng? (b) Petrose o ile a fumana tlhohonolofatso efe e sa lebelloang?
18 Petrose ea hlokang leeme o ile a amohela kamohelo e mofuthu ea baeti ea Simone, ’me ha Petrose a le moo o ile a fumana tataiso e sa lebelloang e tsoang ho Molimo. O ile a bona pono eo ho eona a ileng a laeloa ho ja libōpuoa tse sa hloekang ho ea ka molao oa Sejuda. Petrose o ile a ipelaetsa ka ho re ha a e-s’o ka a ‘ja ntho leha e le efe e silafetseng le e sa hloekang.’ Empa ho ile ha thoe ho eena ka makhetlo a mararo: “U khaotse ho bitsa lintho tseo Molimo a li hloekisitseng hore li silafetse.” Ka ho utloahalang, “Petrose [o ne] a tsielehile haholo mabapi le hore na ekaba pono eo a e boneng e bolela’ng.”—Liketso 10:5-17; 11:7-10.
19 Petrose o ne a sa lemohe hore letsatsi pele ho moo Cesarea, lik’hilomithara tse 50 ho tloha moo, Molichaba ea bitsoang Korneliase le eena o ne a bile le pono. Lengeloi la Jehova le ne le ile la laela Korneliase hore a romele bahlanka hore ba batle Petrose ntlong ea Simone mosuhi oa matlalo. Korneliase o ile a romela bahlanka ba hae ntlong ea Simone, ’me Petrose o ile a khutlela Cesarea le bona. Ha a le moo o ile a ruta Korneliase le beng ka eena le metsoalle. Ka lebaka leo, ba ile ba fetoha balumeli ba pele ba sa bollang ba Balichaba ba ileng ba amohela moea o halalelang e le majalefa a ’Muso. Le hoja banna bao ba ne ba sa bolla, bohle ba utloang lentsoe la Petrose ba ile ba kolobetsoa. Sena se ile sa bulela batho bana ba lichaba tsela ea hore e be litho tsa phutheho ea Bokreste, le hoja Bajuda ba ne ba ba nka ba sa hloeka. (Liketso 10:1-48; 11:18) E bile tokelo e khethehileng hakaakang bakeng sa Petrose—seo sohle ka lebaka la hore feela ’nete e ne e le ea bohlokoa ho eena le hore e ile ea etsa hore a mamele tataiso ea Jehova ’me a nke khato ka tumelo!
20. Molimo o re fa thuso efe ha re beha ’nete sebakeng sa pele bophelong ba rōna?
20 Pauluse o fana ka keletso: “Ha re ntse re bua ’nete, a re hōleng linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste.” (Baefese 4:15) E, ’nete e tla re tlisetsa thabo e ke keng ea lekanngoa hona joale haeba re e beha sebakeng sa pele bophelong ba rōna ’me re lumella hore Jehova ka moea oa hae o halalelang a tataise mehato ea rōna. U hopole hape tšehetso ea mangeloi a halalelang mosebetsing oa rōna oa boevangeli. (Tšenolo 14:6, 7; 22:6) Ke tokelo e kaakang hore ebe re tšehelitsoe joalo mosebetsing oo Jehova a laetseng hore re o phethe! Ho boloka botšepehi ho tla etsa hore re rorise Jehova, Molimo oa ’nete, ka ho sa feleng. Na ho ka ba le ntho ea bohlokoa ho feta eo?—Johanne 17:3.
Re Ithutile Eng?
• Ke hobane’ng ha ba bangata ba sa amohele ’nete?
• Bakreste ba lokela ho talima lintho tsa lefatše la Satane joang?
• Boikutlo ba rōna ka liboka e lokela ho ba bofe, hona hobane’ng?
• Re na le boikarabelo bofe ba ho itlhokomela moeeng?
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LEOATLE LE LEHOLO
Cesarea
THOTA EA SHARONE
Jopa
Lyda
Jerusalema
[Setšoantšo]
Petrose o ile a latela tataiso ea Molimo ’me a fumana litlhohonolofatso tseo a neng a sa li lebella
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Map: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Jesu o ile a pakela ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Joaloka lijo tsa nama, lijo tsa moea lia hlokahala hore re atlehe