Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 7/15 maq. 20-25
  • Ba Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete le Borapeli ba Bokreste
  • Ho Hlorisetsoa ho Bolela ’Nete
  • ’Nete le Mekete ea Bolumeli
  • ’Nete e Phatlalatsoa Lefatšeng Lohle
  • ’Nete le Boitšoaro
  • ’Nete le “Balaoli ba Phahameng”
  • ’Nete ke Tlamo ea Bonngoe
  • Ho Hlohonolofaletsoa ho Ruta ’Nete
  • Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bakreste ba Pele le Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na u Kholisehile Hore u Fumane ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 7/15 maq. 20-25

Ba Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng

“Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”—3 JOHANNE 4.

1. “’Nete ea litaba tse molemo” e mabapi le eng?

JEHOVA o amohela feela ba mo rapelang “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Ba ikokobelletsa ’nete, ’me ba amohela lithuto tsohle tsa Bokreste tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo. “’Nete [ena] ea litaba tse molemo” e mabapi le Jesu Kreste le ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova ka ’Muso. (Bagalata 2:14) Molimo o lumella hore “tšebetso ea ho fosahetseng” e ee ho ba khethang leshano, empa poloko e itšetlehile ka ho ba le tumelo litabeng tse molemo le ho tsamaeeng ’neteng.—2 Bathesalonika 2:9-12; Baefese 1:13, 14.

2. Moapostola Johanne a ne a leboha eng ka ho khethehileng, hona o ne a e-na le kamano ea mofuta ofe le Gaiase?

2 Baboleli ba ’Muso ke “basebetsi-’moho ’neteng.” Joaloka moapostola Johanne le motsoalle oa hae Gaiase, ba khomarela ’nete ka tieo ’me ba tsamaea ho eona. A nahanne ka Gaiase, Johanne o ile a ngola a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 3-8) Esita le haeba Johanne ea neng a se a tsofetse o ne a sa ka a ruta Gaiase ’nete, botsofali ba moapostola enoa, khōlo ea hae ea Bokreste le lerato le kang la ntate li ile tsa etsa hore e be ho loketseng hore monna enoa eo ka ho totobetseng a neng a sa le mocha a nkoe e le e mong oa bana ba Johanne ba moea.

’Nete le Borapeli ba Bokreste

3. Morero le molemo oa liboka tse neng li tšoaroa ke Bakreste ba pele e ne e le ofe?

3 E le hore ba ithute ’nete, Bakreste ba pele ba ne ba kopana e le liphutheho, hangata ba kopana malapeng. (Baroma 16:3-5) Kahoo ba ne ba fumana khothatso ’me ba susumelletsana leratong le mesebetsing e metle. (Baheberu 10:24, 25) Mabapi le ba ileng ba e-ba teng hamorao ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, Tertullian (oa hoo e ka bang ka 155 ho fihlela ka mor’a 220 C.E.) o ile a ngola a re: “Re bokana bakeng sa ho bala libuka tsa Molimo . . . Ka mantsoe ana a halalelang re fepa tumelo ea rōna, re tsosolosa tšepo ea rōna, re matlafatsa kholiseho ea rōna.”—Apology, khaolo ea 39.

4. Mino o ’nile oa phetha karolo efe libokeng tsa Bokreste?

4 Ho ka etsahala hore ebe ho ne ho binoa libokeng tsa pele tsa Bokreste. (Baefese 5:19; Bakolose 3:16) Moprofesa Henry Chadwick o ngola hore mohlahlobisisi oa lekholong la bobeli la lilemo Celsus o ile a utloa lipina tseo ho bonahalang li ne li le mathe-maloli tse neng li binoa ke ba ipolelang hore ke Bakreste, ’me a utloa li le “monate hoo ha e le hantle a ileng a khopisoa ke hore li ne li mo hapa maikutlo.” Chadwick o phaella ka ho re: “Clement oa Alexandria ke mongoli oa pele-pele oa Mokreste oa ho bua ka hore na ebe ke mofuta ofe oa ’mino o lokelang ho sebelisoa ke Bakreste. O bontša hore ha ea lokela ho ba o amahanngoang le ’mino oa tantši e tsosang takatso.” (The Early Church, leqepheng la 274-5) Feela joalokaha ho totobetse hore Bakreste ba pele ba ne ba bina ha ba bokane, le Lipaki tsa Jehova hangata li bina lipina tse thehiloeng Bibeleng tse kopanyelletsang lipina tse matla tse rorisang Molimo le ’Muso.

5. (a) Tataiso ea moea e ne e fanoa joang liphuthehong tsa pele tsa Bokreste? (b) Bakreste ba ’nete ba sebelisitse mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 23:8, 9 joang?

5 Liphuthehong tsa pele tsa Bokreste, balebeli ba ne ba ruta ’nete, ’me bahlanka ba sebeletsang ba ne ba thusa balumeli-’moho le bona ka litsela tse sa tšoaneng. (Bafilipi 1:1) Sehlopha se busang se neng se itšetlehile ka Lentsoe la Molimo le moea o halalelang se ne se fana ka tataiso ea moea. (Liketso 15:6, 23-31) Ho ne ho sa sebelisoe litlotla tsa bolumeli hobane Jesu o ne a laetse barutuoa ba hae, a re: “Empa lōna, le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lōna o mong, athe lōna bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lōna lefatšeng, kaha Ntat’a lōna o mong, Oa leholimo.” (Matheu 23:8, 9) Lintlheng tsena le tse ling tse ngata, ho na le ho tšoana pakeng tsa Bakreste ba pele le Lipaki tsa Jehova.

Ho Hlorisetsoa ho Bolela ’Nete

6, 7. Le hoja ba bolela molaetsa oa khotso, Bakreste ba ’nete ba ’nile ba tšoaroa joang?

6 Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba bolela molaetsa oa khotso oa ’Muso, ba ile ba hlorisoa joalokaha Jesu le eena a ile a hlorisoa. (Johanne 15:20; 17:14) Rahistori John L. von Mosheim o ile a re Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e le “sehlopha sa banna ba nang le botho bo seng kotsi le bo sa khopiseng ho hang, bao likelellong tsa bona ho seng mohla ba kileng ba koetla takatso kapa khopolo ea bora khahlanong le katleho ea naha.” Dr. Mosheim o ile a bolela hore se ileng sa “halefisa Baroma hore ba be khahlanong le Bakreste, ke mokhoa o sa rarahanang oa borapeli ba bona, bo neng bo fapane le litšebeletso tse halalelang tsa sechaba sefe kapa sefe.” O ile a phaella ka ho re: “Ba ne ba se na mahlabelo, litempele, litšoantšo, linohe, kapa baprista; ’me sena se ile sa ba bakela nyefolo ea matšoele a neng a hloka tsebo, a neng a nahana hore ha ho bolumeli bo neng bo ke ke ba etsa litšebeletso tsena. Kahoo ba ne ba nkoa e le batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng; ’me ho latela melao ea Baroma, batho ba qosoang ka ho se lumele hore Molimo o teng ho ne ho nkoa hore baa tšoenya sechabeng.”

7 Baprista, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le ba bang ba neng ba iphelisa ka borapeli ba litšoantšo ba ile ba susumetsa baahi khahlanong le Bakreste ba neng ba sa kopanele borapeling ba litšoantšo. (Liketso 19:23-40; 1 Bakorinthe 10:14) Tertullian o ile a ngola a re: “Ba nka hore Bakreste ke sesosa sa koluoa e ’ngoe le e ’ngoe ea Naha le bomalimabe bo bong le bo bong ba batho. Ha metsi a Tibere a fihla marakong a motse, ha [Nōka ea] Nile e sa je litlhokoa hore e nosetse masimo, ha boemo ba leholimo bo sa fetohe kapa ho e-na le tšisinyeho ea lefatše, ha ho e-na le tlala ea sekoboto, ha ho e-na le lefu la seoa, hang-hang ho utloahala mohoo o reng: ‘Lahlelang Bakreste ka har’a litau!’” Bakreste ba ’nete ‘ba itebela khahlanong le litšoantšo tse rapeloang,’ ho sa tsotellehe liphello tsa sena.—1 Johanne 5:21.

’Nete le Mekete ea Bolumeli

8. Ke hobane’ng ha ba tsamaeang ’neteng ba sa keteke Keresemese?

8 Ba tsamaeang ’neteng ba qoba mekete eo e seng ea Mangolo hobane ‘leseli ha le na karolo le lefifi.’ (2 Bakorinthe 6:14-18) Ka mohlala, ha ba keteke Keresemese, e tšoaroang ka la 25 December. The World Book Encyclopedia ea lumela: “Ha ho motho ea tsebang hantle letsatsi la tsoalo ea Kreste.” The Encyclopedia Americana (Khatiso ea 1956) e re: “Mekhoa e mengata ea boithabiso ea Keresemese, e tšoana le se neng se etsoa ka Saturnalia, mokete oa Baroma o neng o ketekoa bohareng ba December.” Cyclopædia ea M’Clintock le Strong e re: “Ho keteka Keresemese ha hoa laeloa ke Molimo, ebile ha ho simolohe [Testamenteng e Ncha].” Buka ea Daily Life in the Time of Jesus e re: “Mehlape . . . e ne e e-ba ka masakeng nakong ea mariha; ’me sena ka bosona feela se ka bontša hore ha ho kamoo letsatsi le tloaelehileng la Keresemese la mariha le ka nepahalang kateng, kaha Kosepele e bolela hore balisa ba ne ba le naheng.”—Luka 2:8-11.

9. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba pele le ba kajeno ba qoba mekete ea Easter?

9 Ho boleloa hore Easter ke sehopotso sa tsoho ea Kreste, empa mehloli e tšepahalang e e amahanya le borapeli ba bohata. The Westminster Dictionary of the Bible e re Easter “qalong e ne e le mokete oa selemo oa ho tlotla molimotsana oa Mateuton oa leseli le nako ea selemo ea tsejoang ke Maanglo-Saxon e le Eastre,” kapa Eostre. Encyclopædia Britannica (Khatiso ea bo11) e re: “Testamenteng e Ncha ha ho sesupo sa hore mokete oa Easter o kile oa ketekoa.” Easter e ne e sa ketekoe ke Bakreste ba pele ebile ha e ketekoe ke batho ba Jehova kajeno.

10. Jesu o ile a theha mokete ofe oa sehopotso, hona ke bo-mang ba ntseng ba o keteka ka ho loketseng?

10 Jesu ha aa ka a laela balateli ba hae hore ba keteke letsatsi la tsoalo ea hae kapa la tsoho ea hae, empa o ile a theha Sehopotso sa lefu la hae la sehlabelo. (Baroma 5:8) Ka sebele, ena ke eona feela ketsahalo eo a laetseng barutuoa ba hae hore ba e keteke. (Luka 22:19, 20) Ketsahalo ena ea selemo le selemo e boetseng e bitsoang Lijo tsa Shoalane tsa Morena e ntse e ketekoa ke Lipaki tsa Jehova.—1 Bakorinthe 11:20-26.

’Nete e Phatlalatsoa Lefatšeng Lohle

11, 12. Ba tsamaeang ’neteng ba ’nile ba tšehetsa mosebetsi oa bona oa boboleli joang?

11 Ba tsebang ’nete ba ho nka e le tokelo ho sebelisa nako ea bona, matla le matlotlo a mang mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. (Mareka 13:10) Mosebetsi oa Bakreste ba pele oa boboleli o ne o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. (2 Bakorinthe 8:12; 9:7) Tertullian o ile a ngola a re: “Leha ho ka ba le lebokose la monehelo, ha lea etsetsoa monehelo o lefuoang ha ho kenoa monyako, joalokaha eka bolumeli ke khoebo. Khoeli ka ’ngoe monna e mong le e mong o tlisa cheletana e itseng—le neng kapa neng ha a batla, empa e le feela ha a batla, a bile a ka khona; hobane ha ho ea qobelloang; ke monehelo oa boithatelo.”—Apology, khaolo ea 39.

12 Mosebetsi oa boboleli oa ’Muso oa lefatšeng ka bophara oa Lipaki tsa Jehova le oona o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Ntle ho Lipaki, batho ba thahasellang ba nang le teboho, ba ho nka e le tokelo ho tšehetsa mosebetsi ona ka menehelo ea bona. Le mona, ho na le ho tšoana pakeng tsa Bakreste ba pele le Lipaki tsa Jehova.

’Nete le Boitšoaro

13. Tabeng ea boitšoaro ba tsona, Lipaki tsa Jehova li utloa keletso efe ea Petrose?

13 Kaha ba ne ba tsamaea ’neteng, Bakreste ba pele ba ile ba mamela keletso ea moapostola Petrose e reng: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li le buang hampe joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.” (1 Petrose 2:12) Lipaki tsa Jehova li nka mantsoe ana ka botebo.

14. Pono ea Mokreste ke efe ka boithabiso ba boitšoaro bo bobe?

14 Esita leha bokoenehi bo se bo keneletse, batho ba ipitsang Bakreste ba ne ba qoba boitšoaro bo bobe. W. D. Killen, moprofesa oa histori ea kereke, o ile a ngola a re: “Lekholong la bobeli le la boraro la lilemo liholo tsa boithabiso li ne li tumme toropong e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō; ’me le hoja ka tloaelo libapali e ne e le batho ba itšoereng hampe haholo, kamehla litšoantšiso tsa bona li ne li khotsofatsa litakatso tse litšila tsa mehleng eo. . . . Bakreste bohle ba ’nete ba ne ba nyonya lipapali tsena. . . . Ba ne ba nyarosoa ke ho nyonyeha ha tsona; ’me ho ipiletsa ha tsona ka linako tsohle ho melimo le melimotsana ea bohetene ho ne ho hanana le litumelo tsa bona tsa bolumeli.” (The Ancient Church, leqepheng la 318-19) Le balateli ba Jesu ba ’nete kajeno ba qoba mefuta ea boithabiso bo nyonyehang le ba boitšoaro bo litšila.—Baefese 5:3-5.

’Nete le “Balaoli ba Phahameng”

15, 16. “Balaoli ba phahameng” ke bo-mang, hona ba tsamaeang ’neteng ba ’nile ba ba nka joang?

15 Ho sa tsotellehe boitšoaro bo botle ba Bakreste ba pele, baemphera ba bangata ba Roma ba ne ba e-na le maikutlo a fosahetseng ka bona. Rahistori E. G. Hardy o re baemphera ba ne ba ba nka e le “batho ba nang le cheseho e feteletseng ba nyatsehang.” Mangolo pakeng tsa ’Musisi Pliny e Monyenyane oa Bithynia le Moemphera Trajan a bontša hore ka kakaretso, ba boholong ba ne ba se na kutloisiso e ntle ka Bokreste. Bakreste ba talima ’Muso joang?

16 Ho tšoana le balateli ba pele ba Jesu, Lipaki tsa Jehova li ikokobetsa ka ho lekanyelitsoeng ho “balaoli ba phahameng” ba mebuso. (Baroma 13:1-7) Haeba ho e-na le khohlano pakeng tsa se batloang ke motho le thato ea Molimo, li nka boemo bona: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Buka ea After Jesus—The Triumph of Christianity, e re: “Le hoja ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba ne ba sa kopanele borapeling ba moemphera, ba ne ba sa hlohleletse moferefere sechabeng, ’me le hoja bolumeli ba bona bo ne bo sa tloaeleha ’me ka linako tse ling bo khopisa ho ea ka pono ea bahetene, bo ne bo se kotsi ho naha.”

17. (a) Bakreste ba pele ba ne ba buella ’muso ofe? (b) Balateli ba ’nete ba Kreste ba sebelisitse mantsoe a Esaia 2:4 joang bophelong ba bona?

17 Bakreste ba pele ba ne ba tšehetsa ’Muso oa Molimo, joalokaha mopatriareka Abrahama, mopatriareka Isaka le mopatriareka Jakobo ba ile ba bontša tumelo ‘motseng o entsoeng ke Molimo’ o tšepisitsoeng. (Baheberu 11:8-10) Joaloka Mong’a bona, barutuoa ba Jesu ‘e ne e se karolo ea lefatše.’ (Johanne 17:14-16) Mabapi le lintoa le likhohlano tsa batho, ba ne ba phehella khotso ka ho ‘tea lisabole tsa bona hore e be mehoma.’ (Esaia 2:4) Morupeli oa histori ea kereke, Geoffrey F. Nuttall, ha a bua ka ho tšoana ho thahasellisang, o ile a re: “Boikutlo ba Bakreste ba pele ka ntoa bo ne bo tšoana le ba batho ba ipitsang Lipaki tsa Jehova, le hoja ho le thata hore re amohele seo.”

18. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore ’muso leha e le ofe o tšabe Lipaki tsa Jehova?

18 Joaloka batho ba sa nkeng lehlakore ba ikokobelletsang “balaoli ba phahameng,” Bakreste ba pele e ne e se tšokelo ho mebuso leha e le efe ea lipolotiki, ’me le Lipaki tsa Jehova li joalo. Mohlophisi e mong oa koranta oa Amerika Leboea o ile a re: “Ho hlokahala hore motho a be le kelello e manganga le e tletseng lipelaelo hore a lumele hore Lipaki tsa Jehova li baka tšokelo ea mofuta ofe kapa ofe ’musong leha e le ofe oa lipolotiki. Ke sehlopha sa bolumeli se ke keng sa fetohela ’muso le se ratang khotso ka hohle kamoo ho lebeletsoeng hore sehlopha sa bolumeli se be kateng.” Ba boholong ba nang le tsebo baa tseba hore ha ho hlokahale hore ba tšabe Lipaki tsa Jehova.

19. Mabapi le makhetho, ho ka thoe’ng ka Bakreste ba pele le Lipaki tsa Jehova?

19 Tsela e ’ngoe eo Bakreste ba pele ba neng ba bontša tlhompho ka eona ho “balaoli ba phahameng” e ne e le ka ho lefa makhetho. Ha a ngolla Moemphera oa Moroma Antoninus Pius (138-161 C.E.), Justin Martyr o ile a re Bakreste ba ne ba lefa makhetho a bona “habonolo ho feta batho bohle.” (First Apology, khaolo ea 17) Tertullian o ile a bolella babusi ba Baroma hore babokelli ba bona ba lekhetho ba ne ba “kolota Bakreste liteboho” ka ho ba hlokolosi ha bona ho lefa makhetho. (Apology, khaolo ea 42) Bakreste ba ne ba rua molemo ho Pax Romana, kapa Khotso ea Roma, ka molao le taelo ea eona, litsela tse ntle le maeto a batlang a sireletsehile a sekepe. E le ha ba lemoha boikarabelo ba bona sechabeng, ba ile ba utloa mantsoe a Jesu a reng: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Batho ba Jehova kajeno ba latela keletso ena ’me ba ’nile ba babatsoa bakeng sa botšepehi ba bona, joaloka tabeng ea ho lefa makhetho.—Baheberu 13:18.

’Nete ke Tlamo ea Bonngoe

20, 21. Mabapi le mokhatlo o nang le khotso oa bara ba motho, ke ’nete efe e ka boleloang ka Bakreste ba pele le ka bahlanka ba kajeno ba Jehova?

20 Kaha Bakreste ba pele ba ne ba tsamaea ’neteng, ba ne ba tlamahane mokhatlong oa bara ba motho o nang le khotso, joalokaha ho le joalo ka Lipaki tsa Jehova kajeno. (Liketso 10:34, 35) Lengolo le ileng la hatisoa ho The Moscow Times le ne le re: “[Lipaki tsa Jehova li] tsejoa hohle e le batho ba botsoalle, ba mosa, le ba ikokobelitseng bao ho leng bonolo ho sebelisana le bona, ha ho mohla ba hatellang batho ba bang ’me kamehla ba batla khotso likamanong tsa bona le ba bang . . . Har’a bona ha ho ba nkang tjotjo, matahoa kapa ba lemaletseng lithethefatsi, ’me e le ka lebaka le bonolo: Ba mpa ba leka ho tataisoa ke litumelo tsa bona tse thehiloeng Bibeleng ho sohle seo ba se etsang kapa seo ba se buang. Haeba batho bohle lefatšeng bonyane ba ne ba leka ho phela tumellanong le Bibele ka tsela eo Lipaki tsa Jehova li etsang ka eona, lefatše la rōna le khopo le ne le tla fetoha ka ho feletseng.”

21 Encyclopedia of Early Christianity e re: “Kereke ea pele e ne e inka e le lelapa le lecha leo ho lona Bajuda le Balichaba ba neng ba le mabifi pele, ba neng ba ka phela hammoho bonngoeng ka khotso.” Lipaki tsa Jehova le tsona ke mokhatlo oa lefatšeng ka bophara oa bara ba motho o ratang khotso—ka sebele ke mokhatlo oa lefatše le lecha. (Baefese 2:11-18; 1 Petrose 5:9; 2 Petrose 3:13) Ha mookameli oa lefapha la tšireletso Mabaleng a Lipontšo a Pretoria, Afrika Boroa, a bona kamoo Lipaki tsa merabe eohle tse tlileng kopanong li kopaneng kateng ka khotso, o ile a re: “Moea oo ke o boneng matsatsing a seng makae a fetileng—o paka boitšoaro bo khabane ba litho tsa mokhatlo oa lōna, le hore kaofela le phela hammoho joaloka lelapa le le leng le thabileng—e mong le e mong o ne a itlhompha ebile o ntse a itlhompha, batho ba buisana hantle.”

Ho Hlohonolofaletsoa ho Ruta ’Nete

22. Ho ’nile ha etsahala’ng ka lebaka la hore Bakreste ba bonahatsa ’nete?

22 Ka boitšoaro ba bona le ka mosebetsi oa boboleli, Pauluse le Bakreste ba bang ba ne ba “bonahatsa ’nete.” (2 Bakorinthe 4:2) Na ha u lumele hore Lipaki tsa Jehova li etsa se tšoanang le hore li ruta lichaba tsohle ’nete? Litiletile tsa batho lefatšeng lohle li amohela borapeli ba ’nete ’me li phallela ‘thabeng ea ntlo ea Jehova.’ (Esaia 2:2, 3) Selemo le selemo, ba likete ba kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba bona ho Molimo, e leng ho fellang ka ho thehoa ha liphutheho tse ngata tse ncha.

23. U talima ba rutang lichaba tsohle ’nete joang?

23 Le hoja batho ba Jehova ba e-na le limelo tse sa tšoaneng, ba kopane borapeling ba ’nete. Lerato leo ba le bontšang lea ba khetholla hore ke barutuoa ba Jesu. (Johanne 13:35) Na ua bona hore ‘ka sebele Molimo o har’a bona’? (1 Bakorinthe 14:25) Na u tšehelitse ba rutang lichaba tsohle ’nete? Haeba ho joalo, e se eka u ka bontša teboho e sa feleng bakeng sa ’nete ’me u be le tokelo ea ho tsamaea ho eona ka ho sa feleng.

U ka Arabela Joang?

• Tabeng ea borapeli, ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa Bakreste ba pele le Lipaki tsa Jehova?

• Ke mokete ofe o le mong oa bolumeli o ketekoang ke ba tsamaeang ’neteng?

• “Balaoli ba phahameng” ke bo-mang, hona Bakreste ba ba nka joang?

• Ke joang ’nete e leng tlamo ea bonngoe?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Kamehla liboka tsa Bokreste e ’nile ea e-ba tlhohonolofatso ho ba tsamaeang ’neteng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba keteke Sehopotso sa lefu la hae la sehlabelo

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Joaloka Bakreste ba pele, Lipaki tsa Jehova li hlompha “balaoli ba phahameng”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela